Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 11

Ho Hlwekiswa Boitshwarong—Ho Bonahatsa Kgalalelo ya Modimo

Ho Hlwekiswa Boitshwarong—Ho Bonahatsa Kgalalelo ya Modimo

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Kamoo Morena a rutileng bafo ba hae hore ba hlomphe melao ya Modimo

A ko nahane o kena ka heke ya mabala a kantle a tempele ya moya e kgolo ya Jehova

1. Ke pono efe ya Ezekiele e etsang hore re hlollwe?

O NE o tla etsang haeba o ne o ka hlahelwa ke se ileng sa etsahalla Ezekiele dilemo tse ka bang 2 500 tse fetileng? Nahana ka sena: O atamela tempeleng e kgolo e phatsimang. Ho na le lengeloi le matla le o bontshang sebaka sena se hlollang! O hlwa ditepisi tse supileng tse yang ho tse ding tsa diheke tse tharo. O a hlollwa ha o bona diheke tsena. Di bolelele ba dimithara tse 30. Dihekeng o bona dikamore tsa balebedi. Ditshiya tsa tempele di na le ditshwantsho tse ntle tsa sefate sa palema.—Ezek. 40:1-4, 10, 14, 16, 22; 41:20.

2. (a) Pono ya tempele e tshwantshetsa eng? (Sheba le mongolo o botlaseng ba leqephe.) (b) Diheke tsa tempele di tshwantshetsa eng?

2 Pono ena e bua ka tempele ya moya. Ezekiele o ile a hlalosa pono ena ka ho qaqileng hoo e akaretswang kgaolong ya 40 ho ya ho 48 bukeng ya hae ya boprofeta. Tempele ena e tshwantshetsa borapedi bo hlwekileng ba Jehova. Karolo e nngwe le e nngwe ya yona e bolela ho hong borapeding ba rona matsatsing ana a ho qetela. * Diheke tse phahameng di tshwantshetsa eng? Di re hopotsa hore batho ba kopanelang borapeding bo hlwekileng ba Jehova ba lokela ho phela ka melao e phahameng le e lokileng ya Modimo. Esita le ditshwantsho tsa difate tsa palema di tshwantshetsa taba e tshwanang kaha ka dinako tse ding ka Bibeleng dipalema di emela ho loka. (Pes. 92:12) Dikamore tsa balebedi tsona di tshwantshetsa eng? Ho hlakile hore batho ba sa hlompheng melao ya Modimo ha ba dumellwe ho kena borapeding bona bo hlwekileng, bo phedisang le bo babatsehang.—Ezek. 44:9.

3. Ke hobaneng ha ho ile ha hlokahala hore balatedi ba Kreste ba tswele pele ba hlwekiswa?

3 Boprofeta ba Ezekiele bo ile ba phethahala jwang? Jwalokaha re bone Kgaolong ya 2 ya buka ena, Jehova o ile a laela Kreste hore a hlwekise batho ba hae ho tloha ka 1914 ho ya qalong ya 1919. Na ho hlwekisa ho ile ha fella ka nako eo? Tjhe! Dilemong tse lekgolo tse fetileng, Kreste o ile a tswela pele ho kgothalletsa balatedi ba hae hore ba phele ka melao e halalelang ya boitshwaro ya Jehova. Kahoo, ho ile ha hlokahala hore balatedi ba hae ba tswele pele ba hlwekiswa. Hobaneng? Hobane Kreste o ile a nna a ntsha balatedi ba hae lefatsheng lena le silafetseng mme Satane o dula a batla ho ba kgutlisetsa boitshwarong bo bobe bo ditshila. (Bala 2 Petrose 2:20-22.) A re ke re hlahlobe dikarolo tse tharo tseo Bakreste ba ileng ba hlwekiswa ho tsona. Pele, re tla hlahloba kamoo ba ileng ba hlwekiswa kateng boitshwarong, ebe re hlahloba tokisetso ya bohlokwa ya ho boloka phutheho e hlwekile, mme qetellong re tla tshohla kamoo malapa a ileng a thuswa kateng.

Ho Hlwekiswa Boitshwarong ho Theosa le Dilemo

4, 5. Satane o ile a nna a atleha ho etsa eng ka nako e telele?

