Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 18

Mesebetsi ya Mmuso e Tshehetswa Jwang ka Ditjhelete?

Mesebetsi ya Mmuso e Tshehetswa Jwang ka Ditjhelete?

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Batho ba Jehova ba tshehetsa mosebetsi wa Mmuso jwang ka ditjhelete, hona hobaneng?

1, 2. (a) Morabo rona Russell o ile a reng ho moruti ya neng a batla ho tseba hore na mosebetsi wa Baithuti ba Bibele o tshehetswa jwang? (b) Re tla hlahloba eng kgaolong ye?

KA LETSATSI le leng moruti wa Kereke ya Reformed, ya neng a batla ho tseba hore na mosebetsi wa Baithuti ba Bibele o tshehetswa jwang ka ditjhelete o ile a tla ho Morabo rona Charles T. Russell.

Morabo rona Russell o ile a re: “Ha re batle batho koleke.”

Moruti o ile a botsa a re: “Le fumana tjhelete jwang?”

Russell o ile a araba a re: “O ke ke wa kgolwa ha nka o bolella nnete. Ha batho ba tla dibokeng, ha ba bone sekotlolo sa koleke se ntse se feta ka pela bona. Empa ba a bona hore ho hlokahala tjhelete. Ba re, ‘Holo ena e hahuwe ka tjhelete . . . Nka tshehetsa jwang?’”

Moruti eo ha aa ka a dumela seo Morabo rona Russell a neng a mo bolella sona.

Russell o ile a tswela pele ka ho re: “Ke o bolella nnete e tswileng matsoho. Batho ba a mpotsa hore na ba ka tshehetsa mosebetsi ona jwang. Ha motho a e na le bonyane bo itseng o batla ho bo sebedisetsa mosebetsi wa Morena. Haeba motho a se na tjhelete, ha re mo qobelle hore a e ntshe.” *

2 Ka sebele Morabo rona Russell o ne a bua “nnete e tswileng matsoho.” Ho tloha kgale batho ba Modimo ba ile ba nna ba ithaopela ho ntsha menehelo bakeng sa ho tshehetsa borapedi ba nnete. Kgaolong ena, re tla hlahloba mehlala eo e hlahang ka Mangolong le se etsahalang mehleng ya rona. Ha re ntse re hlahloba kamoo mesebetsi ya Mmuso e tshehetswang kateng ka ditjhelete kajeno, e mong le e mong wa rona o lokela ho ipotsa, ‘Ke jwang nka tshehetsang Mmuso?’

‘E Mong le e Mong ya Nang le Pelo e Ratang a Tlise Monehelo’

3, 4. (a) Jehova o na le tshepo efe ho barapedi ba hae? (b) Baiseraele ba ile ba tshehetsa mosebetsi wa ho haha tabernakele jwang?

3 Jehova o tshepa barapedi ba hae. O a tseba hore ha ho hlokahala, ba tla thabela ho bontsha boinehelo ba bona ka ho ithaopela ho fana. Nahana ka mehlala e mmedi ya mehleng ya Baiseraele.

4 Ka mora hore Baiseraele ba tswe Egepeta, Jehova o ile a ba bolella hore ba hahe tente e nyenyane kapa tabernakele moo ba tla mo rapela teng. Ho haha mohaho oo le ho etsa thepa ya wona, ho ne ho tla hloka matlotlo a mangata. Jehova o ile a laela Moshe hore a fe batho monyetla wa ho tshehetsa mosebetsi oo, o ile a re: ‘E mong le e mong ya nang le pelo e ratang a tlise monehelo wa Jehova.’ (Ex. 35:5) Batho bao ba neng ba tswa ‘mofuteng o mong le o mong wa bokgoba’ ba ile ba etsang? (Ex. 1:14) Ba ile ba tshehetsa mosebetsi ona ka dipelo tsa bona tsohle, ba fana ka kgauta, silevera le matlotlo a mang, e ka nna yaba boholo ba matlotlo ao a ne a tswa ho Baegepeta. (Ex. 12:35, 36) Baiseraele ba ile ba fana ka dintho tse ngata hoo ba ileng ba ‘thibelwa ho di tlisa.’—Ex. 36:4-7.

