Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 19

Mosebetsi wa Kaho o Tlotlisang Jehova

Mosebetsi wa Kaho o Tlotlisang Jehova

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Mosebetsi wa kaho o etswang lefatsheng lohle o ntshetsa pele mesebetsi ya Mmuso

1, 2. (a) Ho tloha kgale, bahlanka ba Jehova ba ile ba nna ba thabela ho etsang? (b) Keng seo Jehova a se nkang e le sa bohlokwa?

HO TLOHA kgale, bahlanka ba tshepahalang ba Jehova ba ile ba nna ba thabela ho haha mehaho e tlisang thoriso lebitsong la hae. Ka mohlala, ka tjheseho Baiseraele ba ile ba haha tabernakele mme ka letsoho le bulehileng, ba fana ka thepa ya ho e haha.—Ex. 35:30-35; 36:1, 4-7.

2 Mehaho hase yona e ka sehloohong e tlisetsang Jehova thoriso ebile ha a e nke e le ya bohlokwa. (Mat. 23:16, 17) Ntho ya bohlokwa ho Jehova, e leng mpho e mo tlisetsang thoriso ho feta tse ding kaofela, ke borapedi boo bahlanka ba hae ba mo etsetsang bona, ho akarelletsa moya wa boithaopo oo ba o bontshang le tjheseho ya bona. (Ex. 35:21; Mar. 12:41-44; 1 Tim. 6:17-19) Eo ke ntho ya bohlokwa. Hobaneng? Hobane mehaho ha e be teng ka ho sa feleng. Ka mohlala, tabernakele le tempele ha di sa le yo. Le hoja mehaho eo e se e le siyo, Jehova ha a lebala kamoo bahlanka ba hae ba tshepahalang ba ileng ba tshehetsa ho hahwa ha mehaho eo kateng, ka ho fana ka seatla se bulehileng.—Bala 1 Bakorinthe 15:58; Baheberu 6:10.

3. Re tla hlahlobang kgaolong ye?

3 Bahlanka ba Jehova mehleng ena le bona ba ile ba nna ba sebetsa ka thata ho haha mehaho ya borapedi. Hape, seo re se finyeletseng tlasa tataiso ya Morena wa rona Jesu Kreste sea hlolla! Ho hlakile hore Jehova o re hlohonolofaditse. (Pes. 127:1) Kgaolong ena, re tla hlahloba e meng ya mesebetsi e ileng ya nna ya etswa le kamoo e tlotlisitseng Jehova kateng. Re tla boela re utlwe diphihlelo tsa ba ileng ba kenya letsoho mosebetsing ona.

Ho Haha Diholo Tsa Mmuso

4. (a) Ke hobaneng ha re hloka dibaka tse eketsehileng tsa borapedi? (b) Ke hobaneng ha diofisi tse ding tsa makala di ile tsa kopanngwa? (Sheba lebokose le reng, “ Kaho ya Makala—Ho Ikamahanya le Maemo.”)

4 Jwalokaha re bone Kgaolong ya 16, Jehova o batla barapedi ba hae ba bokane hammoho. (Baheb. 10:25) Diboka tsa rona ha di matlafatse tumelo ya rona feela, empa di boetse di etsa hore re tjhesehele mosebetsi wa boboledi le ho feta. Ha bofelo bo ntse bo atamela, Jehova o tswela pele ho potlakisa mosebetsi. Seo se entse hore selemo le selemo batho ba dikete tse makgolo ba tle ka bongata ka mokgatlong wa hae. (Esa. 60:22) Ha bafo ba Mmuso ba ntse ba eketseha ho ba le tlhokahalo e eketsehileng ya mehaho bakeng sa ho hatisa dingolwa tsa Bibele. Re boetse re hloka dibaka tse eketsehileng tsa borapedi.

