Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 5

Morena o Kgantsha Lesedi la Mmuso

Morena o Kgantsha Lesedi la Mmuso

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Batho ba Modimo ba utlwisisa dinnete tsa bohlokwa tse mabapi le Mmuso, babusi le bafo ba wona, hammoho le hore ba lokela ho tshepahala

1, 2. Ke ka tsela efe Jesu a ileng a bontsha hore ke motsamaisi ya bohlale?

AKO nahane ho e na le motho ya le tsamaisang ha le ntse le hahlaula le motse o motle. Wena le bao o tsamaeang le bona ha le tsebe motse ona kahoo le itshetlehile ka motho enwa ya le tsamaisang. Wena le bahahlaudimmoho le wena le labalabela ho tseba ka dikarolo tse ding tsa motse tseo le e so di bone. Empa ha o botsa motho ya le tsamaisang ka dikarolo tsa motse tseo le e so di bone, ha a le hlalosetse ka tsona ho fihlela le fihla ho tsona kapa le se le le haufi le tsona. Ha le ntse le tswela pele, le kgahlwa ke kamoo a leng bohlale kateng hobane o le bolella seo le hlokang ho se tseba ka nako eo le lokelang ho se tseba ka yona.

2 Bakreste ba nnete ba tshwana le bahahlaudi bao. Re ithuta ka tjantjello ka motse o hlollang ka ho fetisisa, “motse o nang le metheo ya sebele,” e leng Mmuso wa Modimo. (Baheb. 11:10) Ha Jesu a ne a le lefatsheng o ile a tataisetsa balatedi ba hae tsebong e tebileng haholwanyane ka Mmuso. Na o ile a araba dipotso tsohle tsa bona le ho ba bolella ntho e nngwe le e nngwe e mabapi le Mmuso ka nako e le nngwe? Tjhe. O ile a re: “Ke na le dintho tse ngata tseo ke sa ntseng ke tla le bolella tsona, empa ha le kgone ho di jara hona jwale.” (Joh. 16:12) Kaha ke motsamaisi ya bohlale ka ho fetisisa, Jesu ha aa ka a imetsa barutuwa ba hae ka ho ba ruta dintho tseo ba neng ba ke ke ba di jara.

3, 4. (a) Jesu o ile a nna a tswela pele jwang ho ruta batho ba tshepahalang ka Mmuso wa Modimo? (b) Re tla hlahloba eng kgaolong ye?

3 Jesu o ile a bua mantswe a tlalehilweng ho Johanne 16:12 bosiung ba ho qetela ba bophelo ba hae lefatsheng. Ka mora lefu la hae, o ne a tla tswela pele ho ruta batho ba hae ba tshepahalang ka Mmuso wa Modimo jwang? O ile a tshepisa baapostola ba hae, a re: “Moya wa nnete, o tla le tataisetsa nneteng yohle.” * (Joh. 16:13) Re ka nka moya o halalelang e le motsamaisi ya sa feleng pelo. Jesu o sebedisa moya ho ruta balatedi ba hae eng kapa eng eo ba lokelang ho e tseba ka Mmuso wa Modimo—hantle ka nako eo ba hlokang ho e tseba ka yona.

4 A re ke re hlahlobe kamoo moya o halalelang wa Jehova o ileng wa nna wa tataisa Bakreste ba tshepahalang hore ba be le tsebo e eketsehileng ka Mmuso. Pele, re tla hlahloba kamoo re ileng ra utlwisisa hore na Mmuso wa Modimo o qadile ho busa neng. E be re hlahloba hore na babusi le batho ba buswang ke Mmuso oo ke bomang le hore na ba na le tshepo efe. Qetellong, re tla bona kamoo balatedi ba Kreste ba ileng ba utlwisisa ka ho hlaka hore na ho hlokahala eng hore ba bontshe hore ba tshepahalla Mmuso.

Ho Utlwisisa Selemo sa Bohlokwa

5, 6. (a) Baithuti ba Bibele ba ile ba e ba le maikutlo afe a fosahetseng mabapi le ho thehwa ha Mmuso le nako ya kotulo? (b) Ke hobaneng ha diphoso tse kang tseo di sa etse hore re belaele hore Jesu o ne a tataisa balatedi ba hae?