4 Haesale batho ba Jehova ba rata boitshwaro bo hlwekileng. Ke kahoo ba ileng ba amohela tataiso eo ba e fuwang e mabapi le boitshwaro. Nahana ka mehlala e mmalwa.

5 Boitshwaro bo ditshila ba ho kopanela diphate. Jehova o entse hore ho kopanela diphate ha batho ba babedi ba nyalaneng e be ntho e ntle le e hlwekileng. Satane o senya mpho eo e babatsehang ka hore a e fetole ntho e ditshila e etsang hore batho ba Jehova ba se ke ba amoheleha ho yena. Satane o ile a atleha ho etsa sena morao kwana mehleng ya Balame mme ho ile ha e ba le diphello tse bohloko. Hape, ho feta leha e le neng pele, o ntse a tswela pele ho etsa sena matsatsing ana a ho qetela.—Num. 25:1-3, 9; Tšen. 2:14.

6. Ke boitlamo bofe bo ileng ba phatlalatswa makasineng ya Watch Tower, bo ile ba sebediswa jwang hona ke hobaneng ha bo sa ka ba hlola bo sebediswa? (Sheba le mongolo o botlaseng ba leqephe.)

6 E le ho hanyetsa matsapa a Satane, makasine ya Watch Tower ya June 15, 1908 e ile ya phatlalatsa boitlamo bo reng: “Ke tla dula ke itshwere hantle ha ke e na le batho ba bong bo fapaneng esita le ha re le babedi feela.” * Le hoja boitlamo boo e ne e se molao, batho ba bangata ba ile ba bo boloka mme ba romella mabitso a bona hore a phatlalatswe makasineng ya Zion’s Watch Tower. Dilemo hamorao, barababo rona ba ile ba hlokomela hore le hoja boitlamo bona bo ne bo tswela batho molemo ka nako eo, e ne e se e le tlwaelo feela, kahoo ha bo a ka ba hlola bo sebediswa. Leha ho le jwalo, ba ile ba tswela pele ho phela ka melaomotheo e neng e emelwa ke boitlamo boo.

7. Ka 1935, The Watchtower e ile ya bua ka bothata bofe, hona e ile ya fana ka keletso efe e matla?

7 Ditlhaselo tsa Satane di ile tsa ata. Makasine ya The Watchtower ya March 1, 1935 e ile ya bua ka ho toba ka bothata bo neng bo ntse bo ata hara batho ba Modimo. Batho ba bang ba ne ba nahana hore ha ba etsa tshebeletso ya boboledi, seo se bolela hore ha ho hlokahale hore ba latele melao ya Jehova ya boitshwaro. The Watchtower e ile ya re: “Re lokela ho hopola hore ho etsa mosebetsi wa boboledi hase hona feela ho hlokahalang. Dipaki tsa Jehova di na le boikarabelo ba ho emela Jehova le mmuso wa hae ka tsela e loketseng.” Makasine eo e ile ya fana ka keletso e hlakileng mabapi le lenyalo le ho kopanela diphate e le ho thusa batho ba Modimo hore ba ‘balehele bohlola’.—1 Bakor. 6:18.

8. Ke hobaneng ha Molula-Qhooa o ile wa nna wa hatisa ka ho phetapheta se bolelwang ke lentswe la Segerike le hlalosang boitshwaro bo ditshila ba ho kopanela diphate?

8 Dilemong tsa morao tjena, Molula-Qhooa o ile wa nna wa hatisa ka ho phetapheta se bolelwang ke por·neiʹa e leng lentswe le hlahang Mangolong a Segerike le hlalosang boitshwaro bo ditshila ba ho kopanela diphate. Lentswe lena ha le bolele feela ho kopanela diphate. Ho e na le hoo, lentswe por·neiʹa le bolela mekgwa e mengata ya boitshwaro bo bobe ba ho kopanela diphate, hangata le akarelletsa diketso tse ditshila tse etswang matlong a matekatse. Kahoo, balatedi ba Kreste ba ile ba nna ba sireletswa kgahlanong le sewa se tshwasitseng batho ba bangata kajeno sa boitshwaro bo ditshila ba ho kopanela diphate.—Bala Baefese 4:17-19.

