Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 9

Jeremia ha aa ka a Tlohela ho Bua ka Jehova

Jeremia ha aa ka a Tlohela ho Bua ka Jehova

Ke hobane’ng ha batho ba halefetse Jeremia?

Jehova o ile a pholosa Jeremia

Ka linako tse ling batho baa re soma kapa baa re halefela ha re bua le bona ka Jehova. Sena se ka etsa hore re se ke ra batla ho bua ka Molimo. Na u kile ua ikutloa ka tsela eo?— Bibele e re bolella ka mohlankana ea neng a rata Jehova ea ileng a batla a tlohela ho bua ka eena. Lebitso la hae e ne e le Jeremia. A re ke re ithute ka eena.

Ha Jeremia e sa le mocha, Jehova o ile a mo bolella hore o lokela ho bolella batho hore ba tlohele ho etsa lintho tse mpe. Ena e ne e le ntho e thata ho Jeremia ebile o ne a tšohile. O ile a re ho Jehova: ‘Ha ke tsebe hore ke tla re’ng. Ke sa le moshanyana.’ Empa Jehova o ile a re: ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.’

Jeremia o ile a qala ho bolella batho hore Molimo o tla ba fa kotlo haeba ba sa fetohe. Na u nahana hore batho ba ile ba etsa seo Jeremia a neng a ba bolella sona?— Che. Ba ile ba mo soma ’me ba bang ba ile ba mo halefela haholo. Ba bang ba ne ba bile ba batla ho mo bolaea! U nahana hore Jeremia o ile a ikutloa joang?— O ile a tšoha eaba o re: ‘Ha ke sa tla hlola ke bua ka Jehova.’ Empa na o ile a tlohela?— Che, ha aa ka a tlohela. O ne a rata Jehova haholo hoo a neng a ke ke a tlohela ho bua ka eena. Ka lebaka la hore Jeremia ha aa ka a tlohela, Jehova o ile a mo sireletsa.

Ka mohlala, banna ba bang ba khopo ba ile ba lahlela Jeremia ka sekoting se neng se tletse seretse. O ne a se na lijo le metsi. Banna bao ba ne ba batla hore Jeremia a shoelle moo. Empa Jehova o ile a pholosa Jeremia!

Re ka ithuta eng mohlaleng oa Jeremia?— Le hoja ka linako tse ling a ne a tšaba, ha aa ka a tlohela ho bua ka Jehova. Ha u bua le batho ka Jehova, ba ka ’na ba u soma kapa ba u halefela. U ka ’na ua ikutloa u soabile kapa u bile u tšaba. Empa u se ke ua tlohela ho bua ka Jehova. Kamehla o tla u thusa, joalokaha a ile a thusa Jeremia.