Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 11

Ho Hloekisoa Boitšoarong—Ho Bonahatsa Khalalelo ea Molimo

Ho Hloekisoa Boitšoarong—Ho Bonahatsa Khalalelo ea Molimo

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Kamoo Morena a rutileng bafo ba hae hore ba hlomphe melao ea Molimo

Ak’u nahane u kena ka heke ea mabala a kantle a tempele ea moea e khōlō ea Jehova

1. Ke pono efe ea Ezekiele e etsang hore re hlolloe?

U NE u tla etsa’ng haeba u ne u ka hlaheloa ke se ileng sa etsahalla Ezekiele lilemo tse ka bang 2 500 tse fetileng? Nahana ka sena: U atamela tempeleng e khōlō e phatsimang. Ho na le lengeloi le matla le u bontšang sebaka sena se hlollang! U hloa litepisi tse supileng tse eang ho tse ling tsa liheke tse tharo. Ua hlolloa ha u bona liheke tsena. Li bolelele ba limithara tse 30. Lihekeng u bona likamore tsa balebeli. Litšiea tsa tempele li na le litšoantšo tse ntle tsa sefate sa palema.—Ezek. 40:1-4, 10, 14, 16, 22; 41:20.

2. (a) Pono ea tempele e tšoantšetsa eng? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Liheke tsa tempele li tšoantšetsa eng?

2 Pono ena e mabapi le tempele ea moea. Ezekiele o ile a hlalosa pono ena ka ho qaqileng hoo e akaretsoang khaolong ea 40 ho ea ho 48 bukeng ea hae ea boprofeta. Tempele ena e tšoantšetsa borapeli bo hloekileng ba Jehova. Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea eona e bolela ho hong borapeling ba rōna matsatsing ana a ho qetela. * Liheke tse phahameng li tšoantšetsa eng? Li re hopotsa hore batho ba kopanelang borapeling bo hloekileng ba Jehova ba lokela ho phela ka melao e phahameng le e lokileng ea Molimo. Esita le litšoantšo tsa lifate tsa palema li tšoantšetsa taba e tšoanang kaha ka linako tse ling ka Bibeleng lipalema li emela ho loka. (Pes. 92:12) Likamore tsa balebeli tsona li tšoantšetsa eng? Ho hlakile hore batho ba sa hlompheng melao ea bomolimo ha ba lumelloe ho kena borapeling bona bo hloekileng, bo phelisang le bo babatsehang.—Ezek. 44:9.

3. Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore balateli ba Kreste ba tsoele pele ba hloekisoa?

3 Boprofeta ba Ezekiele bo ile ba phethahala joang? Joalokaha re bone Khaolong ea 2 ea buka ena, Jehova o ile a laela Kreste hore a hloekise batho ba hae ho tloha ka 1914 ho ea mathoasong a 1919. Na ho hloekisa ho ile ha fella ka nako eo? Che! Lilemong tse lekholo tse fetileng, Kreste o ile a tsoela pele ho khothalletsa balateli ba hae hore ba phele ka melao e halalelang ea boitšoaro ea Jehova. Kahoo, ho ile ha hlokahala hore balateli ba hae ba tsoele pele ba hloekisoa. Hobane’ng? Hobane Kreste o ’nile a ntša balateli ba hae lefatšeng lena le silafetseng ’me Satane o lula a batla ho ba khutlisetsa qhafutsong ea boitšoaro bo bobe. (Bala 2 Petrose 2:20-22.) A re ke re hlahlobe likarolo tse tharo tseo Bakreste ba ileng ba hloekisoa ho tsona. Pele, re tla hlahloba kamoo ba ileng ba hloekisoa kateng boitšoarong, ebe re hlahloba tokisetso ea bohlokoa ea ho boloka phutheho e hloekile ’me qetellong re tla tšohla kamoo malapa a ileng a thusoa kateng.

Ho Hloekisoa Boitšoarong ho Theosa le Lilemo

4, 5. Satane o ’nile a atleha ho etsa eng ka nako e telele?

