Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 4

Jehova o Phahamisa Lebitso la Hae

Jehova o Phahamisa Lebitso la Hae

NTLHA KHŌLŌ EA KHAOLO

Batho ba Molimo ba hlompha lebitso la Molimo

1, 2. Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e phahamisa lebitso la Molimo joang?

HOSENG ha Labobeli la 2 December, 1947, sehlopha sa barab’abo rōna ba batlotsuoa se tsoang Bethele e Brooklyn, New York, se ile sa qala mosebetsi o moholo. Ona e ne e le mosebetsi o boima, empa ba ile ba o etsa ka lilemo tse 12. Qetellong ka Sontaha oa la 13 March, 1960, ba ile ba qetella ho fetolela phetolelo e ncha ea Bibele. Likhoeli tse tharo hamorao, ka la 18 June, 1960, Mor’abo rōna Nathan Knorr o ile a lokolla Bibele e feletseng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Senyesemane ’me o ne a mametsoe ke batho ba thabileng kopanong e neng e tšoaretsoe Manchester, England. O ile a hlalosa maikutlo a batho ba neng ba le kopanong moo, ha a re: ‘Kajeno ke letsatsi la thabo ho Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle!’ Se ileng sa etsa hore batho ba thabele phetolelo ena e ncha ke tšobotsi ea eona e ikhethang, e leng ho sebelisa lebitso la Molimo khafetsa.

Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Senyesemane e ile ea lokolloa ka 1950 Kopanong ea Theocracy’s Increase (Ka ho le letšehali : Yankee Stadium, New York City; ka ho le letona: Ghana)

2 Libibele tse ngata ha li na lebitso la Molimo. Empa bahlanka ba Jehova ba batlotsuoa ba ile ba ema khahlanong le leano la Satane la ho etsa hore batho ba se ke ba tseba lebitso la Molimo. Selelekela sa Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha, e ileng ea lokolloa letsatsing leo se re: “Tšobotsi e ka sehloohong ea phetolelo ena ke ho khutlisetsa lebitso la Molimo moo le lokelang ho ba teng.” Ka sebele Phetolelo ea Lefatše le Lecha, e sebelisa lebitso la Molimo Jehova, ka makhetlo a fetang a 7 000. Phetolelo ena e phahamisitse lebitso la Ntate oa rōna oa leholimo Jehova, ka tsela e ikhethang hakaakang!

3. (a) Barab’abo rōna ba ile ba lemoha eng mabapi le se boleloang ke lebitso la Molimo? (b) Re lokela ho utloisisa Exoda 3:13, 14 joang? (Sheba lebokose le reng, “ Se Boleloang ke Lebitso la Molimo.”)

3 Lilemong tse fetileng, Liithuti Tsa Bibele li ne li utloisisa hore lebitso la Molimo le bolela “Ke ’na Ea-leng-teng.” (Ex. 3:14, King James Version) Kahoo The Watch Tower ea January 1, 1926 e ile ea re: “Lebitso Jehova le bolela Motho eo esale a le teng, . . . Motho ea se nang qalo le qetello.” Leha ho le joalo, ha bafetoleli ba Phetolelo ea Lefatše le Lecha ba qala mosebetsi oa bona, Jehova o ne a se a thusitse batho ba hae ho lemoha hore lebitso la hae ha le bolele feela hore esale a le teng empa le bolela hore ka holim’a tsohle, ke Molimo ea etsang hore merero ea hae e phethahale. Ba ile ba ithuta hore lebitso Jehova le bolela, “O Etsa Hore ho be.” Ka sebele, o bōpile bokahohle le libōpuoa tse bohlale ’me o tsoela pele ho phethahatsa thato ea hae le morero oa hae. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore lebitso la Molimo le phahamisoe, hona re ka etsa’ng hore re be le seabo ho phahamisoeng ha lona?

Ho Halaletsa Lebitso la Molimo

4, 5. (a) Ha re rapela re re, “Lebitso la hao le ke le halaletsoe” re kōpa eng? (b) Molimo o tla halaletsa lebitso la hae joang, hona neng?

