Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 11

Ba Ile ba Ngola ka Jesu

Ba Ile ba Ngola ka Jesu

Na u bona banna bao ba setšoantšong?— Ke Matheu, Mareka, Luka, Johanne, Petrose, Jakobo, Juda le Pauluse. Kaofela banna bana ba phetse ka nako e le ’ngoe le Jesu ’me ba ile ba ngola libuka tse buang ka Jesu. A re ke re ithute ka bona.

Ke eng eo u e tsebang ka banna baa?

Ba bararo ba bona e ne e le baapostola ba neng ba ruta le Jesu. Na ua tseba hore na baapostola bao ba bararo ke bo-mang?— Ke Matheu, Johanne le Petrose. Matheu le Johanne ba ne ba tloaetse Jesu haholo ’me e mong le e mong o ile a ngola buka e buang ka Jesu. Moapostola Johanne o ile a ngola le buka e bitsoang Tšenolo le mangolo a mang a mararo a bitsoang Johanne oa Pele, Johanne oa Bobeli le la Johanne oa Boraro. Moapostola Petrose o ile a ngola mangolo a mabeli a hlahang ka Bibeleng. Mangolo ao a bitsoa Petrose oa Pele le Petrose oa Bobeli. Lengolong la hae la bobeli, Petrose o ile a ngola ka nako eo Jehova a neng a bua a le leholimong ’me a re ka Jesu: ‘Enoa ke mora oa ka. Kea mo rata ’me oa nthabisa.’

Banna ba bang ba setšoantšong moo le bona ba ngotse libuka tse re rutang ka Jesu. E mong oa bona ke Mareka. E ka ’na eaba o ne a le teng ha Jesu a ne a tšoaroa ’me o ile a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ileng ea etsahala. E mong ke Luka. E ne e le ngaka ’me e ka ’na eaba e ile ea e-ba Mokreste ka mor’a lefu la Jesu.

Banna ba bang hape ba ileng ba ngola Bibele bao u ba bonang setšoantšong e ne e le bana babo Jesu. Na u tseba mabitso a bona?— Mabitso a bona ke Jakobo le Juda. Pele ba ne ba sa lumele ho Jesu. Ba ne ba bile ba nahana hore Jesu oa hlanya. Empa ha nako e ntse e e-ea ba ile ba lumela ho Jesu ’me ea e-ba Bakreste.

Oa ho qetela eo u mo bonang setšoantšong ke Pauluse. Pele a fetoha Mokreste lebitso la hae e ne e le Saule. O ne a hloile Bakreste ’me o ne a ba hlorisa haholo. Na ua tseba hore ke eng e ileng ea etsa hore Pauluse a fetohe Mokreste?— Ka letsatsi le leng Pauluse o ne a tsamaea eaba ka tšohanyetso o utloa motho a bua le eena leholimong. E ne e le Jesu! O ile a botsa Pauluse: ‘Ke hobane’ng ha u hlorisa batho ba lumelang ho ’na.’ Ka mor’a moo, Pauluse o ile a fetoha Mokreste. Pauluse o ile a ngola libuka tse 14 tsa Bibele, ho tloha ka ea Baroma ho ea ho ea Baheberu.

Re bala Bibele letsatsi le letsatsi, na ha ho joalo?— Ha re bala Bibele, re ithuta lintho tse ngata ka Jesu. Na u ka rata ho ithuta lintho tse ling ka Jesu?—