Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 17

Ho Kwetlisa Basebetsi ba Mmuso

Ho Kwetlisa Basebetsi ba Mmuso

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Kamoo dikolo tsa puso ya Modimo di kwetlisang basebetsi ba Mmuso ho phetha dikabelo tsa bona

1-3. Jesu o ile a atolosa mosebetsi wa boboledi jwang, hona re ka ipotsa dipotso dife?

JESU o ile a qeta dilemo tse pedi a bolela Galilea. (Bala Matheu 9:35-38.) O ile a etela metse le metsana e mengata, a ruta ka disynagogeng mme a bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso. Hohle moo a neng a bolela teng, letshwele le ne le mo latela. Jesu o ile a hlokomela hore “kotulo e kgolo” mme ho hlokahala basebetsi ba bangata.

2 Jesu o ile a lokisetsa ho atolosa mosebetsi wa boboledi. Jwang? Ka hore a romele baapostola ba hae ba 12 hore ba ‘bolele Mmuso wa Modimo.’ (Luka 9:1, 2) E ka nna yaba baapostola ba ile ba ipotsa hore na ba tla etsa mosebetsi ona jwang. Kaha Ntate wa hae wa lehodimo o ile a mo kwetlisa, ka lerato Jesu o ile a kwetlisa baapostola ba hae pele a ba roma.

3 Re ka ipotsa dipotso tse mmalwa: Ntate wa Jesu o ile a mo kwetlisa jwang? Jesu o ile a kwetlisa baapostola ba hae jwang? Na kajeno Morena wa Mmuso wa Modimo o kwetlisa balatedi ba hae hore ba etse tshebeletso ya bona? Haeba ho jwalo, o etsa seo jwang?

‘Feela Jwalokaha Ntate a Nthutile Kea Bua’

4. Ntate wa Jesu o ile a mo ruta neng, hona o ne a mo rutela hokae?

4 Jesu o ne a tseba hantle hore o rutilwe ke Ntate wa hae. Nakong ya tshebeletso ya hae, Jesu o ile a re: “Feela jwalokaha Ntate a nthutile ke bua dintho tsena.” (Joh. 8:28) Ntate wa Jesu o ile a mo ruta neng, hona o ne a mo rutela hokae? Ho hlakile hore Mora enwa wa Modimo wa letsibolo o ile a qala ho kwetliswa ka mora hore a bopuwe. (Bakol. 1:15) Mora o ile a ba lehlakoreng la Ntate wa hae, ka dilemo tse se nang palo, a shebile ka hloko a bile a mametse ha a ntse a rupelwa ke ‘Morupedi e Moholo.’ (Esa. 30:20) Ka lebaka leo, Mora o ile a fumana thuto e ke keng ya bapiswa le efe kapa efe ka makgabane, mesebetsi le merero ya Ntate wa hae.

5. Ntate o ile a fa Mora ditaelo dife mabapi le mosebetsi oo a neng a tla o etsa lefatsheng?

5 Ka nako e loketseng, Jehova o ile a ruta Mora wa hae ka tshebeletso eo a neng a tla e etsa lefatsheng. Nahana ka boprofeta bo hlalosang kamano e pakeng tsa Morupedi e Moholo le Mora wa hae wa letsibolo. (Bala Esaia 50:4, 5.) Boprofeta bo bolela hore Jehova o ne a tsosa Mora wa hae “hoseng ho hong le ho hong.” Papiso ena e bua ka mosuwe ya tsosang moithuti esale hoseng e le hore a mo rute. Buka e nngwe e hlalosang Bibele, e re: “Jehova . . . o ruta [Jesu] jwalokaha mosuwe a ruta ngwana sekolong mme o mo ruta seo a lokelang ho se ruta le hore na o lokela ho etsa mosebetsi wa boboledi jwang.” “Sekolong” seo sa lehodimo, Jehova o ile a ruta Mora wa hae ‘seo a tla se bolela le seo a tla se bua.’ (Joh. 12:49) Ntate o ile a boela a fa Mora wa hae ditaelo tsa hore o lokela ho ruta jwang. * Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a etsa kamoo a neng a kwetlisitswe kateng, eseng feela ka ho etsa tshebeletso ya hae empa hape le ka ho kwetlisa balatedi ba hae hore ba phethe tshebeletso ya bona.

6, 7. (a) Jesu o ile a kwetlisa baapostola ba hae jwang, hona e ile ya ba hlomella hore ba etseng? (b) Mehleng ya rona, Jesu o entse bonnete ba hore balatedi ba hae ba fumana kwetliso ya mofuta ofe?