5. Baiseraele ba ile ba etsang ha Davida a ba fa monyetla wa ho ntsha menehelo bakeng sa ho tshehetsa ho hahwa ha tempele?

5 Dilemo tse ka bang 475 hamorao, Davida o ile a ntsha ‘thepa ya hae e kgethehileng’ mme a fana ka tjhelete bakeng sa ho haha tempele, e leng mohaho wa pele o neng o emela borapedi ba nnete lefatsheng. Yaba o fa Baiseraele ba habo monyetla wa hore le bona ba fane, ha a re: “Ke mang ya ithaopelang ho tlatsa letsoho la hae kajeno ka mpho bakeng sa Jehova?” Batho ba ile “ba etsetsa Jehova dinyehelo tsa boithaopo ka pelo e feletseng.” (1 Likron. 29:3-9) Kaha Davida o ne a tseba hore ha e le hantle menehelo eo e ne e tswa hokae, o ile a rapela Jehova a re: “Etswe ntho e nngwe le e nngwe e tswa ho wena, mme re o file se tswang letsohong la hao.”—1 Likron. 29:14.

6. Ke hobaneng ha ho hlokahala tjhelete ho etsa mosebetsi wa Mmuso kajeno, hona re ka ipotsa dipotso dife?

6 Ho ne ho sa hlokahale hore Moshe kapa Davida ba qobelle batho ba Modimo hore ba fane. Ho e na le hoo, batho ba ne ba fana ka ho rata. Kajeno batho ba Modimo ba etsang? Rea tseba hore mesebetsi ya Mmuso wa Modimo e hloka ho tshehetswa ka tjhelete. Ho hlokahala tjhelete e ngata ho hatisa le ho aba Dibibele le dingolwa tsa Bibele, ho haha dibaka tsa borapedi le mehaho ya lekala le ho e boloka e le boemong bo botle le ho fana ka thuso ho badumedimmoho le rona nakong ya dikoduwa. Kahoo, re ka botsa dipotso tsena tsa bohlokwa: Tjhelete e hlokahalang e fumanwa hokae? Na balatedi ba Morena ba lokela ho kgannwa ka morao hore ba fane?

“Re ke ke ra Kopa Kapa Hona ho Qekisa Batho Hore ba e Tshehetse”

7, 8. Ke hobaneng ha batho ba Jehova ba sa kope kapa ba sa qekise batho hore ba ba fe tjhelete?

7 Morabo rona Russell le metswalle ya hae ba ile ba hana ho etsisa dikereke tsa Bokreste ba bohata ka ho etsa maano a ho batla tjhelete. Kgatiso ya bobedi ya makasine ya Watch Tower, tlasa sehlooho se reng, “Na o Batla Makasine ya ‘Zion’s Watch Tower’?” Russell o ile a re: “Re dumela hore motshehetsi wa ‘Zion’s Watch Tower’ ke JEHOVA, mme ka lebaka leo re ke ke ra kopa kapa hona ho qekisa batho hore ba e tshehetse. Ha Ya reng: ‘Silevera ke ya ka, le kgauta ke ya ka,’ a se a sa fane ka tjhelete e hlokahalang, re tla utlwisisa hore ke nako ya ho kgaotsa ho hatisa makasine ena.” (Hag. 2:7-9) Ho se ho fetile dilemo tse fetang 130 jwale makasine ya Molula-Qhooa le mokgatlo o e hatisang di le teng!