9, 10. (a) Makasine ya The Watchtower ya 1935 e ile ya bua ka taba efe e amang boitshwaro? (b) Bibele e rutang ka ho nwa jwala ka tekatekano?

9 Ho tahwa. Makasine ya The Watchtower ya March 1, 1935 e ile ya bua ka taba e nngwe e amang boitshwaro: “Re boetse re hlokometse hore batho ba bang ba ya tshimong mme ba etsa dikabelo tse ding ba nwele jwala. Ke maemong afe moo Mangolo a dumellang motho hore a nwe jwala? Na e ka ba ho loketseng hore motho a nwe jwala hoo bo ka mo sitisang ho etsa tshebeletso ka mokgatlong wa Morena?”

10 Karabo ya potso eo e ile ya bontsha hore Lentswe la Modimo le bolela hore ha rea lokela ho nwa jwala ka tsela e feteletseng. Bibele ha e nyatse ha batho ba nwa jwala ka tsela e itekanetseng empa e nyatsa botahwa ka matla. (Pes. 104:14, 15; 1 Bakor. 6:9, 10) Tabeng ya ho etsa tshebeletso e halalelang ba nwele jwala, bahlanka ba Modimo ba ile ba nna ba hopotswa ka tlaleho e buang ka bara ba Arone, bao Modimo a ileng a ba bolaya hobane ba ile ba nyehela ka pela Modimo mollo oo a neng a sa laela hore ba o etse aletareng. Nakwana ka mora moo, tlaleho eo e re bolella seo e ka nnang yaba se ile sa etsa hore banna bao ba etse ntho eo e sa lokelang, kaha Modimo o ile a fana ka molao o thibelang baprista ho nwa jwala ha ba ntse ba etsa tshebeletso e halalelang. (Lev. 10:1, 2, 8-11) Kajeno balatedi ba Kreste ba sebedisa molaomotheo oo mme ba ela hloko hore ba qobe ho etsa tshebeletso e halalelang ba nwele jwala.

11. Ke hobaneng ha batho ba Modimo ba hlohonolofaditswe ka hore ba be le kutlwisiso e eketsehileng mabapi le botahwa le ho lemalla jwala?

11 Dilemong tsa morao tjena, balatedi ba Kreste ba hlohonolofaditswe le ho feta ka hore ba be le kutlwisiso e eketsehileng mabapi le botahwa le ho lemalla jwala. Ka lebaka la dijo tsa moya tse fanwang ka nako e loketseng, batho ba bangata ba ile ba thuswa hore ba sebetsane ka katleho le boemo boo le hore ba boele ba laole bophelo ba bona. Ba bang ba bangata ba ile ba thuswa hore ba qobe bothata boo ka ho feletseng. Ha ho motho ya lokelang ho dumella hore ho tahwa ho mo tlose seriti, ho senye lelapa la hae mme ka hodima tsohle, ho mo sitise ho kopanela borapeding bo hlwekileng ba Jehova.

“Re sitwa ho nahana ka Morena wa rona a se a nkga mosi wa kwae kapa a kenya ntho leha e le efe e silafetseng ka hanong la hae.”—C. T. Russell

12. Bahlanka ba Kreste ba ile ba tadima ho tsuba kwae jwang esita le pele matsatsi a ho qetela a qala?

12 Ho tsuba kwae. Bahlanka ba Kreste ba ile ba qala ho nyatsa ho tsuba kwae le pele matsatsi a ho qetela a qala. Dilemo tse mmalwa tse fetileng, morabo rona ya hodileng, Charles Capen o ile a hopola ha a qala ho kopana le Charles Taze Russell qetellong ya dilemo tsa bo 1900. Capen ya neng a le dilemo di 13 ka nako eo, o ne a eme ditepising tsa Allegheny, Pennsylvania hammoho le barababo ba bararo. Ha Russell a feta pela bona o ile a ba botsa a re: “Le ntse le tsuba? Ke utlwa ho nkga kwae.” Ba ile ba mo bolella hore ba ntse ba sa tsube. Ka sebele ba ile ba hlakelwa hore na Russell o ne a ikutlwa jwang ka ho tsuba. Makasineng ya Watch Tower ya August 1, 1895, Morabo rona Russell o ile a bua ka 2 Bakorinthe 7:1 a re: “Ho tsuba ha ho tlotlise Modimo mme haeba Mokreste a tsuba, hoo ho ke ke ha mo tswela molemo. . . . Re sitwa ho nahana ka Morena wa rona a se a nkga mosi wa kwae kapa a kenya ntho leha e le efe e silafetseng ka hanong la hae.”

