Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 7

Ho Etsoa’ng Libokeng Tsa Rōna?

Ho Etsoa’ng Libokeng Tsa Rōna?

New Zealand

Japane

Uganda

Lithuania

Ntho e ka sehloohong e neng e etsoa libokeng tsa Bakreste ba pele ke ho bina, ho rapela, ho bala Mangolo le ho a tšohla ’me ho se na meetlo e etsoang. (1 Bakorinthe 14:26) U ka lebella ho bona se tšoanang libokeng tsa rōna.

Ho fanoa ka thupelo e thehiloeng Bibeleng ’me e molemo. Mafelong a beke, phutheho ka ’ngoe ea kopana ho tla mamela puo ea Bibele ea metsotso e 30, e bontšang seo Mangolo a se buang ka bophelo ba rōna le nako eo re phelang ho eona. Kaofela ha rōna re khothalletsoa ho tsamaisana le sebui Libibeleng tsa rōna. Ka mor’a puo eo, ho tšoaroa Thuto ea “Molula-Qhooa” e nkang hora, ’me litho tsa phutheho li khothalletsoa ho kopanela ha ho tšohloa sehlooho se ithutoang sa Molula-Qhooa. Ho etsa joalo ho re thusa ho sebelisa tataiso ea Bibele bophelong ba rōna. Ho ithutoa boitsebiso bo tšoanang liphuthehong tsohle tse fetang 110 000 lefatšeng lohle.

Re thusoa ho ntlafatsa tsebo ea rōna ea ho ruta. Re boetse rea kopana mantsiboeeng a mang har’a beke e le hore re tšoare seboka se likarolo li tharo. Karolo ea pele ke Thuto ea Bibele ea Phutheho ea metsotso e 30, e leng puisano ea lipotso le likarabo e re thusang ho ba le kutloisiso e tebileng ea melao-motheo ea Mangolo le boprofeta ba Bibele. Karolo e latelang ke Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se nkang metsotso e 30, ’me qalong ho tšohloa karolo e itseng ea Bibele eo phutheho e e balileng esale pele. Ebe liithuti tse ngolisitseng sekolong sena li fana ka lipuo tse khutšoanyane. Motho ea tsamaisang sekolo o fana ka keletso ho re thusa hore re ntlafatse tsebo ea rōna ea ho bala le ho bua. (1 Timothea 4:13) Karolo ea ho qetela ke Seboka sa Tšebeletso se nkang metsotso e 30, seo ho sona ho bang le lipuo, lipontšo le lipuisano ’me se re bontša kamoo re ka rutang ba bang Bibele kateng.

Ha u tla libokeng tsa rōna, ha ho pelaelo hore u tla khahloa ke boleng ba thuto ea Bibele eo u tla e fumana.—Esaia 54:13.

  • U ka lebella ho utloa eng libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova?

  • Ke seboka sefe sa rōna se tšoaroang beke le beke seo u ratang ho ba teng ho sona nakong e tlang?