6 Jwalokaha ho boletswe qalong, Jesu o ile a kwetlisa baapostola ba hae jwang? Ho latela Matheu kgaolo ya 10, o ile a ba fa ditaelo tse tobileng mabapi le tshebeletso ya tshimo, ho akarelletsa tse latelang: ba lokela ho bolela hokae (temana ya 5, 6), ba lokela ho bolela molaetsa ofe (temana ya 7), bohlokwa ba ho tshepa Jehova (temana ya 9, 10), ba lokela ho bua le batho jwang (temana ya 11-13), ba lokela ho etsang ha batho ba sa ba amohele (temana ya 14, 15), le hore ba lokela ho etsang ha ba hloriswa (temana ya 16-23). * Kwetliso e hlakileng eo Jesu a ileng a e fa baapostola ba hae, e ile ya ba hlomella hore ba etelle pele mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo mehleng eo.

7 Ho etsahalang mehleng ya rona? Jesu, Morena wa Mmuso wa Modimo o file balatedi ba hae mosebetsi wa bohlokwa ka ho fetisisa, e leng wa ho bolela “ditaba tsena tse molemo tsa mmuso . . . lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona hore e be bopaki ho ditjhaba tsohle.” (Mat. 24:14) Na Morena wa rona o re kwetliseditse ho etsa mosebetsi oo wa bohlokwa? Ka sebele, ho jwalo! A le lehodimong, Morena o entse bonnete ba hore balatedi ba hae ba fumana kwetliso mabapi le ho etsa mosebetsi wa boboledi le ho phetha boikarabelo bo kgethehileng ka phuthehong.

Ho Kwetlisa Basebetsi ho ba Baevangedi

8, 9. (a) Morero o ka sehloohong wa Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo e ne e le ofe? (b) Diboka tsa hara beke di o thusitse jwang?

8 Ho tloha kgale mokgatlo wa Jehova o ile wa nna wa sebedisa dikopano le diboka tsa phutheho, tse kang Seboka sa Tshebeletso, ho kwetlisa batho ba Modimo hore ba phethe tshebeletso ya bona. Leha ho le jwalo, ho tloha dilemong tsa bo 1940, barababo rona ba etellang pele ntlokgolo ba ile ba qala ho lokisetsa hore ho be le dikolo tse mmalwa bakeng sa ho kwetlisa batho ba Modimo.

9 Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo. Jwalokaha re bone kgaolong e fetileng, sekolo sena se ile sa qala ka 1943. Na morero wa sekolo see e ne e le feela ho kwetlisa baithuti hore ba be le bokgoni ba ho fana ka dipuo dibokeng? Tjhe. Morero wa sekolo sena o ka sehloohong e ne e le ho kwetlisa batho ba Modimo ho sebedisa mpho ya ho bua e le hore ba rorise Jehova tshebeletsong. (Pes. 150:6) Sekolo sena se ile sa hlomella bara le baradibabo rona ba ingodisitseng ho sona hore ebe basebetsi ba Mmuso ba atlehang le ho feta. Hona jwale thupelo eo e fumanwa dibokeng tsa hara beke.

10, 11. Ke bomang ba ka yang Sekolong sa Gileade, hona morero wa sekolo see ke ofe?

10 Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, se ile sa qala ka Mantaha wa la 1, February, 1943. Qalong, se ne se kwetlisa bo pulamadiboho, le batho ba bang ba tshebeletsong ya nako e tletseng e le hore e ilo ba baromuwa dinaheng tse ding. Empa ho tloha ka October 2011, ho se ho kwetliswa feela batho ba seng ba ntse ba le tshebeletsong e kgethehileng ya nako e tletseng, ba kang bo pulamadiboho ba kgethehileng, balebedi ba tsamayang le basadi ba bona, Basebeletsi ba Bethele le baromuwa ba tshimong ba sa kang ba ya sekolong sena.

11 Morero wa se rutwang Sekolong sa Gileade ke ofe? Morupedi wa sekolo sena eo e leng kgale a di bona o re: “Ke ho matlafatsa tumelo ya baithuti ka ho ba kgothalletsa hore ba ithute Lentswe la Modimo ka botlalo le ho ba thusa ho ba le makgabane a hlokahalang a tla ba thusa ha ba tobana le mathata dikabelong tsa bona. Hape, morero o ka sehloohong wa sekolo sena ke ho etsa hore baithuti ba be le takatso e matla ya ho etsa mosebetsi wa boevangedi.”—Baef. 4:11.

12, 13. Sekolo sa Gileade se kgathile tema efe mosebetsing wa boboledi o etswang lefatsheng lohle? Fana ka mohlala.