8 Batho ba Jehova ha ba kope batho tjhelete. Ha ba fetise dikotlolo tsa koleke kapa hona ho romela mangolo a kopang tjhelete. Ha ba etse dirafole kapa ho rekisa e le hore ba fumane tjhelete. Ba ntse ba tshwareletse ho seo Watch Tower e ileng ya se bua nakong e fetileng ha e re: “Re bona ho sa lokela hore re kope batho tjhelete e le hore re ntshetse pele mosebetsi wa Morena jwalokaha dikereke di etsa . . . Re nahana hore ho batla tjhelete ka ho sebedisa mekgwa e itseng ka lebitso la Morena ho ka mo halefisa ebile a ke ke a amohela seo mme a ke ke a hlohonolofatsa motho ya fanang ka tjhelete kapa mosebetsi o etswang.” *

“E Mong le e Mong a ke a Etse Feela Jwalokaha a Entse Qeto e Tiileng Pelong ya Hae”

9, 10. Lebaka le leng leo re etsang menehelo ya boithatelo ka lona ke lefe?

9 Kajeno, ha ho hlokahale hore batho ba tlasa Mmuso wa Modimo ba kgannwe ka morao hore ba fane. Ho e na le hoo, re thabela ho sebedisa tjhelete ya rona le matlotlo a mang ho tshehetsa mesebetsi ya Mmuso. Ke hobaneng ha re ikemiseditse hakaale ho fana? Nahana ka mabaka a mararo.

10 La pele, re ithaopela ho ntsha menehelo hobane re rata Jehova mme re batla ho “etsa dintho tse kgahlisang mahlong a hae.” (1 Joh. 3:22) Ka sebele, Jehova o a thaba ha morapedi wa hae a fana ho tswa pelong ka bolokolohi. A re ke re hlahlobe mantswe a moapostola Pauluse a buang ka ho fana. (Bala 2 Bakorinthe 9:7.) Mokreste wa nnete ha a leqe ho fana ebile ha a fane ka lekgonono. Ho e na le hoo, o fana hobane a entse “qeto e tiileng pelong ya hae.” * Seo se bolela hore o fana ka mora hore a nahane ka tlhoko e teng le hore na a ka thusa jwang. Jehova o rata motho ya jwalo, kaha Bibele e re: “Modimo o rata ya fanang a nyakaletse.” Phetolelo e nngwe e beha taba ena tjena: “Modimo o rata batho ba ratang ho fana.”

Bana ba Mozambique le bona ba rata ho fana

11. Keng se re kgothalletsang ho fa Jehova dimpho tse molemo ka ho fetisisa?

11 Lebaka la bobedi, re ntsha menehelo hobane re batla ho leboha Jehova ka ho re hlohonolofatsa. Nahana ka molaomotheo ona o hlahang Molaong wa Moshe. (Bala Deuteronoma 16:16, 17.) Ha monna wa Moiseraele a ne a e ya meketeng e meraro ya selemo le selemo, o ne a fana ka mpho e neng e “lekana le tlhohonolofatso eo Jehova” a neng a mo file yona. Kahoo, pele monna e mong le e mong a ya moketeng, o ne a lokela ho nahana kamoo Jehova a mo hlohonolofaditseng kateng, a hlahlobe pelo ya hae ebe o etsa qeto ya hore na o lokela ho tlisa mpho e jwang. Ka tsela e tshwanang, ha re nahana ka ditsela tse ngata tseo Jehova a re hlohonolofatsang ka tsona, re ikutlwa re batla ho mo fa mpho e molemo ka ho fetisisa. Ho fana ka dintho tsa rona ka dipelo tsohle, ho bontsha hore re ananela ditlhohonolofatso tseo Jehova a re fang tsona.—2 Bakor. 8:12-15.

12, 13. Ho ithaopela ha rona ho fana ho bontsha jwang hore re rata Morena, hona motho ka mong a ka nehela ka bokae?

12 Lebaka la boraro, ha re ithaopela ho fana, re bontsha hore re rata Morena Jesu Kreste. Jwang? Hlokomela seo Jesu a ileng a se bolella barutuwa ba hae bosiung ba ho qetela a le lefatsheng. (Bala Johanne 14:23.) Jesu o ile a re: “Haeba leha e le mang a nthata, o tla boloka lentswe la ka.” “Lentswe” la Jesu le akaretsa taelo ya hae ya hore re bolele ditaba tse molemo tsa Mmuso lefatsheng lohle. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Re boloka “lentswe” leo ka ho etsa sohle se matleng a rona, re sebedisa nako, matla le dintho tsa rona, ho ntshetsa pele mosebetsi wa ho bolela ka Mmuso. Ka ho etsa jwalo, re bontsha hore re rata Morena wa Mmuso wa Modimo.

