Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 4

Jehova o Phahamisa Lebitso la Hae

Jehova o Phahamisa Lebitso la Hae

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Batho ba Modimo ba hlompha lebitso la Modimo

1, 2. Bibele ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha e phahamisa lebitso la Modimo jwang?

HOSENG ha Labobedi la 2 December, 1947, sehlopha se senyenyane sa barababo rona ba batlotsuwa se neng se tswa Bethele e Brooklyn, New York, se ile sa qala mosebetsi o moholo. Ona e ne e le mosebetsi o boima, empa ba ile ba o etsa ka dilemo tse 12. Qetellong ka Sontaha sa la 13 March, 1960, ba ile ba qetella ho fetolela phetolelo e ntjha ya Bibele. Dikgwedi tse tharo hamorao, ka la 18 June, 1960, Morabo rona Nathan Knorr o ile a lokolla Bibele e feletseng ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Senyesemane mme o ne a mametswe ke batho ba thabileng kopanong e neng e tshwaretswe Manchester, Engelane. O ile a hlalosa maikutlo a batho ba neng ba le kopanong moo, ha a re: ‘Kajeno ke letsatsi la thabo ho Dipaki Tsa Jehova lefatsheng lohle!’ Se ileng sa etsa hore batho ba thabele phetolelo ena e ntjha e ikgethang, ke ho sebedisa lebitso la Modimo kgafetsa.

Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Senyesemane e ile ya lokollwa ka 1950 Kopanong ya Theocracy’s Increase (Ka ho le letshehadi: Yankee Stadium, New York City; ka ho le letona: Ghana)

2 Dibibele tse ngata ha di na lebitso la Modimo. Empa bahlanka ba Jehova ba batlotsuwa ba ile ba ema kgahlanong le leqheka la Satane la ho etsa hore batho ba se ke ba tseba lebitso la Modimo. Selelekela sa Bibele ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha, e ileng ya lokollwa letsatsing leo se re: “Tshobotsi e ka sehloohong ya phetolelo ena ke ho kgutlisetsa lebitso la Modimo moo le lokelang ho ba teng.” Ka sebele Phetolelo ea Lefatše le Lecha, e sebedisa lebitso la Modimo Jehova, ka makgetlo a fetang a 7 000. Phetolelo ena e phahamisitse lebitso la Ntate wa rona wa lehodimo Jehova, ka tsela e ikgethang hakaakang!

3. (a) Barababo rona ba ile ba lemoha eng mabapi le se bolelwang ke lebitso la Modimo? (b) Re lokela ho utlwisisa Exoda 3:13, 14 jwang? (Sheba lebokose le reng, “ Se Bolelwang ke Lebitso la Modimo.”)

3 Dilemong tse fetileng, Baithuti ba Bibele ba ne ba utlwisisa hore lebitso la Modimo le bolela “Ke nna Ya leng teng.” (Ex. 3:14, King James Version) Kahoo The Watch Tower ya January 1, 1926 e ile ya re: “Lebitso Jehova le bolela Motho eo esale a le teng, . . . Motho ya se nang qalo le qetello.” Leha ho le jwalo, ha bafetoledi ba Phetolelo ea Lefatše le Lecha ba qala mosebetsi wa bona, Jehova o ne a se a thusitse batho ba hae ho lemoha hore lebitso la hae ha le bolele feela hore esale a le teng empa le bolela hore ka hodima tsohle, ke Modimo ya etsang hore merero ya hae e phethahale. Ba ile ba ithuta hore lebitso Jehova le bolela, “O Etsa Hore ho be.” Ka sebele, o bopile bokahohle le dibopuwa tse bohlale mme o tswela pele ho phethahatsa thato ya hae le morero wa hae. Leha ho le jwalo, ke hobaneng ha e le habohlokwa hore lebitso la Modimo le phahamiswe, hona re ka etsang hore re le phahamise?

Ho Halaletsa Lebitso la Modimo

4, 5. (a) Ha re rapela re re, “Lebitso la hao le ke le halaletswe” re kopa eng? (b) Modimo o tla halaletsa lebitso la hae jwang, hona neng?

