Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 6

Baboleli—Basebetsi ba Itlhahisa ka ho Rata

Baboleli—Basebetsi ba Itlhahisa ka ho Rata

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Morena o hlophisa lebotho la baboleli

1, 2. Ke mosebetsi ofe oo Jesu a ileng a profeta hore o tla etsoa, hona ho hlaha potso efe ea bohlokoa?

HANGATA bo-ralipolotiki ba etsa litšepiso tseo ba hlōlehang ho li phetha. Esita le ba nang le sepheo se setle ha ba khone ho phethahatsa litšepiso tsa bona. Ho fapana le bo-ralipolotiki bao, se thabisang ke hore kamehla Morena oa Bomesia, Jesu Kreste o phethahatsa seo a se tšepisang.

2 Ka mor’a ho ba Morena ka 1914, Jesu o ne a se a phethahalitse seo a ileng a se profeta lilemo tse 1 900 pele ho moo. Nakoana pele a shoa, Jesu o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Mat. 24:14) Ho phethahala ha mantsoe ao e ne e tla ba pontšo ea ho busa ha hae. Empa, potso ea bohlokoa ke ena: Morena o ne a tla hlophisa lebotho la baboleli ba tla itlhahisa ka ho rata joang matsatsing a ho qetela—nakong eo batho e neng e tla ba baithati, ba se nang lerato, le ba sa batleng bolumeli? (Mat. 24:12; 2 Tim. 3:1-5) Re hloka ho tseba karabo ea potso ena kaha e ama Bakreste bohle ba ’nete.

3. Jesu o ne a kholisehile ka eng, hona ke eng se neng se etsa hore a kholisehe joalo?

3 Ak’u boele u hlahlobe seo Jesu a ileng a se profeta. Na mantsoe a reng “li tla boleloa” a bontša hore o ne a kholisehile? Ka sebele a bontša seo! Jesu o ne a kholisehile hore o tla ba le batho ba mo tšehetsang matsatsing a ho qetela. Ke’ng se neng se etsa hore a kholisehe joalo? O ne a ithutile ho Ntate oa hae. (Joh. 12:45; 14:9) Pele a phela lefatšeng e le motho, Jesu o ile a hlokomela hore Jehova o tšepa barapeli ba Hae ba mo sebeletsang ka ho rata. A re ke re bone kamoo Jehova a ileng a bontša kateng hore oa ba tšepa.

“Batho ba Hao ba Tla Itlhahisa ka ho Rata”

4. Jehova o ile a kōpa Baiseraele hore ba tšehetse mosebetsi ofe, hona ba ile ba etsa’ng?

4 Hopola se ileng sa etsahala ha Jehova a laela Moshe hore a hahe tabernakele kapa tente, e leng moo sechaba sa Iseraele se neng se tla ea teng ho rapela Jehova. Jehova o ile a laela Moshe hore a kōpe sechaba ho tšehetsa mosebetsi oo. Moshe o ile a re ho bona: “E mong le e mong ea nang le pelo e ratang a ke a o tlise e le monehelo oa Jehova.” Phello e ile ea ba efe? Batho ‘ba ’na ba tlisa nyehelo ea boithaopo hoseng ho hong le ho hong.’ Ba ile ba tlisa lintho tse ngata hoo ‘sechaba se ileng sa thibeloa ho tlisa tse ling.’ (Ex. 35:5; 36:3, 6) Baiseraele ba ile ba bontša Jehova hore o ne a sa etsa phoso ka hore a ba tšepe.

5, 6. Ho latela Pesaleme ea 110:1-3, Jehova le Jesu ba ne ba lebeletse hore barapeli ba ’nete ba bontše moea ofe matsatsing a bofelo?

