Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 3

Jehova o Senola Morero wa Hae

Jehova o Senola Morero wa Hae

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Butlebutle Jehova o senolela batho ba mo tshabang morero wa hae

1, 2. Jehova o ile a nna a senolela batho morero wa hae jwang?

BATSWADI ba lerato, ba buisana le bana ba bona ka ditaba tse amang lelapa. Leha ho le jwalo, ba ba hlokolosi hore na ba ba bolella dintlha tse kae. Ba bolella bana ba bona dintho tseo ba nahanang hore ba tla di utlwisisa ho ya ka dilemo tsa bona.

2 Ka ho tshwanang, butlebutle Jehova o ile a nna a senolela batho morero wa hae. Empa o ne a etsa seo ka nako e nepahetseng. Hlokomela kakaretso e kgutshwane ya kamoo Jehova a senotseng dinnete tse amanang le Mmuso kateng, ho pholletsa le histori.

Ke Hobaneng ha re Hloka Mmuso

3, 4. Na Jehova o ile a rera esale pele hore na bophelo ba batho bo tla ba jwang? Hlalosa.

3 Qalong, Jehova o ne a sa rera hore ho be le Mmuso o eteletsweng pele ke Kreste. Hobaneng? Hobane Jehova ha aa ka a rera esale pele hore na bophelo ba batho bo tla ba jwang; o bopile batho ba e na le bolokolohi ba ho ikgethela. Kahoo, o ile a bolella Adama le Eva ka morero wa hae mme a re: “Atang le ngatafale le tlale lefatshe mme le le buse.” (Gen. 1:28) Jehova o ne a boetse a batla hore ba hlomphe melao ya hae mabapi le se setle le se sebe. (Gen. 2:16, 17) Adama le Eva ba ka be ba ile ba kgetha ho dula ba tshepahala. Haeba bona le bana ba bona ba ile ba mamela, re ka be re sa hloke Mmuso o buswang ke Kreste, ho phethahatsa morero wa Modimo. Hona jwale, lefatshe le ka be le tletse batho ba phethahetseng, ba rapelang Jehova.

4 Taba ya hore Satane, Adama le Eva ha ba a ka ba mamela, ha e ya etsa hore Jehova a tlohele morero wa hae wa hore lefatshe le tlale batho ba phethahetseng. Ho e na le hoo, Jehova o ile a rala moralo wa ho phethahatsa morero oo. Morero wa hae ha o tshwane le terene e lokelang ho tsamaya seporong se itseng e le hore e fihle moo e yang teng le eo batho ba ka etsang hore e se ke ya fihla moo e yang. Hang ha Jehova a boletse seo a batlang ho se etsa, ha ho mang kapa mang ya ka etsang hore se se ke sa phethahala. (Bala Esaia 55:11.) Haeba ho e na le ntho e itseng e sitisang hore morero wa hae o phethahale, Jehova o sebedisa mokgwa o mong. * (Ex. 3:14, 15) Ha a bona ho hlokahala, o tsebisa bahlanka ba hae ba tshepahalang ka mokgwa o motjha oo a tla o sebedisa ho finyella morero wa hae.

5. Jehova o ile a etsang ka mora hore ho be le borabele Edene?

5 Ka mora hore ho be le borabele Edene, Jehova o ile a rera ho theha Mmuso. (Mat. 25:34) Nakong eo ho neng ho bonahala ho se na tshepo, Jehova o ile a bolella batho hore na o tla sebedisa eng ho fedisa mahlomola a bakilweng ke Satane ka lebaka la ho rata ho busa batho. (Gen. 3:14-19) Leha ho le jwalo, Jehova ha aa ka a senola dintlha tse mabapi le Mmuso ka nako e le nngwe.

