Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 10

Morena o Hloekisa Batho ba Hae Moeeng

Morena o Hloekisa Batho ba Hae Moeeng

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Jesu o ’nile a hloekisa balateli ba hae joang, hona hobane’ng?

1-3. Jesu o ile a etsa’ng ha a fumana hore batho ba ne ba silafalitse tempele?

JESU o ne a hlompha tempele e neng e le Jerusalema haholo kaha o ne a tseba hore na e ne e emela eng. Haesale tempele e le setsi sa bolumeli ba ’nete mona lefatšeng. Empa bolumeli boo, e leng bolumeli ba Molimo ea halalelang, Jehova, bo lokela ho hloeka. Ak’u nahane kamoo Jesu a ileng a ikutloa kateng ha a ne a tla tempeleng ka Nisane 10, ka selemo sa 33 ’me a fumana e silafalitsoe. Ho ne ho etsahala’ng?—Bala Matheu 21:12, 13.

2 Barekisi ba meharo le batho ba hirisang chelete ba ne ba hanyapetsa batho ba neng ba etsetsa Jehova mahlabelo, Lebaleng la Balichaba. * Jesu o ile a “phahla bohle ba rekisang le ba rekang ka tempeleng ’me a phethola litafole tsa ba ananyang chelete.” (Bapisa Nehemia 13:7-9.) O ile a nyatsa banna bao ka hore ba fetotse ntlo ea Ntate oa hae “lehaha la masholu.” Ka ho etsa joalo Jesu o ile a bontša hore o hlompha tempele le seo e neng e se emela. O ne a batla hore borapeli ba Ntate oa hae bo lule bo hloekile!

3 Lilemo tse makholo hamorao, ka mor’a hore a hlomamisoe e le Morena oa Bomesia, Jesu o ile a boela a hloekisa tempele, e leng batho bohle ba batlang ho rapela Jehova ka tsela e amohelehang. O ile a hloekisa tempele efe?

Ho Hloekisa “Bara ba Levi”

4, 5. (a) Jesu o ile a hloekisa balateli ba hae ba tlotsitsoeng joang ho tloha ka 1914 ho ea mathoasong a 1919? (b) Na ho hloekisoa ha batho ba Molimo ho ile ha fella ka nako eo? Hlalosa.

4 Joalokaha re bone Khaolong ea 2 ea buka ena, ka mor’a hore Jesu a behoe teroneng ka 1914, o ile a tla le Ntate oa hae e le hore a hlahlobe tempele ea moea, e leng tokisetso ea borapeli bo hloekileng. * Ka mor’a hore a hlahlobe tempele, Morena o ile a hlokomela hore Bakreste ba tlotsitsoeng, “bara ba Levi” ba ne ba hloka ho hloekisoa. (Mal. 3:1-3) Ho tloha ka 1914 ho ea mathoasong a 1919, Mohloekisi e leng Jehova, o ile a lumella hore batho ba hae ba fete litekong le mathateng a fapaneng a ileng a ba hloekisa. Se thabisang ke hore batlotsuoa ba ile ba hlōla liteko tseo tse neng li tšoana le mollo, ba hloekile le ho feta, ba ikemiselitse ho tšehetsa Morena oa Bomesia!

5 Na ho hloekisoa ha batho ba Molimo ho ile ha fella ka nako eo? Che. Matsatsing ana a ho qetela, Jehova o sebelisitse Morena oa Bomesia e le hore a tsoele pele ho thusa balateli ba hae hore ba hloeke e le hore ba ’ne ba lule tempeleng ea moea. Likhaolong tse peli tse latelang, re tla bona kamoo a ileng a ba hloekisa boitšoarong le ho ntlafatsa tsela eo ba hlophisang lintho ka eona. Leha ho le joalo, pele, a re hlahlobeng ho hloekisoa moeeng. Ho matlafatsa tumelo ho hlokomela seo Jesu a se entseng—ka litsela tse bonahalang le tse sa bonahaleng—ho thusa balateli ba hae hore ba hloeke moeeng.

“Le se ke la Ama Letho le sa Hloekang”

6. Litaelo tseo Jehova a ileng a li fa baholehuoa ba Bajuda li re thusa joang ho utloisisa hore na ho hloeka moeeng ho bolela’ng?

