Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 14

’Muso o Tla Busa Lefatše Lohle

’Muso o Tla Busa Lefatše Lohle

Na ua tseba hore re bua ka ’Muso ofe?— E, ke ’Muso oa Molimo, ’Muso o tla etsa hore lefatše e be paradeise. Na u ka rata ho ithuta ka ’Muso oo?—

’Muso o mong le o mong o na le morena. Morena eo o busa batho ba naha ea hae. Na ua tseba hore na Morena oa ’Muso oa Molimo ke mang?— Ke Jesu Kreste. O lula leholimong. Haufinyane e tla ba Morena oa batho kaofela ba phelang lefatšeng! Na u nahana hore re tla thaba ha Jesu e se e le Morena oa lefatše lohle?—

U ka rata ho bona eng Paradeiseng?

Re tla thaba haholo! Paradeiseng batho ha ba sa tla hlola ba loana. Batho bohle ba tla ratana. Ha ho na motho ea tla kula kapa a shoe. Batho ba sa boneng mahlong ba tla bona, ba sa utloeng litsebeng ba tla utloa ’me ba sa khoneng ho tsamaea ba tla khona ho matha le ho tlōla-tlōla. Re tla ba le lijo tse ngata. Liphoofolo li tla utloana ’me le rōna re tla ba metsoalle ea tsona. Batho ba shoeleng ba tla phela hape. Batho ba bangata bao u ithutileng ka bona bukaneng ena ba kang Rebeka, Rahaba, Davida le Elia le bona ba tla phela hape! Na u ka rata ho kopana le bona ha ba se ba phela hape?—

Jehova oa u rata ’me o batla hore u thabe. Haeba u tsoela pele u ithuta ka Jehova le ho mo mamela, u tla phela ka ho sa feleng paradeiseng e ntle! Na ee ke ntho eo u e batlang?—