4 Haesale batho ba Jehova ba rata boitšoaro bo hloekileng. Ke kahoo ba ileng ba amohela tataiso eo ba e fuoang e mabapi le boitšoaro. Nahana ka mehlala e ’maloa.

5 Boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate. Jehova o entse hore ho kopanela liphate ha batho ba babeli ba nyalaneng e be ntho e ntle le e hloekileng. Satane o senya mpho eo e babatsehang ka hore a e fetole ntho e litšila e etsang hore batho ba Jehova ba se ke ba amoheleha ho eena. Satane o ile a atleha ho etsa sena morao koana mehleng ea Balame ’me ho ile ha e-ba le liphello tse bohloko. Hape, ho feta leha e le neng pele, o ntse a tsoela pele ho etsa sena matsatsing ana a ho qetela.—Num. 25:1-3, 9; Tšen. 2:14.

6. Ke boitlamo bofe bo ileng ba phatlalatsoa makasineng ea Watch Tower, bo ile ba sebelisoa joang hona ke hobane’ng ha bo sa ka ba hlola bo sebelisoa? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

6 E le ho hanyetsa matsapa a Satane, makasine ea Watch Tower ea June 15, 1908 e ile ea phatlalatsa boitlamo bo reng: “Ke tla lula ke itšoere hantle ha ke e-na le batho ba bong bo fapaneng esita le ha re le babeli feela.” * Le hoja boitlamo boo e ne e se molao, batho ba bangata ba ile ba bo boloka ’me ba romella mabitso a bona hore a phatlalatsoe makasineng ea Zion’s Watch Tower. Lilemo hamorao, barab’abo rōna ba ile ba hlokomela hore le hoja boitlamo bona bo ne bo tsoela batho molemo ka nako eo, e ne e se e le tloaelo feela, kahoo ha boa ka ba hlola bo sebelisoa. Leha ho le joalo, ba ile ba tsoela pele ho phela ka melao-motheo e neng e emeloa ke boitlamo boo.

7. Ka 1935, The Watchtower e ile ea bua ka bothata bofe, hona e ile ea fana ka keletso efe e matla?

7 Litlhaselo tsa Satane li ile e-hloa mekoalaba. Makasine ea The Watchtower ea March 1, 1935 e ile ea bua ka ho toba ka bothata bo neng bo ntse bo ata har’a batho ba Molimo. Batho ba bang ba ne ba nahana hore ha ba etsa tšebeletso ea boboleli, seo se bolela hore ha ho hlokahale hore ba latele melao ea Jehova ea boitšoaro. The Watchtower e ile ea re: “Re lokela ho hopola hore ho etsa mosebetsi oa boboleli hase hona feela ho hlokahalang. Lipaki tsa Jehova li na le boikarabelo ba ho emela Jehova le ’muso oa hae ka tsela e loketseng.” Makasine eo e ile ea fana ka keletso e hlakileng mabapi le lenyalo le ho kopanela liphate e le ho thusa batho ba Molimo hore ba ‘balehele bohlola’.—1 Bakor. 6:18.

8. Ke hobane’ng ha Molula-Qhooa o ’nile oa hatisa ka ho pheta-pheta se boleloang ke lentsoe la Segerike le hlalosang boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate?

8 Lilemong tsa morao tjena, Molula-Qhooa o ’nile oa hatisa ka ho pheta-pheta se boleloang ke por·neiʹa—lentsoe le hlahang Mangolong a Segerike le hlalosang boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate. Lentsoe lena ha le bolele feela ho kopanela liphate. Ho e-na le hoo, lentsoe por·neiʹa le bolela mekhoa e mengata ea boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, hangata le akarelletsa liketso tse litšila tse etsoang matlong a matekatse. Kahoo, balateli ba Kreste ba ’nile ba sireletsoa khahlanong le seoa se tšoasitseng batho ba bangata kajeno sa boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate.—Bala Baefese 4:17-19.

9, 10. (a) Makasine ea The Watchtower 1935 e ile ea bua ka taba efe e amang boitšoaro? (b) Bibele e ruta’ng ka ho sebelisa joala?

