Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 19

Mosebetsi oa Kaho o Tlotlisang Jehova

Mosebetsi oa Kaho o Tlotlisang Jehova

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Mosebetsi oa kaho o etsoang lefatšeng lohle o ntšetsa pele mesebetsi ea ’Muso

1, 2. (a) Ho tloha khale, bahlanka ba Jehova ba ’nile ba thabela ho etsa’ng? (b) Ke’ng seo Jehova a se nkang e le sa bohlokoa?

HO TLOHA khale, bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba ’nile ba thabela ho haha mehaho e tlisang thoriso lebitsong la hae. Ka mohlala, ka cheseho Baiseraele ba ile ba haha tabernakele ’me ka letsoho le bulehileng, ba fana ka thepa ea ho e haha.—Ex. 35:30-35; 36:1, 4-7.

2 Mehaho hase eona e ka sehloohong e tlisetsang Jehova thoriso ebile ha a e nke e le ea bohlokoa. (Mat. 23:16, 17) Ntho ea bohlokoa ho Jehova, e leng mpho e mo tlisetsang thoriso ho feta tse ling kaofela, ke borapeli boo bahlanka ba hae ba mo etsetsang bona, ho akarelletsa moea oa boithaopo oo ba o bontšang le cheseho ea bona. (Ex. 35:21; Mar. 12:41-44; 1 Tim. 6:17-19) Eo ke ntho ea bohlokoa. Hobane’ng? Hobane mehaho ha e be teng ka ho sa feleng. Ka mohlala, tabernakele le tempele ha li sa le eo. Le hoja mehaho eo e se e le sieo, Jehova ha a lebala kamoo bahlanka ba hae ba tšepahalang ba ileng ba tšehetsa ho hahoa ha mehaho eo kateng, ka ho fana ka seatla se bulehileng.—Bala 1 Bakorinthe 15:58; Baheberu 6:10.

3. Re tla hlahloba’ng khaolong ena?

3 Bahlanka ba Jehova mehleng ena le bona ba ’nile ba sebetsa ka thata ho haha mehaho ea borapeli. Hape, seo re se finyelletseng tlas’a tataiso ea Morena oa rōna Jesu Kreste sea hlolla! Ho hlakile hore Jehova o re hlohonolofalitse. (Pes. 127:1) Khaolong ena, re tla hlahloba e meng ea mesebetsi e ’nileng ea etsoa le kamoo e tlotlisitseng Jehova kateng. Re tla boela re utloe liphihlelo tsa ba ileng ba kenya letsoho mosebetsing ona.

Ho Haha Liholo Tsa ’Muso

4. (a) Ke hobane’ng ha re hloka libaka tse eketsehileng tsa borapeli? (b) Ke hobane’ng ha liofisi tse ling tsa makala li ile tsa kopanngoa? (Sheba lebokose le reng, “ Kaho ea Makala—Ho Ikamahanya le Maemo.”)

4 Joalokaha re bone Khaolong ea 16, Jehova o batla barapeli ba hae ba bokane hammoho. (Baheb. 10:25) Liboka tsa rōna ha li matlafatse tumelo ea rōna feela, empa li boetse li etsa hore re chesehele mosebetsi oa boboleli le ho feta. Ha bofelo bo ntse bo atamela, Jehova o tsoela pele ho potlakisa mosebetsi. Seo se entse hore selemo le selemo batho ba likete tse makholo ba tle ka bongata ka mokhatlong oa hae. (Esa. 60:22) Ha bafo ba ’Muso ba ntse ba eketseha ho ba le tlhokahalo e eketsehileng ea mehaho bakeng sa ho hatisa lingoliloeng tsa Bibele. Re boetse re hloka libaka tse eketsehileng tsa borapeli.

5. Ke hobane’ng ha lebitso la Holo ea ’Muso le loketse? (Sheba le lebokose le reng, “ Kereke ea Leseli le Lecha.”)

5 Ho tloha qalong, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa qala ho bona bohlokoa ba ho ba le libaka tsa tsona tsa borapeli. Ho bonahala eka sebaka sa pele sa borapeli se ileng sa hahoa se ne se le West Virginia, United States ka 1890. Lilemong tsa bo-1930, batho ba Jehova ba ne ba se ba hahile le ho nchafatsa liholo tse ’maloa empa libaka tseo tsa borapeli li ne li e-s’o bitsoe ka lebitso le li khethollang. Leha ho le joalo, ka 1935 Mor’abo rōna Rutherford o ile a etela Hawaii, moo holo le ofisi ea lekala li neng li hahuoa sebakeng se le seng. Ha Mor’abo rōna Rutherford a botsoa hore na mohaho oo o lokela ho bitsoa’ng, o ile a re: “Ha le nahane hore re o bitse ‘Holo ea ’Muso,’ kaha ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ke sona seo re se etsang?” (Mat. 24:14) Ho e-s’o kae, lebitso leo le ile la fuoa le libaka tse ling tse ngata tseo liphutheho tsa batho ba Jehova lefatšeng lohle li li sebelisang.

6, 7. Liholo Tsa ’Muso tse neng li hahoa kapele li ile tsa fana ka bopaki bofe?

6 Lilemong tsa bo-1970, ho ne ho hlokahala Liholo Tsa ’Muso tse eketsehileng ka potlako. Seo se ile sa etsa hore barab’abo rōna ba United States ba etse mokhoa o potlakang oa ho haha Liholo Tsa ’Muso tse ntle ka matsatsi a seng makae. Ka 1983, ho ne ho se ho hahuoe Liholo Tsa ’Muso tse joalo tse ka bang 200, United States le Canada. E le hore ho etsoe mosebetsi ka katleho, barab’abo rōna ba ile ba qala ho theha likomiti tsa kaho tsa lebatooa. Mokhoa ona o ile oa atleha hoo ka 1986, Sehlopha se Busang se ileng sa lumella tokisetso ena ka molao ’me ka 1987 ho ne ho e-na le Likomiti Tsa Kaho Tsa Mabatooa tse 60 (li-RBC) United States. * Ka 1992 ho ne ho se ho thehiloe li-RBC Argentina, Australia, Fora, Jeremane, Japane, Mexico, Afrika Boroa le Spain. Ha e le hantle, re lokela ho tšehetsa barab’abo rōna ba sebetsang ka thata ho haha Liholo Tsa ’Muso le Liholo Tsa Kopano kaha mosebetsi oo ba o etsang ke karolo ea tšebeletso e halalelang.

7 Liholo tsena tsa ’Muso tse neng li hahuoa kapele li ne li fana ka bopaki bo hlollang ho batho ba lulang libakeng tseo li neng li hahuoa ho tsona. Ka mohlala, koranta ea Spain e ne e-ena le sehlooho se reng, “Tumelo e Tlosa Lithaba.” Ha koranta eo e bua ka Holo ea ’Muso e neng e hahoa motseng oa Martos, e ile ea botsa ea re: “Ho tla joang hore ebe lefatšeng lena le tletseng baithati, ho be le baithaopi ba tsoang libakeng tse fapaneng tsa [Spain] ’me ba tle Martos e le hore ba tl’o haha mohaho oa pele o kileng oa hahoa ka nako e khutšoanyane ebile o le motle ’me o hlophisehile ka ho fetisisa?” Sehlooho seo se ile sa araba potso eo ka ho qotsa mantsoe a e mong oa barab’abo rōna oa moithaopi ea ileng a re: “Sena sea khoneha hobane re batho ba rutoang ke Jehova.”