5 Jwalokaha re bone Kgaolong ya 2 bukeng ena, Baithuti ba Bibele ba ile ba qeta dilemo tse mashome ba ntse ba bolela hore selemo sa 1914 e ne e tla ba selemo sa bohlokwa ho phethahaleng ha boprofeta ba Bibele. Leha ho le jwalo, ka nako eo ba ne ba dumela hore ho ba teng ha Kreste ho qadile ka 1874, hore o qadile ho busa lehodimong ka 1878 le hore qetellong Mmuso o ne o ke ke wa thehwa ka ho feletseng ho fihlela ka October 1914. Kotulo e ne e tla tswela pele ho tloha ka 1874 ho ya ho 1914 mme e ne e tla fela ha ho bokellwa batlotsuwa lehodimong. Na diphoso tse kang tseo di etsa hore re belaele hore na ebe Jesu o ne a tataisa Bakreste bao ba tshepahalang ka moya o halalelang?

6 Le hanyenyane! Nahana hape ka papiso e qalong ya kgaolo ena. Na ha bahahlaudi ba botsa motsamaisi dipotso ebile ba inahanela dintho tse itseng, seo se bolela hore motsamaisi wa bona ha a tshepahale? Tjhe, ha ho jwalo. Ka ho tshwanang, le hoja batho ba Modimo ba leka ho utlwisisa dintlha tse mabapi le morero wa Jehova pele e e ba nako ya hore moya o halalelang o ba tataisetse dinneteng tseo, ho hlakile hore Jesu o a ba tataisa. Kahoo, batho ba tshepahalang ba ikemiseditse ho lokiswa mme ka boikokobetso ba fetola maikutlo a bona.—Jak. 4:6.

7. Modimo o ile a hlohonolofatsa batho ba hae ka hore a ba tjhabisetse lesedi lefe la moya?

7 Dilemo tse ileng tsa latela 1919, Modimo o ile a hlohonolofatsa batho ba hae ka hore a ba tjhabisetse lesedi le eketsehileng la moya. (Bala Pesaleme ya 97:11.) Ka 1925 ho ile ha e ba le sehlooho sa bohlokwa makasineng ya The Watch Tower se reng Ho Tswalwa ha Setjhaba. Se ile sa bontsha bopaki bo kgodisang ba Mangolo ba hore Mmuso o eteletsweng pele ke Kreste o thehilwe ka 1914, e leng se neng se phethahatsa boprofeta bo tlalehilweng ho Tšenolo kgaolo ya 12, bo buang ka papiso ya mosadi wa Modimo ya tswalang ngwana. * Sehlooho seo se ile sa tswela pele ho bontsha hore mahloriso le mathata a ileng a tlela batho ba Jehova dilemong tseo tsa ntwa a ile a bontsha ka ho hlaka hore Satane o dihetswe lefatsheng, “a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e kgutshwanyane.”—Tšen. 12:12.

8, 9. (a) Mmuso wa Modimo ke wa bohlokwa hakae? (b) Re tla hlahloba dipotso dife?

8 Mmuso ke wa bohlokwa hakae? Ka 1928, makasine ya The Watch Tower e ile ya hatisa hore Mmuso ke wa bohlokwa ho feta hore batho ba pholohe ka thekollo. Ka sebele, Jehova o tla sebedisa Mmuso o eteletsweng pele ke Kreste hore a halaletse lebitso la hae, a tlose qoso bobusing ba hae le ho phetha merero yohle ya hae ka batho.

9 Ke bomang ba tla busa le Kreste Mmusong oo? Ke bomang ba tla buswa ke Mmuso oo lefatsheng? Hona balatedi ba Kreste ba lokela ho tshwareha ka mosebetsi ofe?

Mosebetsi wa ho Bokella Batlotsuwa

10. Batho ba Modimo ba ne ba se ntse ba utlwisisa eng ka 144 000?

10 Dilemo tse mashome pele ho 1914, Bakreste ba nnete ba ne ba se ntse ba utlwisisa hore ho tla ba le balatedi ba Kreste ba tshepahalang ba 144 000 ba tla busa le yena lehodimong. * Baithuti ba Bibele ba ile ba hlokomela hore palo eo e ne e le ya sebele le hore ba akaretswang palong eo ba ile ba qala ho bokellwa mehleng ya baapostola.

11. Bao e neng e tla ba ditho tsa monyaduwa wa Kreste ba ile ba e ba le kutlwisiso efe ka mosebetsi oo ba neng ba lokela ho o etsa lefatsheng?