9 Ho sebelisa joala hampe. Makasine ea The Watchtower ea March 1, 1935 e ile ea bua ka taba e ’ngoe e amang boitšoaro: “Re boetse re hlokometse hore batho ba bang ba ea tšimong ’me ba etsa likabelo tse ling ba noele joala. Ke maemong afe moo Mangolo a lumellang motho hore a noe joala? Na e ka ba ho loketseng hore motho a sebelise joala hoo bo ka mo sitisang ho etsa tšebeletso ka mokhatlong oa Morena?”

10 Karabo ea potso eo e ile ea bontša hore Lentsoe la Molimo le bolela hore ha rea lokela ho noa joala ka tsela e feteletseng. Bibele ha e nyatse ha batho ba noa joala ka tsela e itekanetseng empa e nyatsa botahoa ka matla. (Pes. 104:14, 15; 1 Bakor. 6:9, 10) Tabeng ea ho etsa tšebeletso e halalelang ba noele joala, bahlanka ba Molimo ba ’nile ba hopotsoa ka tlaleho e buang ka bara ba Arone, bao Molimo a ileng a ba bolaea hobane ba ile ba nyehela ka pel’a Molimo mollo oo a neng a sa laela hore ba o etse aletareng. Nakoana ka mor’a moo, tlaleho eo e re bolella seo e ka ’nang eaba se ile sa etsa hore banna bao ba etse ntho eo e sa lokelang, kaha Molimo o ile a fana ka molao o thibelang baprista ho noa joala ha ba ntse ba etsa tšebeletso e halalelang. (Lev. 10:1, 2, 8-11) Kajeno balateli ba Kreste ba sebelisa molao-motheo oo ’me ba ela hloko hore ba qobe ho etsa tšebeletso e halalelang ba noele joala.

11. Ke hobane’ng ha batho ba Molimo ba hlohonolofalitsoe ka hore ba be le kutloisiso e eketsehileng mabapi le botahoa le ho lemalla joala?

11 Lilemong tsa morao tjena, balateli ba Kreste ba hlohonolofalitsoe le ho feta ka hore ba be le kutloisiso e eketsehileng mabapi le botahoa le ho lemalla joala. Ka lebaka la lijo tsa moea tse fanoang ka nako e loketseng, batho ba bangata ba ile ba thusoa hore ba sebetsane ka katleho le boemo boo le hore ba boele ba laole bophelo ba bona. Ba bang ba bangata ba ile ba thusoa hore ba qobe bothata boo ka ho feletseng. Ha ho motho ea lokelang ho lumella hore ho sebelisa joala hampe ho mo tlose seriti, ho senye lelapa la hae ’me ka holim’a tsohle, ho mo sitise ho kopanela borapeling bo hloekileng ba Jehova.

“Re sitoa ho nahana Morena oa rōna a nkha mosi oa koae kapa a kenya ntho leha e le efe e silafatseng ka hanong la hae.”—C. T. Russell

12. Bahlanka ba Kreste ba ile ba talima ho tsuba koae joang esita le pele matsatsi a ho qetela a qala?

12 Ho tsuba koae. Bahlanka ba Kreste ba ile ba qala ho nyatsa ho tsuba koae le pele matsatsi a ho qetela a qala. Lilemo tse ’maloa tse fetileng, mor’abo rōna ea hōlileng, Charles Capen o ile a hopola ha a qala ho kopana le Charles Taze Russell qetellong ea lilemo tsa bo-1900. Capen ea neng a le lilemo li 13 ka nako eo, o ne a eme litepising tsa Allegheny, Pennsylvania hammoho le barab’abo ba bararo. Ha Russell a feta pel’a bona o ile a ba botsa a re: “Le ntse le tsuba? Ke utloa ho nkha koae.” Ba ile ba mo bolella hore ba ntse ba sa tsube. Ka sebele ba ile ba hlakeloa hore na Russell o ne a ikutloa joang ka ho tsuba. Makasineng ea Watch Tower ea August 1, 1895, Mor’abo rōna Russell o ile a bua ka 2 Bakorinthe 7:1 a re: “Ho tsuba ha ho tlotlise Molimo ’me haeba Mokreste a tsuba, hoo ho ke ke ha mo tsoela molemo. . . . Re sitoa ho nahana Morena oa rōna a nkha mosi oa koae kapa a kenya ntho leha e le efe e silafatseng ka hanong la hae.”