6 Ho hloeka moeeng ho bolela’ng? E le hore re arabele potso eo, a re hlahlobeng mantsoe ao Jehova a ileng a a bolella baholehuoa ba Bajuda ba neng ba tloha Babylona lilemong tsa bo-600 pele ho mehla ea Kreste. (Bala Esaia 52:11.) Lebaka le ka sehloohong la hore Bajuda ba khutlele Jerusalema e ne e le hore ba tsosolose tempele le borapeli bo hloekileng. (Esdr. 1:2-4) Jehova o ne a batla hore batho ba hae ba lahle mesaletsa eohle ea bolumeli ba Babylona. Hlokomela hore o ile a ba fa litaelo tsena: “Le se ke la ama letho le sa hloekang,” “tsoang har’a eona,” le “ipoloke le hloekile.” Borapeli ba Jehova bo hloekileng ha boa lokela ho silafatsoa ke borapeli ba bohata. Joale re ka fihlela qeto efe? Ho hloeka moeeng ho bolela hore ha rea lokela ho kopanela lithutong le mekhoeng ea bolumeli ba bohata.

7. Jesu o sebelisitse mocha ofe ho thusa balateli ba hae hore ba hloeke moeeng?

7 Nakoana ka mor’a hore Jesu a hlomamisoe e le Morena, o ile a khetha mocha o bonahalang oo ka oona a thusang balateli ba hae ho hloeka moeeng. Mocha oo ke lekhoba le tšepahalang le le masene, leo Kreste a ileng a le khetha ka 1919. (Mat. 24:45) Ha selemo seo se fihla, Liithuti Tsa Bibele li ne li se li itlhoekisitse lithutong tsa bolumeli tsa bohata. Leha ho le joalo, ba ne ba ntse ba hloka ho hloekisoa moeeng. A sebelisa lekhoba la hae, Kreste o ile a fa balateli ba hae leseli mabapi le mekete le mekhoa eo ba neng ba lokela ho e lahla. (Liprov. 4:18) A re ke re hlahlobe e meng ea mehlala ea sena.

Na Bakreste ba Lokela ho Keteka Keresemese?

8. Ke’ng seo Liithuti Tsa Bibele li neng li se hlokometse ka Keresemese, empa ke’ng seo li neng li sa se utloisise ka ho hlaka?

8 Liithuti Tsa Bibele li ile tsa hlokomela hore Keresemese e tsoa boheteneng le hore Jesu ha a tsoaloa ka la 25 December. Makasine ea Zion’s Watch Tower ea December 1881 e ile ea re: “Batho ba limilione ba ile ba tla likerekeng ba tsoa Boheteneng. Empa ba ha baa ka ba lahla mekhoa ea bohetene hobane baprista ba bahetene ba ile ba tlisa mekhoa ea bohetene likerekeng tsa bokreste ’me matsatsi a phomolo a bahetene a ile a bitsoa ka mabitso a bokreste—Keresemese (Christmas) e ile ea e-ba a mang a ’ona.” Ka 1883, tlas’a sehlooho se reng “Jesu o Ile a Tsoaloa Neng?”, Watch Tower e ile ea bontša hore Jesu o tsoetsoe mathoasong a October. * Empa ka nako eo, Liithuti Tsa Bibele ha lia ka tsa bona ho hlokahala hore li khaotse ho keteka Keresemese. E ile ea tsoela pele e ketekoa, esita le ke lelapa la Bethele ea Brooklyn. Leha ho le joalo, ka mor’a 1926, lintho li ile tsa fetoha. Hobane’ng?

9. Liithuti tsa Bibele li ile tsa ithuta eng mabapi le Keresemese?

9 Ka mor’a hore ba hlahlobe taba ena ka hloko, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa hlokomela hore Keresemese le mekhoa e amanang le eona ha e le hantle li hlompholla Molimo. Sehlooho se reng “The Origin of Christmas,” sa makasine ea The Golden Age ea December 14, 1927, se ile sa bontša hore Keresemese ke mokete oa bohetene, o khothalletsang batho ho rata menyaka ebile o amana le borapeli ba litšoantšo. Sehlooho seo se ile sa hlakisa hore Kreste ha aa ka a laela hore Keresemese e ketekoe ’me sa qetella ka ho re: “Taba ea hore ebe lefatše, ho se phethahale le Diabolose ba amohela mokete ona e etsa hore batho ba inehetseng ka ho feletseng tšebeletsong ea Jehova ba be khahlanong le ona.” Ha ho makatse hore ebe lelapa la Bethele ha lea ka la keteka Keresemese ka December selemong seo—kapa hona hore le ile la hlola le e keteka hape!

