Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 1

“Mmuso wa Hao o ke o Tle”

“Mmuso wa Hao o ke o Tle”

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Hlahloba seo Jesu a ileng a se ruta ka Mmuso wa Modimo

1, 2. Ke eng eo Jehova a ileng a e bolella baapostola ba bararo ba Jesu, hona ba ile ba etsang?

O NE o tla etsang haeba Jehova Modimo a ne a ka o kopa hore o etse ntho e itseng? Ho sa tsotellehe hore na o o kopa hore o etse eng, na o ne o ke ke wa labalabela ho etsa seo a reng o se etse? Ka sebele o ne o tla etsa jwalo!

2 Nakwana ka mora Paseka ya selemo sa 32, baapostola ba bararo ba Jesu, e leng Petrose, Jakobo le Johanne ba ile ba hlahelwa ke ntho e jwalo. (Bala Matheu 17:1-5.) Ba ne ba e na le Monghadi wa bona “thabeng e phahameng” mme ba bona Jesu ponong e le Morena ya kganyang wa lehodimo. Pono eo e ne e bonahala e le ya sebele hoo Petrose a ileng a leka ho ba karolo ya yona. Ha Petrose a ntse a bua, leru le ile la ba kwahela. Yaba Petrose le metswalle ya hae ba utlwa ka ho hlaka ha Jehova a bua e leng tokelo e ileng ya fumanwa ke batho ba seng bakae feela. Ka mora ho ba tiisetsa hore Jesu ke Mora wa hae, Jehova o ile a bua ka ho toba a re: “Mo mameleng.” Baapostola ba ile ba mamela seo Modimo a ileng a ba laela sona. Ba ile ba mamela seo Jesu a ileng a se ruta mme ba kgothalletsa batho ba bang hore ba etse se tshwanang.—Lik. 3:19-23; 4:18-20.

Jesu o ile a bua ka Mmuso wa Modimo ho feta ntho leha e le efe

3. Ke hobaneng ha Jehova a batla hore re mamele Mora wa hae, hona ke eng eo re lokelang ho ithuta yona?

3 Mantswe ao a reng, “Mo mameleng” a tlalehilwe ka Bibeleng e le hore a re tswele molemo. (Bar. 15:4) Hobaneng? Hobane Jesu ke Mmuelli wa Jehova mme nako le nako ha Jesu a ne a bua o ne a ruta seo Ntate wa hae a neng a batla hore re se tsebe. (Joh. 1:1, 14) Kaha Jesu o ne a bua ka Mmuso wa Modimo ho feta ntho leha e le efe, mmuso wa lehodimo oo ho wona ho busang Kreste Jesu le babusimmoho le yena ba 144 000, le rona re lokela ho ithuta ka Mmuso oo. (Tšen. 5:9, 10; 14:1-3; 20:6) A re ke re qale ka ho hlahloba hore na ke hobaneng ha Jesu a ne a bua hakaale ka Mmuso wa Modimo.

“Ho Tswa ho se Tletseng Pelong”

4. Jesu o ile a bontsha jwang hore o rata Mmuso haholo?

4 Jesu o rata Mmuso haholo. Ke hobaneng ha re bolela jwalo? Hobane mantswe a senola se ka pelong e leng hore, seo re se buang se senola hore na ke dintho dife tseo e leng tsa bohlokwa e le kannete ho rona. Jesu ka boyena o ile a re: “Molomo o bua ho tswa ho se tletseng pelong.” (Mat. 12:34) Ha monyetla o hlaha, Jesu o ne a bua ka Mmuso. Dikosepeleng tse nne ho buuwa ka Mmuso ka makgetlo a fetang lekgolo mme a mangata a makgetlo ao ke moo ho neng ho bua Jesu. Mmuso e ne e le ntho e ka sehloohong eo a neng a bua ka yona ha a le boboleding, o ile a re: “Ke tla bolela ditaba tse molemo tsa mmuso wa Modimo le metseng e meng, hobane ke rometswe sena.” (Luka 4:43) Esita le ka mora tsoho ya hae, Jesu o ile a tswela pele a bua le barutuwa ba hae ka Mmuso. (Lik. 1:3) Ka sebele pelo ya Jesu e ne e tletse kananelo ka Mmuso hoo a ileng a susumelletseha hore a bue ka wona.