Jehova o Qala ho Senola Dinnete Mabapi le Mmuso

6. Jehova o ile a profeta eng, empa ke eng seo a sa kang a se senola?

6 Ka lekgetlo la pele Jehova o ile a profeta hore ho tla ba le “peo” e tla silakanya noha. (Bala Genese 3:15.) Leha ho le jwalo, ka nako eo Jehova ha aa ka a senola hore na peo eo le peo ya noha ke bomang. Ha e le hantle, ho ile ha feta dilemo tse 2 000 pele Jehova a bolela dintlha tse mabapi le peo eo. *

7. Ke hobaneng ha Jehova a ile a kgetha Abrahama, hona re ithuta ntlha efe ya bohlokwa tabeng ye?

7 Qetellong, Jehova o ile a kgetha hore peo e tshepisitsweng e tswe lesikeng la Abrahama. Abrahama o ile a kgethwa kaha o ne a ‘mamela lentswe la Jehova.’ (Gen. 22:18) Re ithuta ntlha ya bohlokwa tabeng ena, hore Jehova o bolella feela batho ba mo tshabang morero wa hae.—Bala Pesaleme ya 25:14.

8, 9. Jehova o ile a bolella Abrahama le Jakobo dintlha dife mabapi le peo e tshepisitsweng?

8 Ha Jehova a bua le motswalle wa hae Abrahama a sebedisa lengeloi, o ile a senola ka lekgetlo la pele taba ya bohlokwa mabapi le peo e tshepisitsweng: Peo eo e ne e tla ba motho. (Gen. 22:15-17; Jak. 2:23) Empa motho eo o ne a tla silakanya noha jwang? Noha e ne e le mang? Hamorao Modimo o ne a tla re senolela dikarabo tsa dipotso tseo.

9 Jehova o ile a bolela hore peo e tshepisitsweng e ne e tla hlaha ka setloholo sa Abrahama e leng Jakobo, monna ya neng a e na le tumelo e matla ho Modimo. (Gen. 28:13-22) Jehova o ile a bolella Jakobo hore Ya Tshepisitsweng e ne e tla ba setloholo sa mora Jakobo e leng Juda. Jakobo o ile a profeta hore setloholo sena sa Juda se tla fumana “lere” e leng molamu o bontshang matla a borena mme ‘ditjhaba di tla se mamela.’ (Gen. 49:1, 10) Ka ho bolela seo, ka lekgetlo la pele Jehova o ile a senola hore Ya Tshepisitsweng e ne e tla ba mmusi, morena.

10, 11. Ke hobaneng ha Jehova a ile a senolela Davida le Daniele morero wa hae?

10 Dilemo tse ka bang tse 650 Juda a se a shwele, Jehova o ile a senolela Morena Davida, e leng setloholo sa Juda dintlha tse eketsehileng ka morero wa hae. Jehova o ile a hlalosa Davida e le “monna ya ratwang ke pelo ya hae.” (1 Sam. 13:14; 17:12; Lik. 13:22) Ka lebaka la hore Davida o ne a tshaba Modimo, Jehova o ile a kgetha ho etsa selekane le yena, a mo tshepisa hore e mong wa ditloholo tsa hae o tla busa ka ho sa feleng.—2 Sam. 7:8, 12-16.

11 Dilemo tse ka bang 500 hamorao, Jehova o ile a sebedisa moprofeta Daniele ho bolela hantle selemo seo Motlotsuwa, kapa Mesia a neng a tla hlaha ka sona lefatsheng. (Dan. 9:25) Jehova o ne a tadima Daniele e le motho “ya kgahlehang haholo.” Hobaneng? Hobane Daniele o ne a hlompha Jehova ka ho tebileng a bile a mo sebeletsa a sa kgaotse.—Dan. 6:16; 9:22, 23.

12. Daniele o ile a bolellwa hore a etseng, hona hobaneng?

12 Le hoja Jehova a ile a sebedisa baprofeta ba tshepahalang ba kang Daniele hore ba tlalehe dintlha tse ngata ka peo e tshepisitsweng, e leng Mesia, e ne e so be nako ya hore bahlanka ba Jehova ba utlwisise ka botlalo seo a ileng a budulela hore ba se ngole. Ka mohlala, ka mora hore Daniele a amohele pono e neng e bua ka ho thehwa ha Mmuso wa Modimo, o ile a bolellwa hore a tiise boprofeta boo ho fihlela nako eo Jehova a e kgethileng e fihla. Ka nako eo, tsebo ya nnete ‘e ne e tla ba ngata.’—Dan. 12:4.