10. (a) Keresemese e ile ea pepesoa le ho feta joang ka December 1928? (Sheba le lebokose le reng, “ Keresemese—Tšimoloho le Morero oa Eona.”) (b) Batho ba Molimo ba ile ba hlokomelisoa joang ka mekete le matsatsi a phomolo ao ba lokelang ho a qoba? (Sheba lebokose le reng, “ Ho Pepesa Matsatsi a Phomolo le Mekete.”)

10 Selemo se latelang Liithuti Tsa Bibele li ile tsa pepesa Keresemese le ho feta. Ka la 12 December, 1928, Mor’abo rōna Richard H. Barber ea neng a sebetsa ntlo-khōlō, o ile a fana ka puo seea-le-moeeng e neng e pepesa hore Keresemese e simolohile bolumeling ba bohata. Batho ba Molimo ba ile ba etsa’ng ha ba fumana tataiso eo e hlakileng ho tsoa ntlo-khōlō? Ha Mor’abo rōna Charles Brandlein a hopola nako eo eena le ba lelapa la hae ba ileng ba khaotsa ho keteka Keresemese, o ile a re: “Na re ile ra ba le bothata ba ho tlohela lintho tsa bohetene? Ho hang! . . . Ho ne ho tšoana le ho hlobola seaparo se litšila ebe ua se lahla.” Mor’abo rōna Henry A. Cantwell, eo hamorao e ileng ea e-ba molebeli ea tsamaeang o ile a bontša maikutlo a tšoanang ha a re: “Re ile ra thabisoa ke hore ebe ho ile ha e-ba le ntho eo re e tlohelang e le hore re bontše hore re rata Jehova.” Balateli ba Kreste ba tšepahalang ba ne ba ikemiselitse ho etsa liphetoho tse hlokahalang ’me ba se ke ba hlola ba keteka mokete o simolohileng borapeling bo sa hloekang. *Joh. 15:19; 17:14.

11. Re ka bontša joang hore re tšehetsa Morena oa Bomesia?

11 Liithuti Tsa Bibele tse tšepahalang li ile tsa re behela mohlala o motle hakaakang! Ha re nahana ka mohlala oa bona, re lokela ho ipotsa: ‘Ke ikutloa joang ka tataiso eo lekhoba le re fang eona? Na kea e amohela ’me ke sebelisa seo ke ithutang sona?’ Ha re mamela ka ho rata, seo se bontša hore re tšehetsa Morena oa Bomesia, ea sebelisang lekhoba le tšepahalang ho aba lijo tsa moea ka nako e loketseng.—Lik. 16:4, 5.

Na Bakreste ba Lokela ho Sebelisa Sefapano?

Letšoao la sefapano le moqhaka (Sheba serapa sa 12 le 13)

12. Ka lilemo tse ngata, Liithuti Tsa Bibele li ne li talima sefapano joang?

12 Ka lilemo tse ngata Liithuti Tsa Bibele li ne li nka sefapano e le letšoao le amohelehang la Bokreste. Li ne li sa nke hore li lokela ho rapela sefapano kaha li ne li utloisisa hore ho fosahetse ho rapela litšoantšo. (1 Bakor. 10:14; 1 Joh. 5:21) Ho tloha ka 1883, makasine ea Watch Tower e ile ea bua ka ho toba ea re “borapeli bohle ba litšoantšo ke ho nyelisa Molimo.” Leha ho le joalo, Liithuti Tsa Bibele li ne li sa bone phoso ka ho sebelisa sefapano. Ka mohlala, li ne li qhoaela sepele se nang le sefapano le moqhaka e le beche e ba khethollang. Li ne li nka hore sepele seo se ne se tšoantšetsa hore haeba li tšepahala ho fihlela lefung, li tla fumana moqhaka oa bophelo. Ho qala ka 1891, letšoao la sefapano le moqhaka le ile la hlaha sekoahelong sa makasine ea Watch Tower.

13. Balateli ba Kreste ba ile ba chabeloa ke leseli lefe mabapi le ho sebelisa sefapano? (Sheba le lebokose le reng, “ Butle-butle Leseli le Ile la Khanya Mabapi le ho Sebelisa Sefapano.”)