13. Ka 1973, Bakreste ba ile ba hloekisoa boitšoarong le ho feta joang?

13 Ka 1935, makasine ea The Watchtower e ile ea bitsa koae “setlama-tlama se litšila” ’me ea boela ea bontša hore ha ho na motho ea hlafunang kapa ea tsubang koae ea tla lumelloa ho ba karolo ea lelapa la Bethele kapa a sebeletse e le moemeli oa mokhatlo oa Molimo joaloka pula-maliboho kapa molebeli ea tsamaeang. Ka 1973, Bakreste ba ile ba hloekisoa le ho feta boitšoarong. Makasine ea The Watchtower ea June 1 e ile ea hlalosa hore phutheho e ke ke ea amohela Paki ea Jehova e ntseng e tsoela pele ka mokhoa ona o bolaeang, o silafatsang le o bontšang ho se nahanele batho ba bang. Batho ba neng ba hana ho tlohela ho tsuba koae ba ne ba tla khaoloa. * Kreste o ne a se a nkile bohato bo bong ba bohlokoa ba hore a hloekise balateli ba hae.

14. Molao oa Molimo ke ofe ka mali, hona ho tlile joang hore tšelo ea mali e ate?

14 Ho sebelisa mali hampe. Mehleng ea Noe, Molimo o ile a bolela hore ho ja mali ho fosahetse. O ile a tiisa seo Molaong oo a ileng a o ngolla Baiseraele ’me ka ho tšoanang, a tataisa phutheho ea Bokreste hore e “ile . . . mali.” (Lik. 15:20, 29; Gen. 9:4; Lev. 7:26) Ha ho makatse hore ebe mehleng ena Satane o fumane tsela ea ho etsa hore batho ba hlompholle molao ona oa Molimo. Lilemong tsa bo-1900, lingaka li ile tsa leka ho phekola bakuli ka hore li ba tšele mali empa ka mor’a hore li tsebe ka lihlopha tsa mali, tšelo ea mali e ile ea ata le ho feta. Ka 1937, lingaka li ile tsa qala ho boloka mali eaba tšelo ea mali e ata le ho feta ka Ntoa ea Bobeli ea Lefatše. Ka potlako, tšelo ea mali e ile ea e-ba ntho e tloaelehileng lefatšeng.

15, 16. (a) Lipaki Tsa Jehova li ile tsa emela seo li se lumelang joang mabapi le tšelo ea mali? (b) Balateli ba Kreste ba ’nile ba fumana tšehetso efe mabapi le tšelo ea mali le mekhoa e meng ea phekolo e sa ameng tšelo ea mali, hona phello e bile efe?

15 Ho tloha ka 1944, makasine ea The Watchtower e ne e se ntse e bontša hore ha e le hantle ho amohela tšelo ea mali ke mokhoa o mong oa ho ja mali. Selemong se latelang, seo Mangolo a se buang ka taba ena se ile sa hlakisoa le ho feta. Ka 1951, ho ile ha hatisoa lipotso le likarabo tse ileng tsa thusa batho ba Molimo hore ba khone ho buisana le lingaka ka taba ena. Lefatšeng lohle, ka sebete balateli ba tšepahalang ba Kreste ba ile ba emela seo ba se lumelang le hoja ba ne ba songoa, ba hlouoa ebile ba hlorisoa. Leha ho joalo, Kreste o ile a tsoela pele ho susumelletsa mokhatlo oa hae hore o fane ka tšehetso e hlokahalang. Ho ile ha etsoa lipatlisiso ’me ha hatisoa lihlooho le libukana tse nang le boitsebiso bo qaqileng mabapi le tšelo ea mali.

