Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 8

Lintho Tse Sebelisoang Boboleling—Ho Hatisa Lingoliloeng Bakeng sa Batho ba Lefatšeng Lohle

Lintho Tse Sebelisoang Boboleling—Ho Hatisa Lingoliloeng Bakeng sa Batho ba Lefatšeng Lohle

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Jehova o tsoela pele ho re fa lintho tseo re li hlokang e le hore re rute batho ba lichaba, meloko le maleme ’ohle

1, 2. (a) Ke’ng se ileng sa thusa Bakreste ba pele hore ba bolele litaba tse molemo ho fihla ’Musong oa Roma? (b) Re na le bopaki bofe ba hore Jehova o re tšehelitse mehleng ea rōna? (Sheba lebokose le reng “ Litaba Tse Molemo li Boleloa ka Lipuo Tse Fetang 670.”)

BATHO ba neng ba etetse Jerusalema ha baa ka ba lumela seo ba neng ba se utloa. Bagalilea ba ne ba bua lipuo lisele ka mokhoa o phollatsi ’me molaetsa oo ba neng ba fana ka oona o ne o khahla batho. E ne e le ka Pentekonta ea selemo sa 33 ’me ka mohlolo barutuoa ba ne ba fuoe mpho ea ho bua lipuo lisele, e leng se neng se bontša hore Molimo o ba tšehelitse. (Bala Liketso 2:1-8, 12, 15-17.) Litaba tse molemo tseo ba ileng ba li bolela letsatsing leo li ile tsa finyella batho ba limelo tse sa tšoaneng ’me ka mor’a moo tsa fihla ’Musong oa Roma.—Bakol. 1:23.

2 Kajeno, bahlanka ba Molimo ha ba bue lipuo lisele ka mohlolo. Ho ntse ho le joalo, ba fetolela molaetsa oa ’Muso ka lipuo tse fetang 670, e leng lipuo tse ngata ho feta tseo Bakreste ba pele ba neng ba li bua. (Lik. 2:9-11) Batho ba Molimo ba hatisa lingoliloeng ka bongata hoo molaetsa oa ’Muso o finyelletseng likhutlong tsohle tsa lefatše. * Sena le sona ke bopaki bo totobetseng ba hore Jehova o sebelisa Morena Jesu Kreste ho tsamaisa mosebetsi oa rōna oa boboleli. (Mat. 28:19, 20) Ha re hlahloba tse ling tsa lintho tseo re ’nileng ra li sebelisa ho finyella mosebetsi ona ka lilemo tse lekholo, re hlokomela kamoo Morena a ileng a re koetlisetsa ho rata batho bao re ba pakelang le ho re khothalletsa ho ba mesuoe ea Lentsoe la Molimo.—2 Tim. 2:2.

Morena o fa Bahlanka ba Hae Lintho Tseo ba li Hlokang e le Hore ba Jale Peō ea ’Nete

3. Ke hobane’ng ha re sebelisa lintho tse fapaneng mosebetsing oa rōna oa boboleli?

3 Jesu o ile a tšoantša “lentsoe la ’muso” le peō ’me a tšoantša pelo ea motho le mobu. (Mat. 13:18, 19) Joalokaha mohlokomeli oa serapa a ka sebelisa lithulusi tse fapaneng e le hore a nolofatse mobu le ho o lokisa pele a jala peō, batho ba Jehova ba ’nile ba sebelisa lintho tse fapaneng tse ba thusitseng ho lokisa lipelo tsa batho ba limilione hore li amohele molaetsa oa ’Muso. Tse ling tsa tsona li ile tsa sebetsa ka nako e itseng feela. Tse ling, tse kang libuka le limakasine li ntse li tsoela pele ho phetha mosebetsi oa bohlokoa. Ho fapana le mecha ea puisano e sebelisoang ke batho ba bangata eo ho builoeng ka eona khaolong e fetileng, lintho tseo ho builoeng ka tsona mona li ile tsa thusa baboleli ba ’Muso hore ba bue le batho lifahleho li talimane.—Lik. 5:42; 17:2, 3.

Ho etsa likeramafono le thepa ea molumo Toronto, Canada

4, 5. Lirekoto tsa keramafono li ne li sebelisoa joang, empa li ne li hlōleha ho etsa’ng?