13. Ka 1973, Bakreste ba ile ba hlwekiswa boitshwarong le ho feta jwang?

13 Ka 1935, makasine ya The Watchtower e ile ya bitsa kwae “setlamatlama se ditshila” mme ya boela ya bontsha hore ha ho na motho ya hlafunang kapa ya tsubang kwae ya tla dumellwa ho ba karolo ya lelapa la Bethele kapa a sebeletse e le moemedi wa mokgatlo wa Modimo jwaloka pulamadiboho kapa molebedi ya tsamayang. Ka 1973, Bakreste ba ile ba hlwekiswa le ho feta boitshwarong. Makasine ya The Watchtower ya June 1 e ile ya hlalosa hore phutheho e ke ke ya amohela Paki ya Jehova e ntseng e tswela pele ka mokgwa ona o bolayang, o silafatsang le o bontshang ho se nahanele batho ba bang. Batho ba neng ba hana ho tlohela ho tsuba kwae ba ne ba tla kgaolwa. * Kreste o ne a se a nkile bohato bo bong ba bohlokwa ba hore a hlwekise balatedi ba hae.

14. Molao wa Modimo ke ofe ka madi, hona ho tlile jwang hore tshelo ya madi e ate?

14 Ho sebedisa madi hampe. Mehleng ya Noe, Modimo o ile a bolela hore ho ja madi ho fosahetse. O ile a tiisa seo Molaong oo a ileng a o ngolla Baiseraele mme ka ho tshwanang, a tataisa phutheho ya Bokreste hore e “ile . . . madi.” (Lik. 15:20, 29; Gen. 9:4; Lev. 7:26) Ha ho makatse hore ebe mehleng ena Satane o fumane tsela ya ho etsa hore batho ba hlompholle molao ona wa Modimo. Dilemong tsa bo 1900, dingaka di ile tsa leka ho phekola bakudi ka hore di ba tshele madi empa ka mora hore di tsebe ka dihlopha tsa madi, tshelo ya madi e ile ya ata le ho feta. Ka 1937, dingaka di ile tsa qala ho boloka madi yaba tshelo ya madi e ata le ho feta ka Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe. Ka potlako, tshelo ya madi e ile ya e ba ntho e tlwaelehileng lefatsheng.

15, 16. (a) Dipaki Tsa Jehova di ile tsa emela seo di se dumelang jwang mabapi le tshelo ya madi? (b) Balatedi ba Kreste ba ile ba nna ba fumana tshehetso efe mabapi le tshelo ya madi le mekgwa e meng ya phekolo e sa ameng tshelo ya madi, hona phello e bile efe?

15 Ho tloha ka 1944, makasine ya The Watchtower e ne e se ntse e bontsha hore ha e le hantle ho amohela tshelo ya madi ke mokgwa o mong wa ho ja madi. Selemong se latelang, seo Mangolo a se buang ka taba ena se ile sa hlakiswa le ho feta. Ka 1951, ho ile ha hatiswa dipotso le dikarabo tse ileng tsa thusa batho ba Modimo hore ba kgone ho buisana le dingaka ka taba ena. Lefatsheng lohle, ka sebete balatedi ba tshepahalang ba Kreste ba ile ba emela seo ba se dumelang le hoja ba ne ba songwa, ba hlouwa ebile ba hloriswa. Leha ho jwalo, Kreste o ile a tswela pele ho susumelletsa mokgatlo wa hae hore o fane ka tshehetso e hlokahalang. Ho ile ha etswa dipatlisiso mme ha hatiswa dihlooho le dibukana tse nang le boitsebiso bo qaqileng mabapi le tshelo ya madi.