4 Jehova o batla hore lebitso la hae le phahamisoe. Ha e le hantle, morero oa hae o ka sehloohong ke ho halaletsa lebitso la hae, joalokaha ho ile ha hlaka ho seo Jesu a ileng a se kōpa pele ha a rapela a re: “Lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Mat. 6:9) Ha re rapella seo, ha e le hantle re kōpa eng?

5 Joalokaha re ithutile Khaolong ea 1 ea buka ena, kōpo e reng “Lebitso la hao le ke le halaletsoe” ke e ’ngoe ea lintho tse tharo tseo Jesu a ileng a li kōpa ha a rapela, tse amanang le morero oa Jehova. Tse ling tse peli ke tse reng: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale.” (Mat. 6:10) Kahoo, ha re kōpa Jehova hore a tlise ’Muso oa hae le hore thato ea hae e etsahale, re boetse re mo kōpa hore a halaletse lebitso la hae. Ka mantsoe a mang, re kōpa Jehova hore a tlose thohako eohle e ’nileng ea tlisoa lebitsong la hae, ho tloha ha ho e-ba le borabele tšimong ea Edene. Jehova o tla arabela thapelo eo joang? O re: “Ka sebele ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo, le neng le ntse le hlompholloa har’a lichaba.” (Ezek. 36:23; 38:23) Ka Armagedone, ha Jehova a felisa bokhopo, o tla halaletsa lebitso la hae ka pel’a batho bohle.

6. Re ka halaletsa lebitso la Molimo joang?

6 Ho tloha nakong e fetileng, Jehova o ’nile a lumella bahlanka ba hae hore ba halaletse lebitso la hae. Ke ’nete hore re ke ra etsa hore lebitso la Molimo le halalele ho feta kamoo le halalelang kateng. Le se ntse le halalela ka ho phethahetseng. Kahoo, re ka le halaletsa joang? Esaia o re: “Jehova oa mabotho—ke Eena eo le lokelang ho mo nka e le ea halalelang.” Ha a bua ka batho ba hae, Jehova ka boeena o ile a re: “Ba tla halaletsa lebitso la ka . . . , ’me ba talime Molimo oa Iseraele ka tšabo e nang le tlhompho.” (Esa. 8:13; 29:23) Kahoo, re halaletsa lebitso la Molimo ka ho le arola le ho le nka le phahametse mabitso ohle, ka ho hlompha seo le se emelang le ka ho thusa ba bang hore ba le nke le halalela. Ka ho khetheha, re bontša hore re hlompha lebitso la Molimo ka ho nka Jehova e le ’Musi oa rōna le ho mo mamela ka lipelo tsa rōna tsohle.—Liprov. 3:1; Tšen. 4:11.

Ho Itokisetsa ho Jara le ho Phahamisa Lebitso la Molimo

7, 8. (a) Ke hobane’ng ha ho ile ha nka nako pele batho ba Molimo ba ka ipitsa ka lebitso la hae? (b) Re tla hlahloba eng?

7 Bahlanka ba Molimo mehleng ena ba ’nile ba sebelisa lebitso la Molimo lingoliloeng tsa bona ho tloha ka 1870. Ka mohlala, Zion’s Watch Tower ea August 1879 le buka ea lipina ea Songs of the Bride, li na le lebitso Jehova. Ho ntse ho le joalo, pele Jehova a lumella batho ba hae hore ba ipitse ka lebitso la hae le halalelang, o ile a etsa bonnete ba hore baa tšoaneleha ho bitsoa ka lebitso leo. Jehova o ile a etsa’ng ho lokisetsa Liithuti Tsa Bibele hore li ipitse lebitso hae?

8 Ha re nahana ka lilemo tsa bo-1800 le mathoasong a bo-1900, re bona kamoo Jehova a ileng a etsa hore batho ba hae ba utloisise ka ho hlakileng linnete tsa bohlokoa tse amanang le lebitso la hae. A re ke re hlahlobe tse tharo tsa linnete tsena.