16 Ka 1979, baholo ba bang ba ile ba etela lipetlele e le hore ba thuse lingaka hore li utloisise hore na ke hobane’ng ha re sa amohele tšelo ea mali ho latela Mangolo le ho buisana le tsona ka mekhoa e meng ea phekolo e sa ameng tšelo ea mali. Ka 1980, baholo ba tsoang metseng e 39 ea United States ba ile ba fuoa koetliso e khethehileng e le hore ba etse mosebetsi ona. Hamorao Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ea hore ho thehoe Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele lefatšeng lohle. Na boiteko boo bo ile ba bontša khatelo-pele ha lilemo li ntse li feta? Kajeno, litsebi tsa bongaka tse ka bang likete tse mashome—ho akarelletsa le lingaka, lingaka tse buoang le lingaka tse robatsang ka lithethefatsi—li sebelisana hamolemo le bakuli ba Lipaki ’me li hlompha khetho ea rōna ea ho fuoa phekolo re sa tšele mali. Lipetlele tse ngata li phekola ntle ho tšelo ea mali ’me tse ling li nka mokhoa ona oa ho phekola e le o molemo ka ho fetisisa. Ka sebele hoa thabisa ho nahana ka mekhoa eo Jesu a ileng a e sebelisa e le hore a sireletse balateli ba hae khahlanong le boiteko ba Satane ba ho ba silafatsa!—Bala Baefese 5:25-27.

Lipetlele tse ngata li phekola ntle ho mali ’me tse ling li talima phekolo eo e le ea boemo bo holimo ka ho fetisisa

17. Re ka bontša joang hore re ananela tsela eo Kreste a hloekisang balateli ba hae ka eona?

17 Re lokela ho ipotsa, ‘Na re ananela tsela eo Kreste a ’nileng a hloekisa balateli ba hae ka eona le ho re koetlisetsa hore re khomarele melao ea Jehova e phahameng ea boitšoaro?’ Haeba ho joalo, re lokela ho hopola hore kamehla Satane o batla ho re arohanya le Jehova le Jesu ka hore a etse hore re se ke ra hlompha melao ea Molimo ea boitšoaro. E le ho hanyetsa tšusumetso eo, ka lerato mokhatlo oa Jehova o fana ka litemoso le likhopotso tse mabapi le boitšoaro bo bobe ba lefatše lena. A re luleng re falimehile ’me re mamele keletso eo e molemo.—Liprov. 19:20.

Ho Sireletsa Phutheho Khahlanong le Boitšoaro bo Tlotlollang

18. Re fumana khopotso efe ponong ea Ezekiele mabapi le batho ba fetohelang melao ea Molimo ka boomo?

18 Karolo ea bobeli ea ho hloekisoa boitšoarong e akarelletsa mehato ea ho boloka phutheho e hloekile. Ka masoabi, har’a batho ba ileng ba amohela melao-motheo ea Jehova ea boitšoaro ’me ba inehela ho eena, hase bohle ba ileng ba lula ba tšepahalla qeto ea bona. Ba bang ba qetella ba fetohela melao eo ka boomo. Batho ba joalo ba lokela ho tšoaroa joang? Re ka fumana karabo ponong ea Ezekiele ea tempele ea moea eo re buileng ka eona qalong ea khaolo ena. Na u sa hopola liheke tsa tempele tse telele? Ho ne ho e-na le likamore tsa balebeli lihekeng. Balebeli ba ne ba tla sireletsa tempele ’me ho bonahala eka ba ne ba tla thibela batho ba sa “bollang pelong” hore ba kene ka tempeleng. (Ezek. 44:9) Eo ke khopotso e hlakileng ea hore ke batho ba ikemiselitseng ho phela ka melao e hloekileng ea Jehova ea boitšoaro feela ba nang le tokelo ea ho kopanela borapeling bo hloekileng. Ka ho tšoanang, hase batho bohle ba ka kopanelang borapeling le Bakreste-’moho le bona.

19, 20. (a) Butle-butle Kreste o ’nile a thusa balateli ba hae joang hore ba hloekise tsela eo ba sebetsang linyeoe tsa liphoso tse tebileng ka eona? (b) Ke mabaka afe a mararo a etsang hore motho ea sa bakeng a khaoloe?