16 Ka 1979, baholo ba bang ba ile ba etela dipetlele e le hore ba thuse dingaka hore di utlwisise hore na ke hobaneng ha re sa amohele tshelo ya madi ho latela Mangolo le ho buisana le tsona ka mekgwa e meng ya phekolo e sa ameng tshelo ya madi. Ka 1980, baholo ba tswang metseng e 39 ya United States ba ile ba fuwa kwetliso e kgethehileng e le hore ba etse mosebetsi ona. Hamorao Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ya hore ho thehwe Komiti ya Bohokahanyi le Dipetlele lefatsheng lohle. Na boiteko boo bo ile ba bontsha kgatelopele ha dilemo di ntse di feta? Kajeno, ditsebi tsa bongaka tse ka bang dikete tse mashome, ho akarelletsa le dingaka, dingaka tse buwang le dingaka tse robatsang ka dithethefatsi, di sebedisana hamolemo le bakudi ba Dipaki mme di hlompha kgetho ya rona ya ho fuwa phekolo re sa tshele madi. Dipetlele tse ngata di phekola ntle ho tshelo ya madi mme tse ding di nka mokgwa ona wa ho phekola e le o molemo ka ho fetisisa. Ka sebele ho a thabisa ho nahana ka mekgwa eo Jesu a ileng a e sebedisa e le hore a sireletse balatedi ba hae kgahlanong le boiteko ba Satane ba ho ba silafatsa!—Bala Baefese 5:25-27.

Dipetlele tse ngata di phekola ntle ho madi mme tse ding di tadima phekolo eo e le ya boemo bo hodimo ka ho fetisisa

17. Re ka bontsha jwang hore re ananela tsela eo Kreste a hlwekisang balatedi ba hae ka yona?

17 Re lokela ho ipotsa, ‘Na re ananela tsela eo Kreste a ileng a nna a hlwekisa balatedi ba hae ka yona le ho re kwetlisetsa hore re kgomarele melao ya Jehova e phahameng ya boitshwaro?’ Haeba ho jwalo, re lokela ho hopola hore kamehla Satane o batla ho re arohanya le Jehova le Jesu ka hore a etse hore re se ke ra hlompha melao ya Modimo ya boitshwaro. E le ho hanyetsa tshusumetso eo, ka lerato mokgatlo wa Jehova o fana ka ditemoso le dikgopotso tse mabapi le boitshwaro bo bobe ba lefatshe lena. A re duleng re fadimehile mme re mamele keletso eo e molemo.—Liprov. 19:20.

Ho Sireletsa Phutheho Kgahlanong le Boitshwaro bo Tlotlollang

18. Re fumana kgopotso efe ponong ya Ezekiele mabapi le batho ba fetohelang melao ya Modimo ka boomo?

18 Karolo ya bobedi ya ho hlwekiswa boitshwarong e akarelletsa mehato ya ho boloka phutheho e hlwekile. Ka maswabi, hara batho ba ileng ba amohela melaomotheo ya Jehova ya boitshwaro mme ba inehela ho yena, hase bohle ba ileng ba dula ba tshepahalla qeto ya bona. Ba bang ba qetella ba fetohela melao eo ka boomo. Batho ba jwalo ba lokela ho tshwarwa jwang? Re ka fumana karabo ponong ya Ezekiele ya tempele ya moya eo re buileng ka yona qalong ya kgaolo ena. Na o sa hopola diheke tsa tempele tse telele? Ho ne ho e na le dikamore tsa balebedi dihekeng. Balebedi ba ne ba tla sireletsa tempele mme ho bonahala eka ba ne ba tla thibela batho ba sa “bollang pelong” hore ba kene ka tempeleng. (Ezek. 44:9) Eo ke kgopotso e hlakileng ya hore ke batho ba ikemiseditseng ho phela ka melao e hlwekileng ya Jehova ya boitshwaro feela ba nang le tokelo ya ho kopanela borapeding bo hlwekileng. Ka ho tshwanang, hase batho bohle ba ka kopanelang borapeding le Bakrestemmoho le bona.

19, 20. (a) Butlebutle Kreste o ile a nna a thusa balatedi ba hae jwang hore ba hlwekise tsela eo ba sebetsang dinyewe tsa diphoso tse tebileng ka yona? (b) Ke mabaka afe a mararo a etsang hore motho ya sa bakeng a kgaolwe?