Ho Haha Linaheng Tse Futsanehileng

8. Ka 1999, Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ea hore ho be le lenaneo lefe, hona hobane’ng?

8 Ha lilemo tsa bo-1900 li ntse li atamela, batho ba bangata ba phelang linaheng tse futsanehileng ba ile ba tla mokhatlong oa Jehova. Barab’abo rōna ba liphutheho tsa linaheng tseo ba ile ba etsa sohle se matleng a bona ho haha libaka tsa borapeli. Empa linaheng tse ling ba ne ba songoa le ho khetholloa ka lebaka la hore Liholo Tsa ’Muso tseo ba neng ba kopanela ho tsona li ne li le mpe ha li bapisoa le mehaho e meng ea likereke. Leha ho le joalo, ho tloha ka 1999, Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ea hore ho be le lenaneo le neng le tla potlakisa hore ho hahoe Liholo Tsa ’Muso linaheng tse futsanehileng. Linaha tse ruileng li ile tsa fana ka chelete e le hore ho ‘leka-lekana’ ho ka ba teng. (Bala 2 Bakorinthe 8:13-15.) Bara le barali babo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba ithaopela ho thusa mosebetsing ona.

9. Ke mosebetsi ofe o neng o bonahala o le boima, hona ke’ng se ileng sa finyelloa?

9 Qalong, mosebetsi ona o ne o bonahala o le boima. Tlaleho e ileng ea etsoa ka 2001 e ile ea bontša hore ho hlokahala Liholo Tsa ’Muso tse 18 300, linaheng tse 88. Leha ho le joalo, ka tšehetso ea moea oa Molimo le ea Morena oa rōna Jesu Kreste, ha ho na mosebetsi o ke keng oa khoneha. (Mat. 19:26) Ka lilemo tse ka bang 15, ho tloha ka 1999 ho ea ho 2013, batho ba Molimo ba ne ba se ba hahile Liholo Tsa ’Muso tse 26 849, ba sebelisa lenaneo lena. * Jehova o ntse a tsoela pele ho hlohonolofatsa mosebetsi oa boboleli, hoo ho tloha ka 2013 ho neng ho hlokahala Liholo Tsa ’Muso tse 6 500 linaheng tseo ’me hona joale ho hlokahala tse ling tse makholo, selemo le selemo.

Ho haha Liholo Tsa ’Muso linaheng tse futsanehileng ho na le mathata

10-12. Ho hahoa ha Liholo Tsa ’Muso tse ncha ho tlotlisitse lebitso la Jehova joang?

10 Ho hahoa ha Liholo Tsa ’Muso tse ncha ho tlotlisitse lebitso la Jehova joang? Tlaleho e tsoang ofising ea lekala ea Zimbabwe e ile ea re: “Khoeli ka mor’a hore Holo ea ’Muso e ncha e hahoe, palo ea batho ba ileng ba e-ba teng libokeng e ile ea imena habeli.” Linaheng tse ngata ho bonahala batho ba le leqe ho tla libokeng ho fihlela ho e-ba le sebaka se loketseng sa borapeli. Empa hang ha Holo ea ’Muso e se e hahiloe, ho e-s’o ee kae ea tlala ’me ho se ho hlokahala e ’ngoe hape. Leha ho le joalo, mohaho hase oona feela o hulelang batho ho Jehova. Lerato la sebele le bontšoang ke Bakreste ba hahang liholo tseo le lona le ama tsela eo batho ba talimang mokhatlo oa Jehova ka eona. Nahana ka mehlala e latelang.

11 Indonesia. Ha monna ea neng a ntse a shebile ha ho hahoa Holo ea ’Muso a utloa hore basebetsi bohle e ne e le baithaopi, o ile a re: “Le batho ba hlollang! Ke hlokometse kamoo e mong le e mong oa lōna a sebetsang ka pelo eohle a bile a thabile kateng, le hoja le sa pataloe. Ha ke nahane hore ho na le mokhatlo oa bolumeli o tšoanang le oa lōna!”

