Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 16

Ho Bokana Hammoho Bakeng sa Borapedi

Ho Bokana Hammoho Bakeng sa Borapedi

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Ho ithuta kamoo diboka tsa rona di qadileng kateng le bohlokwa ba tsona

1. Ha balatedi ba Jesu ba ne ba bokane hammoho, ba ile ba fumana thuso efe, hona ke hobaneng ha ba ne ba e hloka?

NAKWANA ka mora hore Jesu a tsoswe, balatedi ba hae ba ile ba bokana hammoho e le hore ba kgothatsane. Leha ho le jwalo, ba ile ba notlela menyako ka lebaka la ho tshaba dira tsa bona. E tlameha ebe ba ile ba kgaotsa ho tshoha ha Jesu a hlaha hara bona mme a re: “Amohelang moya o halalelang”! (Bala Johanne 20:19-22.) Ka mora moo, balatedi ba hae ba ile ba bokana hape mme Jehova o ile a ba tshollela moya o halalelang. Ruri ba ile ba fumana matla a ho etsa mosebetsi wa boboledi o neng o larile ka pele!—Lik. 2:1-7.

2. (a) Jehova o re fa matla jwang, hona ke hobaneng ha re a hloka? (b) Ke hobaneng ha tokisetso ya Borapedi ba Lelapa e le ya bohlokwa hakaale? (Sheba mongolo o botlaseng ba leqephe le lebokose le reng, “ Borapedi ba Lelapa,” leqepheng la 175.)

2 Re tobana le mathata a tshwanang le a barababo rona ba mehleng ya Jesu. (1 Pet. 5:9) Ka dinako tse ding, ba bang ba rona ba ka ba le bothata ba ho tshaba batho. Re boetse re hloka hore Jehova a re fe matla e le hore re mamelle mosebetsing wa boboledi. (Baef. 6:10) O re fa matla ao ha re e ba teng dibokeng. Hona jwale re na le monyetla wa ho ba teng dibokeng tse pedi tse rutang tsa beke le beke, e leng Seboka sa Phatlalatsa hammoho le Thuto ya Molula-Qhooa, le seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona. * Re boetse re thabela ho ba teng kopanong ya setereke, dikopanong tse pedi tsa potoloho le Sehopotsong sa lefu la Kreste. Ke hobaneng ha e le habohlokwa hore re be teng dibokeng tseo kaofela? Diboka tsa rona tsa mehleng ena di qadile jwang? Hona tsela eo re ikutlwang ka yona ka diboka tsee e senola eng ka rona?

Ke Hobaneng ha re Bokana Hammoho?

3, 4. Jehova o batla hore batho ba hae ba etseng? Fana ka mehlala.

3 Ho tloha kgale, Jehova o ile a nna a laela batho ba hae hore ba bokane hammoho e le hore ba mo rapele. Ka mohlala, ka 1513 pele ho mehla ya Jesu, Jehova o ile a fa setjhaba sa Iseraele Molao o neng o akaretsa le taelo ya hore beke le beke lelapa ka leng le boloke Sabatha, e le hore le ka mo rapela le ho fumana ditaelo tse tswang Molaong oo. (Deut. 5:12; 6:4-9) Ha Baiseraele ba ne ba latela taelo eo, malapa a bona a ne a matlafala mme setjhaba ka kakaretso se ne se dula se hlwekile moyeng se bile se le matla. Ha setjhaba se ne se sa mamele ditaelo tsa Molao oo tse kang ho bokana hammoho e le hore se rapele Jehova, o ne a se lahla.—Lev. 10:11; 26:31-35; 2 Likron. 36:20, 21.