13 Liithuti Tsa Bibele li ne li rata sepele sa sefapano le moqhaka. Leha ho le joalo, ho tloha lilemong tsa bo-1920, butle-butle balateli ba Kreste ba ile ba chabeloa ke leseli mabapi le ho sebelisa sefapano. Ha a hopola kopano ea 1928 e neng e tšoaretsoe Detroit, Michigan, U.S.A., Mor’abo rōna Grant Suiter, eo hamorao e ileng ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang o re: “Kopanong eo re ile ra hlalosetsoa hore ho sebelisa sepele sa sefapano le moqhaka ha ho hlokahale ebile ho fosahetse.” Lilemo tse ’maloa tse ileng tsa latela, ho ile ha hlaka le ho feta hore sefapano ha se amohelehe borapeling bo hloekileng.

14. Batho ba Molimo ba ile ba etsa’ng ha butle-butle ba khantšetsoa leseli mabapi le sefapano?

14 Batho ba Molimo ba ile ba etsa’ng ha butle-butle ba khantšetsoa leseli mabapi le sefapano? Na ba ile ba tsoela pele ba ntse ba sebelisa sepele seo ba neng ba se rata sa sefapano le moqhaka? Lela Roberts, ea sebelelitseng Jehova ka nako e telele, o re: “Ha re utloisisa hore na se emela eng, ha rea ka ra tsila-tsila ho khaotsa ho se sebelisa.” Morali’abo rōna ea tšepahalang, Ursula Serenco o ile a bua maikutlo a ba bangata, a re: “Re ile ra hlokomela hore seo re neng re se rata, re se nka e le se emelang lefu la Morena oa rōna le boinehelo ba rōna ba Bokreste ha e le hantle e ne e le letšoao la bohetene. Tumellanong le Liproverbia 4:18, re ’nile ra thaba hore ebe tsela ea rōna e ntse e khantšoa le ho feta. Balateli ba Kreste ba tšepahalang ba ne ba sa batle ho kenella mekhoeng e litšila ea bolumeli ba bohata!

15, 16. Re ka bontša joang hore re ikemiselitse ho boloka mabala a lefatšeng a tempele ea moea ea Jehova a hloekile?

15 Le rōna re na le boikemisetso bo tšoanang kajeno. Rea hlokomela hore Kreste o sebelisitse mocha o bonahalang, e leng lekhoba le tšepahalang le le masene ho thusa batho ba hae hore ba hloeke moeeng. Kahoo, ha re lemosoa ka mekete, mekhoa le meetlo e silafalitsoeng ke bolumeli ba bohata, kapele feela rea mamela. Joaloka bara le barali babo rōna ba phetseng mathoasong a ho ba teng ha Kreste, re ikemiselitse ho boloka mabala a lefatšeng a tempele ea moea ea Jehova a hloekile.

16 Ho pholletsa le matsatsi a ho qetela, Kreste o ’nile a etsa lintho tseo re sa li boneng ho sireletsa liphutheho tsa batho ba Jehova khahlanong le batho ba batlang ho li silafatsa moeeng. O entse seo joang? A re ke re bone.

Ho Arola “ba Khopo Har’a Ba Lokileng”

17, 18. Papisong ea letlooa, ke eng se emeloang ke (a) ho theolela letlooa, (b) ho “bokella litlhapi tsa mofuta o mong le o mong,” (c) ho bokellela litlhapi tse ntle ka lijaneng le (d) ho lahla litlhapi tse sa lokang?

17 Morena Jesu Kreste o ntse a tsoela pele a lebetse liphutheho tsa batho ba Molimo lefatšeng lohle. Ka litsela tseo re ke keng ra li hlokomela, Kreste le mangeloi ba ntse ba etsa mosebetsi oa ho arola. Jesu o ile a bua ka mosebetsi ona papisong ea hae ea letlooa. (Bala Matheu 13:47-50.) Papiso eo e bolela’ng?