5. Ke hobaneng ha lebitso la Holo ya Mmuso le loketse? (Sheba le lebokose le reng, “ Kereke ya Lesedi le Letjha.”)

5 Ho tloha qalong, Baithuti ba Bibele ba ile ba qala ho bona bohlokwa ba ho ba le dibaka tsa bona tsa borapedi. Ho bonahala eka sebaka sa pele sa borapedi se ileng sa hahwa se ne se le West Virginia, United States ka 1890. Dilemong tsa bo 1930, batho ba Jehova ba ne ba se ba hahile le ho ntjhafatsa diholo tse mmalwa empa dibaka tseo tsa borapedi di ne di e so bitswe ka lebitso le di kgethollang. Leha ho le jwalo, ka 1935 Morabo rona Rutherford o ile a etela Hawaii, moo holo le ofisi ya lekala di neng di hahuwa sebakeng se le seng. Ha Morabo rona Rutherford a botswa hore na mohaho oo o lokela ho bitswang, o ile a re: “Ha le nahane hore re o bitse ‘Holo ya Mmuso,’ kaha ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso ke sona seo re se etsang?” (Mat. 24:14) Ho e so ye kae, lebitso leo le ile la fuwa le dibaka tse ding tse ngata tseo diphutheho tsa batho ba Jehova lefatsheng lohle di di sebedisang.

6, 7. Diholo Tsa Mmuso tse neng di hahwa kapele di ile tsa fana ka bopaki bofe?

6 Dilemong tsa bo 1970, ho ne ho hlokahala Diholo Tsa Mmuso tse eketsehileng ka potlako. Seo se ile sa etsa hore barababo rona ba United States ba etse mokgwa o potlakang wa ho haha Diholo Tsa Mmuso tse ntle ka matsatsi a seng makae. Ka 1983, ho ne ho se ho hahuwe Diholo Tsa Mmuso tse jwalo tse ka bang 200, United States le Canada. E le hore ho etswe mosebetsi ka katleho, barababo rona ba ile ba qala ho theha dikomiti tsa kaho tsa lebatowa. Mokgwa ona o ile wa atleha hoo ka 1986, Sehlopha se Busang se ileng sa dumella tokisetso ena ka molao mme ka 1987 ho ne ho e na le Dikomiti Tsa Kaho Tsa Mabatowa tse 60 (di-RBC) United States. * Ka 1992 ho ne ho se ho thehilwe di-RBC Argentina, Australia, Fora, Jeremane, Japane, Mexico, Afrika Borwa le Spain. Ha e le hantle, re lokela ho tshehetsa barababo rona ba sebetsang ka thata ho haha Diholo Tsa Mmuso le Diholo Tsa Kopano kaha mosebetsi oo ba o etsang ke karolo ya tshebeletso e halalelang.

7 Diholo tsena tsa Mmuso tse neng di hahuwa kapele di ne di fana ka bopaki bo hlollang ho batho ba dulang dibakeng tseo di neng di hahuwa ho tsona. Ka mohlala, koranta ya Spain e ne e e na le sehlooho se reng, “Tumelo e Tlosa Dithaba.” Ha koranta eo e bua ka Holo ya Mmuso e neng e hahwa motseng wa Martos, e ile ya botsa ya re: “Ho tla jwang hore ebe lefatsheng lena le tletseng baithati, ho be le baithaopi ba tswang dibakeng tse fapaneng tsa [Spain] mme ba tle Martos e le hore ba tlo haha mohaho wa pele o kileng wa hahwa ka nako e kgutshwanyane ebile o le motle mme o hlophisehile ka ho fetisisa?” Sehlooho seo se ile sa araba potso eo ka ho qotsa mantswe a e mong wa barababo rona wa moithaopi ya ileng a re: “Sena sea kgoneha hobane re batho ba rutwang ke Jehova.”