4 Nahana hape ka mohlala oo Jesu a re behetseng wona. O ne a ya synagogeng beke le beke ka Sabatha. (Luka 4:16) Ka mora lefu la Jesu le tsoho ya hae, balatedi ba hae ba ile ba tswela pele ho bokana hammoho le hoja ba ne ba se tlasa molao wa Sabatha. (Lik. 1:6, 12-14; 2:1-4; Bar. 14:5; Bakol. 2:13, 14) Ha ba le dibokeng tseo, Bakreste ba mehleng ya Jesu ba ne ba sa fumane ditaelo feela le ho kgothatswa empa ba ne ba etsetsa Modimo mahlabelo ka ho rapela, ka ho arabela le ka ho bina.—Bakol. 3:16; Baheb. 13:15.

Barutuwa ba Jesu ba ne ba bokana hammoho e le hore ba kgothatsane le ho matlafatsana

5. Ke hobaneng ha re ba teng dibokeng tsa beke le beke le dikopanong tsa selemo le selemo? (Sheba le lebokose le reng, “ Dikopano Tsa Selemo le Selemo Tse Momahanyang Batho ba Modimo,” leqepheng la 176.)

5 Ka ho tshwanang, ha re bokana hammoho dibokeng tsa rona tsa beke le beke le dikopanong tsa selemo le selemo, re bontsha hore re tshehetsa Mmuso wa Modimo, re amohela matla a moya o halalelang ebile re kgothatsa ba bang ka dikarabelo tsa rona. Habohlokwa le ho feta, re fumana monyetla wa ho rorisa Jehova ha re mo rapela, ha re arabela le ha re bina. Le hoja tsela eo diboka tsa rona di hlophisitsweng ka yona e fapane le ya mehleng ya Baiseraele le ya Bakreste ba mehleng ya Jesu, diboka tsa rona di ntse di le bohlokwa ka tsela e tshwanang. Diboka tsa rona tsa mehleng ena di qadile jwang?

Diboka Tsa Beke le Beke Tse re Kgothalletsang hore re be le ‘Lerato le ho Etsa Mesebetsi e Metle’

6, 7. (a) Morero wa diboka tsa rona ke ofe? (b) Diboka di ile tsa nna tsa fapana jwang ho ya ka dihlopha?

6 Ha Morabo rona Charles Taze Russell a qala ho batla dinnete ka Lentsweng la Modimo, o ile a bona ho hlokahala hore a bokane hammoho le ba neng ba e na le sepheo se tshwanang le sa hae. Ka 1879, Russell o ile a ngola a re: “Nna, hammoho le ba bang Pittsburgh, re ile ra hlophisa hore ho be le tlelase ya bibele moo re neng re hlahloba Mangolo Sontaha se seng le se seng.” Babadi ba Zion’s Watch Tower ba ile ba kgothalletswa ho bokana hammoho mme ka 1881, diboka di ne di tshwarelwa Pittsburgh, Pennsylvania, Sontaha se seng le se seng le Laboraro le leng le le leng. Makasine ya Watch Tower ya November 1895 e ile ya re morero wa diboka tseo ke hore “Bakreste ba tsebane hamolemo, ba ratane mme ba arolelane dintho tseo ba ithutang tsona” le hore ba teng dibokeng ba kgothatsane.—Bala Baheberu 10:24, 25.

7 Ka dilemo tse ngata, tsela eo diboka di hlophiswang ka yona le makgetlo ao di tshwarwang ka ona a ile a nna a fapana ho ya ka dihlopha tsa Baithuti ba Bibele. Ka mohlala, sehlopha se seng sa United States se ile sa ngola lengolo le ileng la hatiswa ka 1911 le neng le re: “Re tshwara diboka tsa rona ka makgetlo a mahlano beke ka nngwe.” Ba ne ba di tshwara ka Mantaha, Laboraro, Labohlano le habedi ka Sontaha. Lengolo le leng, le tswang sehlopheng se neng se le Afrika, le ileng la hatiswa ka 1914 le ile la re: “Re tshwara diboka habedi ka kgwedi, di qala ka Labohlano ho fihlela ka Sontaha.” Leha ho le jwalo, ha nako e ntse e tsamaya, tsela eo re neng re tshwara diboka ka yona e ile ya fetoha. A re ke re hlahlobe ka bokgutshwanyane tsela eo seboka ka seng se qadileng ka kateng.

