Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 20

Sehlopha se Busang se Sebetsa Joang Kajeno?

Sehlopha se Busang se Sebetsa Joang Kajeno?

Sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo

Ba bala lengolo le tsoang ho sehlopha se busang

Sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo e ne e le sehlopha se senyenyane se entsoeng ka “baapostola le banna ba baholo Jerusalema,” ’me se etsa liqeto tsa bohlokoa tse amang phutheho eohle ea Bakreste ba tlotsitsoeng. (Liketso 15:2) Ka mor’a ho tšohla Mangolo le ho latela tataiso ea moea oa Molimo, se ne se etsa qeto se le ntsoe-leng. (Liketso 15:25) Le kajeno se ntse se latela mohlala oo.

Molimo o se sebelisa ho etsa thato ea hae. Barab’abo rōna ba tlotsitsoeng bao e leng litho tsa Sehlopha se Busang, ba thahasella Lentsoe la Molimo haholo ’me ba na le phihlelo e ngata tabeng ea hore na mosebetsi o etsoe joang le hore na litaba tsa moea li sebetsoe joang. Ba kopana beke e ’ngoe le e ’ngoe ho tšohla lintho tseo barab’abo rōna lefatšeng ka bophara ba li hlokang. Joaloka lekholong la pele la lilemo, ba fana ka tataiso e thehiloeng Bibeleng ka ho romela mangolo kapa balebeli ba tsamaeang esita le ka litsela tse ling. Sena se etsa hore batho ba Molimo ba nahane le ho etsa lintho ka tsela e tšoanang. (Liketso 16:4, 5) Sehlopha se Busang se okamela mosebetsi oa ho lokisetsa lijo tsa moea, se khothalletsa bohle hore ba eteletse pele mosebetsi oa boboleli ba ’Muso ebile sea ikarabella ha ho khethoa barab’abo rōna ba fuoang boikarabelo.

Se latela tataiso ea moea oa Molimo. Sehlopha se Busang se batla tataiso ho ’Musi oa Bokahohleng, Jehova le ho Jesu, e leng Hlooho ea phutheho. (1 Bakorinthe 11:3; Baefese 5:23) Bara bao babo rōna ha ba inke e le baeta-pele ba batho ba Molimo. Bona hammoho le Bakreste ba bang bohle ba tlotsitsoeng “ba latela Konyana [Jesu] ho sa tsotellehe hore na e ea hokae.” (Tšenolo 14:4) Sehlopha se Busang se ananela lithapelo tsa rōna.

  • Litho tsa sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo e ne e le bo-mang?

  • Sehlopha se Busang sa kajeno se batla tataiso ea Molimo joang?