5 Na Jehova o ne a lebeletse hore barapeli ba hae ba tla bontša moea o joalo oa boithaopo matsatsing a ho qetela? E! Lilemo tse fetang tse sekete pele Jesu a tsoaloa lefatšeng, Jehova o ile a bululela Davida hore a ngole ka nako eo Mesia a neng a tla busa ka eona. (Bala Pesaleme ea 110:1-3.) Ka mor’a hore Jesu a hlomamisoe e le Morena, o ne a tla ba le lira tse mo hanyetsang. Leha ho le joalo, o ne a tla ba le lebotho la batho ba mo tšehetsang. Ba ne ba ke ke ba qobelloa hore ba sebeletse Morena. Esita le bacha ba har’a bona ba ne ba tla ithaopa ka bongata hoo ka nepo ba neng ba tla tšoantšoa le marotholi a phoka hoseng. *

Batho ba tšehetsang ’Muso ka ho rata ba bangata joaloka marotholi a phoka (Sheba serapa sa 5)

6 Jesu o ne a tseba hore boprofeta bo ho Pesaleme ea 110 bo ne bo bua ka eena. (Mat. 22:42-45) Ke kahoo a neng a e-na le lebaka la ho tšepa hore balateli ba hae ba tšepahalang ba tla inehela ka ho rata mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle. Lintho tse ileng tsa etsahala li bontša eng? Na ka sebele Morena o ile a hlophisa lebotho la baboleli ba itlhahisang ka ho rata matsatsing aa a ho qetela?

“Tokelo ea ka le Boikarabelo ba ka ke ho Phatlalatsa Molaetsa Oo”

7. Ka mor’a hore Jesu a hlomamisoe e le Morena, o ile a nka mehato efe ho lokisetsa balateli ba hae hore ba etse mosebetsi o moholo?

7 Nakoana ka mor’a hore Jesu a hlomamisoe e le Morena, o ile a nka mehato ea ho lokisetsa balateli ba hae hore ba etse mosebetsi ona o moholo. Joalokaha re bone Khaolong ea 2, o ile a etsa mosebetsi oa ho hlahloba le ho hloekisa, ho tloha ka 1914 ho ea mathoasong a 1919. (Mal. 3:1-4) Eaba ka 1919, o khetha lekhoba le tšepahalang hore le etelle balateli ba hae pele. (Mat. 24:45) Ho tloha ka nako eo ho ea pele, lekhoba le ile la aba lijo tsa moea—e leng lipuo tsa kopano le lingoliloeng tse hatisitsoeng—tse neng li hatisa ka ho pheta-pheta bohlokoa ba hore Bakreste bohle ba etse mosebetsi oa boboleli.

8-10. Likopano li ile tsa eketsa ho etsoa ha mosebetsi oa boboleli joang? Fana ka mohlala. (Sheba le lebokose le reng, “ Likopano Tse Ileng Tsa Eketsa ho Etsoa ha Mosebetsi oa Boboleli.”)

8 Lipuo tsa kopano. Kaha li ne li labalabela ho fumana tataiso, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa ea kopanong ea tsona ea pele ka mor’a Ntoa ea Pele ea Lefatše, e neng e tšoaretsoe Cedar Point, Ohio, U.S.A., ho tloha ka la 1 ho ea ho la 8 September, 1919. Ka letsatsi la bobeli, Mor’abo rōna Rutherford o ile a fana ka puo ’me o ile bolella ba neng ba tlile kopanong ka ho toba a re: “Mosebetsi oa Mokreste lefatšeng . . . ke ho phatlalatsa molaetsa oa ’muso oa Morena.”

9 Kopano eo e ile ea fihla sehlohlolong matsatsi a mararo hamorao ha Mor’abo rōna Rutherford a fana ka puo e reng “Address to Co-laborers” [Puo ho Basebetsi-’moho] e ileng ea hatisoa makasineng ea The Watch Tower tlas’a sehlooho se reng “Announcing the Kingdom” [Ho Phatlalatsa ’Muso]. O ile a re: “Mokreste o ee a ipotse moo a leng mong, Ke phelela’ng? Karabo ea hae e lokela ho ba ho re, ka mohau Morena o nkhethetse hore ke be moemeli oa hae, ke phatlalatse molaetsa oa Molimo oa hore lefatše le boelane le eena ’me tokelo ea ka le boikarabelo ba ka ke ho phatlalatsa molaetsa oo.”