Jehova o ile a sebedisa banna ba tshepahalang ba kang Daniele ho tlaleha dintlha tse mabapi le Mmuso o laolwang ke Kreste

Jesu o Etsa Hore Morero wa Modimo o Hlake le ho Feta

13. (a) Peo e tshepisitsweng e ne e le mang? (b) Jesu o ile a hlakisa boprofeta bo tlalehilweng ho Genese 3:15 jwang?

13 Jehova o ile a hlakisa hore Jesu ke peo e tshepisitsweng, setloholo sa Davida se neng se tla busa e le Morena. (Luka 1:30-33; 3:21, 22) Ha Jesu a qala tshebeletso ya hae, e ile ya ka batho ba tjhabelwa ke letsatsi mabapi le morero wa Modimo. (Mat. 4:13-17.) Ka mohlala, Jesu o ile a hlakisa hore na “noha” e boletsweng ho Genese 3:14, 15, e ne e le mang, ha a bitsa Diabolose “mmolai” le “ntate wa leshano.” (Joh. 8:44) Lengolong la Tshenolo leo Johanne a ileng a le ngola, Jesu o ile a re “noha ya pele” ke “Diabolose le Satane.” * (Bala Tšenolo 1:1; 12:9.) Lengolong lona leo, Jesu o ile a bontsha kamoo yena, peo e tshepisitsweng, a tla phethahatsa boprofeta bo ileng ba bolelwa serapeng sa Edene mme a silakanye Satane hoo a ke keng a hlola a e ba teng.—Tšen. 20:7-10.

14-16. Na kamehla barutuwa ba nakong ya baapostola ba ne ba utlwisisa ka botlalo dinnete tseo Jesu a neng a di senola? Hlalosa.

14 Jwalokaha re bone Kgaolong ya 1 ya buka ena, Jesu o ne a bua haholo ka Mmuso. Empa ha aa ka a bolella barutuwa ba hae dintho tsohle tseo ba neng ba batla ho di tseba. Le hoja a ile a bua dintlha tse tobileng, ho ile ha feta nako e telele, ka dinako tse ding dilemo tse makgolo pele balatedi ba Kreste ba qala ho utlwisisa ka ho feletseng bohlokwa ba dinnete tseo Monga bona a neng a di senola. Nahana ka mehlala e seng mekae.

15 Ka selemo sa 33, Jesu o ile a hlakisa hore babusi ba neng ba tla thusa Morena wa Mmuso wa Modimo, ba ne ba tla nkwa lefatsheng mme ba tsosetswe lehodimong e le dibopuwa tsa moya. Leha ho le jwalo, barutuwa ba hae ha ba a ka ba utlwisisa sena hanghang. (Dan. 7:18; Joh. 14:2-5) Selemong sona seo, Jesu o ile a bontsha ka dipapiso hore Mmuso o ne o tla thehwa nako e telele ka mora hore a nyolohele lehodimong. (Mat. 25:14, 19; Luka 19:11, 12) Barutuwa ha ba a ka ba utlwisisa ntlha ena ya bohlokwa mme hamorao ba ile ba botsa Jesu ya tsositsweng ba re: “Na o kgutlisetsa mmuso ho Iseraele nakong ye?” Empa Jesu ha aa ka a ba bolella dintlha tse eketsehileng ka nako eo. (Lik. 1:6, 7) Jesu o ile a boela a ruta hore ho tla ba le “dinku tse ding” tseo e neng e sa tlo ba karolo ya “mohlatswana” o neng o tla busa le yena. (Joh. 10:16; Luka 12:32) Balatedi ba Kreste ba ne ba sa utlwisise hore na dihlopha tsena tse pedi e ne e le bomang ho fihlela nako e telele ka mora hore Mmuso o thehwe ka 1914.

16 Jesu o ne a e na le dintho tse ngata tseo a neng a ka di bolella barutuwa ba hae ha a ntse a le lefatsheng empa o ne a tseba hore ba ne ba ke ke ba kgona ho di jara. (Joh. 16:12) Ha ho pelaelo hore ho ile ha senolwa dintho tse ngata tse amanang le Mmuso mehleng ya baapostola. Leha ho le jwalo, eo e ne e so ka e e ba nako ya hore tsebo e jwalo e be ngata.