Ho Haha Dinaheng Tse Futsanehileng

8. Ka 1999, Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ya hore ho be le lenaneo lefe, hona hobaneng?

8 Ha dilemo tsa bo 1900 di ntse di atamela, batho ba bangata ba phelang dinaheng tse futsanehileng ba ile ba tla mokgatlong wa Jehova. Barababo rona ba diphutheho tsa dinaheng tseo ba ile ba etsa sohle se matleng a bona ho haha dibaka tsa borapedi. Empa dinaheng tse ding ba ne ba songwa le ho kgethollwa ka lebaka la hore Diholo Tsa Mmuso tseo ba neng ba kopanela ho tsona di ne di le mpe ha di bapiswa le mehaho e meng ya dikereke. Leha ho le jwalo, ho tloha ka 1999, Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ya hore ho be le lenaneo le neng le tla potlakisa hore ho hahwe Diholo Tsa Mmuso dinaheng tse futsanehileng. Dinaha tse ruileng di ile tsa fana ka tjhelete e le hore ho ‘lekalekana’ ho ka ba teng. (Bala 2 Bakorinthe 8:13-15.) Bara le baradibabo rona ba tswang dinaheng tse ding ba ile ba ithaopela ho thusa mosebetsing ona.

9. Ke mosebetsi ofe o neng o bonahala o le boima, hona keng se ileng sa finyellwa?

9 Qalong, mosebetsi ona o ne o bonahala o le boima. Tlaleho e ileng ya etswa ka 2001 e ile ya bontsha hore ho hlokahala Diholo Tsa Mmuso tse 18 300, dinaheng tse 88. Leha ho le jwalo, ka tshehetso ya moya wa Modimo le ya Morena wa rona Jesu Kreste, ha ho na mosebetsi o ke keng wa kgoneha. (Mat. 19:26) Ka dilemo tse ka bang 15, ho tloha ka 1999 ho ya ho 2013, batho ba Modimo ba ne ba se ba hahile Diholo Tsa Mmuso tse 26 849, ba sebedisa lenaneo lena. * Jehova o ntse a tswela pele ho hlohonolofatsa mosebetsi wa boboledi, hoo ho tloha ka 2013 ho neng ho hlokahala Diholo Tsa Mmuso tse 6 500 dinaheng tseo mme hona jwale ho hlokahala tse ding tse makgolo, selemo le selemo.

Ho haha Diholo Tsa Mmuso dinaheng tse futsanehileng ho na le mathata

10-12. Ho hahwa ha Diholo Tsa Mmuso tse ntjha ho tlotlisitse lebitso la Jehova jwang?

10 Ho hahwa ha Diholo Tsa Mmuso tse ntjha ho tlotlisitse lebitso la Jehova jwang? Tlaleho e tswang ofising ya lekala ya Zimbabwe e ile ya re: “Kgwedi ka mora hore Holo ya Mmuso e ntjha e hahwe, palo ya batho ba ileng ba e ba teng dibokeng e ile ya imena habedi.” Dinaheng tse ngata ho bonahala batho ba sa kgothalle ho tla dibokeng ho fihlela ho e ba le sebaka se loketseng sa borapedi. Empa hang ha Holo ya Mmuso e se e hahilwe, ho e so ye kae e ya tlala mme ho se ho hlokahala e nngwe hape. Leha ho le jwalo, mohaho hase wona feela o hulelang batho ho Jehova. Lerato la sebele le bontshwang ke Bakreste ba hahang diholo tseo le lona le ama tsela eo batho ba tadimang mokgatlo wa Jehova ka yona. Nahana ka mehlala e latelang.

11 Indonesia. Ha monna ya neng a ntse a shebile ha ho hahwa Holo ya Mmuso a utlwa hore basebetsi bohle e ne e le baithaopi, o ile a re: “Le batho ba hlollang! Ke hlokometse kamoo e mong le e mong wa lona a sebetsang ka pelo yohle a bile a thabile kateng, le hoja le sa patalwe. Ha ke nahane hore ho na le mokgatlo wa bodumedi o tshwanang le wa lona!”