5-7. (a) Re tseba jwang hore Jehova o rata Mmuso haholo? Fana ka mohlala. (b) Re ka bontsha jwang hore re rata Mmuso?

5 Jehova le yena o rata Mmuso haholo. Re tseba seo jwang? Hopola hore Jehova o rometse Mora wa hae ya tswetsweng a le mong lefatsheng; dintho tsohle tseo Jesu a neng a di bua le ho di ruta, di ne di tswa ho Jehova. (Joh. 7:16; 12:49, 50) Hape, ntho e nngwe le e nngwe e tlalehilweng ka Dikosepeleng tse nne mabapi le bophelo ba Jesu le mosebetsi wa hae, e tswa ho Jehova. A ko nahane hore na seo se bolelang.

E mong le e mong wa rona o lokela ho ipotsa, ‘Na ke rata Mmuso wa Modimo?’

6 A re re o ntse o kenya dinepe tsa lelapa ka albamong. Dinepe tseo di ngata mme di ke ke tsa fella kaofela ka hara albamo. O tla etsang? O tla kgetha hore na ke dife tseo o tla di kenya. Dikosepele le tsona di tshwana le albamo e re bolellang ka ho hlaka ka Jesu. Jehova ha aa ka a budulela bangodi ba Dikosepele hore ba ngole ntho e nngwe le e nngwe eo Jesu a ileng a e bua le ho e etsa ha a le lefatsheng. (Joh. 20:30; 21:25) Ho e na le hoo, moya wa Jehova o ile wa ba tataisa hore ba ngole mantswe le diketso tse re thusang ho utlwisisa morero wa mosebetsi wa Jesu le dintho tseo Jehova a neng a di nka e le tsa bohlokwa. (2 Tim. 3:16, 17; 2 Pet. 1:21) Kaha Dikosepele di tletse ka dithuto tsa Jesu tse mabapi le Mmuso wa Modimo, re ka fihlela qeto ya hore Jehova o rata Mmuso haholo. Nahana feela, Jehova o batla hore re tsebe ka Mmuso wa hae!

7 E mong le e mong wa rona o lokela ho ipotsa, ‘Na ke rata Mmuso wa Modimo?’ Haeba re o rata, re tla labalabela ho mamela seo Jesu a ileng a se bua le ho se ruta ka Mmuso oo, bohlokwa ba wona, hore na o tla tla jwang, hona neng.

Ha re re “Mmuso wa Hao o ke o Tle” re re o Tle o Tlo Etsang?

8. Jesu o ile a bontsha jwang hore Mmuso ke wa bohlokwa?

8 Nahana ka thapelo ya mohlala. Ka mantswe a bonolo le a susumetsang, Jesu o ile a bontsha hore Mmuso ke wa bohlokwa a ba a bontsha le seo o tla se etsa. Thapelo eo e na le dikopo tse supileng. Tse tharo tse qalang di amana le seo Jehova a rerileng ho se etsa, e leng ho halaletswa ha lebitso la hae, ho tla ha Mmuso wa hae le ho etswa ha thato ya hae lefatsheng jwalokaha e etswa lehodimong. (Bala Matheu 6:9, 10.) Dikopo tseo tse tharo di amana haufiufi. Jehova o tla sebedisa Mmuso ona wa lehodimo ho halaletsa lebitso la hae le ho etsa hore thato ya hae e etswe.

9, 10. (a) Keng seo Mmuso wa Modimo o tla se etsa ha o tla? (b) Ke tshepiso efe e hlahang ka Bibeleng eo o labalabelang ho bona ha e phethahala?