4 Jehova o batla hore lebitso la hae le phahamiswe. Ha e le hantle, morero wa hae o ka sehloohong ke ho halaletsa lebitso la hae, jwalokaha ho ile ha hlaka ho seo Jesu a ileng a se kopa pele ha a rapela a re: “Lebitso la hao le ke le halaletswe.” (Mat. 6:9) Ha re rapella seo, ha e le hantle re kopa eng?

5 Jwalokaha re ithutile Kgaolong ya 1 ya buka ena, kopo e reng “Lebitso la hao le ke le halaletswe” ke e nngwe ya dintho tse tharo tseo Jesu a ileng a di kopa ha a rapela, tse amanang le morero wa Jehova. Tse ding tse pedi ke tse reng: “Mmuso wa hao o ke o tle. Thato ya hao e ke e etsahale.” (Mat. 6:10) Kahoo, ha re kopa Jehova hore a tlise Mmuso wa hae le hore thato ya hae e etsahale, re boetse re mo kopa hore a halaletse lebitso la hae. Ka mantswe a mang, re kopa Jehova hore a tlose thohako yohle e ileng ya nna ya tliswa lebitsong la hae, ho tloha ha ho e ba le borabele tshimong ya Edene. Jehova o tla arabela thapelo eo jwang? O re: “Ka sebele ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo, le neng le ntse le hlomphollwa hara ditjhaba.” (Ezek. 36:23; 38:23) Ka Armagedone, ha Jehova a fedisa bokgopo, o tla halaletsa lebitso la hae ka pela batho bohle.

6. Re ka halaletsa lebitso la Modimo jwang?

6 Ho tloha nakong e fetileng, Jehova o ile a nna a dumella bahlanka ba hae hore ba halaletse lebitso la hae. Ke nnete hore re ke ke ra etsa hore lebitso la Modimo le halalele ho feta kamoo le halalelang kateng. Le se ntse le halalela ka ho phethahetseng. Kahoo, re ka le halaletsa jwang? Esaia o re: “Jehova wa mabotho ke Yena eo le lokelang ho mo nka e le ya halalelang.” Ha a bua ka batho ba hae, Jehova ka boyena o ile a re: “Ba tla halaletsa lebitso la ka . . . , mme ba tadime Modimo wa Iseraele ka tshabo e nang le tlhompho.” (Esa. 8:13; 29:23) Kahoo, re halaletsa lebitso la Modimo le ikgethang ka ho le nka le phahametse mabitso ohle, ka ho hlompha seo le se emelang le ka ho thusa ba bang hore ba le nke le halalela. Ka ho kgetheha, re bontsha hore re hlompha lebitso la Modimo ka ho nka Jehova e le Mmusi wa rona le ho mo mamela ka dipelo tsa rona tsohle.—Liprov. 3:1; Tšen. 4:11.

Ho Itokisetsa ho Jara le ho Phahamisa Lebitso la Modimo

7, 8. (a) Ke hobaneng ha ho ile ha nka nako pele batho ba Modimo ba ka ipitsa ka lebitso la hae? (b) Re tla hlahloba eng?

7 Bahlanka ba Modimo mehleng ena ba ile ba nna ba sebedisa lebitso la Modimo dingolweng tsa bona ho tloha ka 1870. Ka mohlala, Zion’s Watch Tower ya August 1879 le buka ya dipina e bitswang Dipina Tsa Monyaduwa, di na le lebitso Jehova. Ho ntse ho le jwalo, pele Jehova a dumella batho ba hae hore ba ipitse ka lebitso la hae le halalelang, o ile a etsa bonnete ba hore ba a tshwaneleha ho bitswa ka lebitso leo. Jehova o ile a etsang ho lokisetsa Baithuti ba Bibele hore ba ipitse ka lebitso hae?

8 Ha re nahana ka dilemo tsa bo 1800 le qalong ya bo 1900, re bona kamoo Jehova a ileng a etsa hore batho ba hae ba utlwisise ka ho hlakileng dinnete tsa bohlokwa tse amanang le lebitso la hae. A re ke re hlahlobe tse tharo tsa dinnete tsena.