Tsebo ya Nnete e ba Ngata “Nakong ya Bofelo”

17. Re lokela ho etsang e le hore re utlwisise dinnete tse mabapi le Mmuso, empa re boetse re hlokang?

17 Jehova o ile a tshepisa Daniele hore “nakong ya bofelo” ba bangata ba tla “phenya, mme tsebo ya nnete” ka morero wa Modimo e ne e tla ba ngata. (Dan. 12:4) Batho ba batlang tsebo eo ba lokela ho sebetsa ka thata hore ba e fumane. Buka e nngwe e bolela hore leetsi la Seheberu e leng “phenya” le bolela hore motho o hlahloba buka ka hloko le ka ho feletseng. Leha ho le jwalo, ho sa tsotellehe hore na re hlahloba Bibele hakae, re ke ke ra utlwisisa dinnete tse mabapi le Mmuso ntle le haeba Jehova a re thusa hore re di utlwisise.—Bala Matheu 13:11.

18. Batho ba tshabang Jehova ba ile ba bontsha tumelo le boikokobetso jwang?

18 Jwalokaha Jehova a ile a senola dinnete tse amanang le Mmuso ho fihlela ka 1914, o ntse a tswela pele ho etsa jwalo nakong ya bofelo. Jwalokaha Kgaolo ya 4 le 5 ya buka ena di tla bontsha, dilemong tse lekgolo tse fetileng, batho ba Modimo ba ile ba tlameha ho lokisa tsela eo ba utlwisisang dintho ka yona ka makgetlo a mangata. Na seo se bolela hore Jehova ha a ba tshehetse? Tjhe ha ho jwalo. O a ba tshehetsa. Hobaneng? Hobane batho ba tshabang Jehova ba ile ba bontsha ditshobotsi tse pedi tseo a di ratang, e leng tumelo le boikokobetso. (Baheb. 11:6; Jak. 4:6) Bahlanka ba Jehova ba na le tumelo ya hore ditshepiso tsohle tse ka Lentsweng la Modimo di tla phethahala. Ba bontsha boikokobetso ha ba dumela hore ha ba a ka ba utlwisisa hore na ditshepiso tseo di tla phethahala jwang. Taba ya hore ba ikokobeditse e bonahala makasineng ya The Watch Tower ya March 1, 1925, e ileng ya re: “Rea tseba hore Morena ke yena ya itlhalosang, le hore o tla hlalosa Lentswe la hae ho batho ba hae ka tsela ya hae le ka nako ya hae e loketseng.”

“Morena . . . o tla hlalosa Lentswe la hae ho batho ba hae ka tsela ya hae le ka nako ya hae e loketseng”

19. Jehova ha aa ka a re dumella hore re utlwisise eng, hona hobaneng?

19 Ha Mmuso o ne o thehwa ka 1914, batho ba Modimo ba ne ba e na le tsebo e fokolang feela ya kamoo boprofeta bo mabapi le Mmuso bo tla phethahala kateng. (1 Bakor. 13:9, 10, 12) Kaha re ne re labalabela ho bona ditshepiso tsa Modimo di phethahala, ka dinako tse ding re ne re fihlela diqeto tse fosahetseng. Ha dilemo di ntse di feta, ka bohlale ba ile ba bua mantswe a mang ho ekeletsa ho se qotsitsweng makasineng ya The Watch Tower serapeng se fetileng. Sehlooho seo se ile sa re: “Ho bonahala hore re lokela ho dumela hore re ke ke ra utlwisisa boprofeta ho fihlela bo se bo phethahetse kapa re bona bo phethahala.” Jwale, kaha re phela mehleng ya bofelo, ho na le boprofeta bo amanang le Mmuso bo bongata bo phethahetseng le bo ntseng bo phethahala. Ka lebaka la hore batho ba Modimo ba ikokobeditse ebile ba ikemiseditse hore ba lokiswe ha ba fositse, Jehova o entse hore ba utlwisise morero wa hae ka ho feletseng. Ka sebele tsebo ya nnete e ngata!

Ho Lokiswa ha Kutlwisiso ho Ama Batho ba Modimo Jwang?

20, 21. Diphetoho tse ileng tsa e ba teng nakong ya baapostola, di ile tsa ama Bakreste jwang?