9 Keng seo Mmuso wa Modimo o tla se etsa ha o tla? Ha re rapela re re, “Mmuso wa hao o ke o tle,” re kopa hore Mmuso o tle o tlo fetola dintho. Ka mantswe a mang, re rapella hore o tle mme o buse lefatshe. O tla fedisa mebuso yohle ya batho, mme ho sale batho ba lokileng feela. (Dan. 2:44; 2 Pet. 3:13) Ha Mmuso oo o se o busa, lefatshe lohle e tla ba serapa se setle. (Luka 23:43) Batho ba mohopolong wa Modimo ba tla phela hape mme ba boele ba kopane le batho bao ba baratang. (Joh. 5:28, 29) Batho ba mamelang ba tla phethahala mme ba phele ka ho sa feleng. (Tšen. 21:3-5) Qetellong thato ya Jehova Modimo e tla etswa lehodimong le lefatsheng! Na ha o labalabele ho bona ditshepiso tseo tse hlahang ka Bibeleng di phethahala? Hopola hore nako le nako ha o rapella hore Mmuso wa Modimo o tle, o rapella hore ditshepiso tseo tse thabisang di phethahale.

10 Ho hlakile hore Mmuso wa Modimo ha o e so “tle” ho tla phethahatsa thapelo eo Jesu a ileng a e ruta balatedi ba hae. Mebuso ya batho e ntse e busa mme lefatshe le letjha ha le e so fihle. Empa ho na le ditaba tse monate. Jwalokaha re tla bona kgaolong e latelang, Mmuso wa Modimo o se o thehilwe. A re ke re hlahlobe hore na Jesu o ile a re Mmuso o tla thehwa neng le hore o tla tla neng.

Mmuso wa Modimo o ne o Tla Thehwa Neng?

11. Jesu o ile a reng mabapi le ho behwa ha Mmuso wa Modimo?

11 Jesu o ile a re Mmuso o ne o ke ke wa thehwa nakong eo a neng a ntse a le lefatsheng, le hoja ba bang ba barutuwa ba hae ba ne ba lebeletse seo. (Lik. 1:6) Nahana ka seo a ileng a se bua a sebedisa dipapiso tse pedi tse sa tshwaneng, o ile a ba bolella papiso e nngwe, mohlomong ka selemo sa 31 mme e nngwe a ba bolella yona hoo eka bang ka selemo sa 33.

12. Papiso ya koro le mofoka e bontsha jwang hore Mmuso ha o a thehwa nakong eo Jesu a neng a ntse a le lefatsheng?

12 Papiso ya koro le mofoka. (Bala Matheu 13:24-30.) Jesu o ile a etsetsa barutuwa ba hae papiso ena, a ba a e hlalosa, mohlomong nakong ya selemo, ka selemo sa 31. (Mat. 13:36-43) Ntlha e ka sehloohong ya papiso le tlhaloso ya yona ke ena: Ka mora lefu la baapostola, Diabolose o ile a jala mofoka e leng Bakreste ba bohata hara koro, e emelang “bara ba Mmuso,” kapa Bakreste ba tlotsitsweng. Ka bobedi koro le mofoka di ne di tla dumellwa hore di hole hammoho ho fihlela nakong ya kotulo, e leng “qetellong ya tsamaiso ya dintho.” Ka mora hore kotulo e qale, mofoka o ne o tla bokellwa. Hamorao koro le yona e ne e tla bokellwa. Haele hantle, papiso ena e bontsha hore Mmuso o ne o tla thehwa ka mora hore koro le mofoka di hole, eseng nakong eo Jesu a neng a ntse a le lefatsheng. Kahoo, nako ya ho hola ha koro le mofoka e ile ya fela mme ya kotulo ya qala ka selemo sa 1914.

13. Jesu o ile a etsa papiso efe ho bontsha hore o ne a ke ke a behwa jwaloka Morena Mmusong wa Modimo hanghang ka mora hore a kgutlele lehodimong?

13 Papiso ya dimina. (Bala Luka 19:11-13.) Jesu o ile a ba etsetsa papiso ena ka selemo sa 33 ha a ne a ya Jerusalema ka lekgetlo la ho qetela. Ba bang ba batho ba neng ba mo mametse ba ne ba nahana hore o tla theha Mmuso wa hae hanghang ha ba fihla Jerusalema. E le hore a lokise monahano oo wa bona le hore a ba bontshe hore ho ne ho tla nka nako pele Mmuso o thehwa, Jesu o ile a itshwantsha le ‘monna ya tswaletsweng boreneng’ ya ileng a etela “naheng e hole ho ya iphumanela matla a borena.” * ‘Naha e hole’ e ne e le lehodimo moo Jesu a neng a tla amohela matla a ho ba Morena ho Ntate wa hae. Empa Jesu o ne a tseba hore o ne a ke ke a hlomamiswa jwaloka Morena wa Mmuso oo hanghang ka mora hore a kgutlele lehodimong. Ho e na le hoo, o ne a tla dula ka letsohong le letona la Modimo mme a emele nako e behilweng. O ile a leta dilemo tse makgolo.—Pes. 110:1, 2; Mat. 22:43, 44; Baheb. 10:12, 13.