11 Leha ho le jwalo, bao e neng e tla ba ditho tsa monyaduwa wa Kreste ba ne ba lokela ho etsa mosebetsi ofe ha ba ntse ba le lefatsheng? Ba ile ba hlokomela hore Jesu o ne a batla hore ba etse mosebetsi wa ho bolela le hore o ne a o amahanya le nako ya kotulo. (Mat. 9:37; Joh. 4:35) Jwalokaha re bone Kgaolong ya 2, ba ne ba nahana hore nako ya kotulo e ne e tla nka dilemo tse 40 ebe ho bokellwa batlotsuwa lehodimong. Leha ho le jwalo, kaha mosebetsi o ile wa nna wa tswela pele ka mora hore dilemo tseo tse 40 di fele, ho ne ho hlokahala tlhaloso e eketsehileng. Jwale rea tseba hore nako ya kotulo—nako ya ho arola koro le mofoka, e leng ho arola Bakreste ba batlotsuwa ba tshepahalang ho Bakreste ba bohata—e qadile ka 1914. E ne e se e le nako ya ho bokella ba setseng ba sehlopha sa ba yang lehodimong.

Selemo sa 1914 e ile ya e ba qalo ya nako ya kotulo (Sheba serapa sa 11)

12, 13. Papiso ya Jesu ya barwetsana ba leshome le ya ditalenta di ile tsa phethahala jwang matsatsing a ho qetela?

12 Ho tloha ka 1919 ho ya pele, Kreste o ile a tswela pele ho tataisa lekgoba le tshepahalang le le masene ho etsa mosebetsi wa boboledi. O ile a etsa mosebetsi oo ha a ne a le lefatsheng. (Mat. 28:19, 20) O ile a boela a bontsha hore na balatedi ba hae ba tlotsitsweng e lokela ho ba batho ba mofuta ofe e le hore ba phethe mosebetsi wa boboledi. O ile a etsa seo jwang? Papisong ya hae ya barwetsana ba leshome, o ile a bontsha hore haeba batlotsuwa ba batla ho ba teng moketeng wa lenyalo lehodimong ha Kreste a kopana le “monyaduwa”wa hae wa ba 144 000, ba lokela ho dula ba fadimehile moyeng. (Tšen. 21:2) Ha a etsa papiso ya ditalenta, Jesu o ile a bontsha hore bahlanka ba hae ba tlotsitsweng ba ne ba tla ikitlaetsa ka matla ho etsa mosebetsi wa boboledi oo a ba fileng wona.—Mat. 25:1-30.

13 Dilemong tse lekgolo tse fetileng, batlotsuwa ba ile ba fadimeha mme ba ikitlaetsa ka matla mosebetsing wa boboledi. Ha ho potang hore ba tla putswa ka lebaka la ho fadimeha ha bona! Leha ho le jwalo, na nakong ya mosebetsi o moholo wa ho kotula ho ne ho tla bokellwa feela ba setseng ba babusimmoho le Kreste ba 144 000?

Ho Bokellwa Bafo ba Mmuso!

14, 15. Buka ya The Finished Mystery e ile ya bua ka dihlopha dife tse nne?

14 Ka nako e telele, banna le basadi ba tshepahalang ba nnile ba batla ho tseba ka “bongata bo boholo” (“bongata bo boholo ba batho,” Bibele ya Sesotho) boo ho buuwang ka bona ho Tšenolo 7:9-14. Ha ho makatse hore pele e e ba nako ya Kreste ya hore a tsebahatse sehlopha sena se seholo, dintho tse ngata tse ileng tsa buuwa ka taba ena di ile tsa fetoha dinnete tse hlakileng le tse bonolo tseo re di tsebang le ho di rata kajeno.

15 Ka 1917, buka ya The Finished Mystery, e ile ya bolela hore ho na le “dihlopha kapa mefuta e mmedi ya batho ba tla pholoha mme ba phele Lehodimong, le dihlopha kapa mefuta e mmedi ya batho ba tla pholoha mme ba phele lefatsheng.” Dihlopha tseo tse nne di ne di tla akarelletsa bomang? Sehlopha sa pele e ne e tla ba ba 144 000 ba neng ba tla busa le Kreste. Sa bobedi, e ne e tla ba bongata bo boholo. Ka nako eo ho ne ho dumelwa hore bana e ne e le ba ipitsang Bakreste ba neng ba ntse ba le dikerekeng tsa Bokreste ba bohata. Ba ne ba e na le tumelo empa e seng ka ho lekaneng hore ba emele nnete. Kahoo, bana ba ne ba tla fuwa boemo bo tlasana lehodimong. Sehlopha sa boraro e ne e le ba neng ba tla phela lefatsheng, “batho ba boholoholo ba neng ba tshepahala”—ba kang Abrahama, Moshe le ba bang—ba neng ba tla laola sehlopha sa bone, e leng moloko wa batho.

