Na Mahlomola a Tla ke a Fele?
U ka araba potso ee joang? ka . . .
e?
che?
kapa
ka mohlomong?
BIBELE EONA E RE’NG?
E re: “Molimo . . . o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, esita le mahlomola, kapa lillo kapa bohlōkō.”
SEE SE KA U TSOELA MOLEMO JOANG?
Se ka u kholisa hore hase Molimo ea re bakelang mathata.
Se ka u fa matšeliso a ho tseba hore Molimo o re utloela bohloko ha re le mahlomoleng.
Se ka u fa tšepo ea hore mahlomola ’ohle a tla fela.
NA KA SEBELE RE KA LUMELA SEO BIBELE E SE BUANG?
E, bonyane ka mabaka a mabeli:
Molimo o hloile mahlomola le ho hloka toka. Nahana kamoo Jehova Molimo a ileng a ikutloa kateng ha batho ba hae ba ne ba tšoaroa hampe nakong ea ha ho ne ho ngoloa Bibele. Bibele e re o ne a utloa bohloko ka lebaka la “ba neng ba ba tšoenya.”—Baahloli 2:18, Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
Molimo o hloile batho ba hlorisang ba bang. Ka mohlala, Bibele e bolela hore Molimo o nyonya “matsoho a tšollang mali a hlokang molato.”
—Liproverbia 6: 16, 17. Molimo o tsotella e mong le e mong oa rōna. Jehova o tseba bohloko ba e mong le e mong oa rōna, feela joalokaha motho ‘e mong le e mong a tseba lefu la hae le bohloko ba hae’!
—2 Likronike 6: 29, 30.
Haufinyane Jehova o tla sebelisa ’Muso oa hae ho felisa mahlomola a motho e mong le e mong. (Matheu 6:9, 10) Empa hona joale, ka mosa o tšelisa ba mo batlang ka tieo.
U KA ’NA UA IPOTSA
Ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola?
Bibele e araba potso ena ho BAROMA 5: