Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 16

Ho Bokana Hammoho Bakeng sa Borapeli

Ho Bokana Hammoho Bakeng sa Borapeli

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Ho ithuta kamoo liboka tsa rōna li qalileng kateng le bohlokoa ba tsona

1. Ha balateli ba Jesu ba ne ba bokane hammoho, ba ile ba fumana thuso efe, hona ke hobane’ng ha ba ne ba e hloka?

NAKOANA ka mor’a hore Jesu a tsosoe, balateli ba hae ba ile ba bokana hammoho e le hore ba khothatsane. Leha ho le joalo, ba ile ba notlela menyako ka lebaka la ho tšaba lira tsa bona. E tlameha ebe ba ile ba khaotsa ho tšoha ha Jesu a hlaha har’a bona ’me a re: “Amohelang moea o halalelang”! (Bala Johanne 20:19-22.) Ka mor’a moo, balateli ba hae ba ile ba bokana hape ’me Jehova o ile a ba tšollela moea o halalelang. Ruri ba ile ba fumana matla a ho etsa mosebetsi oa boboleli o neng o larile ka pele!—Lik. 2:1-7.

2. (a) Jehova o re fa matla joang, hona ke hobane’ng ha re a hloka? (b) Ke hobane’ng ha tokisetso ea Borapeli ba Lelapa e le ea bohlokoa hakaale? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe le lebokose le reng, “ Borapeli ba Lelapa,” leqepheng la 175.)

2 Re tobana le mathata a tšoanang le a barab’abo rōna ba lekholong la pele la lilemo. (1 Pet. 5:9) Ka linako tse ling, ba bang ba rōna ba ka ba le bothata ba ho tšaba batho. Re boetse re hloka hore Jehova a re fe matla e le hore re mamelle mosebetsing oa boboleli. (Baef. 6:10) O re fa matla ao ha re e-ba teng libokeng. Hona joale re na le monyetla oa ho ba teng libokeng tse peli ka beke, e leng Seboka sa Phatlalatsa hammoho le Thuto ea Molula-Qhooa le seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rōna. * Re boetse re thabela ho ba teng libokeng tse ’nè tse khethehileng selemo le selemo, e leng kopano ea setereke, likopano tse peli tsa potoloho le Sehopotso. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re be teng libokeng tseo kaofela? Liboka tsa rōna tsa mehleng ena li qalile joang? Hona tsela eo re ikutloang ka eona ka liboka tsee e senola eng ka rōna?

Ke Hobane’ng ha re Bokana Hammoho?

3, 4. Jehova o batla hore batho ba hae ba etse’ng? Fana ka mehlala.

3 Ho tloha khale, Jehova o ’nile a laela batho ba hae hore ba bokane hammoho e le hore ba mo rapele. Ka mohlala, ka 1513 B.C.E., Jehova o ile a fa sechaba sa Iseraele Molao o neng o akaretsa le taelo ea hore beke le beke lelapa ka leng le boloke Sabatha, e le hore le ka mo rapela le ho fumana litaelo tse tsoang Molaong oo. (Deut. 5:12; 6:4-9) Ha Baiseraele ba ne ba latela taelo eo, malapa a bona a ne a matlafala ’me sechaba ka kakaretso se ne se lula se hloekile moeeng se bile se le matla. Ha sechaba se ne se sa mamele litaelo tsa Molao oo tse kang ho bokana hammoho e le hore se rapele Jehova, o ne a se lahla.—Lev. 10:11; 26:31-35; 2 Likron. 36:20, 21.

4 Nahana hape ka mohlala oo Jesu a re behetseng ona. O ne a ea synagogeng beke le beke ka Sabatha. (Luka 4:16) Ka mor’a lefu la Jesu le tsoho ea hae, balateli ba hae ba ile ba tsoela pele ho bokana hammoho le hoja ba ne ba se tlas’a molao oa Sabatha. (Lik. 1:6, 12-14; 2:1-4; Bar. 14:5; Bakol. 2:13, 14) Ha ba le libokeng tseo, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa fumane litaelo feela le ho khothatsoa empa ba ne ba etsetsa Molimo mahlabelo ka ho rapela, ka ho arabela le ka ho bina.—Bakol. 3:16; Baheb. 13:15.

Barutuoa ba Jesu ba ne ba bokana hammoho e le hore ba khothatsane le ho matlafatsana

5. Ke hobane’ng ha re ba teng libokeng tsa beke le beke le likopanong tsa selemo le selemo? (Sheba le lebokose le reng, “ Likopano Tsa Selemo le Selemo Tse Momahanyang Batho ba Molimo”.)

5 Ka ho tšoanang, ha re bokana hammoho libokeng tsa rōna tsa beke le beke le likopanong tsa selemo le selemo, re bontša hore re tšehetsa ’Muso oa Molimo, re amohela matla a moea o halalelang ebile re khothatsa ba bang ka likarabelo tsa rōna. Habohlokoa le ho feta, re fumana monyetla oa ho rorisa Jehova ha re mo rapela, ha re arabela le ha re bina. Le hoja tsela eo liboka tsa rōna li hlophisitsoeng ka eona e fapane le ea mehleng ea Baiseraele le ea Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, liboka tsa rōna li ntse li le bohlokoa ka tsela e tšoanang. Liboka tsa rōna tsa mehleng ena li qalile joang?

Liboka Tsa Beke le Beke Tse re Susumelletsang “Leratong le Mesebetsing e Metle”

6, 7. (a) Morero oa liboka tsa rōna ke ofe? (b) Liboka li ’nile tsa fapana joang ho ea ka lihlopha?

6 Ha Mor’abo rōna Charles Taze Russell a qala ho batla linnete ka Lentsoeng la Molimo, o ile a bona ho hlokahala hore a bokane hammoho le ba neng ba e-na le sepheo se tšoanang le sa hae. Ka 1879, Russell o ile a ngola a re: “’Na, hammoho le ba bang Pittsburgh, re ile ra hlophisa hore ho be le tlelase ea bibele moo re neng re hlahloba Mangolo Sontaha se seng le se seng.” Babali ba Zion’s Watch Tower ba ile ba khothalletsoa ho bokana hammoho ’me ka 1881, liboka li ne li tšoareloa Pittsburgh, Pennsylvania, Sontaha se seng le se seng le Laboraro le leng le le leng. Makasine ea Watch Tower ea November 1895 e ile ea re morero oa liboka tseo ke hore “Bakreste ba tsebane hamolemo, ba ratane ’me ba arolelane lintho tseo ba ithutang tsona” le hore ba teng libokeng ba khothatsane.—Bala Baheberu 10:24, 25.

7 Ka lilemo tse ngata, tsela eo liboka li hlophisoang ka eona le makhetlo ao li tšoaroang ka ’ona a ’nile a fapana ho ea ka lihlopha tsa Liithuti Tsa Bibele. Ka mohlala, sehlopha se seng sa United States se ile sa ngola lengolo le ileng la hatisoa ka 1911 le neng le re: “Re tšoara liboka tsa rōna ka makhetlo a mahlano beke ka ’ngoe.” Ba ne ba li tšoara ka Mantaha, Laboraro, Labohlano le habeli ka Sontaha. Lengolo le leng, le tsoang sehlopheng se neng se le Afrika, le ileng la hatisoa ka 1914 le ile la re: “Re tšoara liboka habeli ka khoeli, li qala ka Labohlano ho fihlela ka Sontaha.” Leha ho le joalo, ha nako e ntse e tsamaea, tsela eo re neng re tšoara liboka ka eona e ile ea fetoha. A re ke re tšohle ka bokhutšoanyane tsela eo seboka ka seng se qalileng ka eona.

8. Mehleng ea pele, lihlooho tse ling tsa lipuo tsa phatlalatsa e ne e le life?

8 Seboka sa Phatlalatsa. Ka 1880, selemo ka mor’a hore Mor’abo rōna Russell a qale ho hatisa makasine ea Zion’s Watch Tower, o ile a latela mohlala oa Jesu ’me a qala ho nka leeto la boboleli. (Luka 4:43) Ha a ntse a tsamaea joalo, Mor’abo rōna Russell o ile a theha seboka seo re se tsebang e le Seboka sa Phatlalatsa kajeno. Ha Watch Tower e bua ka leeto la Mor’abo rōna Russell, e ile ea re “o tla thabela ho tšoara liboka tsa phatlalatsa tse mabapi le ‘Lintho tse Amanang le ’Muso oa Molimo.’” Ka 1911, ka mor’a hore ho thehoe liphutheho linaheng tse ’maloa, e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e ile ea khothalletsoa ho romela libui tse tšoanelehang ho ea liphuthehong tse haufi hore li fane ka lipuo tse tšeletseng tse nang le lihlooho tse kang kahlolo le thekollo. Qetellong ea puo ka ’ngoe, lebitso la sebui le sehlooho sa puo ea bekeng e latelang li ne li phatlalatsoa.

9. Seboka sa Phatlalatsa se ’nile sa ntlafala joang lilemong tse fetileng, hona u ka se tšehetsa joang?

9 Ka 1945, The Watchtower e ile ea phatlalatsa hore ho tla tšoaroa Seboka sa Phatlalatsa lefatšeng lohle se akaretsang lipuo tse robeli tsa Bibele tse neng li bua ka “mathata a potlakileng a mehleng eo.” Ka lilemo tse mashome, libui li ne li sa sebelise lihlooho tse tsoang ho lekhoba le tšepahalang feela, empa li ne li sebelisa le tseo li iketselitseng tsona. Leha ho le joalo, ka 1981, libui tsohle li ile tsa laeloa ho theha lipuo tsa tsona likemisong tse fuoeng liphutheho. * Ho fihlela ka 1990, likemiso tse ling tsa lipuo tsa phatlalatsa li ne li e-na le litaelo tsa hore bamameli ba arabele kapa ba etse lipontšo; empa hona selemong seo litaelo li ile tsa ntlafatsoa ’me lipuo tsa phatlalatsa li ne li se li fanoa e le lipuo feela. Ntlafatso e ’ngoe e ile ea etsoa ka January 2008 ha lipuo tsa phatlalatsa li ne li fokotsoa hore li nke metsotso e 30 ho e-na le e 45. Le hoja liphetoho li ile tsa etsoa tseleng eo lipuo tsa phatlalatsa li fanoang ka eona, lipuo tse lokiselitsoeng hantle li ntse li tsoela pele ho matlafatsa tumelo ea rōna Lentsoeng la Molimo le ho re ruta ka lintlha tse fapaneng tse amanang le ’Muso oa Molimo. (1 Tim. 4:13, 16) Na ka cheseho u mema bohle bao u ithutang le bona le batho ba bang bao eseng Lipaki ho tla ikutloela lintlha tseo tsa bohlokoa tse thehiloeng Bibeleng?

10-12. (a) Ho entsoe liphetoho life tseleng eo Thuto ea Molula-Qhooa e tšoaroang ka eona? (b) Ke lipotso life tseo u lokelang ho ipotsa tsona?

10 Thuto ea Molula-Qhooa. Ka 1922, barab’abo rōna ba neng ba romeloa ke Mokhatlo oa Watch Tower hore ba fane ka lipuo liphuthehong le ho etella pele mosebetsing oa boboleli, ba ile ba etsa tlhahiso ea hore ho be le seboka sa Molula-Qhooa se tšoaroang kamehla. Tlhahiso ena e ile ea amoheloa ’me qalong, thuto ea Molula-Qhooa e ne e tšoaroa har’a beke kapa ka Sontaha.  

Thuto ea Molula-Qhooa, Ghana ka 1931

11 Makasine ea Watchtower ea June 15, 1932, e ile ea fana ka boitsebiso bo eketsehileng bo neng bo hlalosa hore na seboka sena se lokela ho tšoaroa joang. Makasine eo e ile ea etsa mohlala ka seboka se tšoaroang Lehaeng la Bethele ’me ea bolela hore se lokela ho khannoa ke mor’abo rōna. Barab’abo rōna ba bararo ba ne ba lula ka pele ’me ba chenchana ka ho bala lirapa. Mehleng eo, lihlooho tse ithutoang li ne li se na lipotso, kahoo mokhanni o ne a laetsoe hore a kōpe bamameli hore ba botse lipotso mabapi le boitsebiso bo tšohloang. Ka mor’a moo, o ne a kōpa bamameli hore ba fane ka likarabo lipotsong tseo tse botsitsoeng. Haeba ho ne ho hlokahala hore ho hlakisoe lintlha tse itseng, mokhanni o ne a fana ka “tlhaloso e khutšoanyane le e tobileng”.

12 Qalong, phutheho ka ’ngoe e ne e lumeletsoe ho ikhethela makasine eo bongata bo neng bo ka rata ho e tšohla. Leha ho le joalo, Watchtower ea April 15, 1933, e ile ea bolela hore liphutheho tsohle li lokela ho sebelisa khatiso e ntšitsoeng hona khoeling eo. Ka 1937, ho ile ha fanoa ka tataiso ea hore seboka seo se tšoaroe ka Sontaha. Lintlafatso tse eketsehileng tse ileng tsa etsa hore seboka seo se be ka tsela eo re se tsebang ka eona kajeno, li ile tsa phatlalatsoa ho Watchtower ea October 1, 1942. Qalong, makasine eo e ile ea phatlalatsa hore ho tla ba le lipotso tse lokelang ho tšohloa tse tla hlaha botlaaseng ba leqephe ka leng la lihlooho tse ithutoang. E ile ea boela ea bolela hore seboka seo se lokela ho nka hora. E ile ea khothalletsa hore ba fanang ka likarabo, ba arabele “ka mantsoe a bona” ho e-na le hore ba bale karolo e itseng ea serapa. Thuto ea Molula-Qhooa e ntse e le seboka se ka sehloohong seo ho sona lekhoba le tšepahalang le fanang ka lijo tsa moea ka nako e loketseng. (Mat. 24:45) E mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa: ‘Na ke lokisetsa thuto ea Molula-Qhooa beke le beke? Haeba ke khona, na kea arabela ha ke le sebokeng see?’

13, 14. Seboka sa Thuto ea Bibele ea Phutheho se qalile joang, hona ke’ng se u thabisang ka seboka see?

13 Thuto ea Bibele ea Phutheho. Bohareng ba lilemo tsa bo-1890, ka mor’a hore ho lokolloe libuka tse ’maloa tsa Millennial Dawn, Mor’abo rōna H. N. Rahn, e leng Seithuti sa Bibele se neng se lula motsaneng oa Baltimore, Maryland, U.S.A., o ile a etsa tlhahiso ea hore ho tšoaroe liboka tsa “Mantsiboea a Thuto ea Bibele.” Qalong, liboka tsena li ne li tšoareloa matlong a barab’abo rōna e le ha ho lekoa ho bona hore na li tla atleha. Leha ho le joalo, ka September 1895, seboka sa Mantsiboea a Thuto ea Bibele se ne se tšoaroa metseng e mengata, United States. Makasine ea WatchTower ea khoeli eo e ile ea bolela hore Liithuti tsohle tsa Bibele li tšoare liboka tseo. E ile ea boela ea bontša hore mor’abo rōna ea khannang seboka seo e lokela ho ba ’mali ea hloahloa. O ne a lokela ho bala polelo ebe o emela bohle ba teng hore ba arabele. Ka mor’a hore a bale polelo ka ’ngoe e serapeng ’me e tšohloe, o ne a lokela ho bala mangolo a hlahang serapeng. Qetellong ea khaolo, e mong le e mong ea teng libokeng o ne a lokela ho arabela ka bokhutšoanyane hore na o ithutile’ng.

14 Lebitso la seboka sena le ’nile la fetoha ka makhetlo a ’maloa. Se ile sa bitsoa Lihlopha Tsa Berea Tsa Thuto ea Bibele, se rehelletsoe ka Baberea ba lekholong la pele la lilemo, ba neng ba hlahloba Mangolo ka hloko. (Lik. 17:11) Ka mor’a nako, le ile la fetoha ’me seboka seo se ile sa bitsoa Thuto ea Buka ea Phutheho. Hona joale se bitsoa Thuto ea Bibele ea Phutheho ’me phutheho eohle e bokana hammoho Holong ea ’Muso ho e-na le ho bokana mahaeng a barab’abo rōna ka lihlopha. Ka lilemo tse mashome, ho ile ha ithutoa libuka, libukana le lihlooho tsa Molula-Qhooa sebokeng sena. Ho tloha khale, bohle ba neng ba e-ba teng ba ne ba khothalletsoa ho nka karolo sebokeng. Seboka sena se re thusitse ho eketsa tsebo ea rōna ka Bibele. Na u lokisetsa seboka see kamehla le ho nka karolo ho sona ha u khona?

15. Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se ne se entsoe ka lebaka lefe?

15 Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Carey Barber, eo ka nako eo a neng a sebeletsa ntlo-khōlō e Brooklyn, New York o ile a re: “Bosiu ba Mantaha oa la 16 February, 1942, barab’abo rōna bohle ba neng ba sebeletsa Bethele ba ile ba memeloa ho ingolisa sekolong seo hamorao se neng se tla bitsoa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.” Mor’abo rōna Barber, eo hamorao e ileng ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang, o ile a hlalosa sekolo seo e le “e ’ngoe ea liphetoho tse hlollang tseo Jehova a ileng a li tlisetsa batho ba hae mehleng ena.” Sekolo sena se ile sa thusa barab’abo rōna ho ntlafatsa ho ruta ha bona le bokhoni ba bona ba ho etsa mosebetsi oa boboleli hoo ho tloha ka 1943, bukana ea Course in Theocratic Ministry e ileng ea ajoa liphuthehong lefatšeng lohle. Makasine ea Watchtower ea June 1, 1943, e ile ea re Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se ne se etselitsoe ho thusa batho ba Molimo ho “ikoetlisetsa ho ba lipaki tse hloahloa ha li bolela ka ’Muso.”—2 Tim. 2:15.

16, 17. Na Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se ne se ruta batho ho fana ka lipuo feela? Hlalosa.

16 Qalong, ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba neng ba tšaba ho fana ka lipuo ka pel’a batho ba bangata. Clayton Woodworth, Jr., eo ntate oa hae a ileng a koalloa chankaneng le Mor’abo rōna Rutherford le ba bang ka 1918, o hopola kamoo a ileng a ikutloa kateng ha a qala ho kenela sekolo sena ka 1943. O ile a re: “Ho ne ho le boima ho fana ka lipuo. Ke ne ke sa khone ho bua, lehano la ka le ne le omella haholo ’me molumo oa lentsoe la ka o ne o feto-fetoha hangata.” Leha ho le joalo, ha Clayton a ntse a ntlafatsa bokhoni ba hae, o ile a beha lipuo tse ngata. Ntle le ho ithuta ho fana ka lipuo, mor’abo rōna Clayton o ile a ithuta lintho tse ngata sekolong sena. O ile a ithuta bohlokoa ba ho ikokobetsa le ba ho tšepa Jehova. O re: “Ke ile ka hlokomela hore ha e le hantle motho ea fanang ka puo hase eena oa bohlokoa. Empa ha a lokisetsa hantle ’me a tšepa Jehova, bamameli ba tla thabela ho mo mamela ’me ba tla ithuta lintho tsa bohlokoa.”

17 Ka 1959, baralib’abo rōna ba ile ba memeloa ho ingolisa sekolong sena. Morali’abo rōna Edna Bauer, o hopola ha a ne a utloa tsebiso eo kopanong eo a neng a ile ho eona. O ile a re: “ Ke hopola kamoo baralib’abo rōna ba ileng ba thaba kateng. Ba ne ba se ba bulehetsoe ke menyetla e mengata.” Bara le barali babo rôna ba bangata ba ile ba kenela Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e le hore ba rutoe ke Jehova. Re ntse re rutoa ka tsela e tšoanang hona joale libokeng tsa har’a beke.Bala Esaia 54:13.

18, 19. (a) Re thusoa joang hona joale e le hore re etse mosebetsi oa boboleli? (b) Ke hobane’ng ha re bina libokeng? (Sheba lebokose le reng, “ Ho Bina ’Nete.”)

18 Seboka sa Tšebeletso. Ho tloha mathoasong a bo-1919, ho ne ho tšoaroa liboka e le hore ho hlophisoe tšebeletso ea tšimo. Ka nako eo, e ne e se batho bohle ka phuthehong ba neng ba e-ba teng sebokeng seo—ho ne ho tla feela ba neng ba tsamaisa lingoliloeng. Ka 1923, Seboka sa Tšebeletso se ne se tšoaroa hanngoe ka khoeli ’me bohle ka phuthehong ba ne ba lokela ho ba teng. Ka 1928, liphutheho li ile tsa khothalletsoa ho tšoara seboka seo beke le beke ’me ka 1935, The Watchtower e ile ea khothalletsa liphutheho ho theha Seboka sa Tšebeletso boitsebisong bo neng bo hlaha ho Director (eo hamorao e ileng ea bitsoa Informant eaba e bitsoa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso). Ho e-s’o ee kae, liphutheho tsohle li ne li se li tšoara seboka sena beke le beke.

19 Hona joale re thusoa ho etsa mosebetsi oa boboleli libokeng tsa har’a beke. (Mat. 10:5-13) Haeba u fumana Kemiso ea Liboka, na ua e bala le ho sebelisa likeletso tse hlahang ho eona ha u le boboleling?

Seboka sa Bohlokoa ka ho Fetisisa Selemong

Ho tloha lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba ne ba bokana hammoho selemo le selemo ho keteka Sehopotso tsa lefu la Kreste (Sheba serapa sa 20)

20-22. (a) Ke hobane’ng ha re ikhopotsa lefu la Jesu? (b) U rua molemo ofe ka ho ba teng Sehopotsong sa selemo le selemo?

20 Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba ikhopotse lefu la hae ho fihlela a fihla. Joaloka mokete oa Paseka, Sehopotso sa lefu la Kreste ke ketsahalo ea selemo le selemo. (1 Bakor. 11:23-26) Batho ba limilione ba e-ba teng sebokeng sena selemo le selemo. Se hopotsa batlotsuoa ka tokelo eo ba nang le eona ea ho ba majalefa a ’Muso hammoho le Kreste. (Bar. 8:17) Ho linku tse ling, se etsa hore ba be le tlhompho e tebileng le ho bontša botšepehi ho Morena oa ’Muso oa Molimo.—Joh. 10:16.

21 Mor’abo rōna Russell le metsoalle ea hae ba ile ba hlokomela bohlokoa ba ho hopola Lijo tsa Shoalane Tsa Morena ’me ba ne ba tseba hore li lokela ho ketekoa hanngoe ka selemo. Makasine ea Watch Tower ea April 1880 e ile ea re: “Re ’nile ra keteka Paseka [Sehopotso] ka lilemo tse ’maloa mona Pittsburgh . . . re ja litšoantšetso tsa ’mele le mali a Morena oa rōna.” Nakoana ka mor’a moo ho ile ha tšoaroa likopano ka nako ea Sehopotso. Lekhetlo la pele ha ho ne ho tlalehoa batho ba bileng teng kopanong e ne e le ka 1889, kopanong eo ho neng ho tlile batho ba 225 ’me ha kolobetsoa ba 22.

22 Kajeno, Sehopotso ha e sa le karolo ea lenaneo la kopano, empa re memela batho bohle Holong ea ’Muso kapa sebakeng seo re se hirileng ho tla se keteka le rōna. Ka 2013, batho ba ka holimo ho limilione tse 19 ba ile ba ikhopotsa lefu la Jesu. Ha re thabele feela ho ba teng Sehopotsong empa re boetse re thabela le ho mema ba bang ho tla ba le rōna bosiung bona bo halalelang! Na ka cheseho u mema batho ba bangata kamoo u ka khonang Sehopotsong sa selemo le selemo?

Tsela eo re Ikutloang ka Eona ka Liboka e Senola Eng?

23. U ikutloa joang ka liboka?

23 Bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ha ba nke taelo ea hore ba bokane hammoho e le moroalo. (Baheb. 10:24, 25; 1 Joh. 5:3) Ka mohlala, Morena Davida, o ne a rata ho ea ntlong ea Jehova e le hore a mo rapele. (Pes. 27:4) O ne a thabela ho etsa seo haholo-holo ha a e-na le batho ba neng ba rata Molimo. (Pes. 35:18) Nahana hape ka mohlala oa Jesu. Esita leha e ne e sa le mocha, o ne a e-na le takatso e matla ea ho ba ka tlung ea Ntate oa hae.—Luka 2:41-49.

Ha re bokana hammoho seo se bontša hore ’Muso oa Molimo ke oa sebele ho rōna

24. Ha re e-ba teng libokeng, re fumana menyetla ea ho etsa’ng?

24 Ha re e-ba teng libokeng, re bontša hore re rata Jehova ebile re batla ho khothatsa bara le barali babo rōna. Re boetse re bontša hore re na le takatso ea ho ithuta ho phelisana hammoho re le bafo ba ’Muso oa Molimo, hobane ke hona libokeng, likopanong tse khōlō le tse nyenyane moo re fumanang koetliso ena. Ho feta moo, liboka tsa rōna li ntlafatsa bokhoni ba rōna le ho re thusa ho mamella ha re ntse re etsa mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa o etsoang ke ’Muso oa Molimo kajeno, e leng oa ho ruta le ho koetlisa balateli ba Morena Jesu Kreste. (Bala Matheu 28:19, 20.) Ntle ho pelaelo, ha re bokana hammoho seo se bontša hore ’Muso oa Molimo ke oa sebele ho rōna re le batho ka bomong. E se eka re ka lula re ananela liboka tsa rōna!

^ ser. 2 Ho phaella ho liboka tsa rōna tsa beke le beke, motho e mong le e mong kapa lelapa le leng le le leng le khothalletsoa ho behella ka thōko nako ea ho ithuta.

^ ser. 9 Ka 2013, ho ne ho se ho e-na le likemiso tsa lipuo tsa phatlalatsa tse fetang 180.