19 Morao kwana ka 1892, makasine ya Watch Tower e ile ya bontsha hore “ke boikarabelo ba rona (re le Bakreste) ho kgaola batho bao ka ho toba kapa ka mokgwa o sa tobang ba hanang hore Kreste o fane ka mmele wa hae e le thekollo [theko e lekanang] bakeng sa batho bohle.” (Bala 2 Johanne 10.) Ka 1904, buka ya The New Creation e ile ya bontsha hore batho ba sa bakeng ba ka senya boitshwaro ba phutheho. Ka nako eo, phutheho yohle e ne e kopanela “dinyeweng tsa kereke” e le hore e hlahlobe diphoso tse tebileng. Leha ho le jwalo, seo se ne se etsahala ka sewelo. Ka 1944, makasine ya The Watchtower e ile ya bontsha hore ke barababo rona ba ikarabellang feela ba lokelang ho sebetsa dinyewe tseo. Ka 1952, The Watchtower e ile ya hatisa sehlooho se neng se bua ka tsela ya ho sebetsa ditaba tsa boahlodi ho latela Bibele mme sa totobatsa lebaka le ka sehloohong la ho kgaola batho ba sa bakeng, e leng ho boloka phutheho e hlwekile.

20 Dilemo tse mashome ho tloha ka nako eo, Kreste o ile a nna a thusa balatedi ba hae hore ba hlakise le ho hlwekisa tsela eo ba sebetsang dinyewe tsa diphoso tse tebileng ka yona. Baholo ba Bakreste ba kwetlisitswe ka ho feletseng e le hore ba sebetse ditaba tsa boahlodi ka tsela eo Jehova a e amohelang le ho bontsha toka le mohau ka tekatekano. Ho na le mabaka a mararo a hlakileng a etsang hore motho ya sa bakeng a kgaolwe ka phuthehong: (1) ho etsa hore lebitso la Jehova le se ke la rohakwa, (2) ho sireletsa phutheho hore e se ke ya silafatswa ke sebe se tebileng le (3) ho thusa moetsadibe hore a bake haeba ho kgoneha.

21. Ke ka tsela efe tokisetso ya ho kgaola bafosi e bileng tlhohonolofatso ho batho ba Modimo?

21 Na o hlokomela kamoo tokisetso ya ho kgaola bafosi e bileng tlhohonolofatso ho balatedi ba Kreste kajeno? Mehleng ya Baiseraele, bafosi ba ne ba atisa ho ba le tshusumetso e mpe setjhabeng mme ka dinako tse ding ba ne ba le ba bangata ho feta batho ba ratang Jehova le ba neng ba leka ho etsa se nepahetseng. Kahoo, hangata setjhaba se ne se tlisa thohako lebitsong la Jehova mme ka lebaka leo o ne a sa se amohele. (Jer. 7:23-28) Leha ho le jwalo, kajeno Jehova o sebedisana le banna le basadi ba moya. Kaha bafosi bao ba thatafetseng dipelo ba a tloswa hara rona, ba ke ke ba sebediswa ke Satane hore ba senye le ho silafatsa phutheho mme ba ke ke ba hlola ba susumetsa ba bang. Kahoo, re kgodisehile hore re le sehlopha, re tla dula re amohelwa ke Jehova. Hopola hore Jehova o ile a tshepisa, a re: “Sebetsa leha e le sefe se tla etswa kgahlanong le wena se ke ke sa atleha.” (Isa. 54:17) Na ka botshepehi re tshehetsa baholo ba nang le boikarabelo bo boima ba ho sebetsa dinyewe tsa boahlodi?

Ho Tlotlisa eo Lelapa le Leng le Leng le Bitswang ka Yena

22, 23. Ke eng se etsang hore re ananele Bakrestemmoho le rona ba qalong ya dilemo tsa bo 1900, empa ke bopaki bofe bo bontshang hore ho ne ho hlokahala hore ba bontshe tekatekano ditabeng tsa lelapa?

