Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 28

Motho a ka Fumana Eng Websaeteng ea Rōna?

Motho a ka Fumana Eng Websaeteng ea Rōna?

Fora

Poland

Russia

Jesu Kreste o ile a re ho balateli ba hae: “Leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntat’a lōna ea maholimong.” (Matheu 5:16) E le hore re finyelle seo, re sebelisa hamolemo theknoloji ea morao-rao, ho akarelletsa Inthanete. Websaete ea rōna ea jw.org ke mocha oo Lipaki Tsa Jehova li o sebelisang ho fana ka boitsebiso ba seo li se lumelang le mosebetsi oo li o etsang. Ho na le eng websaeteng ee?

Ho na le likarabo tsa Bibele lipotsong tseo batho ba atisang ho li botsa. U ka fumana likarabo tsa lipotso tse ling tsa bohlokoa tseo batho ba atisang ho li botsa. Tse tšeletseng li arajoa ke pampitšana e nang le sehlooho se reng Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? e fumanehang Inthaneteng ka lipuo tse ka bang 400. U ka boela ua fumana Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka lipuo tse fetang 100 hammoho le likhatiso tse ’maloa tse ka u thusang ho ithuta Bibele, tse akarelletsang buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? le likhatiso tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Boholo ba likhatiso tsena motho a ka li bala kapa a li mamela Inthaneteng esita le ho li kopitsa e le MP3, AAC, PDF kapa EPUB. U ka boela oa hatisa maqephe a seng makae a tsona e le hore u a bontše motho e mong ea thahasellang ka puo ea hae! Ho na le livideo tse ngata tsa puo ea matsoho. U ka kopitsa ’malo oa Bibele oa tšoantšiso, litšoantšiso tsa Bibele le ’mino o monate e le hore u o mamele u khatholohile.

Ho na le boitsebiso ba ’nete bo mabapi le Lipaki Tsa Jehova. Ho boetse ho na le litaba tsa morao-rao le livideo tse amanang le mosebetsi oo re o etsang lefatšeng lohle, liketsahalo tse amang Lipaki Tsa Jehova hammoho le mosebetsi oa rōna oa liphallelo. U ka fumana boitsebiso ba likopano tse tla tšoaroa hammoho le ba liofisi tsa rōna tsa makala.

Ka tsela ena, re khantša leseli la ’nete esita le likarolong tsa lefatše tse hōle ka ho fetisisa. Batho ba lik’honthinenteng tsohle ba rua molemo, ho akarelletsa le ba Antarctica. Re rapella hore e se eka “lentsoe la Jehova le ka ’na la tsamaea ka potlako” lefatšeng lohle, e le hore Molimo a tlotlisoe.—2 Bathesalonika 3:1.

  • Ke joang websaete ea jw.org e thusang batho ba bangata hore ba ithute ’nete ea Bibele?

  • Ke eng seo u ka ratang ho se batlisisa Websaeteng ea rōna?