4 Lipuo tse rekotiloeng. Lilemong tsa bo 1930 le 1940, bahoeletsi ba ne ba bapalla beng ba matlo lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng ba sebelisa likeramafono. Puo e ’ngoe le e ’ngoe e ne e nka metsotso e mehlano. Ka linako tse ling lipuo tseo li ne li e-na le lihlooho tse khutšoanyane tse kang, “Boraro-bo-bong”, “Pelekatori” le “’Muso.” Lirekoto tseo li ne li sebelisoa joang? Mor’abo rōna Clayton Woodworth Jr. ea kolobelitsoeng ka 1930 United States, o ile a re: “Ke ne ke tsamaea ka keramafono e sothoang ka seporing, e e-na le nalete eo ke neng ke lokela ho e beha qetellong ea rekoto haeba ke ne ke batla hore e bapale hantle. Ha ke fihla monyako, ke ne bula keramafono ke behe nalete sebakeng sa eona ebe kea kokota. Ha mong’a ntlo a bula lemati ke ne ke re, ‘Ke na le molaetsa oa bohlokoa oo ke lakatsang hore u o utloe.’” Batho ba ne ba arabela joang? Mor’abo rōna Woodworth o re: “Hangata batho ba ne ba thabela molaetsa. Empa ba bang ba ne ba khahlela mamati. Athe ba bang ba ne ba nahana hore ke rekisa likeramafono.”

Ka 1940, ho ile ha rekotoa lipuo tse fetang 90 ’me ho ne ho entsoe lirekoto tse fetang milione.

5 Ka 1940, ho ne ho se ho e-na le lipuo tse fapaneng tse rekotiloeng tse 90 ’me ho ile ha etsoa lirekoto tse fetang milione. John E. Barr eo e neng e le pula-maliboho Brithani ka nako eo ’me hamorao ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang, o ile a re: “Ho tloha ka 1936 ho ea ho 1945, ho ne ho se moo ke eang teng ke sa nka keramafono ea ka. Ha e le hantle, ke ne ke sulafalloa ha ke sa e nka. Ho utloa lentsoe la Mor’abo rōna Rutherford ha ke eme monyako, ho ne ho khothatsa haholo, e ne eka o pel’a ka. Empa ’nete ke hore ha re ne re sebelisa keramafono re ne re sa khone ho ruta ebile re sa khone ho ama batho lipelo.”

6, 7. (a) Melemo le mathata a ho sebelisa likarete tsa bopaki e ne e le afe? (b) Ke ka tsela efe Jehova a ileng a ‘etsa hore re khone ho bua’?

6 Likarete tsa bopaki. Mathoasong a 1933, bahoeletsi ba ile ba khothalletsoa ho sebelisa likarete tsa bopaki tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Karete ea bopaki e ne e le bolelele ba lisenthimithara tse 12,7 le bophara ba lisenthimithara tse 7,6. E ne e e-na le molaetsa o mokhutšoanyane oa Bibele ’me e bolela le sengoliloeng se thehiloeng Bibeleng seo mong’a ntlo a ka se fumanang. Mohoeletsi o ne a fa mong’a ntlo karete eo ebe o mo kōpa hore a e bale. Lilian Kammerud eo qetellong e ileng ea e-ba moromuoa Puerto Rico le Argentina, o ile a re: “Ke ile ka thabela mosebetsi oa likarete tsa bopaki.” Hobane’ng? O ile a re: “Hase bohle ba neng ba khona ho fana ka neheletsano e phollatsi, kahoo, karete e ile ea nthusa hore ke tloaele ho bua le batho.”

Karete ea bopaki (ea Setaliana)

7 Mor’abo rōna David Reusch, ea kolobelitsoeng ka 1918, o ile a re, “Likarete tsa bopaki li ile tsa thusa barab’abo rōna haholo etsoe ba bangata ba ne ba sa tsebe seo ba lokelang ho se bua tšimong.” Leha ho le joalo, hase kamehla ho sebelisa likarete tseo ho neng ho atleha. Mor’abo rōna Reusch o ile a re: “Ka linako tse ling, batho ba ne ba nahana hore ha re tsebe ho bua. ’Nete ke hore ba bangata ba rōna re ne re sa khone ho bua. Empa Jehova o ne a re lokisetsa hore joaloka bahlanka ba hae, re tloaele batho. Haufinyane o ne a tla etsa hore re khone ho bua ka ho re ruta ho sebelisa Mangolo ha re ntse re e-ea ka ntlo le ntlo. O ile a etsa sena ka ho lokisetsa hore ho be le Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se qalileng ka 1940.”—Bala Jeremia 1:6-9.

