Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 1

“’Muso oa Hao o ke o Tle”

“’Muso oa Hao o ke o Tle”

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Hlahloba seo Jesu a ileng a se ruta ka ’Muso oa Molimo

1, 2. Ke eng eo Jehova a ileng a e bolella baapostola ba bararo ba Jesu, hona ba ile ba etsa’ng?

U NE u tla etsa’ng haeba Jehova Molimo ka boeena a ne a ka u kōpa hore u etse ntho e itseng? Ho sa tsotellehe hore na o u kōpa hore u etse eng, na u ne u ke ke ua labalabela ho etsa seo a se batlang? Ka sebele u ne u tla etsa joalo!

2 Nakoana ka mor’a Paseka ea selemo sa 32, baapostola ba bararo ba Jesu, e leng Petrose, Jakobo le Johanne ba ile ba hlaheloa ke ntho e joalo. (Bala Matheu 17:1-5.) Ba ne ba e-na le Monghali oa bona “thabeng e phahameng” ’me ba bona Jesu ponong e le Morena ea khanyang oa leholimo. Pono eo e ne e bonahala e le ea sebele hoo Petrose a ileng a leka ho ba karolo ea eona. Ha Petrose a ntse a bua, leru le ile la ba koahela. Eaba Petrose le metsoalle ea hae ba utloa ka ho hlaka ha Jehova a bua—e leng tokelo e ileng ea fumanoa ke batho ba seng bakae feela. Ka mor’a ho ba tiisetsa hore Jesu ke Mora oa hae, Jehova o ile a bua ka ho toba a re: “Mo mameleng.” Baapostola ba ile ba mamela seo Molimo a ileng a ba laela sona. Ba ile ba mamela seo Jesu a ileng a se ruta ’me ba khothalletsa batho ba bang hore ba etse se tšoanang.—Lik. 3:19-23; 4:18-20.

Jesu o ile a bua ka ’Muso oa Molimo ho feta ntho leha e le efe

3. Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re mamele Mora oa hae, hona ke eng eo re lokelang ho ithuta ka eona?

3 Mantsoe ao a reng, “Mo mameleng” a tlalehiloe ka Bibeleng e le hore a re tsoele molemo. (Bar. 15:4) Hobane’ng? Hobane Jesu ke ’Muelli oa Jehova’me nako le nako ha Jesu a ne a bua o ne a ruta seo Ntate oa hae a neng a batla hore re se tsebe. (Joh. 1:1, 14) Kaha Jesu o ne a bua ka ’Muso oa Molimo ho feta ntho leha e le efe—’muso oa Bomesia oa leholimo oo ho oona ho busang Kreste Jesu le babusi-’moho le eena ba 144 000—le rōna re lokela ho ithuta ka ’Muso oo. (Tšen. 5:9, 10; 14:1-3; 20:6) A re ke re qale ka ho hlahloba hore na ke hobane’ng ha Jesu a ne a bua hakaale ka ’Muso oa Molimo.

“Ho Tsoa ho se Tletseng Pelong”

4. Jesu o ile a bontša joang hore o rata ’Muso haholo?

4 Jesu o rata ’Muso haholo. Ke hobane’ng ha re bolela joalo? Hobane mantsoe a senola se ka pelong—e leng hore, seo re se buang se senola hore na ke lintho life tseo e leng tsa bohlokoa e le kannete ho rōna. Jesu ka boeena o ile a re: “Molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.” (Mat. 12:34) Ha monyetla o hlaha feela, Jesu o ne a bua ka ’Muso. Likosepeleng tse ’nè ho buuoa ka ’Muso ka makhetlo a fetang a 100 ’me a mangata a makhetlo ao ke moo ho neng ho bua Jesu. ’Muso e ne e le ntho e ka sehloohong eo a neng a bua ka eona ha a le boboleling, o ile a re: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:43) Esita le ka mor’a tsoho ea hae, Jesu o ile a tsoela pele a bua le barutuoa ba hae ka ’Muso. (Lik. 1:3) Ka sebele pelo ea Jesu e ne e tletse kananelo ka ’Muso hoo a ileng a susumelletseha hore a bue ka oona.

5-7. (a) Re tseba joang hore Jehova o rata ’Muso haholo? Fana ka mohlala. (b) Re ka bontša joang hore re rata ’Muso?

5 Jehova le eena o rata ’Muso haholo. Re tseba seo joang? Hopola hore Jehova o rometse Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng; lintho tsohle tseo Jesu a neng a li bua le ho li ruta, li ne li tsoa ho Jehova. (Joh. 7:16; 12:49, 50) Hape, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tlalehiloeng ka Likosepeleng tse ’nè mabapi le bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae, e tsoa ho Jehova. Ak’u nahane hore na seo se bolela’ng.

E mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa, ‘Na ke rata ’Muso oa Molimo?

6 A re re u ntse u kenya linepe tsa lelapa ka albamong. Linepe tseo li ngata ’me li ke ke tsa fella kaofela ka har’a albamo. U tla etsa’ng? U tla khetha hore na ke life tseo u tla li kenya. Likosepele le tsona li tšoana le albamo e re bolellang ka ho hlaka ka Jesu. Jehova ha aa ka a bululela bangoli ba Likosepele hore ba ngole ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jesu a ileng a e bua le ho e etsa ha a le lefatšeng. (Joh. 20:30; 21:25) Ho e-na le hoo, moea oa Jehova o ile oa ba tataisa hore ba ngole mantsoe le liketso tse re thusang ho utloisisa morero oa tšebeletso ea Jesu le lintho tseo Jehova a neng a li nka e le tsa bohlokoa. (2 Tim. 3:16, 17; 2 Pet. 1:21) Kaha Likosepele li tletse ka lithuto tsa Jesu tse mabapi le ’Muso oa Molimo, re ka fihlela qeto ea hore Jehova o rata ’Muso haholo. Nahana feela—Jehova o batla hore re tsebe ka ’Muso oa hae!

7 E mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa, ‘Na ke rata ’Muso oa Molimo?’ Haeba re o rata, re tla labalabela ho mamela seo Jesu a ileng a se bua le ho se ruta ka ’Muso oo—bohlokoa ba oona, hore na o tla tla joang, hona neng.

“’Muso oa Hao o ke o Tle”—O Tla Etsa’ng?

8. Jesu o ile a bontša joang hore ’Muso ke oa bohlokoa?

8 Nahana ka thapelo ea mohlala. Ka mantsoe a bonolo le a susumetsang, Jesu o ile a bontša hore ’Muso ke oa bohlokoa a ba a bontša le seo o tla se etsa. Thapelo eo e na le likōpo tse supileng. Tse tharo tse qalang li amana le merero ea Jehova—e leng ho halaletsoa ha lebitso la hae, ho tla ha ’Muso oa hae le ho etsoa ha thato ea hae lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. (Bala Matheu 6:9, 10) Likōpo tseo tse tharo li amana haufi-ufi. Jehova o tla sebelisa ’Muso oa Bomesia ho halaletsa lebitso la hae le ho etsa hore thato ea hae e etsoe.

9, 10. (a) Ke’ng seo ’Muso oa Molimo o tla se etsa ha o tla? (b) Ke tšepiso efe e hlahang ka Bibeleng eo u labalabelang ho bona ha e phethahala?

9 Ke’ng seo ’Muso oa Molimo o tla se etsa ha o tla? Ha re rapela re re, “’Muso oa hao o ke o tle,” re kōpa hore ’Muso o nke khato. Ha ’Muso o tla, o tla ba matla haholo. O tla tlosa tsamaiso ea hona joale e khopo, ho akarelletsa le mebuso eohle ea batho ebe o tlisa lefatše le lecha la batho ba lokileng. (Dan. 2:44; 2 Pet. 3:13) Ha ’Muso oo o se o busa, lefatše lohle e tla ba paradeise. (Luka 23:43) Batho ba mohopolong oa Molimo ba tla phela hape ’me ba boele ba kopane le baratuoa ba bona. (Joh. 5:28, 29) Batho ba mamelang ba tla phethahala ’me ba phele ka ho sa feleng. (Tšen. 21:3-5) Qetellong thato ea Jehova Molimo e tla etsoa leholimong le lefatšeng! Na ha u labalabele ho bona litšepiso tseo tse hlahang ka Bibeleng li phethahala? Hopola hore nako le nako ha u rapella hore ’Muso oa Molimo o tle, u rapella hore litšepiso tseo tse hlollang li phethahale.

10 Ho hlakile hore ’Muso oa Molimo ha o e-s’o “tle” e le hore thapelo ea mohlala e phethahale. Mebuso ea batho e ntse e busa ’me lefatše le lecha ha le e-s’o fihle. Empa ho na le litaba tse monate. Joalokaha re tla bona khaolong e latelang, ’Muso oa Molimo o se o thehiloe. A re ke re hlahlobe hore na Jesu o ile a re ’Muso o tla thehoa neng le hore o tla tla neng.

’Muso oa Molimo o ne o Tla Thehoa Neng?

11. Jesu o ile a re’ng mabapi le ho thehoa ha ’Muso oa Molimo?

11 Jesu o ile a re ’Muso o ne o ke ke oa thehoa lekholong la pele la lilemo, le hoja ba bang ba barutuoa ba hae ba ne ba lebeletse seo. (Lik. 1:6) Nahana ka seo a ileng a se bua ha a pheta lipapiso tse peli tse sa tšoaneng, e ’ngoe o ile a e pheta lilemo tse ka tlaase ho tse peli ka mor’a e ’ngoe.

12. Papiso ea koro le mofoka e bontša joang hore ’Muso ha o oa thehoa lekholong la pele la lilemo?

12 Papiso ea koro le mofoka. (Bala Matheu 13:24-30.) Ka mor’a ho pheta papiso ena, mohlomong nakong ea selemo, selemong sa 31, Jesu o ile a e hlalosetsa barutuoa ba hae. (Matheu 13:36-43) Moko-taba oa papiso le tlhaloso ea eona ke ona: Ka mor’a lefu la baapostola, Diabolose o ile a jala mofoka (Bakreste ba bohata) har’a koro (“bara ba ’Muso,” kapa Bakreste ba tlotsitsoeng). Ka bobeli koro le mofoka li ne li tla lumelloa hore li hōle hammoho ho fihlela nakong ea kotulo, e leng “qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Ka mor’a hore kotulo e qale, mofoka o ne o tla bokelloa. Hamorao koro e ne e tla bokelloa. Kahoo, papiso ena e bontša hore ’Muso o ne o tla thehoa ka mor’a hore koro le mofoka li hōle, eseng lekholong la pele la lilemo. Kamoo lintho li ileng tsa etsahala kateng, nako ea ho hōla ha koro le mofoka e ile ea fela ’me ea kotulo e ile ea qala ka selemo sa 1914.

13. Jesu o ile a etsa papiso efe ho bontša hore o ne a ke ke a hlomamisoa joaloka Morena oa Bomesia hang-hang ka mor’a hore a khutlele leholimong?

13 Papiso ea limina. (Bala Luka 19:11-13.) Jesu o ile a pheta papiso ena ka selemo sa 33 ha a ne a e-ea Jerusalema ka lekhetlo la ho qetela. Ba bang ba batho ba neng ba mo mametse ba ne ba nahana hore o tla theha ’Muso oa hae hang-hang ha ba fihla Jerusalema. E le hore a lokise monahano oo oa bona le hore a ba bontše hore ho ne ho tla nka nako pele ’Muso o thehoa, Jesu o ile a ipapisa le ‘monna oa tsoalo ea borena’ ea ileng a etela “naheng e hōle ho ea iphumanela matla a borena.” * ‘Naha e hōle’ e ne e le leholimo moo Jesu a neng a tla amohela matla a ho ba Morena ho Ntate oa hae. Empa Jesu o ne a tseba hore o ne a ke ke a hlomamisoa joaloka Morena oa Bomesia hang-hang ka mor’a hore a khutlele leholimong. Ho e-na le hoo, o ne a tla lula ka letsohong le letona la Molimo ’me a lete ho fihlela nako e behiloeng. O ile a leta lilemo tse makholo.—Pes. 110:1, 2; Mat. 22:43, 44; Baheb. 10:12, 13.

’Muso oa Molimo o Tla Tla Neng?

14. (a) Jesu o ile a araba potso eo baapostola ba hae ba bane ba ileng ba e botsa joang? (b) Ho phethahala ha boprofeta bo mabapi le Jesu ho re bolella’ng ka ho ba teng ha hae le ka ’Muso?

14 Matsatsi a ’maloa pele Jesu a bolaoa, baapostola ba hae ba bane ba ile ba mo botsa ba re: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Mat. 24:3; Mar. 13:4) Jesu o ile a arabela ka ho bua ka boprofeta bo tlalehiloeng ho Matheu khaolo ea 24 le ea 25. Jesu o ile a bua ka lintho tse fapa-fapaneng tse neng li tla etsahala lefatšeng ka bophara tseo e neng e tla ba pontšo ea “ho ba teng” ha hae. Qaleho ea ho ba teng ha hae e ne e tla ba ka nako e le ’ngoe le ho thehoa ha ’Muso; ’me ho ba teng ha hae ho tla fihla sehlohlolong ka nako e le ’ngoe le ho tla ha ’Muso. Re na le bopaki bo bongata ba hore boprofeta ba Jesu bo qalile ho phethahala ho tloha ka 1914. * Kahoo selemo seo se ile sa tšoaea qaleho ea ho ba teng ha hae le ho thehoa ha ’Muso.

15, 16. Mantsoe a reng “moloko ona” a bua ka bo-mang?

15 Leha ho le joalo, ’Muso oa Molimo o tla tla neng? Jesu ha aa ka a bua ka ho toba hore na o tla tla neng. (Mat. 24:36) Empa o ile a bua ntho e ka re tiisetsang hore ka sebele ’Muso o haufi. Jesu o ile a bolela hore ’Muso o ne o tla tla ka mor’a hore “moloko ona” o bone phethahatso ea boprofeta. (Bala Matheu 24:32-34.) Mantsoe a reng “moloko ona” a bua ka bo-mang? A re ke re hlahlobeng mantsoe ao a Jesu ka hloko.

16 “Moloko ona.” Na Jesu o ne a bua ka batho ba sa lumelang? Che. Nahana ka batho ba neng ba mo mametse. Jesu o ne a bua le baapostola ba hae ba ’maloa ba ileng “ba mo atamela boinotšing.” (Mat. 24:3) Haufinyane baapostola ba ne ba tla tlotsoa ka moea o halalelang. Hape, hlokomela seo ba neng ba bua ka sona. Pele a bua ka “moloko ona,” Jesu o ile a re: “Joale ithuteng ntlha ena sefateng sa feiga e le papiso: Hang feela ha lekala la sona le lenyenyane le nolofala ’me le hlahisa makhasi, lea tseba hore lehlabula le haufi. Ka ho tšoanang le lōna, ha le bona lintho tsena tsohle, le tsebe hore o haufi, o menyako.” Ke balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu, eseng batho ba sa lumelang ba neng ba tla bona lintho tseo a ileng a li bolela esale pele le ba neng ba tla bona bohlokoa ba tsona, e leng hore Jesu “o haufi, o menyako.” Kahoo ha Jesu a ne a bua ka “moloko ona” o ne a bua ka balateli ba hae ba tlotsitsoeng.

17. Ke’ng se boleloang ke “moloko” le “lintho tsena tsohle”?

17 “O ke ke oa feta ho fihlela lintho tsena tsohle li etsahala.” Mantsoe ao a tla phethahala joang? E le hore re fumane karabo, ho hlokahala hore re tsebe lintho tse peli: se boleloang ke “moloko” le se boleloang ke “lintho tsena tsohle.” Hangata lentsoe “moloko” le bolela batho ba sa lekaneng ka lilemo ba phelang ka nako e itseng. Moloko ha o nke nako e telele haholo; ebile oa fela. (Ex. 1:6) Polelo e reng “lintho tsena tsohle” e bolela liketsahalo tsohle tse boletsoeng esale pele, tse etsahalang nakong ea ho ba teng ha Jesu, ho tloha ka 1914 ho fihlela li fihla sehlohlolong ka “matšoenyeho a maholo.”—Mat. 24:21.

18, 19. Re lokela ho utloisisa seo Jesu a ileng a se bua ka “moloko ona” joang?

18 Kahoo, re lokela ho utloisisa seo Jesu a ileng a se bua ka “moloko ona” joang? Moloko ke lihlopha tse peli tsa batlotsuoa ba sa lekaneng ka lilemo—sa pele ke batlotsuoa ba boneng ha phethahatso ea pontšo e qala ka 1914, sa bobeli ke batlotsuoa ba phetseng ka nako e le ’ngoe le batlotsuoa ba boneng ha phethahatso ea pontšo e qala. Batlotsuoa ba sehlopheng sa bobeli ba tla be ba ntse ba phela ha matšoenyeho a qala. Lihlopha tsena tse peli ke moloko o le mong hobane li ile tsa phela e le Bakreste ba tlotsitsoeng ka nako e le ’ngoe. *

19 Re ka fihlela qeto efe? Rea tseba hore pontšo ea ho ba teng ha Jesu e le morena oa ’Muso e bonahala ka ho hlaka lefatšeng ka bophara. Re boetse rea hlokomela hore batlotsuoa ba ntseng ba phela ebile e le karolo ea “moloko ona” ba se ba tsofetse; empa ba ke ke ba shoa kaofela pele matšoenyeho a maholo a qala. Kahoo, re ka fihlela qeto ea hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla tla ’me o buse lefatše! E tla ba ho thabisang hakaakang ho bona phethahatso ea thapelo eo Jesu a ileng a re ruta eona, e reng: “’Muso oa hao o ke o tle”!

20. Ke thuto efe ea bohlokoa eo re tla buisana ka eona bukeng ee, hona re tla tšohla eng khaolong e latelang?

20 Le ka mohla, re se ke ra lebala mantsoe ao Jehova ka boeena a ileng a a bua a le leholimong ka Mora oa hae, a reng: “Mo mameleng.” Joaloka Bakreste ba ’nete, re labalabela ho mamela seo Molimo a batlang hore re se etse. Re thahasella ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jesu a e rutileng ka ’Muso oa Molimo. Seo ’Muso oo o seng o se finyelletse le seo o tla se etsa kamoso ke thuto ea bohlokoa eo re tla buisana ka eona bukeng ena. Khaolo e latelang e tla tšohla tsoelo-pele e ileng ea e-ba teng ha ’Muso oa Molimo o thehoa leholimong.

^ ser. 13 E tlameha ebe papiso ea Jesu e ile ea hopotsa bamameli ba hae ka Arkelause, mora oa Heroda e Moholo. Pele Heroda a shoa, o ile a khetha Arkelause hore ebe mojalefa ’me a buse Judea le libaka tse ling. Leha ho le joalo, pele a ka qala ho busa, Arkelause o ile a tlameha ho nka leeto le le lelele ho ea Roma e le hore a fumane tumello ea Cesare Augustase.

^ ser. 14 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 9 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

^ ser. 18 Motho leha e le ofe eo e ileng ea e-ba motlotsuoa ka mor’a lefu la motlotsuoa oa ho qetela ho ba sehlopha sa pele—e leng ba boneng “tšimoloho ea bohloko ba mahlomola” ka 1914—e ne e ke ke ea e-ba karolo ea “moloko ona.”—Mat. 24:8.