9, 10. (a) Ke hobane’ng ha lihlooho tsa pele tsa Watch Tower li ne li bua haholo ka Jesu? (b) Ho ile ha e-ba le phetoho efe ho tloha ka 1919, hona liphello e ile ea e-ba life? (Sheba le lebokose le reng “ Kamoo The Watchtower e ’Nileng ea Tlotlisa Lebitso la Molimo Kateng.”)

9 Ea pele, bahlanka ba Jehova ba ile ba utloisisa bohlokoa ba ho sebelisa lebitso la Molimo. Liithuti Tsa Bibele tse tšepahalang tsa mehleng ea pele, li ne li talima thekollo e le thuto e ka sehloohong ea Bibele. Ke kahoo hangata Watch Tower e ne e bua haholo ka Jesu. Ka mohlala, selemong sa pele sa ho hatisoa ha eona makasine ena e ne e bua ka lebitso Jesu ka makhetlo a leshome ho feta kamoo e neng e bua ka lebitso Jehova kateng. Ha e bua ka Liithuti Tsa Bibele tsa mehleng eo, makasine ea The Watchtower ea March 15, 1976 e ile ea bolela hore li ne li “tlotlisa [Jesu] ka ho feteletseng.” Leha ho le joalo, ha nako e ntse e e-ea, Jehova o ile a li thusa hore li hlokomele hore Bibele e hlompha lebitso la Molimo haholo. Liithuti Tsa Bibele li ile tsa etsa’ng? Sehlooho sona seo sa Watchtower se bolela hore ho tloha ka 1919 ho ea pele, “li ile tsa qala ho ananela Ntate oa Mesia ea leholimong, Jehova.” Ha e le hantle, ho tloha ka 1920 ho ea ho 1929, The Watch Tower e ile ea bua ka lebitso la Molimo ka makhetlo a fetang a 6 500!

10 Ka ho hlompha lebitso Jehova, barab’abo rōna ba ile ba bontša hore ba rata lebitso la Molimo. Joaloka Moshe, ba ile ba qala ho “bolela lebitso la Jehova.” (Deut. 32:3; Pes. 34:3) Joalokaha Jehova a ile a tšepisa ka Mangolong, o ile a hlokomela hore ba rata lebitso la hae ’me o ile a ba amohela.—Pes. 119:132; Baheb. 6:10.

11, 12. (a) Lingoliloeng tsa rōna li ile tsa fetoha joang nakoana ka mor’a 1919? (b) Jehova o ne a batla bahlanka ba hae ba hlokomele eng, hona hobane’ng?

11 Ea bobeli, Bakreste ba ’nete ba ile ba e-ba le kutloisiso e nepahetseng ka mosebetsi oo Molimo a ba fileng oona. Nakoana ka mor’a 1919, barab’abo rōna ba batlotsuoa ba etellang pele ba ile ba hlahloba boprofeta ba Esaia. Hamorao, lingoliloeng tsa rōna li ile tsa fetoha. Ke hobane’ng ha phetoho eo e ile ea e-ba “lijo . . . ka nako e tšoanetseng”?—Mat. 24:45

12 Pele ho 1919, makasine ea The Watch Tower e ne e-s’o hlahlobe ka hloko mantsoe a Esaia a reng: “‘Le lipaki tsa ka,’ ho bolela Jehova, ‘eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng.’” (Bala Esaia 43:10-12.) Empa nakoana ka mor’a 1919, lingoliloeng tsa rōna li ile tsa qala ho bua haholo ka temana eo ea Bibele, li ile tsa khothalletsa batlotsuoa bohle hore ba etse mosebetsi oo Jehova a ba fileng oona—mosebetsi oa ho paka ka eena. Ha e le hantle, ho tloha ka 1925 ho ea ho 1931 feela, Esaia khaolo ea 43 e ile ea tšohloa limakasineng tse 57 tsa The Watch Tower ’me e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea bolela hore mantsoe a Esaia a bua ka Bakreste ba ’nete. Ho hlakile hore lilemong tseo, Jehova o ne a batla hore bahlanka ba hae ba hlokomele bohlokoa ba mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa. Hobane’ng? E le hore ba “lekoe pele mabapi le ho tšoaneleha.” (1 Tim. 3:10) Pele ba ka ipitsa ka lebitso la Molimo, Liithuti Tsa Bibele li ne li lokela ho bontša Jehova ka mesebetsi ea tsona hore ka sebele ke lipaki tsa hae.—Luke 24:47, 48.

