Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 24

Mosebetsi oa Rōna oa Lefatše Lohle o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?

Mosebetsi oa Rōna oa Lefatše Lohle o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?

Nepal

Togo

Brithani

Selemo le selemo, mokhatlo oa rōna o hatisa Libibele tse limilione tse makholo hammoho le likhatiso tse ling, ebile o li abela batho o sa ba lefise. Re haha Liholo Tsa ’Muso le liofisi tsa makala ebile rea li hlokomela. Re boetse re hlokomela litho tsa lelapa la Bethele le baromuoa ba likete, ebile linakong tsa likoluoa re fana ka liphallelo. Kahoo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Chelete ea ho etsa lintho tsee tsohle e tsoa hokae?’

Ha re ntše karolo ea leshome, kabelo, kapa koleke. Le hoja litšenyehelo tsa mosebetsi oa rōna oa ho bolela evangeli li phahame, ha re qele chelete. Lilemong tse fetileng tse ka holimo ho lekholo, khatiso ea bobeli ea Molula-Qhooa e ile ea bolela hore re lumela hore Jehova o tšehetsa mosebetsi oa rōna le hore “le ka mohla re ke ke ea qela kapa ra kōpa batho hore ba o tšehetse”—’me ha ho mohla re kileng ra etsa seo!—Matheu 10:8.

Mosebetsi oa rōna o tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo. Batho ba bangata ba ananela mosebetsi oa rōna oa ho ruta Bibele ’me ba o tšehetsa ka menehelo. Lipaki le tsona li thabela ho sebelisa nako ea tsona, matla, lichelete le matlotlo a mang hore li tšehetse ho etsoa ha thato ea Molimo lefatšeng lohle. (1 Likronike 29:9) Holong ea ’Muso, likopanong tse khōlō le tse nyenyane ho behoa mabokose ao batho ba ka kenyang monehelo ka ho ’ona ha ba batla. Boholo ba menehelo e fumanoang bo tsoa ho batho ba maemo a tlaase, joaloka mohlolohali ea hlokang eo Jesu a ileng a mo babatsa hobane a akhetse licheletana tse peli tsa tšepe letlōleng la polokelo ea matlotlo tempeleng. (Luka 21:1-4) Kahoo mang kapa mang a ka itloaetsa ‘ho behella ka thōko ho hong’ hore a fane “joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae.”—1 Bakorinthe 16:2; 2 Bakorinthe 9:7.

Re kholisehile hore Jehova o tla tsoela pele ho susumetsa lipelo tsa batho ba batlang ‘ho mo hlompha ka lintho tsa bona tsa bohlokoa’ hore ba tšehetse mosebetsi oa ’Muso e le hore thato ea hae e ka phethoa.—Liproverbia 3:9.

  • Ke eng e khethollang mokhatlo oa rōna malumeling a mang?

  • Menehelo ea boithatelo e sebelisoa joang?