Letlooa le emela mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o ntseng o etsoa ho pholletsa le leoatle, le emelang batho (Sheba serapa sa 18)

18 Ho theolela “letlooa le huloang . . . leoatleng.” Letlooa le emela mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o ntseng o etsoa ho pholletsa le leoatle, le emelang batho. Ho “bokella litlhapi tsa mofuta o mong le o mong.” Litaba tse molemo li ratoa ke batho ba mefuta eohle—ba nkang bohato hore e be Bakreste, hammoho le ba bangata bao qalong ba bontšang thahasello empa ba sa nke bohato ba ho emela borapeli bo hloekileng. * Ho bokella “tse ntle lijaneng.” Batho ba tšepahalang ba bokelloa ka liphuthehong tse tšoantšetsoang ke lijana ’me ba etsetsa Jehova borapeli bo hloekileng. Ho lahla litlhapi “tse sa lokang.” Ho pholletsa le matsatsi a ho qetela, Kreste le mangeloi a hae ba ’nile ba arola “ba khopo har’a ba lokileng.” * Ka lebaka leo, batho ba khopo—bao mohlomong ba sa ikemisetsang ho lahla mekhoa le litumelo tse fosahetseng—ha baa lumelloa ho silafatsa phutheho. *

19. U ikutloa joang ka seo Kreste a ’nileng a se etsa ho sireletsa batho ba Molimo hore ba lule ba hloekile moeeng?

19 Ka sebele hoa khothatsa ho tseba hore Morena Jesu Kreste o sireletsa balateli ba hae! Ebile hoa tšelisa ho tseba hore o chesehela borapeli ba ’nete—le barapeli ba ’nete—ka tsela e tšoanang le ha a ne a hloekisa tempele lekholong la pele la lilemo. Hoa thabisa ho tseba hore Kreste o ’nile a sireletsa batho ba Molimo hore ba lule ba hloekile moeeng. Re ka bontša hore re tšehetsa Morena le ’Muso oa hae ka ho qoba ho ikamahanya le bolumeli ba bohata.

^ ser. 2 Bajuda ba neng ba tlile tempeleng ba ne ba lokela ho sebelisa chelete e sebelisoang moo ho lefella lekhetho la tempele la selemo le selemo ’me batho ba hirisang chelete ba ne ba lefisa batho ha ba ba chenchela chelete e sebelisoang moo. Ho phaella moo, ba neng ba tlile tempeleng ba ne ba lokela ho reka liphoofolo tsa mahlabelo. E ka ’na eaba Jesu o ile a bitsa bahoebi bao “masholu,” hobane ba ne ba hanyapetsa batho ha ba ba lefisa.

^ ser. 4 Batho ba Jehova lefatšeng ba mo rapela mabaleng a lefatšeng a tempele ea hae e khōlō ea moea.

^ ser. 8 Sehlooho sena se ile sa bontša hore taba ea hore ebe Jesu o hlahile e le mariha “ha e lumellane le tlaleho ea hore balisa ba ne ba le meraka.”—Luka 2:8.

^ ser. 10 Lengolong la hae leo a ileng a le ngola ka la 14 November, 1927, Mor’abo rōna Frederick W. Franz o ile a re: “Re ke ke ra keteka Keresemese selemong sena. Lelapa la Bethele le entse qeto ea hore le ke ke la hlola le keteka Keresemese.” Likhoeli tse ’maloa ka mor’a moo, lengolong leo a ileng a le ngola ka la 6 February, 1928, Mor’abo rōna Franz o ile a re: “Butle-butle Morena o ntse a re hloekisa litšileng tsa mokhatlo oa Diabolose oa Babylona.”

^ ser. 18 Nahana ka mohlala ona, ka 2013, ho ile ha e-ba le tlhōrō ea bahoeletsi ba 7 965 954 ’me ke batho ba 19 241 252 ba ileng ba e-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste se tšoaroang selemo le selemo.

^ ser. 18 Ho arola litlhapi tse ntle ho tse sa lokang ha ho tšoane le ho arola linku ho lipōli. (Mat. 25:31-46) Ho arola, kapa ho ahlola linku ho lipōli ho tla etsahala nakong ea matšoenyeho a maholo a tlang. Ho fihlela ka nako eo, batho ba tšoantšetsoang ke litlhapi tse sa lokang ba ka khutlela ho Jehova ’me ba bokelleloa ka liphuthehong tse tšoantšetsoang ke lijana.—Mal. 3:7.

^ ser. 18 Qetellong, ka tsela ea tšoantšetso, ba sa lokang ba tla lahleloa ka sebōping sa mollo e leng se bolelang hore ba tla felisoa.