Mmuso wa Modimo o Tla Tla Neng?

14. (a) Jesu o ile a araba potso eo baapostola ba hae ba neng ba ileng ba e botsa jwang? (b) Ho phethahala ha boprofeta bo mabapi le Jesu ho re bolellang ka ho ba teng ha hae le ka Mmuso?

14 Matsatsi a mmalwa pele Jesu a bolawa, baapostola ba hae ba bane ba ile ba mo botsa ba re: “Pontsho e tla ba efe ya ho ba teng ha hao le ya qetello ya tsamaiso ya dintho?” (Mat. 24:3; Mar. 13:4) Jesu o ile a arabela ka ho bua ka boprofeta bo tlalehilweng ho Matheu kgaolo ya 24 le ya 25. Jesu o ile a bua ka dintho tse sa tshwaneng tse neng di tla etsahala lefatsheng lohle tseo e neng e tla ba pontsho ya “ho ba teng” ha hae. Qaleho ya ho ba teng ha hae e ne e tla ba ka nako e le nngwe le ho thehwa ha Mmuso; mme ho ba teng ha hae ho tla fihla qetellong ka nako e le nngwe le ho tla ha Mmuso. Re na le bopaki bo bongata ba hore boprofeta ba Jesu bo qadile ho phethahala ho tloha ka 1914. * Kahoo selemo seo se ile sa tshwaya qaleho ya ho ba teng ha hae le ho thehwa ha Mmuso.

15, 16. Mantswe a reng “moloko ona” a bua ka bomang?

15 Leha ho le jwalo, Mmuso wa Modimo o tla tla neng? Jesu ha aa ka a bua ka ho toba hore na o tla tla neng. (Mat. 24:36) Empa o ile a bua ntho e ka re tiisetsang hore ka sebele Mmuso oo o haufi. Jesu o ile a bolela hore Mmuso o ne o tla tla ka mora hore “moloko ona” o bone phethahatso ya boprofeta. (Bala Matheu 24:32-34.) Mantswe a reng “moloko ona” a bua ka bomang? A re ke re hlahlobeng mantswe ao a Jesu ka hloko.

16 “Moloko ona.” Na Jesu o ne a bua ka batho ba sa dumelang? Tjhe. Nahana ka batho ba neng ba mo mametse. Jesu o ne a bua le baapostola ba hae ba mmalwa ba ileng “ba mo atamela boinotshing.” (Mat. 24:3) Haufinyane baapostola ba ne ba tla tlotswa ka moya o halalelang. Hape, hlokomela seo ba neng ba bua ka sona. Pele a bua ka “moloko ona,” Jesu o ile a re: ‘Jwale ithuteng ntlha ena sefateng sa feiga e le papiso: Hang feela ha lekala la sona le lenyenyane le nolofala mme le hlahisa makgasi, le a tseba hore lehlabula le haufi. Ka ho tshwanang le lona, ha le bona dintho tsena tsohle, le tsebe hore o haufi, o monyako.’ Ke balatedi ba tlotsitsweng ba Jesu, eseng batho ba sa dumelang ba neng ba tla bona dintho tseo a ileng a di bolela esale pele le ba neng ba tla bona bohlokwa ba tsona, e leng hore Jesu ‘o haufi, o monyako.’ Kahoo ha Jesu a ne a bua ka “moloko ona” o ne a bua ka balatedi ba hae ba tlotsitsweng.