16. Ke lesedi lefe la moya le ileng la kganya ka 1923 le ka 1932?

16 Moya o halalelang o ile wa tataisa balatedi ba Kreste jwang hore ba be le kutlwisiso eo re nang le yona kajeno? Butlebutle, lesedi la moya le ile la kganya. Ho tloha qalong ya 1923, makasine ya The Watch Tower e ile ya bua ka sehlopha sa batho ba se nang takatso ya ho ya lehodimong, ba neng ba tla phela lefatsheng tlasa puso ya Kreste. Ka 1932, The Watchtower e ile ya bua ka Jonadabe, ya ileng a ipapisa le motlotsuwa wa Modimo, Morena wa Moiseraele Jehu, e le hore a mo tshehetse ha a lwantsha borapedi ba bohata. (2 Mar. 10:15-17) Sehlooho seo se ile sa bontsha hore ho na le sehlopha sa batho ba mehleng ena ba tshwanang le Jonadabe mme sa phaella ka hore Jehova o tla ba pholosa “mahlomoleng a Armagedone” e le hore ba phele mona lefatsheng.

17. (a) Ka 1935, ke lesedi lefe la moya le ileng la kganya le ho feta? (b) Bakreste ba tshepahalang ba ile ba etsang ha ba fumana kutlwisiso e ntjha ka bongata bo boholo? (Sheba lebokose le reng, “ Ho Ile ha re Kokololo!”)

17 Ka 1935, lesedi la moya le ile la kganya le ho feta. Kopanong e neng e tshwaretswe Washington, D.C., bongata bo boholo bo ile ba bitswa sehlopha sa lefatsheng, jwaloka dinku papisong ya Jesu e buang ka dinku le dipodi. (Mat. 25:33-40) Bongata bo boholo e ne e tla ba karolo ya “dinku tse ding,” tseo Jesu a ileng a bua ka tsona a re: “Le tsona ke tla di tlisa.” (Joh. 10:16) Ha J. F. Rutherford, ya neng a beha puo a botsa a re: “Na bohle ba nang le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng ba ka ema?” batho ba fetang halofo ba neng ba mo mametse ba ile ba ema! O ile a re: “Bonang! Bongata bo boholo!” Ba bangata ba ile ba ameha maikutlo kaha qetellong ba ne ba tseba hore na bokamoso ba bona ke bofe.

18. Balatedi ba Kreste ba ile ba ameha ka eng tshebeletsong ya bona, hona diphello e ile ya e ba dife?

18 Ho tloha ka nako eo, Kreste o ile a nna a tataisa batho ba hae hore ba amehe ka ho bokella bao e tla ba ditho tsa bongata bo boholo bo tla pholoha matshwenyeho a maholo. Qalong, ho ile ha bonahala eka bongata bo boholo bo ne bo se bongata hakaalo. Ka lekgetlo le leng Morabo rona Rutherford o ile a re: “Ho bonahala eka ‘bongata bo boholo’ bo ke ke ba e ba boholo hakaalo.” Ke nnete hore kajeno re bona kamoo Jehova a hlohonolofaditseng kotulo haholo kateng, ho tloha ka nako eo! Ka tataiso ya Jesu le moya o halalelang batlotsuwa le metswalle ya bona ya “dinku tse ding” e se e le “mohlape o le mong” o sebeletsang tlasa ‘modisa a le mong’—jwalokaha Jesu a ile a bolela esale pele.