12 Sekolo sa Gileade se kgathile tema efe mosebetsing wa boboledi o etswang lefatsheng lohle? Ho tloha ka 1943, batho ba fetang 8 500 ba ile ba kwetliswa sekolong sena * mme baromuwa ba kwetlisitsweng ho sona ba sebeleditse dinaheng tse ka hodimo ho 170. Baromuwa ba sebedisa thupelo ya bona hamolemo ka ho ikakgela ka setotswana mosebetsing wa boboledi le ho kwetlisa ba bang hore ba etse se tshwanang. Dinaheng tse ngata, baromuwa ba ile ba etella pele mosebetsi dikarolong tse neng di e na le baboledi ba Mmuso ba fokolang.

13 Nahana ka se ileng sa etsahala Japane, moo mosebetsi wa boboledi o ileng wa kgaotsa nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe. Ka August 1949, ho ne ho e na le baboledi ba ka tlase ho ba leshome. Leha ho le jwalo, ha selemo seo se fela, ho ne ho e na le baromuwa ba 13 ba tswang Gileade ba neng ba phathahane ka mosebetsi wa boboledi Japane. Ba bang ba bangata ba ile ba latela. Qalong, baromuwa ba ne ba sebetsa haholo ditoropong tse kgolo, empa hamorao, ba ile ba ya metseng e meng. Ka tjheseho baromuwa ba ile ba kgothalletsa batho ba neng ba ithuta le bona le ba bang hore ba nke bopulamadiboho. Boiteko ba baromuwa bo ile ba etsa hore ho be le diphello tse molemo. Hona jwale, ho na le baboledi ba Mmuso ba ka hodimo ho 216 000 Japane mme ba ka etsang diphesente tse 40 ba bona, ke bo pulamadiboho! *

14. Dikolo tse hlophiswang ke Mokhatlo di fana ka bopaki bofe bo matla? (Sheba le lebokose le reng, “ Dikolo Tse Kwetlisang Basebeletsi ba Mmuso,” leqepheng la 188.)

14 Dikolo tse ding tse hlophiswang ke Mokgatlo. Sekolo sa Tshebeletso sa Bopulamadiboho, Sekolo sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste le Sekolo sa Bibele sa Barababo rona ba Masoha; dikolo tsena di thusitse bohle ba ileng ba kwetliswa ho tsona hore ba hole moyeng le hore ba etelle pele ka tjheseho mosebetsing wa boevangedi. * Dikolo tsena tsohle ke bopaki bo matla ba hore Morena wa rona o hlomeletse balatedi ba hae hore ba phethe bosebeletsi ba bona ka botlalo.—2 Tim. 4:5.

Ho Kwetlisa Barababo Rona ho Etsa Mesebetsi e Kgethehileng

15. Banna ba etellang pele ba etsisa Jesu jwang?

15 Na o sa hopola boprofeta ba Esaia bo buang ka hore Modimo o ile a ruta Jesu? “Sekolong” seo sa lehodimong Mora o ile a ithuta hore ‘ka lentswe a tsebe ho araba ya kgathetseng.’ (Esa. 50:4) Jesu o ile a sebedisa thuto eo hobane ha a ne a le lefatsheng o ne a kgatholla batho “ba sehlang le ba imetsweng.” (Mat. 11:28-30) Banna ba etellang pele, ba etsisa Jesu ka hore ba kgatholle bara le baradibabo bona. Ka lebaka leo, dikolo tseo di ile tsa nna tsa thusa barababo rona hore ba be le bokgoni ba ho sebeletsa badumedimmoho le bona.

16, 17. Morero wa Sekolo sa Tshebeletso sa Mmuso ke ofe? (Sheba le mongolo o botlaseng ba leqephe.)

16 Sekolo sa Tshebeletso sa Mmuso. Sekolo sena se ile sa qala ka la 9 March, 1959, South Lansing, New York. Balebedi ba tsamayang hammoho le bahlanka ba phutheho ba ile ba memelwa ho ba teng sekolong sena se neng se nka kgwedi. Hamorao, dithuto tse neng di tshwarwa ka Senyesemane feela, di ile tsa fetolelwa dipuong tse ding mme butlebutle, barababo rona lefatsheng lohle ba ile ba fumana kwetliso sekolong sena. *

Morabo rona Lloyd Barry o ruta Sekolong sa Tshebeletso sa Mmuso, Japane ka 1970

17 Ha Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1962 e bua ka morero wa Sekolo sa Tshebeletso sa Mmuso, e ile ya re: “Kaha re dula re phathahane, molebedi wa phutheho ya Dipaki Tsa Jehova e lokela ho ba monna ya kgonang ho hlophisa bophelo ba hae e le hore a hlokomele batho bohle ka phuthehong le ho etsa hore ba thabe. Ka nako e tshwanang ha aa lokela ho hlokomela phutheho ho feta ba lelapa la hae empa o lokela ho hlaphohelwa kelellong. Bahlanka ba phutheho lefatsheng lohle ba fumane monyetla o babatsehang hakaakang wa hore ba be teng Sekolong sa Tshebeletso sa Mmuso, e le hore ba fumane kwetliso e tla ba thusa ho etsa dintho tseo Bibele e reng balebedi ba lokela ho di etsa!”—1 Tim. 3:1-7; Tite 1:5-9.