8. Mehleng ya pele, dihlooho tse ding tsa dipuo tsa phatlalatsa e ne e le dife?

8 Seboka sa Phatlalatsa. Ka 1880, selemo ka mora hore Morabo rona Russell a qale ho hatisa makasine ya Zion’s Watch Tower, o ile a latela mohlala wa Jesu mme a qala ho nka leeto la boboledi. (Luka 4:43) Ha a ntse a tsamaya jwalo, Morabo rona Russell o ile a theha seboka seo re se tsebang e le Seboka sa Phatlalatsa kajeno. Ha Watch Tower e bua ka leeto la Morabo rona Russell, e ile ya re “o tla thabela ho tshwara diboka tsa phatlalatsa tse mabapi le ‘Dintho tse Amanang le Mmuso wa Modimo.’” Ka 1911, ka mora hore ho thehwe diphutheho dinaheng tse mmalwa, e nngwe le e nngwe ya tsona e ile ya kgothalletswa ho romela dibui tse tshwanelehang ho ya diphuthehong tse haufi hore di fane ka dipuo tse tsheletseng tse nang le dihlooho tse kang kahlolo le thekollo. Qetellong ya puo ka nngwe, lebitso la sebui le sehlooho sa puo ya bekeng e latelang di ne di phatlalatswa.

9. Seboka sa Phatlalatsa se ile sa nna sa ntlafala jwang dilemong tse fetileng, hona o ka se tshehetsa jwang?

9 Ka 1945, The Watchtower e ile ya phatlalatsa hore ho tla tshwarwa Seboka sa Phatlalatsa lefatsheng lohle se akaretsang dipuo tse robedi tsa Bibele tse neng di bua ka “mathata a potlakileng a mehleng eo.” Ka dilemo tse mashome, dibui di ne di sa sebedise dihlooho tse tswang ho lekgoba le tshepahalang feela, empa di ne di sebedisa le tseo di iketseditseng tsona. Leha ho le jwalo, ka 1981, dibui tsohle di ile tsa laelwa ho theha dipuo tsa tsona dikemisong tse fuweng diphutheho. * Ho fihlela ka 1990, dikemiso tse ding tsa dipuo tsa phatlalatsa di ne di e na le ditaelo tsa hore bamamedi ba arabele kapa ba etse dipontsho; empa hona selemong seo ditaelo di ile tsa ntlafatswa mme dipuo tsa phatlalatsa di ne di se di fanwa e le dipuo feela. Ntlafatso e nngwe e ile ya etswa ka January 2008 ha dipuo tsa phatlalatsa di ne di fokotswa hore di nke metsotso e 30 ho e na le e 45. Le hoja diphetoho di ile tsa etswa tseleng eo dipuo tsa phatlalatsa di fanwang ka yona, dipuo tse lokiseditsweng hantle di ntse di tswela pele ho matlafatsa tumelo ya rona Lentsweng la Modimo le ho re ruta ka dintlha tse fapaneng tse amanang le Mmuso wa Modimo. (1 Tim. 4:13, 16) Na ka tjheseho o mema bohle bao o ithutang le bona le batho ba bang bao eseng Dipaki ho tla ikutlwela dintlha tseo tsa bohlokwa tse thehilweng Bibeleng?

10-12. (a) Ho entswe diphetoho dife tseleng eo Thuto ya Molula-Qhooa e tshwarwang ka yona? (b) Ke dipotso dife tseo o lokelang ho ipotsa tsona?

10 Thuto ya Molula-Qhooa. Ka 1922, barababo rona ba neng ba romelwa ke Mokgatlo wa Watch Tower hore ba fane ka dipuo diphuthehong le ho etella pele mosebetsing wa boboledi, ba ile ba etsa tlhahiso ya hore ho be le seboka sa Molula-Qhooa se tshwarwang kamehla. Tlhahiso ena e ile ya amohelwa mme qalong, thuto ya Molula-Qhooa e ne e tshwarwa hara beke kapa ka Sontaha.

Thuto ya Molula-Qhooa, Ghana ka 1931

11 Makasine ya Watchtower ya June 15, 1932, e ile ya fana ka boitsebiso bo eketsehileng bo neng bo hlalosa hore na seboka sena se lokela ho tshwarwa jwang. Makasine eo e ile ya etsa mohlala ka seboka se tshwarwang Lehaeng la Bethele mme ya bolela hore se lokela ho kgannwa ke morabo rona. Barababo rona ba bararo ba ne ba dula ka pele mme ba tjhentjhana ka ho bala dirapa. Mehleng eo, dihlooho tse ithutwang di ne di se na dipotso, kahoo mokganni o ne a laetswe hore a kope bamamedi hore ba botse dipotso mabapi le boitsebiso boo ho buuwang ka bona. Ka mora moo, o ne a kopa bamamedi hore ba fane ka dikarabo dipotsong tseo tse botsitsweng. Haeba ho ne ho hlokahala hore ho hlakiswe dintlha tse itseng, mokganni o ne a fana ka “tlhaloso e kgutshwanyane le e tobileng.”

12 Qalong, phutheho ka nngwe e ne e dumeletswe ho ikgethela makasine eo bongata bo neng bo ka rata ho bua ka yona. Leha ho le jwalo, Watchtower ya April 15, 1933, e ile ya bolela hore diphutheho tsohle di lokela ho sebedisa kgatiso e ntshitsweng hona kgweding eo. Ka 1937, ho ile ha fanwa ka tataiso ya hore seboka seo se tshwarwe ka Sontaha. Dintlafatso tse eketsehileng tse ileng tsa etsa hore seboka seo se be ka tsela eo re se tsebang ka yona kajeno, di ile tsa phatlalatswa ho Watchtower ya October 1, 1942. Qalong, makasine eo e ile ya phatlalatsa hore ho tla ba le dipotso tse lokelang ho hlahlojwa, tse tla hlaha botlaseng ba leqephe ka leng la dihlooho tse ithutwang. E ile ya boela ya bolela hore seboka seo se lokela ho nka hora. E ile ya kgothalletsa hore ba fanang ka dikarabo, ba arabele “ka mantswe a bona” ho e na le hore ba bale karolo e itseng ya serapa. Thuto ya Molula-Qhooa e ntse e le seboka se ka sehloohong seo ho sona lekgoba le tshepahalang le fanang ka dijo tsa moya ka nako e loketseng. (Mat. 24:45) E mong le e mong wa rona o lokela ho ipotsa: ‘Na ke lokisetsa thuto ya Molula-Qhooa beke le beke? Haeba ke kgona, na ke a arabela ha ke le sebokeng see?’

13, 14. Seboka sa Thuto ya Bibele ya Phutheho se qadile jwang, hona keng se o thabisang ka seboka see?

13 Thuto ya Bibele ya Phutheho. Bohareng ba dilemo tsa bo 1890, ka mora hore ho lokollwe dibuka tse mmalwa tsa Millennial Dawn, Morabo rona H. N. Rahn, e leng Moithuti wa Bibele ya neng a dula motsaneng wa Baltimore, Maryland, U.S.A., o ile a etsa tlhahiso ya hore ho tshwarwe diboka tsa “Mantsiboya a Thuto ya Bibele.” Qalong, diboka tsena di ne di tshwarelwa matlong a barababo rona e le ha ho lekwa ho bona hore na di tla atleha. Leha ho le jwalo, ka September 1895, seboka sa Mantsiboya a Thuto ya Bibele se ne se tshwarwa metseng e mengata, United States. Makasine ya Watchtower ya kgwedi eo e ile ya bolela hore Baithuti bohle ba Bibele ba tshware diboka tseo. E ile ya boela ya bontsha hore morabo rona ya kgannang seboka seo e lokela ho ba mmadi ya hlwahlwa. O ne a lokela ho bala polelo ebe o emela bohle ba teng hore ba arabele. Ka mora hore a bale polelo ka nngwe e serapeng mme e buellwe, o ne a lokela ho bala mangolo a hlahang serapeng. Qetellong ya kgaolo, e mong le e mong ya teng dibokeng o ne a lokela ho arabela ka bokgutshwanyane hore na o ithutileng.

14 Lebitso la seboka sena le ile la nna la fetoha ka makgetlo a mmalwa. Se ile sa bitswa Dihlopha Tsa Berea Tsa Thuto ya Bibele, se rehelletswe ka Baberea ba mehleng ya baapostola, ba neng ba hlahloba Mangolo ka hloko. (Lik. 17:11) Ka mora nako, lebitso leo le ile la fetoha mme seboka seo se ile sa bitswa Thuto ya Buka ya Phutheho. Hona jwale se bitswa Thuto ya Bibele ya Phutheho mme phutheho yohle e bokana hammoho Holong ya Mmuso ho e na le ho bokana mahaeng a barababo rona ka dihlopha. Ka dilemo tse mashome, ho ile ha ithutwa dibuka, dibukana le dihlooho tsa Molula-Qhooa sebokeng sena. Ho tloha kgale, bohle ba neng ba e ba teng ba ne ba kgothalletswa ho nka karolo sebokeng. Seboka sena se re thusitse ho eketsa tsebo ya rona ka Bibele. Na o lokisetsa seboka see kamehla le ho nka karolo ho sona ha o kgona?

15. Morero wa Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo e ne e le ofe?

15 Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo. Carey Barber, eo ka nako eo a neng a sebeletsa ntlokgolo e Brooklyn, New York o ile a re: “Bosiu ba Mantaha wa la 16 February, 1942, barababo rona bohle ba neng ba sebeletsa Bethele ba ile ba memelwa ho ingodisa sekolong seo hamorao se neng se tla bitswa Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo.” Morabo rona Barber, eo hamorao e ileng ya e ba setho sa Sehlopha se Busang, o ile a hlalosa sekolo seo e le “e nngwe ya diphetoho tse hlollang tseo Jehova a ileng a di tlisetsa batho ba hae mehleng ena.” Sekolo sena se ile sa thusa barababo rona ho ntlafatsa ho ruta ha bona le bokgoni ba bona ba ho etsa mosebetsi wa boboledi hoo ho tloha ka 1943, bukana ya Course in Theocratic Ministry e ileng ya fuwa batho diphuthehong lefatsheng lohle. Makasine ya Watchtower ya June 1, 1943, e ile ya re Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo se ne se etseditswe ho thusa batho ba Modimo ho “ikwetlisetsa ho ba dipaki tse hlwahlwa ha di bolela ka Mmuso.”—2 Tim. 2:15.

16, 17. Na Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo se ne se ruta batho ho fana ka dipuo feela? Hlalosa.

16 Qalong, ho ne ho e na le barababo rona ba neng ba tshaba ho fana ka dipuo ka pela batho ba bangata. Clayton Woodworth, e Monyenyane, eo ntate wa hae a ileng a kwallwa tjhankaneng le Morabo rona Rutherford le ba bang ka 1918, o hopola kamoo a ileng a ikutlwa kateng ha a qala ho kenela sekolo sena ka 1943. O ile a re: “Ho ne ho le boima ho fana ka dipuo. Ke ne ke sa kgone ho bua, lehano la ka le ne le omella haholo mme modumo wa lentswe la ka o ne o fetofetoha hangata.” Leha ho le jwalo, ha Clayton a ntse a ntlafatsa bokgoni ba hae, o ile a beha dipuo tse ngata. Ntle le ho ithuta ho fana ka dipuo, morabo rona Clayton o ile a ithuta dintho tse ngata sekolong sena. O ile a ithuta bohlokwa ba ho ikokobetsa le ba ho tshepa Jehova. O re: “Ke ile ka hlokomela hore ha e le hantle motho ya fanang ka puo hase yena wa bohlokwa. Empa ha a lokisetsa hantle mme a tshepa Jehova, bamamedi ba tla thabela ho mo mamela mme ba tla ithuta dintho tsa bohlokwa.”

17 Ka 1959, baradibabo rona ba ile ba memelwa ho ingodisa sekolong sena. Moradiwabo rona Edna Bauer, o hopola ha a ne a utlwa tsebiso eo kopanong eo a neng a ile ho yona. O ile a re: “ Ke hopola kamoo baradibabo rona ba ileng ba thaba kateng. Ba ne ba se ba bulehetswe ke menyetla e mengata.” Bara le baradibabo rona ba bangata ba ile ba kenela Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo e le hore ba rutwe ke Jehova. Re ntse re rutwa ka tsela e tshwanang hona jwale dibokeng tsa hara beke.—Bala Esaia 54:13.

18, 19. (a) Re thuswa jwang hona jwale e le hore re etse mosebetsi wa boboledi? (b) Ke hobaneng ha re bina dibokeng? (Sheba lebokose le reng, “ Ho Bina Nnete.”)

18 Seboka sa Tshebeletso. Ho tloha qalong ya bo 1919, ho ne ho tshwarwa diboka e le hore ho hlophiswe tshebeletso ya tshimo. Ka nako eo, e ne e se batho bohle ka phuthehong ba neng ba e ba teng sebokeng seo, ho ne ho tla feela ba neng ba tsamaisa dingolwa. Ka 1923, Seboka sa Tshebeletso se ne se tshwarwa hanngwe ka kgwedi mme bohle ka phuthehong ba ne ba lokela ho ba teng. Ka 1928, diphutheho di ile tsa kgothalletswa ho tshwara seboka seo beke le beke mme ka 1935, The Watchtower e ile ya kgothalletsa diphutheho ho theha Seboka sa Tshebeletso boitsebisong bo neng bo hlaha ho Director (eo hamorao e ileng ya bitswa Informant yaba e bitswa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso). Ho e so ye kae, diphutheho tsohle di ne di se di tshwara seboka sena beke le beke.

19 Hona jwale re thuswa ho etsa mosebetsi wa boboledi dibokeng tsa hara beke. (Mat. 10:5-13) Haeba o tshwaneleha ho fumana Bukana ya Diboka, na o a e bala le ho sebedisa dikeletso tse hlahang ho yona ha o le boboleding?

Seboka sa Bohlokwa ka ho Fetisisa Selemong

Ho tloha mehleng ya baapostola, Bakreste ba ne ba bokana hammoho selemo le selemo ho keteka Sehopotso tsa lefu la Kreste (Sheba serapa sa 20)

20-22. (a) Ke hobaneng ha re ikgopotsa lefu la Jesu? (b) O rua molemo ofe ka ho ba teng Sehopotsong sa selemo le selemo?

20 Jesu o ile a laela barutuwa ba hae hore ba ikgopotse lefu la hae ho fihlela a fihla. Jwaloka mokete wa Paseka, Sehopotso sa lefu la Kreste ke ketsahalo ya selemo le selemo. (1 Bakor. 11:23-26) Batho ba dimilione ba ba teng sebokeng sena selemo le selemo. Se hopotsa batlotsuwa ka tokelo eo ba nang le yona ya ho ba majalefa a Mmuso hammoho le Kreste. (Bar. 8:17) Ho dinku tse ding, se etsa hore ba be le tlhompho e tebileng le ho bontsha botshepehi ho Morena wa Mmuso wa Modimo.—Joh. 10:16.