9, 10. (a) Ke hobaneng ha dihlooho tsa pele tsa Watch Tower di ne di bua haholo ka Jesu? (b) Ho ile ha e ba le phetoho efe ho tloha ka 1919, hona seo sa fella ka eng? (Sheba le lebokose le reng “ Kamoo The Watchtower e Ileng ya Nna ya Tlotlisa Lebitso la Modimo Kateng.”)

9 Ya pele, bahlanka ba Jehova ba ile ba utlwisisa bohlokwa ba ho sebedisa lebitso la Modimo. Baithuti ba Bibele ba tshepahalang ba mehleng ya pele, ba ne ba tadima thekollo e le thuto e ka sehloohong ya Bibele. Ke kahoo hangata Watch Tower e neng e bua haholo ka Jesu. Ka mohlala, selemong sa pele sa ho ngolwa ha yona, makasine ena e ne e bua ka lebitso Jesu ka makgetlo a leshome ho feta kamoo e neng e bua ka lebitso Jehova kateng. Ha e bua ka Baithuti ba Bibele ba mehleng eo, makasine ya The Watchtower ya March 15, 1976 e ile ya bolela hore ba ne ba “tlotlisa [Jesu] ka ho feteletseng.” Leha ho le jwalo, ha nako e ntse e ya, Jehova o ile a ba thusa hore ba hlokomele hore Bibele e hlompha lebitso la hae haholo. Baithuti ba Bibele ba ile ba etsang? Sehlooho sona seo sa Watchtower se bolela hore ho tloha ka 1919 ho ya pele, “ba ile ba qala ho ananela Ntate wa Mesia ya lehodimong, Jehova.” Ha e le hantle, ho tloha ka 1920 ho ya ho 1929, The Watch Tower e ile ya bua ka lebitso la Modimo ka makgetlo a fetang a 6 500!

10 Ka ho hlompha lebitso, Jehova, barababo rona ba ile ba bontsha hore ba rata lebitso la Modimo. Ho tshwana le Moshe, ba ile ba qala ho “bolela lebitso la Jehova.” (Deut. 32:3; Pes. 34:3) Jwalokaha Jehova a ile a tshepisa ka Mangolong, o ile a hlokomela hore ba rata lebitso la hae mme o ile a ba amohela.—Pes. 119:132; Baheb. 6:10.

11, 12. (a) Dingolwa tsa rona di ile tsa fetoha jwang nakwana ka mora 1919? (b) Jehova o ne a batla bahlanka ba hae ba hlokomele eng, hona hobaneng?

11 Ya bobedi, Bakreste ba nnete ba ile ba e ba le kutlwisiso e nepahetseng ka mosebetsi oo Modimo a ba fileng ona. Nakwana ka mora 1919, barababo rona ba batlotsuwa ba etellang pele ba ile ba hlahloba boprofeta ba Esaia. Hamorao, dingolwa tsa rona di ile tsa fetoha. Ke hobaneng ha phetoho eo e ile ya e ba “dijo . . . ka nako e tshwanetseng”?—Mat. 24:45

12 Pele ho 1919, makasine ya The Watch Tower e ne e so hlahlobe ka hloko mantswe a Esaia a reng: “‘Le dipaki tsa ka,’ ho bolela Jehova, ‘yena mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng.’” (Bala Esaia 43:10-12.) Empa nakwana ka mora 1919, dingolwa tsa rona di ile tsa qala ho bua haholo ka temana eo ya Bibele, di ile tsa kgothalletsa batlotsuwa bohle hore ba etse mosebetsi oo Jehova a ba fileng ona e leng mosebetsi wa ho paka ka yena. Ha e le hantle, ho tloha ka 1925 ho ya ho 1931 feela, Esaia kgaolo ya 43 e ile ya hlaloswa dimakasineng tse 57 tsa The Watch Tower mme e nngwe le e nngwe e ile ya bolela hore mantswe a Esaia a bua ka Bakreste ba nnete. Ho hlakile hore dilemong tseo, Jehova o ne a batla hore bahlanka ba hae ba hlokomele bohlokwa ba mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa. Hobaneng? E le hore ba “lekwe pele mabapi le ho tshwaneleha.” (1 Tim. 3:10) Pele ba ka ipitsa ka lebitso la Modimo, Baithuti ba Bibele ba ne ba lokela ho bontsha Jehova ka diketso tsa bona hore ka sebele ke dipaki tsa hae.—Luka 24:47, 48.