8. Ke joang u ka lumellang Kreste hore a u koetlise?

8 Libuka. Ho tloha ka 1914, batho ba Jehova ba ’nile ba hatisa libuka tse fapaneng tse fetang 100 tse buang ka Bibele. Tse ling tsa libuka tseo li ne li etselitsoe ho koetlisa bahoeletsi hore e be basebetsi ba atlehang tšebeletsong. Anna Larsen ea lulang Denmark, ea nang le lilemo tse 70 e le mohoeletsi, o re: “Jehova o ile a re thusa hore re be basebetsi ba atlehang tšebeletsong ka Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le ka libuka tse amanang le tšebeletso. Buka ea pele e ile ea e-ba ea Theocratic Aid to Kingdom Publishers, e ileng ea lokolloa ka 1945. E ile ea lateloa ke “Equipped for Every Good Work,” e ileng ea hatisoa ka 1946. Hona joale re na le buka ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e hatisitsoeng ka 2001.” Ka sebele, Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo hammoho le libuka tsa tšebeletso li re thusitse “hore re tšoanelehe ka ho lekaneng ho ba basebeletsi.” (2 Bakor. 3:5, 6) Na u se u ngolisitse Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo? Na u tla le buka ea Sekolo sa Tšebeletso beke le beke libokeng e le hore u tsamaisana le molebeli oa sekolo nakong ea seboka sa sekolo? Haeba u etsa joalo, u tla be u lumella Kreste ho u rupela hore u be mosuoe ea molemo.—2 Bakor. 9:6; 2 Tim. 2:15.

9, 10. Libuka li ile tsa re thusa joang ho jala le ho nosetsa peō ea ’nete?

9 Jehova o boetse o re thusitse ka ho etsa hore mokhatlo oa hae o hatise libuka tse thusang bahoeletsi hore ba hlalose lithuto tsa Bibele. Buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng e ile ea atleha ka ho khethehileng. E ile ea hatisoa ka 1968 ’me e ile ea e-ba le tšusumetso e matla. Tšebeletso ea ’Muso ea November 1968 e ile ea re: “Batho ba bangata ba ne ba batla buka ea ’Nete hoo ka September fektheri ea Mokhatlo e Brooklyn e ileng ea sebetsa le bosiu.” Tšebeletso eo e ile ea tsoela pele ka hore: “Ka August ho ile ha e-ba le nako eo ho ileng ha hlokahala libuka tsa ’Nete tse likete tse makholo a mahlano ka holim’a tse neng li se li hatisitsoe!” Ka 1982, ho ile ha hatisoa likopi tse fetang limilione tse lekholo tsa buka ea ’Nete ka lipuo tse 116. Ka lilemo tse 14, e leng ho tloha ka 1968 ho ea ho 1982, buka ea ’Nete e ile ea thusa hore ho be le keketseho ea bahoeletsi ba ’Muso ba fetang milione. *

10 Ka 2005, ho ile ha hatisoa buka e ’ngoe e ikhethang e thusang batho ho ithuta Bibele, e leng buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Ho se ho hatisitsoe libuka tse ka bang limilione tse 200 ka lipuo tse 256! Phello e bile efe? Ka lilemo tse supileng feela, e leng ho tloha ka 2005 ho ea ho 2012, batho ba limilione tse 1,2 e ile ea e-ba baboleli ba litaba tse molemo. Ka nako eo, palo ea batho ba ithutang Bibele le rōna e ile ea eketseha ho tloha ho limilione tse 6 ho ea ho limilione tse fetang 8,7. Ha ho potang hore Jehova o hlohonolofatsa boiteko ba rōna ba ho jala le ho nosetsa peō ea ’nete ea ’Muso.—Bala 1 Bakorinthe 3:6, 7.

11, 12. Tumellanong le mangolo a bontšitsoeng, limakasine tsa rōna li etselitsoe batho bafe?