21 Morabo rona Russell le metswalle ya hae ba ile ba hlokomela bohlokwa ba ho hopola Dijo tsa Shwalane Tsa Morena mme ba ne ba tseba hore di lokela ho ketekwa hanngwe ka selemo. Makasine ya Watch Tower ya April 1880 e ile ya re: “Re ile ra nna ra keteka Paseka [Sehopotso] ka dilemo tse mmalwa mona Pittsburgh . . . re ja ditshwantshetso tsa mmele le madi a Morena wa rona.” Nakwana ka mora moo ho ile ha tshwarwa dikopano ka nako ya Sehopotso. Lekgetlo la pele ha ho ne ho tlalehwa batho ba bileng teng kopanong e ne e le ka 1889, kopanong eo ho neng ho tlile batho ba 225 mme ha kolobetswa ba 22.

22 Kajeno, Sehopotso ha e sa le karolo ya lenaneo la kopano, empa re memela batho bohle Holong ya Mmuso kapa sebakeng seo re se hirileng ho tla se keteka le rona. Ka 2013, batho ba ka hodimo ho dimilione tse 19 ba ile ba ikgopotsa lefu la Jesu. Ha re thabele feela ho ba teng Sehopotsong empa re boetse re thabela le ho mema ba bang ho tla ba le rona bosiung bona bo halalelang! Na ka tjheseho o mema batho ba bangata kamoo o ka kgonang Sehopotsong sa selemo le selemo?

Tsela eo re Ikutlwang ka Yona ka Diboka e Senola Eng?

23. O ikutlwa jwang ka diboka?

23 Bahlanka ba tshepahalang ba Jehova ha ba nke taelo ya hore ba bokane hammoho e le morwalo. (Baheb. 10:24, 25; 1 Joh. 5:3) Ka mohlala, Morena Davida, o ne a rata ho ya ntlong ya Jehova e le hore a mo rapele. (Pes. 27:4) O ne a thabela ho etsa seo haholoholo ha a e na le batho ba neng ba rata Modimo. (Pes. 35:18) Nahana hape ka mohlala wa Jesu. Esita leha e ne e sa le motjha, o ne a e na le takatso e matla ya ho ba ka tlung ya Ntate wa hae.—Luka 2:41-49.

Ha re bokana hammoho seo se bontsha hore Mmuso wa Modimo ke wa sebele ho rona

24. Ha re e ba teng dibokeng, re fumana menyetla ya ho etsang?

24 Ha re e ba teng dibokeng, re bontsha hore re rata Jehova ebile re batla ho kgothatsa bara le baradibabo rona. Re boetse re bontsha hore re na le takatso ya ho ithuta ho phedisana hammoho re le batho ba tlasa Mmuso wa Modimo, hobane ke hona dibokeng, dikopanong tse kgolo le tse nyenyane moo re fumanang kwetliso ena. Ho feta moo, diboka tsa rona di ntlafatsa bokgoni ba rona le ho re thusa ho mamella ha re ntse re etsa mosebetsi wa bohlokwa ka ho fetisisa o etswang ke Mmuso wa Modimo kajeno, e leng wa ho ruta le ho kwetlisa balatedi ba Morena Jesu Kreste. (Bala Matheu 28:19, 20.) Ntle ho pelaelo, ha re bokana hammoho seo se bontsha hore Mmuso wa Modimo ke wa sebele ho rona re le batho ka bomong. E se eka re ka dula re ananela diboka tsa rona!

^ ser. 2 Ho phaella ho diboka tsa rona tsa beke le beke, motho e mong le e mong kapa lelapa le leng le le leng le kgothalletswa ho behella ka thoko nako ya ho ithuta.

^ ser. 9 Ka 2013, ho ne ho se ho e na le dikemiso tsa dipuo tsa phatlalatsa tse fetang 180.