22 Karolo ya boraro eo balatedi ba Kreste ba ileng ba nna ba thuswa hore ba hlweke ho yona e amana le lenyalo le bophelo ba lelapa. Na ho theosa le dilemo tsela eo re tadimang lelapa ka yona e ile ya nna ya hlwekiswa? E. Ka mohlala, ha re bala ka bahlanka ba Modimo ba qalong ya dilemo tsa bo 1900, re hlollwa ke kamoo ba ileng ba bontsha moya wa boitelo kateng. Re ananela haholo kamoo ba ileng ba etelletsa tshebeletso e halalelang pele bophelong ba bona. Leha ho le jwalo, ka nako e tshwanang, ho ne ho hlokahala hore ba bontshe tekatekano. Jwang?

23 E ne e le ntho e tlwaelehileng hore barababo rona ba amohele dikabelo tsa tshebeletso kapa ba etse mosebetsi wa potoloho o neng o ba isa hole le malapa a bona ka dikgwedi tse ngata. Le hoja Mangolo a kgothalletsa bosoha, ka dinako tse ding bosoha bo ne bo kgothaletswa ka ho fetelletseng ebile ho ne ho sa buuwe hakaalo ka hore na malapa a Bakreste a lokela ho matlafatswa jwang. Na maemo a ntse a le jwalo hara balatedi ba Kreste kajeno? Le hanyenyane!

Motho ha aa lokela ho amohela dikabelo tsa tshebeletso haeba seo se tla etsa hore a se ke a kgona ho hlokomela lelapa la hae

24. Kreste o ile a nna a thusa balatedi ba hae jwang hore ba tadime lenyalo le lelapa ka tsela e bontshang tekatekano?

24 Kajeno, motho ha aa lokela ho amohela dikabelo tsa tshebeletso haeba seo se tla etsa hore a se ke a kgona ho hlokomela lelapa la hae. (Bala 1 Timothea 5:8.) Ho feta moo, Kreste o entse bonnete ba hore balatedi ba hae ba dula ba fumana keletso ya Mangolo e amanang le lenyalo le bophelo ba lelapa. (Baef. 3:14, 15) Ka 1978, ho ile ha hatiswa buka ya Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng. Dilemo tse ka bang 18 hamorao, ho ile ha hatiswa buka ya Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Ho feta moo, Molula-Qhooa o ile wa nna wa hlahisa dihlooho tse ngata tse thusang banyalani hore ba sebedise melaomotheo ya Mangolo lenyalong la bona.

25-27. Ho theosa le dilemo, bana ba dilemo tse fapaneng ba ile ba nna ba thuswa jwang?

25 Bana bona ba ile ba nna ba thuswa jwang? Ho theosa le dilemo, bana ba ile ba nna ba fumana thuso eo ba e hlokang. Ho tloha kgale, mokgatlo wa Jehova o ile wa nna wa fa bana ba dilemo tse fapaneng dintho tse molemo mme se ileng sa qala e le marothodi e ile ya e ba molapo o phoroselang. Ka mohlala, ho tloha ka 1919 ho ya ho 1921, makasine ya The Golden Age e ne e e na le sehlooho se reng, “Thuto ya Bibele ya Batjha.” Ka mora moo, ka 1920 ho ile ha hatiswa bukana ya The Golden Age ABC yaba ka 1941 ho hatiswa buka ya Children. Dilemong tsa bo 1970, ho ile ha hatiswa buka ya Ho Mamela Mosuoe e Moholo, ya Bocha ba Hao—Ho Fumana ho Molemohali ho Bona le Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele. Ka 1982, ho ile ha e ba le sehlooho se hlahang kgafetsa makasineng ya Tsoha! se reng “Batjha ba a Botsa” mme hamorao ka 1989, ho ile ha hatiswa buka ya Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang.