13. Lentsoe la Molimo le ile la senola joang hore na ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke eng?

13 Ea boraro, batho ba Jehova ba ile ba utloisisa bohlokoa ba ho halaletsa lebitso la Molimo. Lilemong tsa bo-1920, ba ile ba lemoha hore ho halaletsoa ha lebitso la Molimo ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Lentsoe la Molimo le ile la senola ’nete ee ea bohlokoa joang? Nahana ka mehlala ena e ’meli. Lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore Molimo a pholose Baiseraele Egepeta e ne e le lefe? Jehova o ile a re: “Hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.” (Ex. 9:16) Hape, ke hobane’ng ha Jehova a ile a bontša Baiseraele mohau ha ba ne ba sa mo mamele? Jehova o ile a re: “Ka qala ho nka bohato ka lebaka la lebitso la ka e le hore le se ke la hlompholloa ka pel’a mahlo a lichaba.” (Ezek. 20:8-10) Liithuti Tsa Bibele li ile tsa ithuta’ng litlalehong tseo le tse ling tse hlahang ka Bibeleng?

14. (a) Batho ba Molimo ba ile ba lemoha eng bofelong ba 1920? (b) Liithuti Tsa Bibele li ile tsa etsa’ng ha li e-ba le kutloisiso e tebileng haholoanyane ka mosebetsi oa boboleli? (Sheba le lebokose le reng, “ Lebaka le Matla la ho Bolela.”)

14 Bofelong ba 1920, batho ba Molimo ba ile ba utloisisa bohlokoa ba seo Esaia a ileng a se bua lilemo tse ka bang tse 2 700 pejana. Ha Esaia a bua ka Jehova o ile a re: “Ka hona ua etella batho ba hao pele e le hore u iketsetse lebitso le letle.” (Esa. 63:14) Liithuti Tsa Bibele li ile tsa utloisisa hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e ne e se hore ba pholohe empa e ne e le hore lebitso la Molimo le halaletsoe. (Esa. 37:20; Ezek. 38:23) Ka 1929, buka ea Prophecy e ile ea akaretsa ’nete eo ka ho re: “Lebitso la Jehova ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa pōpong eohle.” Kutloisiso ena e ncha e ile ea susumetsa bahlanka ba Molimo hore ba pake ka Jehova le ho tlosa qoso lebitsong la hae.

15. (a) Mathoasong a 1930, barab’abo rōna ba ile ba utloisisa eng? (b) Ho ne ho se ho fihlile nako efe?

15 Mathoasong a 1930, barab’abo rōna ba ile ba utloisisa bohlokoa ba lebitso la Molimo ka ho nepahetseng, ba utloisisa ka ho hlaka mosebetsi oo Molimo a neng a batla hore ba o etse le ho utloisisa hore na ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke efe. Joale, nako e ne e se e fihlile ea hore Jehova a fe bahlanka ba hae tlotla ea ho ipitsa ka lebitso la hae phatlalatsa. E le hore re hlokomele hore na seo se etsahetse joang, a re ke re hlahlobe se ileng sa etsahala nakong e fetileng.

Jehova o Khetha “Batho Bakeng sa Lebitso la Hae”

16. (a) Jehova o phahamisa lebitso la hae ka tsela efe e ikhethang? (b) Nakong e fetileng, ke bo-mang ba ileng ba bitsoa ka lebitso la Molimo?

