Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 19

Lekhoba le Tšepahalang le le Masene ke Mang?

Lekhoba le Tšepahalang le le Masene ke Mang?

Lijo tsa moea li ruisa bohle molemo

Nakoana pele Jesu a e-shoa, o ile a buisana le barutuoa ba hae ba bane boinotšing—e leng Petrose, Jakobo, Johanne le Andrease. Ha Jesu a ntse a ba bolella hore na pontšo ea ho ba teng ha hae matsatsing a ho qetela e tla ba efe, o ile a botsa potso ena ea bohlokoa: “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo, ho ba fa lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng?” (Matheu 24:3, 45; Mareka 13:3, 4) Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae hore joaloka “mong’a” bona, o tla khetha batho ba tla fa balateli ba hae lijo tsa moea ka linako tsohle nakong ea bofelo. Lekhoba lee le ne le tla etsoa ka bo-mang?

Ke balateli ba seng bakae ba Jesu ba tlotsitsoeng ka moea. “Lekhoba” lena le amahanngoa le Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. Le fa barapeli ba bang ba Jehova lijo tsa moea ka nako e loketseng. Re itšetlehile ka lekhoba lena le tšepahalang hore re lule re fumana “tekanyo ea . . . lijo ka nako e tšoanetseng.”—Luka 12:42.

Le tsamaisa ntlo ea Molimo. (1 Timothea 3:15) Jesu o file lekhoba boikarabelo bo boholo ba ho tsamaisa mosebetsi o etsoang ke karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Jehova—le hlokomela thepa ea mokhatlo ona, le tsamaisa mosebetsi oa boboleli ebile lea re ruta liphuthehong tsa habo rōna. Kahoo, e le hore “lekhoba le tšepahalang le le masene” le re fe lijo tsa moea ha re li hloka, le sebelisa likhatiso tseo re li abang tšebeletsong ea rōna, hammoho le liboka le likopano.

Lekhoba le tšepahalla linnete tsa Bibele le mosebetsi oa lona oa ho bolela litaba tse molemo, ebile ka masene le hlokomela sohle seo Kreste a se sebelisang ho ntšetsa pele borapeli ba Jehova lefatšeng. (Liketso 10:42) Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa lona ka ho hulela batho ba eketsehileng ho eena le ho le thusa ho hlahisa nala ea lijo tsa moea.—Esaia 60:22; 65:13.

  • Jesu o khethile mang hore a fepe barutuoa ba hae moeeng?

  • Ke ka litsela life lekhoba le tšepahalang le bileng le leng masene?