19 Morao koana ka 1892, makasine ea Watch Tower e ile ea bontša hore “ke boikarabelo ba rōna (re le Bakreste) ho khaola batho bao ka ho toba kapa ka mokhoa o sa tobang ba hanang hore Kreste o fane ka ’mele oa hae e le thekollo [theko e lekanang] bakeng sa batho bohle.” (Bala 2 Johanne 10.) Ka 1904, buka ea The New Creation e ile ea bontša hore batho ba sa bakeng ba ka senya boitšoaro ba phutheho. Ka nako eo, phutheho eohle e ne e kopanela “linyeoeng tsa kereke” e le hore e hlahlobe liphoso tse tebileng. Leha ho le joalo, seo se ne se etsahala ngope’a setšoha. Ka 1944, makasine ea The Watchtower e ile ea bontša hore ke barab’abo rōna ba ikarabellang feela ba lokelang ho sebetsa linyeoe tseo. Ka 1952, The Watchtower e ile ea hatisa sehlooho se neng se bua ka tsela ea ho sebetsa litaba tsa boahloli ho latela Bibele ’me sa totobatsa lebaka le ka sehloohong la ho khaola batho ba sa bakeng—e leng ho boloka phutheho e hloekile.

20 Lilemo tse mashome ho tloha ka nako eo, Kreste o ’nile a thusa balateli ba hae hore ba hlakise le ho hloekisa tsela eo ba sebetsang linyeoe tsa liphoso tse tebileng ka eona. Baholo ba Bakreste ba koetlisitsoe ka ho feletseng e le hore ba sebetse litaba tsa boahloli ka tsela eo Jehova a e amohelang le ho bontša toka le mohau ka teka-tekano. Ho na le mabaka a mararo a hlakileng a etsang hore motho ea sa bakeng a khaoloe ka phuthehong: (1) ho etsa hore lebitso la Jehova le se ke la rohakoa, (2) ho sireletsa phutheho hore e se ke ea silafatsoa ke sebe se tebileng le (3) ho thusa moetsalibe hore a bake haeba ho khoneha.

21. Ke ka tsela efe tokisetso ea ho khaola bafosi e bileng tlhohonolofatso ho batho ba Molimo?

21 Na u hlokomela kamoo tokisetso ea ho khaola bafosi e bileng tlhohonolofatso ho balateli ba Kreste kajeno? Mehleng ea Baiseraele, bafosi ba ne ba atisa ho ba le tšusumetso e mpe sechabeng ’me ka linako tse ling ba ne ba ba bangata ho feta batho ba ratang Jehova le ba neng ba leka ho etsa se nepahetseng. Kahoo, hangata sechaba se ne se tlisa thohako lebitsong la Jehova ’me ka lebaka leo o ne a sa se amohele. (Jer. 7:23-28) Leha ho le joalo, kajeno Jehova o sebelisana le banna le basali ba moea. Kaha bafosi bao ba thatafetseng lipelo baa tlosoa har’a rōna, ba ke ke ba sebelisoa ke Satane hore ba senye le ho silafatsa phutheho ’me ba ke ke ba hlola ba susumetsa ba bang. Kahoo, re kholisehile hore re le sehlopha, re tla lula re amoheloa ke Jehova. Hopola hore Jehova o ile a tšepisa a re: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha.” (Isa. 54:17) Na ka botšepehi re tšehetsa baholo ba nang le boikarabelo bo boima ba ho sebetsa linyeoe tsa boahloli?

Ho Tlotlisa eo Lelapa le Leng le Leng le Bitsoang ka Eena

22, 23. Ke eng se etsang hore re ananele Bakreste-’moho le rōna ba mathoasong a lilemong tsa bo-1900, empa ke bopaki bofe bo bontšang hore ho ne ho hlokahala hore ba bontše teka-tekano litabeng tsa lelapa?

