Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 21

Bethele ke Eng?

Bethele ke Eng?

Lefapha la Litšoantšo, U.S.A.

Jeremane

Kenya

Colombia

Bethele ke lebitso la Seheberu le bolelang “Ntlo ea Molimo.” (Genese 28:17, 19) Ke lebitso le loketseng la libaka tseo Lipaki Tsa Jehova li tsamaisang mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng ka bophara le ho o tšehetsa ho tsona. Sehlopha se Busang se ntlo-khōlō, New York State, U.S.A., ’me se tsamaisa mosebetsi o etsoang ke liofisi tsa makala tse linaheng tse sa tšoaneng. Ha ba le ’moho, batho ba sebeletsang mehahong ena ba bitsoa lelapa la Bethele. Joaloka lelapa ba lula hammoho le ho sebetsa hammoho ’me ba ja le ho ithuta Bibele hammoho ba le bonngoeng.—Pesaleme ea 133:1.

Ke sebaka se ikhethang seo ho sona ho lulang lelapa le sebetsang ka boitelo. Mahaeng ’ohle a Bethele ho na le banna le basali ba Bakreste ba iteletseng ho etsa thato ea Molimo le ho etsa mesebetsi e amanang le ’Muso ka nako e tletseng. (Matheu 6:33) Ha ho le ea mong oa bona ea lefuoang, empa kaofela ba fuoa bolulo, lijo le chelete e ba thusang ho lefella litšenyehelo tse ling tsa bona. Motho e mong le e mong Bethele o fuoa mosebetsi, ebang ke oa ofising, kichineng kapa sebakeng seo ho jelloang ho sona. Ba bang ba sebetsa sebakeng sa khatiso kapa seo ho kopanngoang libuka ho sona, kapa ba hloekisa libaka tsa bolulo, ba hlatsoa liaparo, ba hlokomela thepa le ho etsa mesebetsi e meng.

Ke sebaka seo ho sona ho sebetsoang ka thata ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Sepheo se seholo sa Bethele e ’ngoe le e ’ngoe ke ho etsa hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba fumane ’nete ea Bibele. Mohlala oa seo ke bukana ena. E ngotsoe tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang, eaba e fetisetsoa lihlopheng tse makholo tsa bafetoleli lefatšeng ka bophara ka k’homphieutha, ea ntan’o hatisoa ka mechine e lebelo e litsing tsa khatiso tse ’maloa tse Bethele ’me ea romeloa liphuthehong tse fetang 110 000. Mosebetsi oohle oo litho tsa lelapa la Bethele li o etsang o phetha karolo ea bohlokoa ho tšehetseng mosebetsi o potlakileng ka ho fetisisa—e leng oa ho bolela litaba tse molemo.—Mareka 13:10.

  • Ke bo-mang ba sebeletsang Bethele, hona ba hlokomeloa joang?

  • Ke mosebetsi ofe o potlakileng o tšehetsoang ke lelapa ka leng la Bethele?