Morabo rona Rutherford o ne a sa tsebe hore na bongata bo boholo bo ne bo tla ba bongata hakae (Ho tloha ka ho le letshehadi ho ya ka ho le letona: Nathan H. Knorr, Joseph F. Rutherford le Hayden C. Covington)

19. Re ka etsang hore bongata bo boholo bo eketsehe?

19 Batho ba bangata ba tshepahalang ba tla phela ka ho sa feleng lefatsheng la paradeise, ba buswa ke Kreste le babusimmoho le yena ba 144 000. Ruri ho a thabisa ho nahana ka tsela eo Kreste a ileng a tataisa batho ba Modimo hore ba be le kutlwisiso e hlakileng ya Mangolo mabapi le tshepo ka bokamoso! Ka sebele ke tokelo ho bolella batho bao re kopanang le bona tshebeletsong ka tshepo eo! A re etseng mosebetsi ona ka mafolofolo ho ya ka maemo a rona, e le hore bongata bo boholo bo tswele pele bo eketseha le hore bo tlotlise lebitso la Jehova le ho feta!—Bala Luka 10:2.

Bongata bo boholo bo ntse bo eketseha

Re ka Bontsha Jwang Hore re Tshepahalla Mmuso?

20. Mokgatlo wa Satane o akarelletsa mekgatlo efe, hona Bakreste ba lokela ho etsang ho bontsha hore ba a tshepahala?

20 Ha batho ba Modimo ba ntse ba tswela pele ho ithuta ka Mmuso, ba ne ba boetse ba hloka ho utlwisisa ka botlalo hore na ho bolelang ho tshepahalla puso ya lehodimo. Tabeng ena, ka 1922, makasine ya The Watch Tower e ile ya bolela hore ho na le mekgatlo e mmedi, wa Jehova le wa Satane mme wa Satane o akarelletsa mekgatlo ya kgwebo, ya bodumedi le ya dipolotiki. Batho ba tshepahallang Mmuso wa Modimo o buswang ke Kreste, ha ba a lokela ho ikamahanya ka tsela e sa lokelang le mokgatlo leha e le ofe wa Satane. (2 Bakor. 6:17) Seo se bolelang?

21. (a) Lekgoba le tshepahalang le ile la nna la lemosa batho ba Modimo ka dikgwebo tse kgolo jwang? (b) Ka 1963, The Watchtower e ile ya senola eng ka “Babylona e Moholo”?

21 Dijo tsa moya tse tswang ho lekgoba le tshepahalang di ile tsa nna tsa pepesa ho se tshepahale ha dikgwebo tse kgolo le ho lemosa batho ba Modimo hore ba se ke ba rata maruo ka ho feteletseng. (Mat. 6:24) Ka tsela e tshwanang, dingolwa tsa rona di ile tsa nna tsa pepesa karolo ya mokgatlo wa Satane e leng bodumedi. Ka 1963, The Watchtower e ile ya bontsha ka ho hlaka hore “Babylona e Moholo” hase feela Bokreste ba bohata empa ha e le hantle ke mmuso wa lefatshe lohle wa bodumedi ba bohata. Kahoo, jwalokaha re tla bona Kgaolong ya 10 ya buka ena, batho ba Modimo dinaheng tsohle le ditsong tsohle ba thusitswe ho ‘Tswa ho yena,’ ka hore ba itlhatswe ditshila tsohle tsa mekgwa ya bodumedi ba bohata.—Tšen. 18:2, 4.

22. Nakong ya Ntwa ya Pele ya Lefatshe, batho ba bangata ba Modimo ba ile ba utlwisisa keletso e ho Baroma 13:1 jwang?

22 Leha ho le jwalo, ho thweng ka karolo ya dipolotiki ya mokgatlo wa Satane? Na Bakreste ba ne ba tla kenella dintweng le dikgohlanong tsa ditjhaba? Nakong ya Ntwa ya Pele ya Lefatshe, Baithuti ba Bibele ba ne ba utlwisisa hore balatedi ba Kreste ha ba a lokela ho bolaya batho ba bang. (Mat. 26:52) Empa, batho ba bangata ba ne ba nahana hore keletso e ho Baroma 13:1 ya hore ba mamele “balaodi ba phahameng,” e bolela hore ba lokela ho kenela sesole, ho apara diaparo tsa masole le ho tshwara dibetsa; empa haeba ho thwe ba bolaye dira tsa bona, ba lokela ho thunyetsa moyeng.

23, 24. Nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, Bakreste ba ne ba utlwisisa Baroma 13:1 ka tsela efe, hona ba ile ba tataisetswa hore ba be le kutlwisiso e nepahetseng jwang?