22 Karolo ea boraro eo balateli ba Kreste ba ’nileng ba thusoa hore ba hloeke ho eona e amana le lenyalo le bophelo ba lelapa. Na ho theosa le lilemo tsela eo re talimang lelapa ka eona e ’nile ea hloekisoa? E. Ka mohlala, ha re bala ka bahlanka ba Molimo ba mathoasong a lilemo tsa bo-1900, re hlolloa ke kamoo ba ileng ba bontša moea oa boitelo kateng. Re ananela haholo kamoo ba ileng ba etelletsa tšebeletso e halalelang pele bophelong ba bona. Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang, ho ne ho hlokahala hore ba bontše teka-tekano. Joang?

23 E ne e le ntho e tloaelehileng hore barab’abo rōna ba amohele likabelo tsa tšebeletso kapa ba etse mosebetsi oa potoloho o neng o ba isa hōle le malapa a bona ka likhoeli tse ngata. Le hoja Mangolo a khothalletsa bosoha, ka linako tse ling bosoha bo ne bo khothaletsoa ka ho fetelletseng ebile ho ne ho sa buuoe hakaalo ka hore na malapa a Bakreste a lokela ho matlafatsoa joang. Na maemo a ntse a le joalo har’a balateli ba Kreste kajeno? Le hanyenyane!

Motho ha aa lokela ho amohela likabelo tsa tšebeletso haeba seo se tla etsa hore a se ke a khona ho hlokomela lelapa la hae

24. Kreste o ’nile a thusa balateli ba hae joang hore ba talime lenyalo le lelapa ka tsela e bontšang teka-tekano?

24 Kajeno, motho ha aa lokela ho amohela likabelo tsa tšebeletso haeba seo se tla etsa hore a se ke a khona ho hlokomela lelapa la hae. (Bala 1 Timothea 5:8.) Ho feta moo, Kreste o entse bonnete ba hore balateli ba hae ba lula ba fumana keletso ea Mangolo e amanang le lenyalo le bophelo ba lelapa. (Baef. 3:14, 15) Ka 1978, ho ile ha hatisoa buka ea Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng. Lilemo tse ka bang 18 hamorao, ho ile ha hatisoa buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Ho feta moo, Molula-Qhooa o ’nile oa hlahisa lihlooho tse ngata tse thusang banyalani hore ba sebelise melao-motheo ea Mangolo lenyalong la bona.

25-27. Ho theosa le lilemo, bana ba lilemo tse fapaneng ba ’nile ba thusoa joang?

25 Bana bona ba ’nile ba thusoa joang? Ho theosa le lilemo, bana ba ’nile ba fumana thuso eo ba e hlokang. Ho tloha khale, mokhatlo oa Jehova o ’nile oa fa bana ba lilemo tse fapaneng lintho tse molemo ’me se ileng sa qala e le marotholi e ile ea e-ba molapo o phoroselang. Ka mohlala, ho tloha ka 1919 ho ea ho 1921, makasine ea The Golden Age e ne e e-na le sehlooho se reng, “Juvenile Bible Study.” Ka mor’a moo, ka 1920 ho ile ha hatisoa bukana ea The Golden Age ABC eaba ka 1941 ho hatisoa buka ea Children. Lilemong tsa bo-1970, ho ile ha hatisoa buka ea Ho Mamela Mosuoe e Moholo, ea Bocha ba Hao —Ho Fumana ho Molemohali ho Bona le ea Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele. Ka 1982, ho ile ha e-ba le sehlooho se hlahang khafetsa makasineng ea Tsoha! se reng “Bacha Baa Botsa” ’me hamorao ka 1989, ho ile ha hatisoa buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang.

Bana ba ile ba thabela ho amohela bukana ea Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng kopanong e neng e tšoaretsoe Jeremane

26 Kajeno, re na le libuka tse peli tse nakong tsa Bacha Baa Botsa ’me lihlooho tse ling li fumaneha Websaeteng ea rōna ea jw.org/st. Re boetse re na le buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. Websaete ea rōna e na le likarolo tse ngata bakeng sa bana tse akarelletsang likarete tsa Bibele, lintho tse ka etsoang thutong ea Bibele bakeng sa bana ba banyenyane le ba baholoanyane, livideo, lipale tsa Bibele tse tsamaisanang le litšoantšo hammoho le seo bana ba lilemo li tharo le ka tlaase ho moo ba ka ithutang sona ka Bibeleng. Ho hlakile hore tsela eo Kreste a ikutloang ka eona ka bana ha e-s’o fetohe ho tloha ha a ne a bokella bana ba banyenyane ’me a ba sika, ha a ne a le lefatšeng. (Mar. 10:13-16) O batla hore bana ba ikutloe ba ratoa ’me ba fepehe hantle moeeng.