13 Ka sebele, jwaloka bafo ba tshepahalang ba Mmuso, re batla ho tshehetsa Mmuso ka pelo yohle ka ho ntsha menehelo ya tjhelete. Re etsa seo jwang? Eo ke qeto ya botho. Motho le motho o fana ka seo a se kgonang. Leha ho le jwalo, badumedimmoho le rona ba bangata ha ba na tjhelete e kaalo. (Mat. 19:23, 24; Jak. 2:5) Empa le bona ba ka tshediswa ke ho tseba hore Jehova le Mora wa hae ba ananela esita le menehelo e menyenyane e tswang pelong.—Mar. 12:41-44.

Tjhelete e Fumanwa Jwang?

14. Ka dilemo tse ngata, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa nna tsa fana ka dingolwa jwang?

14 Ka dilemo tse ngata, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa nna tsa kopa monehelo ha di fana ka dingolwa tsa Bibele. Monehelo oo o ne o le monyenyane hoo le batho ba se nang tjhelete e kaalo, ba neng ba ka kgona ho fumana dingolwa. Ke nnete hore ha motho a ne a bonahala a thahasella empa a sa kgone ho ntsha monehelo, baboledi ba Mmuso ba ne ba mo siela sengolwa. Seo ba neng ba se batla ke hore batho ba tshepahalang ba fumane dingolwa e le hore ba di bale le ho rua molemo ho tsona.

15, 16. (a) Ka 1990, Sehlopha se Busang se ile sa qala ho fetola tsela eo re fanang ka dingolwa ka yona jwang? (b) Menehelo ya boithatelo e ntshwa jwang? (Sheba le lebokose le reng “ Menehelo ya Rona e Sebediswa Jwang?”)

15 Ka 1990, Sehlopha se Busang se ile sa qala ho fetola tsela eo re fanang ka dingolwa ka yona. Ho tloha selemong seo, batho ba United States ba ne ba ka fumana dingolwa ebe bona ba ntsha kamoo ba ka kgonang kateng. Lengolo le neng le ya diphuthehong tsohle tsa United States le ile la re: “Bahweletsi le batho ba bang ba tla fumana dimakasine le dibuka ntle le hore ba kopuwe kapa hona ho bolellwa hore ho hlokahala monehelo pele ba di fumana.  . . Mang kapa mang ya batlang ho ntsha monehelo hore a kwahela ditshenyehelo tsa mosebetsi wa rona wa ho ruta, a ka etsa jwalo, empa a ka fumana dibuka ebang o ntsha monehelo kapa tjhe.” Tokisetso eo e ile ya bontsha hore mosebetsi wa rona ke wa boithaopo le ho hlakisa hore “ha re rekise lentswe la Modimo.” (2 Bakor. 2:17) Ha nako e ntse e ya, tokisetso ya monehelo wa boithatelo e ile ya kenngwa tshebetsong makaleng a lefatshe lohle.

16 Menehelo ya boithatelo e etswa jwang? Diholong Tsa Mmuso tsa Dipaki Tsa Jehova ho na le mabokose a monehelo. Batho ba ka tshela menehelo eo ka mabokoseng kapa ba ka e romela ka ho toba mokgatlong ofe kapa ofe wa molao o sebediswang ke Dipaki Tsa Jehova. Selemo le selemo ho ba le sehlooho sa Molula-Qhooa se bontshang kamoo batho ba ka ntshang menehelo e jwalo ya boithaopo kateng.

Tjhelete e Sebediswa Jwang?