16 Tsela e ikhethang eo Jehova a phahamisang lebitso la hae ka eona ke ka ho ba le batho ba ipitsang ka lebitso la hae lefatšeng. Ho tloha ka 1513 pele ho mehla ea Kreste, sechaba sa Iseraele e ne e le batho ba Jehova. (Esa. 43:12) Leha ho le joalo, ba ile ba hlōleha ho phetha karolo ea bona ea selekane seo ba neng ba se entse le Molimo ’me ka selemo sa 33, ba ile ba lahleheloa ke kamano e khethehileng le eena. Nakoana ka mor’a moo, Jehova o ile “a lebisa tlhokomelo ea hae lichabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae.” (Lik. 15:14) Sechaba seo se secha e ile ea e-ba “Iseraele ea Molimo” ’me se ne se akarelletsa balateli ba Kreste ba tsoang lichabeng tse fapaneng.—Bagal. 6:16.

17. Ke leano lefe la Satane le ileng la atleha?

17 Hoo e ka bang ka selemo sa 44, barutuoa ba Kreste ‘ba ile ba bitsoa Bakreste ka tataiso ea Molimo.’ (Lik. 11:26) Qalong lebitso leo le ne le khetholla Bakreste ba ’nete. (1 Pet. 4:16) Leha ho le joalo, joalokaha papiso ea koro le mofoka e bontša, leano la Satane la ho etsa hore lebitso Bakreste e be lebitso la Bakreste bohle ba bohata, le ile la atleha. Ka lebaka leo, ka lilemo tse makholo, Bakreste ba ’nete ba ne ba sa khethollehe ho Bakreste ba bohata. Empa seo se ile sa fetoha “ha ho [qala ho] kotuloa” ka 1914. Hobane’ng? Hobane mangeloi a ile a qala ho arola Bakreste ba bohata ho ba ’nete.—Mat. 13:30, 39-41.

18. Ke eng se ileng sa thusa barab’abo rōna hore ba hlokomele hore ba hloka ho ipitsa ka lebitso le lecha?

18 Ka mor’a hore Jehova a khethe lekhoba le tšepahalang ka 1919, o ile a thusa batho ba hae ho lemoha mosebetsi oo a ba fileng ona. Kapele ba ile ba hlokomela hore ho bolela ka ntlo le ntlo ho ne ho ba khetholla ho Bakreste bohle ba bohata. Hang ha ba hlokomela seo, ba ile ba utloisisa hore ho ipitsa “Liithuti Tsa Bibele” feela ho ne ho sa lekana. Morero oa bona o ka sehloohong e ne e se feela ho ithuta Bibele, empa e ne e le ho paka ka Molimo, ho mo tlotlisa le ho phahamisa lebitso la hae. Kahoo, ke lebitso lefe le neng le tla tšoanela mosebetsi oo ba neng ba o etsa? Potso eo e ile ea arajoa ka 1931.

Lenaneo la kopano, 1931

19, 20. (a) Ho ile ha phatlalatsoa eng kopanong ea 1931? (b) Barab’abo rōna ba ile ba etsa’ng ha ba fumana lebitso le lecha?

19 Ka July 1931, Liithuti Tsa Bibele tse 15 000 li ile tsa e-ba teng kopanong e neng e tšoaretsoe Columbus, Ohio, U.S.A. Li ile tsa hlolloa ha li bona litlhaku tse peli e leng J le W tse neng li ngotsoe ka mongolo o moholo lenaneong la kopano. Li ile tsa ipotsa, ‘Litlhaku tsee li emela’ng? Ba bang ba ne ba nahana hore li emela, ‘Just Watch’ [Le tla bona]; ba bang ba re ke, ‘Just Wait’ [Emang hanyenyane]. Ka Sontaha sa la 26, July, Mor’abo rōna Joseph Rutherford o ile a hlalosa ka tsela e susumetsang seo ba neng ba ikemiselitse sona ’me a re: “Re batla ho tsejoa le ho bitsoa ka lebitso la Lipaki Tsa Jehova.” Ka nako eo, bohle ba neng ba tlile kopanong ba ile ba utloisisa hore na litlhaku J le W li emela’ng—li ne li emela Jehovah’s Witnesses [Lipaki Tsa Jehova] lebitso la Mangolo le thehiloeng ho Esaia 43:10.