17. Keng se bolelwang ke “moloko” le “dintho tsena tsohle”?

17 “O ke ke wa feta ho fihlela dintho tsena tsohle di etsahala.”Mantswe ao a tla phethahala jwang? E le hore re fumane karabo, ho hlokahala hore re tsebe dintho tse pedi: se bolelwang ke “moloko” le se bolelwang ke “dintho tsena tsohle.” Hangata lentswe “moloko” le bolela batho ba sa lekaneng ka dilemo ba phelang ka nako e itseng. Moloko ha o nke nako e telele haholo; ebile o a fela. (Ex. 1:6) Polelo e reng “dintho tsena tsohle” e bolela diketsahalo tsohle tse boletsweng esale pele, tse etsahalang nakong ya ho ba teng ha Jesu, ho tloha ka 1914 ho fihlela di fihla qetellong ka “matshwenyeho a maholo.”—Mat. 24:21.

18, 19. Re lokela ho utlwisisa seo Jesu a ileng a se bua ka “moloko ona” jwang?

18 Kahoo, re lokela ho utlwisisa seo Jesu a ileng a se bua ka “moloko ona” jwang? Moloko ke dihlopha tse pedi tsa batlotsuwa ba sa lekaneng ka dilemo, sa pele ke batlotsuwa ba boneng ha phethahatso ya pontsho e qala ka 1914, sa bobedi ke batlotsuwa ba phetseng ka nako e le nngwe le batlotsuwa ba boneng ha phethahatso ya pontsho e qala. Batlotsuwa ba sehlopheng sa bobedi ba tla be ba ntse ba phela ha matshwenyeho a qala. Dihlopha tsena tse pedi ke moloko o le mong hobane di ile tsa phela e le Bakreste ba tlotsitsweng ka nako e le nngwe. *

19 Re ka fihlela qeto efe? Rea tseba hore pontsho ya ho ba teng ha Jesu e le morena wa Mmuso e bonahala ka ho hlaka lefatsheng lohle. Re boetse rea hlokomela hore batlotsuwa ba ntseng ba phela ebile e le karolo ya “moloko ona” ba se ba tsofetse; empa ba ke ke ba shwa kaofela pele matshwenyeho a maholo a qala. Kahoo, re ka fihlela qeto ya hore haufinyane Mmuso wa Modimo o tla tla mme o buse lefatshe! E tla ba ho thabisang hakaakang ho bona phethahatso ya thapelo eo Jesu a ileng a re ruta yona, e reng: “Mmuso wa hao o ke o tle”!

20. Ke thuto efe ya bohlokwa eo re tla buisana ka yona bukeng ee, hona re tla tshohla eng kgaolong e latelang?

20 Le ka mohla, re se ke ra lebala mantswe ao Jehova ka boyena a ileng a a bua a le lehodimong ka Mora wa hae, a reng: “Mo mameleng.” Jwaloka Bakreste ba nnete, re labalabela ho mamela seo Modimo a batlang hore re se etse. Re thahasella ho tseba ntho e nngwe le e nngwe eo Jesu a e rutileng ka Mmuso wa Modimo. Seo Mmuso oo o se finyeletseng le seo o tla se etsa nakong e tlang ke thuto ya bohlokwa eo re tla buisana ka yona bukeng ena. Kgaolo e latelang e tla bua ka tswelopele e ileng ya e ba teng ha Mmuso wa Modimo o thehwa lehodimong.

^ ser. 13 E tlameha ebe papiso ya Jesu e ile ya hopotsa bamamedi ba hae ka Arkelause, mora wa Heroda e Moholo. Pele Heroda a hlokahala, o ile a kgetha Arkelause hore ebe mojalefa mme a buse Judea le dibaka tse ding. Leha ho le jwalo, pele a ka qala ho busa, Arkelause o ile a tlameha ho nka leeto le le lelele ho ya Roma e le hore a fumane tumello ya Cesare Augustase.

^ ser. 14 E le hore o fumane tlhahiso leseding e eketsehileng, sheba kgaolo ya 9 ya buka ya Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

^ ser. 18 Motho leha e le ofe eo e ileng ya e ba motlotsuwa ka mora lefu la motlotsuwa wa ho qetela ho ba sehlopha sa pele e leng ba boneng “tshimoloho ya bohloko ba mahlomola” ka 1914, e ne e ke ke ya e ba karolo ya “moloko ona.”—Mat. 24:8.