11 Limakasine. Qalong, makasine ea The Watch Tower e ne e etselitsoe “mohlatsoana,” ka ho khetheha, e leng ba nang le kabelo “pitsong ea leholimo.” (Luka 12:32; Baheb. 3:1) Ka la 1 October, 1919, mokhatlo oa Jehova o ile oa lokolla makasine e ’ngoe, e neng e etselitsoe batho bohle. Makasine eo e ile ea ratoa haholo ke Liithuti Tsa Bibele le batho ka kakaretso hoo e ileng ea ajoa ho feta makasine ea The Watch Tower. Qalong makasine eo e ile ea bitsoa The Golden Age. Ka 1937, e ile ea bitsoa Consolation. Eaba ka 1946 e bitsoa Tsoha!

12 Ka lilemo tse mashome, chebahalo le mokhoa oa ho ngoloa ha makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! li ’nile tsa fetoha empa morero oa tsona e ntse e le o tšoanang—ho phatlalatsa ’Muso oa Molimo le ho khothalletsa batho hore ba lumele Bibeleng. Kajeno, ho hatisoa Molula-Qhooa o ithutoang le oa batho bohle. Molula-Qhooa o ithutoang o etselitsoe ‘bahlanka ba ntlo’ e leng “mohlatsoana” le “linku tse ling.” * (Mat. 24:45; Joh. 10:16) Athe oa batho bohle o etselitsoe haholo-holo batho ba sa tsebeng ’nete empa ba hlompha Bibele le Molimo. (Lik. 13:16) Tsoha! ke ea batho ba sa tsebeng hakaalo ka Bibele le Molimo oa ’nete, Jehova.—Lik. 17:22, 23.

13. Ke eng e u khahlang ka limakasine tsa rōna? (Buisanang ka chate e reng “ Tlaleho ea Lefatše ea Lingoliloeng.”)

13 Mathoasong a selemo sa 2014, ho ile ha hatisoa limakasine tsa Tsoha! tse fetang limilione tse 44 le limakasine tsa Molula-Qhooa tse ka bang limilione tse 46, khoeli le khoeli. Tsoha! e ile ea fetoleloa ka lipuo tse ka bang 100 ’me Molula-Qhooa oa fetoleloa ka lipuo tse fetang 200, e leng se ileng sa etsa hore limakasine tsena ka bobeli e be limakasine tse fetoleloang le tse ajoang ka ho fetisisa lefatšeng! Le hoja seo e le se hlollang, ha sea lokela ho re makatsa. Limakasine tsena li bua ka molaetsa oo Jesu a ileng a re o tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.—Mat. 24:14.

14. Ke’ng seo re ’nileng ra se etsa ka cheseho, hona hobane’ng?

14 Bibele. Ka 1896, Mor’abo rōna Russell le metsoalle ea hae ba ile ba fetola lebitso la mokhatlo o neng o hatisa lingoliloeng e le hore le ka kenya lentsoe Bibele, eaba o tsebahala e le Watch Tower Bible and Tract Society. Phetoho eo e ne e loketse hobane haesale Bibele e le eona e ka sehloohong e ’nileng ea sebelisoa ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso. (Luka 24:27) Ka cheseho, bahlanka ba Molimo ba ’nile ba sebetsa tumellanong le lebitso la mokhatlo la molao ka ho aba le ho khothalletsa batho hore ba bale Bibele. Ka mohlala, ka 1926, re ile ra ikhatisetsa The Emphatic Diaglott, e leng phetolelo ea Mangolo a Segerike a Bakreste ea Benjamin Wilson. Ho tloha ka 1942, re ile ra hatisa le ho aba likopi tse 700 000 tsa Bibele ea King James Version e feletseng. Lilemo tse peli feela hamorao, re ile ra qala ho hatisa Bibele ea American Standard Version, eo lebitso la Jehova le hlahang ho eona ka makhetlo a 6 823. Ka 1950, re ne re se re abile Libibele tse 250 000.

15, 16. (a) Ke eng se u thabisang ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha? (Buisanang ka lebokose le reng, “ Ho Potlakisa Mosebetsi oa Phetolelo.”) (b) U ka lumella hore Jehova a ame pelo ea hao joang?

15 Ka 1950, ho ile ha lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Senyesemane. E feletseng e ile ea lokolloa ka 1961. Phetolelo ena e tlotlisa Jehova kaha e khutliselitse lebitso la hae moo le hlahang mangolong a pele a Seheberu. Lebitso la Molimo le boetse le hlaha ka makhetlo a 237 ka Mangolong a Segerike a Bakreste. E le ho tiisa hore e nepahetse ebile e ngotsoe ka ho hlaka, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ’nile ea nchafatsoa ka makhetlo a ’maloa ’me haufinyane tjena e nchafalitsoe ka 2013. Ka 2013, ho ile ha hatisoa likopi tse limilione tse 201 tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse 121.