13. Lentswe la Modimo le ile la senola jwang hore na ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke eng?

13 Ya boraro, batho ba Jehova ba ile ba utlwisisa bohlokwa ba ho halaletsa lebitso la Modimo. Dilemong tsa bo 1920, ba ile ba lemoha hore ho halaletswa ha lebitso la Modimo ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa. Lentswe la Modimo le ile la senola nnete ee ya bohlokwa jwang? Nahana ka mehlala ena e mmedi. Lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore Modimo a pholose Baiseraele Egepeta e ne e le lefe? Jehova o ile a re: “Hore lebitso la ka le bolelwe lefatsheng lohle.” (Ex. 9:16) Hape, ke hobaneng ha Jehova a ile a bontsha Baiseraele mohau ha ba ne ba sa mo mamele? Jehova o ile a re: “Ka qala ho nka bohato ka lebaka la lebitso la ka e le hore le se ke la hlomphollwa ka pela mahlo a ditjhaba.” (Ezek. 20:8-10) Baithuti ba Bibele ba ile ba ithutang ditlalehong tseo le tse ding tse hlahang ka Bibeleng?

14. (a) Batho ba Modimo ba ile ba lemoha eng bofelong ba 1920? (b) Baithuti ba Bibele ba ile ba etsang ha ba e ba le kutlwisiso e tebileng haholwanyane ka mosebetsi wa boboledi? (Sheba le lebokose le reng, “ Lebaka le Matla la ho Bolela.”)

14 Bofelong ba 1920, batho ba Modimo ba ile ba utlwisisa bohlokwa ba seo Esaia a ileng a se bua dilemo tse ka bang 2 700 pejana. Ha Esaia a bua ka Jehova o ile a re: “Ka hona wa etella batho ba hao pele e le hore o iketsetse lebitso le letle.” (Esa. 63:14) Baithuti ba Bibele ba ile ba utlwisisa hore ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa e ne e se hore ba pholohe empa e ne e le hore lebitso la Modimo le halaletswe. (Esa. 37:20; Ezek. 38:23) Ka 1929, buka ya Boprofeta e ile ya akaretsa nnete eo ka ho re: “Lebitso la Jehova ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa popong yohle.” Kutlwisiso ena e ntjha e ile ya susumetsa bahlanka ba Modimo hore ba pake ka Jehova le ho tlosa qoso lebitsong la hae.

15. (a) Qalong ya 1930, barababo rona ba ile ba utlwisisa eng? (b) Ho ne ho se ho fihlile nako efe?

15 Maqalong a bo1930, barababo rona ba ile ba utlwisisa bohlokwa ba lebitso la Modimo ka ho nepahetseng, ba utlwisisa ka ho hlaka mosebetsi oo Modimo a neng a batla hore ba o etse le ho utlwisisa hore na ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke efe. Jwale, nako e ne e se e fihlile ya hore Jehova a fe bahlanka ba hae tlotla ya ho ipitsa ka lebitso la hae phatlalatsa. E le hore re hlokomele hore na seo se etsahetse jwang, a re hlahlobeng se ileng sa etsahala nakong e fetileng.

Jehova o Kgetha “Batho Bakeng sa Lebitso la Hae”

16. (a) Jehova o phahamisa lebitso la hae ka tsela efe e ikgethang? (b) Nakong e fetileng, ke bomang ba ileng ba bitswa ka lebitso la Modimo?