10 Ha a beha puo eo e ke keng ea lebaloa, Mor’abo rōna Rutherford o ile a phatlalatsa hore ho tla ba le makasine e ncha e leng, The Golden Age (eo hona joale e bitsoang Tsoha!) ’me e ne e tla hatisoa e le hore e rute batho hore ’Muso ke oona feela tšepo ea batho. O ile a botsa hore na ke ba bakae ho ba neng ba tlile kopanong ba neng ba batla ho etsa mosebetsi oa ho aba makasine eo. Tlaleho ea kopano eo e re: “Batho bohle ba 6 000 ba neng ba tlile kopanong ba ile ba ema ’me ho ne ho hlolla ho bona sena.” * Ho ile ha hlaka hore Morena o na le batšehetsi ba neng ba labalabela ho phatlalatsa ’Muso oa hae!

11, 12. Makasine ea The Watch Tower ea 1920 e ile ea re mosebetsi oo Jesu a ileng a bolela hore o ne o tla etsoa, o ne o tla etsoa neng?

11 Lingoliloeng tse hatisitsoeng. Makasine ea The Watch Tower e ile ea hlakisa le ho feta bohlokoa ba mosebetsi oo Jesu a ileng a bua ka oona—e leng ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Nahana ka mehlala ea ho tloha mathoasong a 1920.

12 Ho ne ho tla boleloa molaetsa ofe e le hore Matheu 24:14 e phethahale? Mosebetsi oo o ne o tla etsoa neng? Makasine ea The Watch Tower ea July 1, 1920 e neng e e-na le sehlooho se reng “Gospel of the Kingdom” [Kosepele ea ’Muso] e ile ea bolela hore na molaetsa oo ke ofe, ha e re: “Litaba tse molemo ke ho fela ha tsamaiso ea khale le ho thehoa ha ’muso oa Bomesia.” Sehlooho seo se ile sa bontša ka ho hlaka hore na molaetsa oo o tla boleloa neng, se ile sa re: “Molaetsa ona o lokela ho boleloa lipakeng tsa nako ea ntoa e khōlō ea lefatše [Ntoa ea Pele ea Lefatše] le ea ‘matšoenyeho a maholo.’” Kahoo sehlooho seo se ile sa re: “Joale ke nako . . . ea ho phatlalatsa litaba tse molemo ho Bakreste ba bohata lefatšeng lohle.”

13. Makasine ea The Watch Tower ea 1921 e ile ea khothatsa Bakreste ba batlotsuoa ba nang le moea oa ho ithaopa joang?

13 Na batho ba Molimo ba ne ba tla qobelloa ho etsa mosebetsi oo Jesu a ileng a profeta hore o tla etsoa? Che. Sehlooho sa makasine ea The Watch Tower, ea March 15, 1921, se reng, “Be of Good Courage” [E-bang Sebete] se ile sa bua le Bakreste ba tlotsitsoeng ba nang le moea oa boithaopo. E mong le e mong o ile a khothalletsoa hore a ipotse: “Na hase tokelo e khōlō ka ho fetisisa le boikarabelo ba ka hore ke etse mosebetsi oo?” Sehlooho seo se ile sa tsoela pele ka ho re: “Re kholisehile hore ha u nka [ho etsa mosebetsi ona e le tokelo] u tla ikutloa joaloka Jeremia, eo pelong ea hae lentsoe la Morena le ileng ‘la e-ba joaloka mollo o tukang o koaletsoeng masapong a [hae].’” (Jer. 20:9) Khothatso eo e mofuthu e ile ea bontša hore Jehova le Jesu ba tšepa batšehetsi bana ba tšepahalang ba ’Muso.