12 Ukraine. Mosadi e mong eo letsatsi le letsatsi a neng a feta setsheng seo ho neng ho hahwa Holo ya Mmuso ho sona, o ile a fihlela qeto ya hore e tlameha ebe basebetsi bao ke Dipaki Tsa Jehova mme mohaho oo ke Holo ya Mmuso. O ile a re: “Ngwaneso eo e leng Paki, o ile a mpolella ka Dipaki Tsa Jehova. Ha ke ntse ke shebile ho hahwa ha holo ena, ke ile ka etsa qeto ya hore le nna ke batla ho ba Paki. Ke bone lerato la sebele mona.” Mosadi enwa o ile a amohela thuto ya Bibele mme a kolobetswa ka 2010.

13, 14. (a) O ithutileng tseleng eo banyalani ba bang ba ileng ba itshwara ka yona ka mora hore ba bone ha ho hahwa Holo ya Mmuso? (b) O ka netefatsa jwang hore sebaka sa heno sa borapedi se tlisa thoriso lebitsong la Jehova?

13 Argentina. Banyalani ba bang ba ile ba bua le morabo rona ya neng a hlokometse setsha sa moo ho neng ho hahwa Holo ya Mmuso. Monna o ile a re, “Re ntse re le shebile ha le ntse le haha Holo ya Mmuso mme . . . re entse qeto ya hore re batla ho ithuta ka Modimo sebakeng sena.” O ile a botsa a re, “Re lokela ho etsang e le hore re tshwanelehe ho ba teng dibokeng?” Banyalani bao ba ile ba dumela hore ba tla ithuta Bibele hafeela lelapa lohle le ithuta. Barababo rona ba ile ba thabela seo.

14 E ka nna yaba ha o a ka wa kenya letsoho ha ho ne ho hahwa Holo ya Mmuso eo le kopanelang ho yona, empa o ntse o ka kgona ho kenya letsoho hore sebaka sa heno sa borapedi se tlise thoriso lebitsong la Jehova. Ka mohlala, ka tjheseho o ka mema batho bao o ithutang Bibele le bona le ba bang hore ba be teng dibokeng Holong ya Mmuso. O ka boela wa thusa ha sebaka sa heno sa borapedi se hlwekiswa leha se lokiswa. O ka behella tjhelete e itseng ka thoko e le hore o hlokomele holo ya heno kapa wa nehela hore ho hahuwe Diholo Tsa Mmuso dinaheng tse ding. (Bala 1 Bakorinthe 16:2.) Mesebetsi ena kaofela e tlisa thoriso lebitsong la Jehova.

Basebetsi ba “Itlhahisa ka ho Rata”

15-17. (a) Ke bomang ba etsang boholo ba mosebetsi wa kaho? (b) O ithutileng dinthong tseo banyalani ba sebeditseng mesebetsing ya kaho dinaheng tse ding ba di buileng?

15 Mosebetsi o mongata o etswang ha ho hahwa Diholo Tsa Mmuso, Diholo tsa Kopano le diofisi tsa makala, o etswa ke bara le baradibabo rona ba dibakeng tseo. Leha ho le jwalo, hangata ba thuswa ke bara le baradibabo rona ba tswang dinaheng tse ding ba nang le boiphihlelo mosebetsing wa ho haha. Ba bang ba baithaopi bana ba hlophisitse mabaka a bona e le hore ba sebetse dinaheng tse ding ka dibeke tse mmalwa. Ba bang ba sebetsa ka dilemo tse ngata, ba tloha naheng e nngwe ho ya ho e nngwe ka mosebetsi ona wa ho haha.