23 Ha Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe e qhoma ka 1939, makasine ya The Watchtower e ile ya bua ka ho teba ka ho se tshehetse mebuso ya dipolotiki. Sehlooho seo se ile sa bontsha ka ho hlaka hore ho hang Bakreste ha ba a lokela ho kenella dintweng le dikgohlanong tsa ditjhaba tsa lefatshe la Satane. Eo e ile ya e ba keletso e nakong hakaakang! Balatedi ba Kreste ba ile ba sireletswa hore ba se ke ba e ba le molato wa madi jwaloka ditjhaba tse ileng tsa lwana ntweng eo. Leha ho le jwalo, ka 1929, dingolwa tsa rona di ile tsa bolela hore balaodi ba phahameng bao ho buuwang ka bona ho Baroma 13:1 e ne e se babusi ba lefatshe empa ke Jehova le Jesu. Ho ne ho ntse ho hlokahala hore ba utlwisise taba eo ka ho nepahetseng.

24 Moya o halalelang o ile wa tataisa balatedi ba Kreste hore ba be le kutlwisiso e nepahetseng ka 1962, ha ho ne ho hatiswa dihlooho tsa bohlokwa tse buang ka Baroma 13:1-7, ho The Watchtower ya November 15 le ya December 1. Qetellong batho ba Modimo ba ile ba utlwisisa molaomotheo oo Jesu a ileng a bua ka wona mantsweng a hae a tsebahalang a reng: “Le lefe Cesare dintho tsa Cesare, empa le lefe Modimo dintho tsa Modimo.” (Luka 20:25) Jwale, Bakreste ba nnete ba ne ba se ba utlwisisa hore balaodi ba phahameng ke mebuso ya lefatshe lena mme Bakreste ba lokela ho ipeha ka tlase ho yona. Leha ho le jwalo, ba ne ba tla etsa seo ka tsela e lekanyeditsweng. Haeba balaodi ba lefatshe ba re kopa hore re se ke ra mamela Jehova Modimo, re araba jwaloka baapostola ha ba ne ba re: “Re tla mamela Modimo e le mmusi ho e na le batho.” (Lik. 5:29) Kgaolong ya 13 le ya 14 ya buka ena, re tla ithuta ka ho eketsehileng mabapi le kamoo batho ba Modimo ba ileng ba sebedisa molaomotheo ona kateng ka hore ba se ke ba tshehetsa mebuso ya lefatshe lena.

Ke tokelo e kaakang ho bolella ba bang ka tshepo e ka Bibeleng ya bophelo bo sa feleng!

25. Ke hobaneng ha o ananela hore ebe o tataiswa ke moya o halalelang hore o utlwisise dinnete tsa Mmuso wa Modimo?

25 Nahana ka sohle seo balatedi ba Kreste ba ileng ba nna ba se rutwa ka Mmuso dilemong tse lekgolo tse fetileng. Re ithutile hore na Mmuso wa Modimo o ile wa thehwa neng lehodimong le hore na ke wa bohlokwa hakae. Re utlwisisa ka ho hlaka hore ho na le batho ba nang le tshepo ya ho phela lehodimong le ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng. Re boetse rea tseba hore na ke jwang re ka tshepahallang Mmuso wa Modimo ha ka nako e tshwanang re ipeha tlasa balaodi ba lefatshe ka tsela e lekanyeditsweng. Ipotse, ‘Na nkabe ke tseba dinnete tsee, haeba Jesu Kreste ha aa ka a tataisa lekgoba la hae le tshepahalang lefatsheng hore le di utlwisise le ho di ruta? Re thaba hakaakang hore ebe re tataiswa ke Kreste le moya o halalelang!

^ ser. 3 Ho ya ka buka e nngwe ya ditshupiso, lentswe la Segerike e leng “tataisa,” temaneng eo le bolela “ho bontsha tsela.”

^ ser. 7 Pele ho moo, ho ne ho nahanwa hore pono eo e ne e le mabapi le ntwa pakeng tsa bodumedi ba Mmuso wa Roma le Kereke ya Roma e Khatholike.

^ ser. 10 Ka June 1880, makasine ya Zion’s Watch Tower e ile ya bolela hore ba 144 000 e ne e tla ba Bajuda ba tlhaho ba tla beng ba sokolohile ka 1914. Leha ho le jwalo, hamorao ka 1880, ho ile ha hatiswa sehlooho se neng se fana ka kutlwisiso e batlang e tshwana le eo esale re e na le yona ho tloha nakong eo.