14, 15. Makasine ea The Watch Tower ea 1922 e ile ea khothalletsa Bakreste ba tlotsitsoeng ho finyella batho ka tsela efe?

14 Bakreste ba ’nete ba lokela ho finyella ba bang ka molaetsa oa ’Muso joang? Sehlooho se khutšoaane empa se le matla se reng “Service Essential” [Tšebeletso e Bohlokoa] sa makasine ea The Watch Tower ea August 15, 1922, se ile sa khothatsa Bakreste ba tlotsitsoeng hore ka “mafolofolo ba isetse batho molaetsa o hatisitsoeng ’me ba bue le bona ka matlung a bona, ba ba bolelle hore ’muso oa leholimo o haufi.”

15 Ho hlakile hore ho tloha ka 1919 ho ea pele, Kreste o ile a sebelisa lekhoba le tšepahalang le le masene ho hatisa ka ho pheta-pheta tokelo le boikarabelo boo Bakreste ba nang le bona lefatšeng, ba ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso. Leha ho le joalo, Liithuti Tsa Bibele tsa mehleng ea pele li ile tsa etsa’ng ha li khothalletsoa ho phatlalatsa ’Muso?

“Batho ba Tšepahalang ba tla Ithaopa”

16. Baholo ba bang ba ile ba etsa’ng ha ba khothalletsoa hore ba etse mosebetsi oa boboleli?

16 Lilemong tsa bo-1920 le tsa bo-1930, ba bang ba ile ba hana hore Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba lokela ho etsa mosebetsi oa boboleli. Ha e bolela se neng se etsahala, makasine ea Watch Tower ea November 1, 1927 e ile ea re: “Kajeno ho na le baholo ba kereke [phutheho] . . . ba hanang ho khothalletsa barab’abo bona hore ba etse mosebetsi oa boboleli ’me le bona ba hana ho etsa mosebetsi oo. . . . Ba soma taba ea hore ba lokela ho ea ka ntlo le ntlo e le hore ba isetse batho molaetsa oa Molimo, oa Morena oa hae le oa ’muso oa hae.” Ka ho toba sehlooho seo se ile sa re: “Nako e fihlile ea hore batho ba tšepahalang ba tsebe batho ba joalo, ba ba qobe ’me ba ba bolelle hore re ke ke ra hlola re khetha banna ba joalo hore e be baholo.” *

17, 18. Batho ba bangata ka phuthehong ba ile ba etsa’ng ha ba fumana tataiso e tsoang ho lekhoba le tšepahalang, hona ba limilione ba ile ba etsa’ng lilemong tse lekholo tse fetileng?

17 Se thabisang ke hore ba bangata liphuthehong ba ile ba amohela tataiso eo e tsoang ho lekhoba le tšepahalang ka cheseho. Ba ile ba ho nka e le tokelo ho bolella ba bang molaetsa oa ’Muso. Makasine ea Watch Tower ea March 15, 1926 e re: “Batho ba tšepahalang ba tla ithaopela. . . ho bolella batho molaetsa.” Batho bao ba tšepahalang ba ile ba phelela mantsoe a ho Pesaleme ea 110:3 ’me ba bontša hore ba tšehetsa Morena oa Bomesia ka ho rata.

18 Lilemong tse lekholo tse fetileng, batho ba limilione ba inehetse ka ho rata ho etsa mosebetsi oa ho phatlalatsa ’Muso. Likhaolong tse ’maloa tse latelang, re tla buisana ka hore na ba ’nile ba etsa mosebetsi oa boboleli joang—mekhoa le lintho tseo ba ileng ba li sebelisa—hammoho le seo ba se finyelletseng. Pele, a re ke re buisane ka hore na ke hobane’ng ha batho ba limilione ba ile ba etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le hoja ba phela lefatšeng la batho ba tletseng boithati. Ha re ntse re hlahloba lebaka la seo, re lokela ho ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha ke bolella ba bang litaba tse molemo?’