16 Tsela e ikgethang eo Jehova a phahamisang lebitso la hae ka yona ke ka ho ba le batho ba ipitsang ka lebitso la hae lefatsheng. Ho tloha ka 1513 pele ho mehla ya Kreste, setjhaba sa Iseraele e ne e le batho ba Jehova. (Esa. 43:12) Leha ho le jwalo, ba ile ba hloleha ho phetha karolo ya bona ya selekane seo ba neng ba se entse le Modimo mme ka selemo sa 33, ba ile ba lahlehelwa ke kamano e kgethehileng le yena. Nakwana ka mora moo, Jehova o ile “a lebisa tlhokomelo ya hae ditjhabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae.” (Lik. 15:14) Setjhaba seo se setjha e ile ya e ba “Iseraele ya Modimo” mme se ne se akarelletsa balatedi ba Kreste ba tswang ditjhabeng tse fapaneng.—Bagal. 6:16.

17. Satane o ile a atleha ho etsa eng?

17 Hoo e ka bang ka selemo sa 44, barutuwa ba Kreste ‘ba ile ba bitswa Bakreste ka tataiso ya Modimo.’ (Lik. 11:26) Qalong lebitso leo le ne le kgetholla Bakreste ba nnete. (1 Pet. 4:16) Jwalokaha papiso ya koro le mofoka e bontsha, Satane o ile a atleha ho etsa hore esita le Bakreste bohle ba bohata ba ipitse Bakreste. Ka lebaka leo, ka dilemo tse makgolo, Bakreste ba nnete ba ne ba sa kgethollehe ho Bakreste ba bohata. Empa seo se ile sa fetoha “ha ho [qala ho] kotulwa” ka 1914. Hobaneng? Hobane mangeloi a ile a qala ho arola Bakreste ba bohata ho ba nnete.—Mat. 13:30, 39-41.

18. Ke eng se ileng sa thusa barababo rona hore ba hlokomele hore ba hloka ho ipitsa ka lebitso le letjha?

18 Ka mora hore Jehova a kgethe lekgoba le tshepahalang ka 1919, o ile a thusa batho ba hae ho lemoha mosebetsi oo a ba fileng ona. Kapele ba ile ba hlokomela hore ho bolela ka ntlo le ntlo ho ne ho ba kgetholla ho Bakreste bohle ba bohata. Hang ha ba hlokomela seo, ba ile ba utlwisisa hore ho ipitsa “Baithuti ba Bibele” feela ho ne ho sa lekana. Morero wa bona o ka sehloohong e ne e se feela ho ithuta Bibele, empa e ne e le ho paka ka Modimo, ho mo tlotlisa le ho phahamisa lebitso la hae. Kahoo, ke lebitso lefe le neng le tla tshwanela mosebetsi oo ba neng ba o etsa? Potso eo e ile ya arajwa ka 1931.

Lenaneo la kopano, 1931

19, 20. (a) Ho ile ha phatlalatswa eng kopanong ya 1931? (b) Barababo rona ba ile ba etsang ha ba fumana lebitso le letjha?

19 Ka July 1931, Baithuti ba Bibele ba 15 000 ba ile ba e ba teng kopanong e neng e tshwaretswe Columbus, Ohio, U.S.A. Ba ile ba kgahlwa ke ho bona ditlhaku tse pedi e leng J le W tse neng di ngotswe ka mongolo o moholo lenaneong la kopano. Ba ile ba ipotsa, ‘Ditlhaku tsee di emelang? Ba bang ba ne ba nahana hore di emela, ‘Just Watch’ [Le tla bona]; ba bang ba re ke, ‘Just Wait’ [Emang hanyenyane]. Ka Sontaha sa la 26, July, Morabo rona Joseph Rutherford o ile a hlalosa ka tsela e matla seo ba neng ba ikemiseditse sona mme a re: “Re batla ho tsejwa le ho bitswa ka lebitso la Dipaki Tsa Jehova.” Ka nako eo, bohle ba neng ba tlile kopanong ba ile ba utlwisisa hore na ditlhaku J le W di emelang, di ne di emela Jehovah’s Witnesses [Dipaki Tsa Jehova] lebitso la Mangolo le thehilweng ho Esaia 43:10.