Bana ba ile ba thabela ho amohela bukana ya Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng kopanong e neng e tshwaretswe Jeremane

26 Kajeno, re na le dibuka tse pedi tse nakong tsa Bacha Baa Botsa mme dihlooho tse ding di fumaneha Websaeteng ya rona ya jw.org/st. Re boetse re na le buka ya Ithute ho Mosuoe e Moholo. Websaete ya rona e na le dikarolo tse ngata bakeng sa bana tse akarelletsang dikarete tsa Bibele, dintho tse ka etswang thutong ya Bibele bakeng sa bana ba banyenyane le ba baholwanyane, divideo, dipale tsa Bibele tse tsamaisanang le ditshwantsho hammoho le seo bana ba dilemo di tharo le ka tlase ho moo ba ka ithutang sona ka Bibeleng. Ho hlakile hore tsela eo Kreste a ikutlwang ka yona ka bana ha e so fetohe ho tloha ha a ne a bokella bana ba banyenyane mme a ba beha hodima hae, ha a ne a le lefatsheng. (Mar. 10:13-16) O batla hore bana ba ikutlwe ba ratwa mme ba fepehe hantle moyeng.

27 Jesu o boetse o batla hore bana ba sireletswe. Ha lefatshe lena le ntse le tetebela boitshwarong bo ditshila, tlhekefetso ya bana e ntse e ata le ho feta. Kahoo, ho ile ha nna ha hatiswa dingolwa tse hlakileng le tse tobileng tse thusang batswadi hore ba sireletse bana ba bona kgahlanong le ketso ena e kgopo. *

28. (a) Jwalokaha ho bontshitswe ponong ya Ezekiele ya tempele, ho hlokahala eng haeba re batla ho kopanela borapeding bo hlwekileng? (b) O ikemiseditse ho etsang?

28 Ka sebele ho a thabisa ho nahanisisa ka tsela eo Kreste a tswelang pele ho hlwekisa balatedi ba hae ka yona, a ba rutang ho hlompha, ho phela le ho rua molemo melaong ya Jehova ya boitshwaro. Nahana hape ka tempele e ponong ya Ezekiele. Hopola diheke tsa yona tse telele. Ke nnete hore tempele eo hase ya sebele empa ke ya moya. Empa na re e bona e le ya sebele? Re kena ka hara yona, eseng feela ka ho ya Holong ya Mmuso, ho bala Bibele kapa ka ho ya tshimong. Tseo ke diketso tsa sebele tse amanang le dintho tse tshwarehang. Moikaketsi a ka etsa dintho tsena ho se mohla a kenang ka tempeleng ya Jehova. Leha ho le jwalo, ha re etsa dintho tseo mme ka nako e tshwanang re phela ho latela melao ya Jehova e phahameng ya boitshwaro, re bile re kopanela borapeding bo hlwekileng ba Jehova, re tla be re kena mme re sebeletsa sebakeng seo se halalelang ka ho fetisisa e leng, tokisetso ya borapedi bo hlwekileng ba Jehova Modimo! Kamehla re lokela ho ananela tokisetso eo e babatsehang. A re tsweleng pele ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho bonahatsa kgalalelo ya Jehova ka hore re kgomarele melao ya hae e lokileng!

^ ser. 2 Ka 1932, buka ya bobedi ya Vindication e ile ya bontsha ka lekgetlo la pele hore boprofeta ba Bibele bo mabapi le ho tsosoloswa ha batho ba Modimo naheng ya habo bona ha bo a ka ba phethahala ho Iseraele ya nama empa bo phethahetse ho Iseraele ya moya. Boprofeta boo bo bua ka ho tsosoloswa ha borapedi bo hlwekileng. Molula-Qhooa wa March 1, 1999, o ile wa hlalosa hore pono ya Ezekiele ke boprofeta bo amanang le tsosoloso eo, kahoo bo na le phethahatso ya bohlokwa matsatsing a ho qetela.

^ ser. 6 Boitlamo bo ne bo bolela hore haeba batho ba bong bo sa tshwaneng ba le ka phaposing e le nngwe, ba lokela ho bula monyako, ntle le haeba e le banyalani kapa ba amana. Ka dilemo tse ngata, lelapa la Bethele le ile la nna la pheta boitlamo bona hoseng ho hong le ho hong nakong ya temana ya letsatsi.

^ ser. 13 Ho sebedisa kwae ho akarelletsa ho e tsuba, ho e hlafuna kapa ho e lema.

^ ser. 27 Ka mohlala, sheba kgaolo ya 32 ya Ithute ho Mosuoe e Moholo; o boele o shebe Tsoha! ya October 2007 leqhepheng la 3-11.