Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 14

Ke Likolo Life Tse Lokiselitsoeng Bo-pula-maliboho?

Ke Likolo Life Tse Lokiselitsoeng Bo-pula-maliboho?

United States

Sekolo sa Gileade, Patterson, New York

Panama

Haesale Lipaki Tsa Jehova li tsebahala ka ho ruta batho ka Molimo. Ho lokiselitsoe likolo tse khethehileng bakeng sa ba qetang nako e ngata ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, e le hore ba ‘phethe bosebeletsi ba bona ka botlalo.’—2 Timothea 4:5.

Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. Ha motho a qeta selemo e le pula-maliboho oa kamehla, o ea sekolong se nkang matsatsi a tšeletseng se ka ’nang sa tšoareloa Holong ea ’Muso e haufi le moo a lulang teng. Morero oa sona ke ho thusa pula-maliboho hore a be le kamano e haufi le Jehova, a ntlafatse likarolong tsohle tsa tšebeletso le hore a tsoele pele ka botšepehi tšebeletsong.

Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso. Sekolo sena se nkang likhoeli tse peli se reretsoe ho koetlisa bo-pula-maliboho ba nang le phihlelo ba ikemiselitseng ho tloha mahaeng a bona ho ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo. Ha e le hantle, ba re: “Ke ’na enoa! Roma ’na,” e le ha ba etsisa Moevangeli e moholo ka ho fetisisa ea kileng a ba teng lefatšeng, e leng Jesu Kreste. (Esaia 6:8; Johanne 7:29) Ha ba tloha moo ba lulang teng, ho ka ’na ha hlokahala hore ba ikamahanye le maemo a moo ba seng ba sebeletsa teng. Litloaelo tsa moo, boemo ba leholimo le lijo li ka ’na tsa fapana hōle le tseo ba li tloaetseng. Ba ka ’na ba lokela ho ithuta puo e ’ngoe. Sekolo sena se thusa bara le barali babo rōna ba masoha hammoho le banyalani ba lilemo tse pakeng tsa 23 le 65 hore ba be le litšobotsi tsa moea tseo ba tla li hloka likabelong tsa bona le ho ba fa koetliso e tla etsa hore Jehova a ba sebelise haholoanyane mokhatlong oa hae.

Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ka Seheberu, “Gileade” e bolela “Qubu ea Bopaki.” Ho tloha ha sekolo sena sa Gileade se thehoa ka 1943, ho koetlisitsoe baromuoa ba fetang 8 000 ’me ba romeloa ho ea fana ka bopaki “ho isa pheletsong ea lefatše” ’me seo se bile le katleho e khōlō. (Liketso 13:47) Ha baromuoa ba qala ho fihla Peru ho ne ho se na liphutheho naheng eo. Hona joale li ka holimo ho 1 000. Ha baromuoa ba fihla Japane, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka tlaasenyana ho tse leshome. Hona joale li se li le ka holimo ho 200 000. Ha ba le sekolong sa Gileade se nkang likhoeli tse hlano, har’a tse ling ba hlahloba Lentsoe la Molimo ka ho pharalletseng. Sekolong sena ho bitsoa bo-pula-maliboho ba khethehileng, baromuoa ba tšimong, litho tsa lelapa la Bethele le bapotolohi, ho ba koetlisa hore ba thuse ho ntlafatsa mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle.

  • Morero oa Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho ke ofe?

  • Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso se reretsoe bo-mang?