Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 4

O Ile a Thabisa Ntate oa Hae le Jehova

O Ile a Thabisa Ntate oa Hae le Jehova

Jafeta o tšepisa Jehova eng?

Ho ne ho se bonolo, empa morali oa Jafeta o ile a phetha seo ntate oa hae a neng a se tšepisitse

Na u bona ngoanana ea setšoantšong see?— Ke morali oa ntate ea bitsoang Jafeta. Bibele ha e re bolelle lebitso la hae, empa rea tseba hore o ile a thabisa ntate oa hae le Jehova. A re ke re ithute ka eena le ntate oa hae, Jafeta.

Jafeta e ne e le monna ea lokileng ’me o ne a qeta nako e ngata a ruta morali oa hae ka Jehova. Hape e ne e le monna ea matla le moeta-pele ea molemo. Baiseraele ba ile ba mo kōpa hore a ba etelle pele ha ba ne ba loana le lira tsa bona.

Jafeta o ile a rapela Molimo hore a ba thuse ho hlōla ntoa. Jafeta o ile a tšepisa hore ha a ka hlōla, motho oa pele ea tla mo khahlanyetsa ha a khutla, o tla mo fa Jehova. Motho eo o ne a tla phela le ho sebeletsa tabernakeleng ea Molimo bophelo bohle ba hae. Tabernakele e ne e le moo batho ba neng ba rapela Molimo mehleng eo. Jafeta o ile a hlōla ntoeng eo! Na ua tseba hore na ke mang ea ileng a mo khahlanyetsa ha a khutlela hae?—

E, e ne e le morali oa hae! E ne e le ngoana oa hae a le mong feela, joale Jafeta o ne a lokela ho mo lumella hore a e’o sebeletsa tabernakeleng. Sena se ile sa etsa hore Jafeta a utloe bohloko haholo. Empa u hopole hore o ne a entse tšepiso. Hang-hang morali oa hae o ile a re: ‘Ntate, u entse tšepiso ho Jehova, joale u lokela ho e phetha.’

Selemo le selemo, metsoalle ea morali oa Jafeta e ne e mo chakela

Morali oa Jafeta le eena o ne a utloile bohloko. Ha a le tabernakeleng, o ne a ke ke a nyaloa le ho ba le bana. Empa o ne a batla ho phethahatsa tšepiso ea ntate oa hae le ho thabisa Jehova. Eo e ne e le ntho ea bohlokoa ho feta ho nyaloa kapa ho ba le bana. Kahoo o ile a tloha habo ’me a lula tabernakeleng bophelo bohle ba hae.

Na u nahana hore seo a ileng a se etsa se ile sa thabisa ntate oa hae le Jehova?— E, ho joalo! Haeba u mamela ebile u rata Jehova, u tla tšoana le morali oa Jafeta. Le uena u tla thabisa batsoali ba hao le Jehova haholo.