27 Jesu o boetse o batla hore bana ba sireletsoe. Ha lefatše lena le ntse le tetebela boitšoarong bo litšila, tlhekefetso ea bana e ntse e ata le ho feta. Kahoo, ho ’nile ha hatisoa lingoliloeng tse hlakileng le tse tobileng tse thusang batsoali hore ba sireletse bana ba bona khahlanong le ketso ena e khopo. *

28. (a) Joalokaha ho bontšitsoe ponong ea Ezekiele ea tempele, ho hlokahala eng haeba re batla ho kopanela borapeling bo hloekileng? (b) U ikemiselitse ho etsa’ng?

28 Ka sebele hoa thabisa ho nahanisisa ka tsela eo Kreste a tsoelang pele ho hloekisa balateli ba hae ka eona, a ba rutang ho hlompha, ho phela le ho rua molemo melaong ea Jehova ea boitšoaro. Nahana hape ka tempele e ponong ea Ezekiele. Hopola liheke tsa eona tse telele. Ke ’nete hore tempele eo hase ea sebele empa ke ea moea. Empa na re e bona e le ea sebele? Re kena ka har’a eona, eseng feela ka ho ea Holong ea ’Muso, ho bala Bibele kapa ka ho ea tšimong. Tseo ke liketso tsa sebele tse amanang le lintho tse tšoarehang. Moikaketsi a ka etsa lintho tsena ho se mohla a kenang ka tempeleng ea Jehova. Leha ho le joalo, ha re etsa lintho tseo ’me ka nako e tšoanang re phela ho latela melao ea Jehova e phahameng ea boitšoaro, re bile re kopanela borapeling bo hloekileng ba Jehova, re tla be re kena ’me re sebeletsa sebakeng seo se halalelang ka ho fetisisa e leng, tokisetso ea borapeli bo hloekileng ba Jehova Molimo! Kamehla re lokela ho ananela tokisetso eo e babatsehang. A re tsoeleng pele ho etsa sohle seo re ka se khonang ho bonahatsa khalalelo ea Jehova ka hore re khomarele melao ea hae e lokileng!

^ ser. 2 Ka 1932, buka ea bobeli ea Vindication e ile ea bontša ka lekhetlo la pele hore boprofeta ba Bibele bo mabapi le ho tsosolosoa ha batho ba Molimo naheng ea habo bona ha boa ka ba phethahala ho Iseraele ea nama empa bo phethahetse ho Iseraele ea moea. Boprofeta boo bo bua ka ho tsosolosoa ha borapeli bo hloekileng. Molula-Qhooa oa March 1, 1999, o ile oa hlalosa hore pono ea Ezekiele ke boprofeta bo amanang le tsosoloso eo, kahoo bo na le phethahatso ea bohlokoa matsatsing a ho qetela.

^ ser. 6 Boitlamo bo ne bo bolela hore haeba batho ba bong bo sa tšoaneng ba le ka phaposing e le ’ngoe, ba lokela ho bula monyako—ntle le haeba ke banyalani kapa baa amana. Ka lilemo tse ngata, lelapa la Bethele le ’nile la pheta boitlamo bona hoseng ho hong le ho hong nakong ea temana ea letsatsi.

^ ser. 13 Ho sebelisa koae ho akarelletsa ho e tsuba, ho e hlafuna kapa ho e lema.

^ ser. 27 Ka mohlala, sheba khaolo ea 32 ea Ithute ho Mosuoe e Moholo; u boele u shebe Tsoha! ea October 2007 leqhepheng la 3-11.