20 Ha ba utlwa seo, bamamedi ba ile ba howa ka thabo mme ba opa diatla ka nako e telele. Ba ne ba thabile hona hoo thabo ya bona e ileng ya utlwahala lefatsheng lohle ka seyalemoya! Ernest le Naomi Barber ba dulang Australia ba re: “Ha thabo eo ya bona e utlwahala Amerika, barababo rona ba neng ba le Melbourne ba ile ba tlola mme ba tswela pele ba opa diatla. Re ke ke ra lebala ketsahalo eo!” *

Lebitso la Modimo le Ntse le Phahamiswa Lefatsheng Lohle

21. Lebitso le letjha le ile la etsa hore batho ba ikitlaetse ka matla mosebetsing wa boboledi jwang?

21 Kaha ba ne ba se ba bitswa ka lebitso le tswang Mangolong la Dipaki Tsa Jehova, bahlanka ba Modimo ba ile ba ikitlaetsa ka matla mosebetsing wa boboledi. Edward le Jessie Grimes, banyalani bao e leng bopulamadiboho ba dulang United States, ba ileng ba e ba teng kopanong e neng e tshwaretswe Columbus, ba re: “Re tlohile lapeng re le Baithuti ba Bibele empa ra kgutla re le Dipaki Tsa Jehova. Re ile ra thabela hore jwale re se re bitswa ka lebitso le tla re thusa ho tlotlisa lebitso la Modimo wa rona.” Ka mora kopano eo, Dipaki tse ding di ile tsa sebedisa mokgwa o motjha wa ho etsa sona seo. Ha di fihla malapeng a batho di ne di ba fa karete e nang le molaetsa o reng: “Ke e mong wa dipaki tsa JEHOVA, ke bolela ka Mmuso wa JEHOVA Modimo wa rona.” Ka sebele, batho ba Modimo ba ne ba le motlotlo ka ho ipitsa ka lebitso Jehova mme ba ne ba itokiseditse ho bolela bohlokwa ba lona lefatsheng lohle.—Esa. 12:4.

“Re tlohile lapeng re le Baithuti ba Bibele empa ra kgutla re le Dipaki Tsa Jehova”

22. Ke eng se bontshang hore batho ba Jehova ba na le lebitso le ba kgethollang?

22 Ho se ho fetile dilemo tse ngata ho tloha ha Jehova a ne a susumetsa barababo rona ba batlotsuwa hore ba amohele lebitso la bona le ba kgethollang. Ho tloha ka 1931, na Satane o ile a atleha ho etsa hore lebitso la batho ba Modimo le se ke la tsebahala? Na o ile a atleha ho etsa hore batho ba se ke ba kgona ho re kgetholla madumeding a mang? Tjhe, ha ho jwalo. Ho fapana le hoo, ho feta leha e le neng pele re tsebahala re le dipaki tsa Modimo. (Bala Mikea 4:5; Malakia 3:18.) Ha e le hantle, re tsebahala haholo ka lebitso lena la Modimo hoo motho leha e le ofe ya le sebedisang kajeno a kgethollwang e le e mong wa Dipaki Tsa Jehova. Ho e na le hore ba kwahelwe ke bodumedi ba bohata bo kang thaba, barapedi ba nnete ba Jehova ba ‘tiisitswe ka thata ka hodima ditlhoro tsa dithaba.’ (Esa. 2:2) Ka sebele, kajeno borapedi ba Jehova le lebitso la hae le halalelang, di phahamisitswe haholo.

23. Ho latela Pesaleme ya 121:5, ke eng se re kgothatsang ka Jehova?

23 Ho kgothatsa hakaakang ho tseba hore Jehova o tla re sireletsa ha Satane a re hlasela hona jwale le nakong e tlang. (Pes. 121:5) Re na le lebaka le utlwahalang la ho bua mantswe a mopesaleme ya ileng a re: “Ho thaba setjhaba seo Modimo wa sona e leng Jehova, batho bao a ba kgethileng e le lefa la hae.”—Pes. 33:12.

^ ser. 20 E le hore o fumane dintlha tse amanang le ho sebediswa ha seyalemoya, sheba Kgaolo ya 7, leqepheng la 72-74.