20 Ha Jehova a lokisa tsela eo re neng re utlwisisa nnete ka yona, seo se ka bontsha hore na re ikokobeditse kapa tjhe. Na tumelo le boikokobetso di tla re susumetsa ho amohela diphetoho? Bakreste ba neng ba phela dilemong tsa baapostola ba ile ba tobana le teko e jwalo. Ka mohlala, nka hore o Mokreste wa Mojuda ya neng a phela mehleng eo. O hlompha Molao wa Moshe haholo mme o ikotla sefuba ka lefa leo. Jwale o amohela mangolo a buduletsweng a tswang ho moapostola Pauluse, a bolelang hore ha o sa lokela ho latela Molao wa Moshe le hore Jehova o lahlile Baiseraele mme o ba nkela sebaka ka phutheho ya batlotsuwa, e entsweng ka ba Bajuda le Baditjhaba. (Bar. 10:12; 11:17-24; Bagal. 6:15, 16; Bakol. 2:13, 14) O ne o tla etsang?

21 Bakreste ba neng ba ikokobeditse ba ile ba amohela tlhaloso eo e buduletsweng ya Pauluse mme Jehova o ile a ba hlohonolofatsa. (Lik. 13:48) Ba bang ha ba a ka ba dumela ha ba lokiswa mme ba ile ba hana ho fetoha. (Bagal. 5:7-12) Haeba ba ne ba sa fetohe, ba ne ba tla lahlehelwa ke monyetla wa ho busa le Kreste.—2 Pet. 2:1.

22. O ikutlwa jwang ha ho e ba le diphetoho kutlwisisong ya rona ka morero wa Modimo?

22 Dilemong tsa morao tjena, Jehova o ile a nna a lokisa kutlwisiso ya rona ka Mmuso. Ka mohlala, o ile a re thusa hore re bone ka ho hlaka ha batho ba tla buswa ke Mmuso ba tla arolwa ho batho ba sa amoheleng dinnete jwalokaha dinku di arolwa ho dipodi. O ile a boela a re ruta hore na palo ya 144 000 e tla finyellwa neng, hore na dipapiso tsa Mmuso tseo Jesu a ileng a di etsa di bolelang, le hore na motlotsuwa wa ho qetela o tla tsosetswa lehodimong neng. * O etsang ha ho e ba le diphetoho tse jwalo? Na tumelo ya hao ya matlafala? Na o di bona e le bopaki ba hore Jehova o tswela pele ho ruta batho ba hae ba ikokobeditseng? Dintlha tse latelang bukeng ena di tla etsa hore o kgodisehe le ho feta hore butlebutle, Jehova o senolela batho ba mo tshabang seo a batlang ho se etsa.

^ ser. 4 Lebitso la Modimo le tswa lentsweng la Seheberu le bolelang “ho ba.” Lebitso la Jehova le bontsha hore ke Mophethahatsi wa ditshepiso tsa hae. Sheba lebokose le reng, “Se Bolelwang ke Lebitso la Modimo,” leqepheng la 43.

^ ser. 6 Le hoja nako ena e ka bonahala e le ngata kajeno, re lokela ho hopola hore batho ba ne ba phela nako e telele; ho bile le meloko e mene e phetseng ka nako e le nngwe le Adama le Abrahama. Adama o phetse ka nako e le nngwe le Lameke, ntate wa Noe. Lameke o phetse ka nako e le nngwe le Sema, mora wa Noe. Sema a phela ka nako e le nngwe le Abrahama.—Gen. 5:5, 31; 9:29; 11:10, 11; 25:7.

^ ser. 13 Lentswe “Satane,” le hlaha ka makgetlo a 18 Mangolong a Seheberu. Leha ho le jwalo, lentswe “Satane” le hlaha ka makgetlo a 30 Mangolong a Bakreste a Segerike. Ho a utlwahala hore Mangolo a Seheberu ha aa ka a bua ka Satane ho sa hlokahale empa a ne a amehile ka hore na Mesia ke mang. Ha Mesia a fihla, o ile a pepesa Satane, e leng taba e tlalehilweng ka Mangolong a Segerike a Bakreste.

^ ser. 22 E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng mabapi le diphetoho tsena, sheba Molula-Qhooa wa: October 15, 1995, leqepheng la 23-28; January 15, 2008, leqepheng la 20-24; July 15, 2008, leqepheng la 17-21; July 15, 2013, leqepheng la 9-14.