12 Ukraine. Mosali e mong eo letsatsi le letsatsi a neng a feta setšeng seo ho neng ho hahoa Holo ea ’Muso ho sona, o ile a fihlela qeto ea hore e tlameha ebe basebetsi bao ke Lipaki Tsa Jehova ’me mohaho oo ke Holo ea ’Muso. O ile a re: “’Nake oa ka oa Paki, o ile a mpolella ka Lipaki Tsa Jehova. Ha ke ntse ke shebile ho hahoa ha holo ena, ke ile ka etsa qeto ea hore le ’na ke batla ho ba Paki. Ke bone lerato la sebele mona.” Mosali enoa o ile a amohela thuto ea Bibele ’me a kolobetsoa ka 2010.

13, 14. (a) U ithutile’ng tseleng eo banyalani ba bang ba ileng ba itšoara ka eona ka mor’a hore ba bone ha ho hahoa Holo ea ’Muso? (b) U ka netefatsa joang hore sebaka sa heno sa borapeli se tlisa thoriso lebitsong la Jehova?

13 Argentina. Banyalani ba bang ba ile ba bua le mor’abo rōna ea neng a hlokometse setša sa moo ho neng ho hahoa Holo ea ’Muso. Monna o ile a re, “Re ntse re le shebile ha le ntse le haha Holo ea ’Muso ’me . . . re entse qeto ea hore re batla ho ithuta ka Molimo sebakeng sena.” O ile a botsa a re, “Re lokela ho etsa’ng e le hore re tšoanelehe ho ba teng libokeng?” Banyalani bao ba ile ba lumela hore ba tla ithuta Bibele hafeela lelapa lohle le ithuta. Barab’abo rōna ba ile ba thabela seo.

14 E ka ’na eaba ha ua ka ua kenya letsoho ha ho ne ho hahoa Holo ea ’Muso eo le kopanelang ho eona, empa u ntse u ka khona ho kenya letsoho hore sebaka sa heno sa borapeli se tlise thoriso lebitsong la Jehova. Ka mohlala, ka cheseho u ka mema batho bao u ithutang Bibele le bona le ba bang hore ba be teng libokeng Holong ea ’Muso. U ka boela ua thusa ha sebaka sa heno sa borapeli se hloekisoa leha se lokisoa. U ka behella chelete e itseng ka thōko e le hore u hlokomele holo ea heno kapa ua nehela hore ho hahuoe Liholo Tsa ’Muso linaheng tse ling. (Bala 1 Bakorinthe 16:2.) Mesebetsi ena kaofela e tlisa thoriso lebitsong la Jehova.

Basebetsi ba “Itlhahisa ka ho Rata”

15-17. (a) Ke bo-mang ba etsang boholo ba mosebetsi oa kaho? (b) U ithutile’ng linthong tseo banyalani ba sebelitseng mesebetsing ea kaho linaheng tse ling ba li buileng?

15 Mosebetsi o mongata o etsoang ha ho hahoa Liholo Tsa ’Muso, Liholo tsa Kopano le liofisi tsa makala, o etsoa ke bara le barali babo rōna ba libakeng tseo. Leha ho le joalo, hangata ba thusoa ke bara le barali babo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba nang le boiphihlelo mosebetsing oa ho haha. Ba bang ba baithaopi bana ba hlophisitse mabaka a bona e le hore ba sebetse linaheng tse ling ka libeke tse ’maloa. Ba bang ba sebetsa ka lilemo tse ngata, ba tloha naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ka mosebetsi ona oa ho haha.