16 Batho ba bang ba ile ba ikutloa joang ha ba bala Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka lipuo tsa habo bona? Monna e mong oa Nepal o ile a re: “Batho ba bangata ba ne ba sa utloisise Bibele ea Senepali kaha e ne e sebelisa mantsoe a khale. Empa joale re utloisisa Bibele haholoanyane kaha e fetoletsoe ka puo eo re e buang letsatsi le letsatsi.” Ha mosali ea lulang Central African Republic a qala ho bala Bibele ea Sesango o ile a lla eaba o re, “Puo ena e ama pelo eaka.” Joaloka mosali eo, kaofela ha rōna re ka lumella Jehova hore a re ame lipelo ka hore re bale Lentsoe la hae letsatsi le letsatsi.—Pes. 1:2; Mat. 22:36, 37.

Ho Ananela Koetliso le Lintho Tseo re li Sebelisang

17. U ka bontša joang hore u ananela lintho tseo re li sebelisang le koetliso eo u e fumanang, hona ho tla ba le phello efe haeba u etsa joalo?

17 Na u ananela lintho tseo re li sebelisang boboleling le koetliso eo Morena Jesu Kreste a tsoelang pele ho re fa eona? Na u ipha nako ea ho bala lingoliloeng tseo mokhatlo oa Molimo o li hatisang, hona na u thusa batho ba bang ka tsona? Haeba ho joalo, u tla ikutloa joaloka Morali’abo rōna Opal Betler, ea kolobelitsoeng ka la 4 October, 1914. Opal o ile a re: “Ho pholletsa le lilemo, ’na le monna oa ka [Edward] re ’nile ra sebelisa keramafono le likarete tsa bopaki. Re ne re paka ka ntlo le ntlo re sebelisa libuka, libukana le limakasine. Re ne re e-ea liphutuhong re tsamaea literateng re aba lingoliloeng. Hamorao re ile ra koetlisetsoa ho etsa maeto a ho boela le ho khanna lithuto tsa Bibele malapeng a batho ba thahasellang. Bophelo ba rōna e bile bo maphathaphathe ’me re ne re thabile.” Jesu o ile a bolela hore bafo ba hae ba ne ba tla phathahana ka ho jala, ho kotula le ho nyakalla hammoho. Joaloka Opal, batho ba limilione ba bona bopaki ba ho phethahala ha mantsoe ao a Jesu.—Bala Johanne 4:35, 36.

18. Re na le tokelo efe?

18 Batho ba bangata bao eseng bahlanka ba Morena ba ka ’na ba nka hore batho ba Molimo ke batho “ba sa rutehang le ba tloaelehileng.” (Lik. 4:13) Empa nahana ka sena. Morena o entse hore batho ba hae ba tloaelehileng e be baboleli ba matla, ba hatisang lingoliloeng tse fetoleloang le ho ajoa ka ho fetisisa lefatšeng! Habohlokoa le ho feta, o re koetlisitse a ba a re khothalletsa ho sebelisa lintho tsena hore re phatlalatse litaba tse molemo ho batho ba lichaba tsohle. Ke tokelo e kaakang hore ebe re sebetsa le Kreste ho lema peō ea ’nete le ho kotula barutuoa!

^ ser. 2 Lilemong tse leshome tse fetileng feela, batho ba Jehova ba hatisitse lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse fetang libilione tse 20. Ho phaella moo, batho ba fetang libilione tse 2,7 lefatšeng ka bophara ba kena Websaeteng ea rōna ea jw.org.

^ ser. 9 Tse ling tsa lingoliloeng tse thusitseng bahoeletsi hore ba rute batho Bibele ke The Harp of God (e hatisitsoeng ka 1921), “Let God Be True” (e hatisitsoeng ka 1946), U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng (e hatisitsoeng ka 1982), le Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng (e hatisitsoeng ka 1995).

^ ser. 12 Sheba Molula-Qhooa oa July 15, 2013 leqepheng la 23, serapa sa 13 o hlalosang kutloisiso ea rōna e hlakileng mabapi le hore na “bahlanka ba ntlo” ke bo-mang.