20 Ha ba utloa seo, bamameli ba ile ba hooa ka thabo ’me ba opa liatla ka nako e telele. Mohoo oo oa thabo o neng o le Columbus o ile oa utloahala lefatšeng lohle ka seea-le-moea! Ernest le Naomi Barber ba lulang Australia ba re: “Ha mohoo oa thabo o utloahala Amerika, barab’abo rōna ba neng ba le Melbourne ba ile ba tlola ’me ba tsoela pele ba opa liatla. Re ke ke ra lebala ketsahalo eo!” *

Lebitso la Molimo le Ntse le Phahamisoa Lefatšeng Lohle

21. Lebitso le lecha le ile la etsa hore batho ba ikitlaetse ka matla mosebetsing oa boboleli joang?

21 Kaha ba ne ba se ba bitsoa ka lebitso le thehiloeng Mangolong la Lipaki Tsa Jehova, bahlanka ba Molimo ba ile ba ikitlaetsa ka matla mosebetsing oa boboleli. Edward le Jessie Grimes, banyalani ba bo-pula-maliboho ba lulang United States, ba ileng ba e-ba teng kopanong e neng e tšoaretsoe Columbus, ba re: “Re tlohile lapeng re le Liithuti Tsa Bibele empa ra khutla re le Lipaki Tsa Jehova. Re ile ra thabela hore joale re se re bitsoa ka lebitso le tla re thusa ho tlotlisa lebitso la Molimo oa rōna.” Ka mor’a kopano eo, Lipaki tse ling li ile tsa sebelisa mokhoa o mocha oa ho etsa sona seo. Ha li fihla malapeng a batho li ne li ba fa karete e nang le molaetsa o reng: “Ke e mong oa lipaki tsa JEHOVA, ke bolela ka ’Muso oa JEHOVA Molimo oa rōna.” Ka sebele, batho ba Molimo ba ne ba le motlotlo ka ho ipitsa ka lebitso Jehova ’me ba ne ba itokiselitse ho bolela bohlokoa ba lona lefatšeng lohle.—Esa. 12:4.

“Re tlohile lapeng re le Liithuti Tsa Bibele empa ra khutla re le Lipaki Tsa Jehova”

22. Ke eng se bontšang hore batho ba Jehova ba na le lebitso le ba khethollang?

22 Ho se ho fetile lilemo tse ngata ho tloha ha Jehova a ne a susumetsa barab’abo rōna ba batlotsuoa hore ba amohele lebitso la bona le ba khethollang. Ho tloha ka 1931, na Satane o ile a atleha ho etsa hore lebitso la batho ba Molimo le se ke la tsebahala? Na o ile a atleha ho etsa hore batho ba se ke ba khona ho re khetholla malumeling a mang? Che, ha ho joalo. Ho fapana le hoo, ho feta leha e le neng pele re tsebahala re le lipaki tsa Molimo. (Bala Mikea 4:5; Malakia 3:18.) Ha e le hantle, re amahanngoa le lebitso la Molimo hoo motho leha e le ofe ea le sebelisang kajeno a khetholloang e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ho e-na le hore ba siroe ke bolumeli ba bohata bo kang thaba, barapeli ba ’nete ba Jehova ba ‘tiisitsoe ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba.’ (Esa. 2:2) Ka sebele, kajeno borapeli ba Jehova le lebitso la hae le halalelang, li phahamisitsoe haholo.

23. Ho latela Pesaleme ea 121:5, ke’ng se re khothatsang ka Jehova?

23 Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore Jehova o tla re sireletsa ha Satane a re hlasela hona joale le nakong e tlang. (Pes. 121:5) Re na le lebaka le utloahalang la ho bua mantsoe a mopesaleme ea ileng a re: “Ho thaba sechaba seo Molimo oa sona e leng Jehova, batho bao a ba khethileng e le lefa la hae.”—Pes. 33:12.

^ ser. 20 E le hore u fumane lintlha tse amanang le ho sebelisoa ha seea-le-moea, sheba khaolo ea 7, leqepheng la 72-74.