18. Batho ba Modimo ba rua molemo jwang Sekolong sa Tshebeletso sa Mmuso?

18 Batho ba Modimo kaofela ba ruile molemo Sekolong sa Tshebeletso sa Mmuso. Jwang? Ha baholo le bahlanka ba sebeletsang ba sebedisa dintho tseo ba ithutileng tsona sekolong ba kgatholla badumedimmoho le bona, jwalokaha Jesu a ne a etsa. Na ha o thabe ha moholo kapa mohlanka ya sebeletsang a o etela, a bua le wena ka mosa a bile a o mamela ka hloko ha o bua le yena? (1 Bathes. 5:11) Ruri banna ba jwalo ba tlisa thabo diphuthehong tseo ba leng ho tsona!

19. Komiti ya Thuto e hlokomela dikolo dife tse ding, hona dikolo tseo di etseditsweng?

19 Dikolo tse ding tsa puso ya Modimo. Komiti ya Thuto ya Sehlopha se Busang e hlokomela dikolo tse kwetlisang barababo rona ba etellang pele ka mokgatlong. Dikolo tseo di etseditswe ho thusa barababo rona ba etellang pele, ba kang baholo ba phutheho, balebedi ba tsamayang le ditho tsa Komiti ya Lekala, ho phetha boikarabelo ba bona bo bongata ka katleho. Thupelo e thehilweng Bibeleng e fanwang dikolong tsena e thusa barababo rona hore ba dule ba e na le kamano e ntle le Modimo le hore ba sebedise melaomotheo ya Mangolo ha ba sebedisana le mohlape wa bohlokwa oo Jehova a ba fileng boikarabelo ba hore ba o hlokomele.—1 Pet. 5:1-3

Tlelase ya pele ya Sekolo sa ho Kwetlisetswa Bosebeletsi Malawi, ka 2007

20. Ke hobaneng ha Jesu a ne a ka bolela hore kaofela ha rona re “rutwa ke Jehova,” hona o ikemiseditse ho etsang?

20 Ha ho pelaelo hore Morena wa Mmuso wa Modimo o entse bonnete ba hore balatedi ba hae ba kwetliswa ka ho feletseng. Kwetliso ena e tswa ho Jehova, ya ileng a kwetlisa Mora wa hae mme Mora wa hae yena a kwetlisa balatedi ba hae. Ke kahoo Jesu a neng a ka bolela hore kaofela ha rona re “rutwa ke Jehova.” (Joh. 6:45; Esa. 54:13) A re ikemisetseng ho rua molemo ka ho feletseng ha Morena wa rona a re kwetlisa. Hape, re lokela ho hopola hore morero o ka sehloohong wa kwetliso ena ke ho re thusa hore re be le kamano e matla le Jehova le ho phetha tshebeletso ya rona ka botlalo.

^ ser. 5 Re tseba jwang hore Ntate o rutile Mora hore a rute jwang? Nahana ka sena: Ha Jesu a ne a sebedisa dipapiso tse ngata ha a ruta, o ne a phethahatsa boprofeta bo ileng ba ngolwa dilemo tse makgolo pele a tswalwa. (Pes. 78:2; Mat. 13:34, 35) Ho hlakile hore Mongodi wa boprofeta boo, Jehova, o ne a se a ntse a tseba hore Mora wa hae o ne a tla ruta a sebedisa dipapiso.—2 Tim. 3:16, 17.

^ ser. 6 Dikgwedi hamorao, Jesu o ile “a kgetha ba bang ba mashome a supileng mme a ba romela ka bobedi” hore ba ilo bolela. O ile a boela a ba kwetlisa.—Luka 10:1-16.

^ ser. 12 Baithuti ba bang ba ile Sekolong sa Gileade ka makgetlo a fetang le le leng.

^ ser. 13 E le hore o fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le hore na baromuwa ba tswang Gileade ba ile ba kgatha tema jwang dinaheng tse ding, sheba kgaolo ya 23 ya buka ya Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo.

^ ser. 14 Dikolo tse pedi tse qetellang di nketswe sebaka ke Sekolo sa Baevangedi ba Mmuso.

^ ser. 16 Hona jwale baholo bohle ba ka kwetliswa Sekolong sa Tshebeletso sa Mmuso se tshwarwang ka mora dilemo tse mmalwa hape se tshwarwa ka dinako tse fapaneng. Ho tloha ka 1984 bahlanka ba sebeletsang ba ile ba kwetliswa sekolong sena.