17-19. Hlalosa kamoo menehelo e sebediswang kateng bakeng sa (a) mosebetsi wa lefatshe lohle, (b) kaho ya Diholo Tsa Mmuso lefatsheng lohle le (c) ditshenyehelo tsa phutheho.

17 Mosebetsi wa lefatshe lohle. Tjhelete e sebedisetswa ho lefella ditshenyehelo tse bang teng ha ho etswa mosebetsi wa boboledi lefatsheng lohle. Ditshenyehelo tseo di akarelletsa ho hatisa dibuka tse fuwang batho lefatsheng lohle, ho haha le ho boloka diofisi tsa makala le mahae a Bethele a le boemong bo botle le ho tsamaisa dikolo tse hlophiswang ke mokgatlo wa Modimo. Ho feta moo, tjhelete e boetse e sebedisetswa ho hlokomela baromuwa, balebedi ba tsamayang le bo pulamadiboho ba kgethehileng. Menehelo ya rona e boetse e sebedisetswa ho thusa badumedimmoho le rona dinakong tsa dikoduwa. *

18 Kaho ya Diholo Tsa Mmuso lefatsheng lohle. Tjhelete e sebedisetswa ho thusa diphutheho tse hlokang ho haha Holo ya Mmuso kapa ho e ntlafatsa. Ha ho ntse ho amohelwa menehelo, ho ba le tjhelete ya ho thusa diphutheho tse ding. *

19 Ditshenyehelo tsa phutheho. Tjhelete e sebedisetswa ho lefa ditshenyehelo tsa phutheho le ho etsa hore Holo ya Mmuso e dule e le boemong bo botle. Baholo ba ka nna ba etsa tlhahiso ya hore tjhelete e nngwe e romelwe ofising ya lekala ya naha ya habo bona e le hore e sebedisetswe ho ntshetsa pele mosebetsi wa lefatshe lohle. Maemong a jwalo, baholo ba bolella phutheho qeto eo ba e entseng. Haeba phutheho e amohela qeto eo, tjhelete eo e tla romelwa. Morabo rona ya hlokomelang tjhelete ya phutheho o lokisetsa ho balla phutheho tlaleho ya ditjhelete, kgwedi le kgwedi.

20. O ka hlompha Jehova jwang ka “dintho tsa hao tsa bohlokwa”?

20 Ha re nahana ka mosebetsi o mongata o amanang le ho bolela ka Mmuso le ho etsa barutuwa lefatsheng lohle, re ikutlwa re batla ho “hlompha Jehova ka dintho tsa [rona] tsa bohlokwa.” (Liprov. 3:9, 10) Dintho tsa rona tsa bohlokwa di akarelletsa matla a rona a mmele, a kelello le hore re bontshe tumelo ya rona. Re batla ho sebedisa dintho tsena tsa bohlokwa ka botlalo ha re etsa mosebetsi wa Mmuso. Leha ho le jwalo, hopola hore dintho tsa rona di akarelletsa tjhelete le dintho tseo re nang le tsona. A re ikemisetseng ho fana ka sohle seo re ka se kgonang, ka nako eo re kgonang ka yona. Ha re ntsha menehelo ka ho rata re hlompha Jehova mme re bontsha hore re tshehetsa Mmuso wa Mora wa hae.

^ ser. 1 The Watch Tower, July 15, 1915, leqepheng la 218-219.

^ ser. 8 The Watch Tower, August 1, 1899, leqepheng la 201.

^ ser. 10 Setsebi se seng se re lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “entse qeto” “le bolela hore motho o se a ikemiseditse esale pele.” Se phaella ka ho re: “Le hoja motho a thaba ha a fana, ho ntse ho hlokahala hore a rere esale pele le hore a fane kamehla.”—1 Bakor. 16:2.

^ ser. 17 E le hore o fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le tshebeletso ya ho thusa nakong ya dikoduwa, sheba Kgaolo ya 20.

^ ser. 18 E le hore o fumane boitsebiso mabapi le kaho ya Diholo Tsa Mmuso, sheba Kgaolo ya 19.