Timo le Lina Lappalainen (Sheba serapa sa 16)

16 Ho thusa dinaheng tse ding ka mosebetsi wa ho haha ho na le mathata empa hape ho a thabisa. Ka mohlala Timo le Lina, ba tsamaile dinaheng tsa Asia, Europe le Amerika Leboya ba haha Diholo Tsa Mmuso, Diholo Tsa Kopano le diofisi tsa makala. Timo o re: “Ka kakaretso, dilemong tse 30 tse fetileng ke ile ka fumana kabelo e ntjha dilemo tse ding le tse ding tse pedi.” Lina, ya nang le dilemo tse 25 a nyalane le Timo o re: “nna le Timo re se re sebeditse dinaheng tse leshome. Ho hlokahala boiteko bo boholo le nako e ngata ho tlwaela dijo tse ntjha, boemo ba lehodimo, puo e ntjha, ho etsa mosebetsi wa boboledi sebakeng se setjha le ho etsa metswalle e metjha.” * Na ba a ikwahlaya? Lina o re: “Mathata ao a ile a fella ka ditlhohonolofatso tse ngata. Barababo rona ba ile ba re bontsha lerato, ba re amohela ka mofuthu mme ra bona kamoo Jehova a ileng a re hlokomela ka lerato kateng. Re boetse re bone ho phethahala ha seo Jesu a ileng a se tshepisa barutuwa ba hae ho Mareka 10:29, 30. Re fumane barababo rona le baradibabo rona le bo mme halekgolo.” Timo o re: “Re thabela ho sebedisa tsebo ya rona bakeng sa morero o hlomphehang ka ho fetisisa, e leng ho kenya letsoho ho atoloseng dintho tsa Morena.”

17 Darren le Sarah, ba ileng ba thusa mosebetsing wa kaho naheng ya Afrika, Asia, Amerika Bohareng, Europe, Amerika Leboya le South Pacific, ba ikutlwa ba ruile molemo le ho feta. Ho sa tsotellehe mathata ao ba neng ba tobana le ona, Darren o re: “Ke tokelo ho sebetsa le barababo rona ba tswang dikarolong tse fapaneng tsa lefatshe. Ke bone hore lerato la rona ho Jehova ke yona ntho e re kopanyang.” Sarah o re: “Ke ithutile dintho tse ngata ho bara le baradibabo rona ba ditso tse fapaneng! Ha ke hlokomela kamoo ba itetseng kateng tshebeletsong ya Jehova, seo se etsa hore ke tswele pele ke fana ka se molemohadi.”

18. Boprofeta bo tlalehilweng ho Pesaleme ya 110:1-3, bo phethahala jwang?

18 Morena Davida o ile a profeta hore le hoja batho ba tlasa puso ya Mmuso wa Modimo ba ka tobana le mathata, ba ne ba tla “itlhahisa ka ho rata” e le hore ba ntshetse pele mesebetsi ya Mmuso. (Bala Pesaleme ya 110:1-3.) Batho bohle ba etsang mesebetsi e tshehetsang Mmuso ba phethahatsa boprofeta boo. (1 Bakor. 3:9) Mehaho e mengata ya diofisi tsa makala, Diholo Tsa Kopano tse makgolo le Diholo Tsa Mmuso tse mashome a dikete ke bopaki ba hore Mmuso wa Modimo ke wa sebele mme o a busa hona jwale. Ke tokelo e kaakang ho sebeletsa Morena Jesu Kreste mosebetsing o tlisetsang Jehova thoriso e mo tshwanelang!

^ ser. 6 Ka 2013, ho ne ho e na le baithaopi ba fetang 230 000, ba dumeletsweng ho sebetsa le di-RBC tse 132, United States. Naheng eo, dikomiti tseo di ne di hlokomela ho hahwa ha Diholo Tsa Mmuso tse ntjha tse 75 mme tsa thusa ho ntjhafatsa le ho lokisa diholo tse ka bang 900, selemo le selemo.

^ ser. 9 Palo ena ha e kenyelletse diholo tse ding tse ngata tsa Mmuso tse ileng tsa hahwa e se karolo ya lenaneo lena.

^ ser. 16 Basebetsi ba matjhaba le baithaopi ba qeta nako e ngata ba sebetsa mesebetsing ya kaho, empa ba boetse ba tshehetsa diphutheho mosebetsing wa boboledi mafelobeke le mantsiboya.