Timo le Lina Lappalainen (Sheba serapa sa 16)

16 Ho thusa linaheng tse ling ka mosebetsi oa ho haha ho na le mathata empa hape hoa thabisa. Ka mohlala Timo le Lina, ba tsamaile linaheng tsa Asia, Europe le Amerika Leboea ba haha Liholo Tsa ’Muso, Liholo Tsa Kopano le liofisi tsa makala. Timo o re: “Ka kakaretso, lilemong tse 30 tse fetileng ke ile ka fumana kabelo e ncha lilemo tse ling le tse ling tse peli.” Lina, ea nang le lilemo tse 25 a nyalane le Timo o re: “’Na le Timo re se re sebelitse linaheng tse leshome. Ho hlokahala boiteko bo boholo le nako e ngata ho tloaela lijo tse ncha, boemo ba leholimo, puo e ncha, ho etsa mosebetsi oa boboleli sebakeng se secha le ho etsa metsoalle e mecha.” * Na baa ikoahlaea? Lina o re: “Mathata ao a ile a fella ka litlhohonolofatso tse ngata. Barab’abo rōna ba ile ba re bontša lerato, ba re amohela ka mofuthu ’me ra bona kamoo Jehova a ileng a re hlokomela ka lerato kateng. Re boetse re bone ho phethahala ha seo Jesu a ileng a se tšepisa barutuoa ba hae ho Mareka 10:29, 30. Re fumane barab’abo rōna le baralib’abo rōna le bo-’mè halekholo.” Timo o re: “Re thabela ho sebelisa tsebo ea rōna bakeng sa morero o hlomphehang ka ho fetisisa, e leng ho kenya letsoho ho atoloseng lintho tsa Morena.”

17 Darren le Sarah, ba ileng ba thusa mosebetsing oa kaho naheng ea Afrika, Asia, Amerika Bohareng, Europe, Amerika Leboea le South Pacific, ba ikutloa ba ruile molemo le ho feta. Ho sa tsotellehe mathata ao ba neng ba tobana le ’ona, Darren o re: “Ke tokelo ho sebetsa le barab’abo rōna ba tsoang likarolong tse fapaneng tsa lefatše. Ke bone hore lerato la rōna ho Jehova ke eona ntho e re kopanyang.” Sarah o re: “Ke ithutile lintho tse ngata ho bara le barali babo rōna ba litso tse fapaneng! Ha ke hlokomela kamoo ba itetseng kateng tšebeletsong ea Jehova, seo se etsa hore ke tsoele pele ke fana ka se molemohali.”

18. Boprofeta bo tlalehiloeng ho Pesaleme ea 110:1-3, bo phethahala joang?

18 Morena Davida o ile a profeta hore le hoja bafo ba ’Muso oa Molimo ba ka tobana le mathata, ba ne ba tla “itlhahisa ka ho rata” e le hore ba ntšetse pele mesebetsi ea ’Muso. (Bala Pesaleme ea 110:1-3.) Batho bohle ba etsang mesebetsi e tšehetsang ’Muso ba phethahatsa boprofeta boo. (1 Bakor. 3:9) Mehaho e mengata ea liofisi tsa makala, Liholo Tsa Kopano tse makholo le Liholo Tsa ’Muso tse mashome a likete ke bopaki ba hore ’Muso oa Molimo ke oa sebele ’me oa busa hona joale. Ke tokelo e kaakang ho sebeletsa Morena Jesu Kreste mosebetsing o tlisetsang Jehova thoriso e mo tšoanelang!

^ ser. 6 Ka 2013, ho ne ho e-na le baithaopi ba fetang 230 000, ba lumeletsoeng ho sebetsa le li-RBC tse 132, United States. Naheng eo, likomiti tseo li ne li hlokomela ho hahoa ha Liholo Tsa ’Muso tse ncha tse 75 ’me tsa thusa ho nchafatsa le ho lokisa liholo tse ka bang 900, selemo le selemo.

^ ser. 9 Palo ena ha e kenyelletse liholo tse ling tse ngata tsa ’Muso tse ileng tsa hahoa e se karolo ea lenaneo lena.

^ ser. 16 Basebetsi ba machaba le baithaopi ba qeta nako e ngata ba sebetsa mesebetsing ea kaho, empa ba boetse ba tšehetsa liphutheho mosebetsing oa boboleli mafelo-beke le mantsiboea.