Feta

Na Mahlomola a Tla ke a Fele?

Na Mahlomola a Tla ke a Fele?

O ka araba potso ee jwang? Ka . . .

  • e?

  • tjhe?

  • kapa ka mohlomong?

BIBELE YONA E RENG?

E re: “Modimo . . . o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo kapa bohloko.”​—⁠Tshenolo 21:​3, 4, Bibele​—⁠Phetolelo e Ntjha.

SEE SE KA O TSWELA MOLEMO JWANG?

Se ka o kgodisa hore ha se Modimo ya re bakelang mathata.​—⁠Jakobo 1:​13.

Se ka o fa matshediso a ho tseba hore Modimo o re utlwela bohloko ha re le mahlomoleng.​—⁠Zakaria 2:⁠8.

Se ka o fa tshepo ya hore mahlomola ohle a tla fela.​—⁠Pesaleme ya 37:​9-⁠11.

NA KA SEBELE RE KA DUMELA SEO BIBELE E SE BUANG?

E, bonyane ka mabaka a mabedi:

  • Modimo o hloile mahlomola le ho hloka toka. Nahana ka moo Jehova Modimo a ileng a ikutlwa ka teng ha batho ba hae ba ne ba tshwarwa hampe nakong ya ha ho ne ho ngolwa Bibele. Bibele e re o ne a utlwa bohloko ka lebaka la “ba neng ba ba hlorisa.”​—⁠Baahlodi 2:​18, Bibele​—⁠Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.

    Modimo o hloile batho ba hlorisang ba bang. Ka mohlala, Bibele e bolela hore Modimo o nyonya batho ba ‘bolayang batho ba se nang molato.’​—⁠Diproverbia 6:​16, 17.

  • Modimo o tsotella e mong le e mong wa rona. Jehova o tseba bohloko ba e mong le e mong wa rona, feela jwalo ka ha motho ‘e mong le e mong a tseba ntho e mo utlwisang bohloko.’ ​—⁠2 Dikronike 6:​29, 30.

    Haufinyane Jehova o tla sebedisa Mmuso wa hae ho fedisa mahlomola a motho e mong le e mong. (Matheu 6:​9, 10) Empa hona jwale, ka mosa o tshedisa ba mo batlang ka tiyo.​—⁠Diketso 17:​27; 2 Bakorinthe 1:​3, 4.

O KA NNA WA IPOTSA

Ke hobaneng ha Modimo a dumella mahlomola?

Bibele e araba potso ena ho BAROMA 5:​12 le ho 2 PETROSE 3:⁠9.