“Le ’ne le Batle ’Muso Pele”

19. Ke hobane’ng ha re mamela keletso ea Jesu ea hore re “’ne le batle ’Muso pele”?

19 Jesu o ile a eletsa balateli ba hae hore ‘ba ’ne le batle ’Muso pele.’ (Mat. 6:33) Ke hobane’ng ha re mamela keletso eo? Hobane ka holim’a tsohle rea hlokomela hore ’Muso ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa morerong oa Molimo. Joalokaha re bone khaolong e fetileng, butle-butle moea o halalelang o ’nile oa senola linnete tse thabisang mabapi le ’Muso. Ha linnete tsena tsa bohlokoa tse amanang le ’Muso li fihla lipelong tsa rōna, re utloa re tlamehile hore re batle ’Muso pele.

Joalokaha monna a ile a thaba ha a fumana letlotlo le patiloeng, Bakreste baa thaba hobane ba fumane ’nete ea ’Muso (Sheba serapa sa 20)

20. Papiso ea Jesu ea letlotlo le patiloeng e bontša hore balateli ba hae ba ne ba tla etsa’ng ha ba eletsoa hore ba batle ’Muso pele?

20 Jesu o ne a tseba hore na balateli ba hae ba ne ba tla etsa’ng ha ba eletsoa hore ba batle ’Muso pele. Nahana ka papiso ea letlotlo le patiloeng. (Bala Matheu 13:44.) Ha a ntse a etsa mosebetsi oa hae oa letsatsi le letsatsi, mosebetsi oa masimong papisong eo o fumana letlotlo le patiloeng ’me hang-hang o hlokomela bohlokoa ba lona. O etsa’ng? ‘Ka lebaka la thabo eo a nang le eona oa ea ’me o rekisa lintho tseo a nang le tsona ’me o reka tšimo eo.’ Re ithuta’ng? Ha re fumana ’nete ea ’Muso ’me re hlokomela bohlokoa ba eona, ka thabo re tela eng kapa eng eo ho hlokahalang hore re e tele e le hore re behe mesebetsi e amanang le ’Muso pele bophelong ba rōna. *

21, 22. Batšehetsi ba tšepahalang ba ’Muso ba bontša joang hore ba batla ’Muso pele? Fana ka mohlala.

21 Batšehetsi ba tšepahalang ba ’Muso ba bontša ka liketso, eseng ka mantsoe feela hore ba batla ’Muso pele. Ba tela bophelo ba bona, ba sebelisa tsebo ea bona ’me ba sebelisa le matlotlo a bona mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Ba bangata ba itetse hore ba kenele tšebeletso ea nako e tletseng. Baboleli bao ba sebetsang ka ho rata ba inoesa ka nkho hore Jehova o hlohonolofatsa batho ba behang ’Muso pele. Nahana ka mohlala oa lilemong tsa pele.

22 Avery le Lovenia Bristow ba ile ba sebetsa hammoho e le barekisi ba libuka (bo-pula-maliboho) ka boroa ho United States, ho tloha bofelong ba 1920. Lilemo hamorao Lovenia o ile a re: “’Na le Avery re ile ra qeta lilemo tse ngata re thabile re le bo-pula-maliboho ho tloha ka nako eo. Ka linako tse ling re ne re sa tsebe hore na re tla fumana chelete ea peterole le ea lijo hokae. Empa ka linako tsohle Jehova o ne a re fa lintho tseo re li hlokang. Ha rea ka ra khaotsa ho bula maliboho. Kamehla re ne re e-na le seo re se hlokang.” Lovenia o hopola letsatsi le leng ha ba ntse ba sebeletsa motseng oa Pensacola, Florida ’me ba ne ba se na chelete le lijo. Ha ba khutlela moo ba neng ba lula teng ba ile ba fumana mekotla e meholo e ’meli ea korosari e neng e e-na le lengolo le neng le re, “Ka lerato ho tsoa Phuthehong ea Pensacola.” Ha a hopola lilemo tse mashome tseo a li qetileng a le tšebeletsong ea nako e tletseng, Lovenia o ile a re: “Ha ho mohla Jehova a ileng a re lahla. Ha ho mohla a kileng a re soetsa.”

