Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 26

Re ka Hlokomela Holo ea Rōna ea ’Muso Joang?

Re ka Hlokomela Holo ea Rōna ea ’Muso Joang?

Estonia

Zimbabwe

Mongolia

Puerto Rico

Holo e ’ngoe le e ’ngoe ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova e na le lebitso le halalelang la Molimo. Ka lebaka leo, re nka e le tlotla ho hloekisa mohaho ona, ho tiisa hore oa boheha ebile o lula o le boemong bo botle ’me re nka ho etsa joalo e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rōna bo halalelang. E mong le e mong a ka kenya letsoho.

Ka mor’a liboka ithaopele ho hloekisa holo ho se hokae. Ka mor’a seboka ka seng, bara le barali babo rōna ba thabela ho hloekisa Holo ea ’Muso ho se hokae hore e bohehe. Hang ka beke, holo e hloekisoa ka ho feletseng. Mosebetsi ona o etelloa pele ke moholo kapa mohlanka ea sebeletsang, hangata a latela lethathamo la lintho tse lokelang ho etsoa. Ho itšetlehile ka se hlokahalang, batho ba hloekisang ba ithaopela ho fiela, ho koropa, ho phumola lerōle, ho beha litulo hantle, ho hloekisa matloana, ho hlatsoa lifensetere le liipone, ho qhala lithōle kapa ho hloekisa jarete. Bonyane hang ka selemo, ho khethoa letsatsi la ho hloekisa holo ka hare le ka ntle. Ha re sebetsa le bana ba rōna, re ba ruta ho hlompha sebaka sa rōna sa borapeli.—Moeklesia 5:1.

Ithaopele ho thusa kamehla ha ho hlokahala hore thepa e lokisoe. Selemo le selemo, Holo ea ’Muso e hlahlojoa ka ho feletseng, ka ntle le ka hare. Ho ipapisitsoe le tlhahlobo ena, ho lokisoa lintho tse hlokang ho lokisoa e le hore holo e lule e le boemong bo botle, e leng se etsang hore phutheho e se ke ea kena litšenyehelong tse sa hlokahaleng. (2 Likronike 24:13; 34:10) Holo ea ’Muso e makhethe le e hlokometsoeng hantle ke sebaka se loketseng seo ho sona re rapelang Molimo oa rōna. Ka ho kenya letsoho mosebetsing ona, re bontša hore na re rata Jehova le ho ananela sebaka sa rōna sa borapeli hakae. (Pesaleme ea 122:1) Sena se boetse se khahla batho motseng.—2 Bakorinthe 6:3.

  • Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hlokomoloha sebaka sa rōna sa borapeli?

  • Ho etsoa litlhophiso life e le hore Holo ea ’Muso e lule e hloekile?