Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 13

Pula-maliboho ke Eng?

Pula-maliboho ke Eng?

Canada

Ka ntlo le ntlo

Thuto ea Bibele

Thuto ea botho

Hangata lentsoe “pula-maliboho” le bolela motho ea eang libakeng tse ncha ho ea bulela ba bang khoro e le hore ba mo latele. Jesu e ne e le pula-maliboho, kaha o ne a ronngoe lefatšeng hore a etse tšebeletso e fanang ka bophelo le ho bulela batho monyetla oa hore ba bolokehe. (Matheu 20:28) Kajeno balateli ba hae baa mo etsisa ka hore ba qete nako e ngata kamoo ba ka khonang ‘ba etsa barutuoa.’ (Matheu 28:19, 20) Ba bang ba khonne ho etsa seo re se bitsang tšebeletso ea bopula-maliboho.

Pula-maliboho ke ’moleli oa nako e tletseng. Lipaki Tsa Jehova kaofela ke bahoeletsi ba litaba tse molemo. Leha ho le joalo, ba bang ba lokisitse maemo a bona e le hore ba sebeletse e le bo-pula-maliboho ba kamehla, ba qete lihora tse 70 ka khoeli mosebetsing oa ho bolela. E le hore ba khone ho etsa sena, ba bang ba etsa mosebetsi oa nakoana. Ba bang ba khethoa hore e be bo-pula-maliboho ba khethehileng moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba eketsehileng, ’me khoeli le khoeli ba qeta lihora tse 130 kapa ho feta tšebeletsong. Bo-pula-maliboho ba khotsofaletse ho phela bophelo bo itekanetseng, ba kholisehile hore Jehova o tla ba fa lintho tseo ba li hlokang bophelong. (Matheu 6:31-33; 1 Timothea 6:6-8) Ba sitoang ho bula maliboho ka nako e tletseng ba ka sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ha ba khona, ba eketsa nako eo ba e qetang boboleling hore e be lihora tse 30 kapa 50 ka khoeli.

Pula-maliboho o susumetsoa ke ho rata Molimo le ho rata batho. Joaloka Jesu, rea bona hore batho ba bangata kajeno ba boemong bo sisimosang moeeng. (Mareka 6:34) Empa re tseba se ka ba thusang hona joale, le ho ba fa tšepo ea sebele ea hore lintho li tla loka nakong e tlang. Ho rata baahelani ho susumetsa pula-maliboho hore a fane ka nako ea hae le matla ka seatla se bulehileng, e le hore a thuse ba bang moeeng. (Matheu 22:39; 1 Bathesalonika 2:8) Ka lebaka leo, tumelo ea hae ea matlafala, o atamela haufi le Molimo, ’me oa thaba.—Liketso 20:35.

  • U ka hlalosa pula-maliboho joang?

  • Ba bang ba susumetsoa ke’ng hore e be bo-pula-maliboho ba nako e tletseng?