23. U ikutloa joang ka ’nete ea ’Muso eo u e fumaneng, hona ke eng seo u ikemiselitseng ho se etsa?

23 Ke ’nete hore re ke ke ra etsa mosebetsi o lekanang boboleling. Maemo a rōna ha a tšoane. Leha ho le joalo, kaofela ha rōna re ho nka e le tokelo ho phatlalatsa litaba tse molemo ka moea oohle. (Bakol. 3:23) Ka lebaka la hore re nka ’nete ea ’Muso e le ea bohlokoa, re ikemiselitse—e, re labalabela—ho tela eng kapa eng eo re lokelang ho e tela e le hore re sebetse ka hohle kamoo re ka khonang. Na u ikemiselitse ho etsa seo?

24. Ke ntho efe e khōlō ka ho fetisisa eo ’Muso o e finyelletseng matsatsing a ho qetela?

24 Lilemong tse lekholo tse fetileng, Morena o ile a phethahatsa mantsoe a boprofeta a ho Matheu 24:14 ’me o entse seo a sa qobelle batho. Ka mor’a hore a tlohe lefatšeng lena la batho ba tletseng boithati, balateli ba hae ba ’nile ba itella ho etsa mosebetsi oa boboleli ka ho rata. Mosebetsi ona oa ho bolela litaba tse molemo o etsoang lefatšeng ka bophara ke karolo ea pontšo ea hore Jesu oa busa—ebile ke ntho e khōlō ka ho fetisisa eo ’Muso o e finyeletseng matsatsing a ho qetela.

^ ser. 5 Ka Bibeleng, phoka e amahanngoa le bongata.—Gen. 27:28; Mik. 5:7.

^ ser. 10 Pampitšana e reng To Whom the Work Is Entrusted e ile ea re: “Makasine ea The Golden Age e tla sebelisoa mosebetsing oa ho tsamaisa molaetsa oa ’muso ka ntlo le ntlo. . . . Ka mor’a ho fana ka molaetsa, u lokela ho siela lelapa le leng le le leng makasine ea The Golden Age, ebang mong’a ntlo o batla peeletso kapa che.” Ka lilemo tse ngata barab’abo rōna ba ile ba khothalletsoa ho fana ka lipeeletso tsa makasine ea The Golden Age hammoho le ea The Watch Tower. Ho tloha ka la 1 February, 1940, batho ba Jehova ba ile ba khothalletsoa ho aba limakasine tseo le ho tlaleha hore na ba tsamaisitse tse kae.

^ ser. 16 Ka nako eo baholo ba ne ba vouteloa ke phutheho. Kahoo, phutheho e ne e ka hana ho voutela banna ba neng ba hana ho etsa mosebetsi oa boboleli. Phetoho e ileng ea e-ba teng ea ho khetha baholo ho latela Mangolo e tla tšohloa Khaolong ea 12.

^ ser. 20 Jesu o ile a ruta se tšoanang papisong ea hae ea mohoebi ea tsamaeang ho ea batla perela ea theko e phahameng. Ha mohoebi a e fumana, o rekisa sohle seo a nang le sona e le hore a e reke. (Mat. 13:45, 46) Lipapiso tseo tse peli li boetse li re ruta hore re ka ithuta ’nete ea ’Muso ka litsela tse fapaneng. Ba bang ba oelana le eona ha ba bang ba batlana le eona. Empa ho sa tsotellehe hore na re fumana ’nete joang, re ikemiselitse ho itela e le hore re behe ’Muso pele bophelong ba rōna.