Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 20

Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa

Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Ho bontša lerato la Bokreste nakong ea likoluoa

1, 2. (a) Bakreste ba Judea ba ile ba tobana le bothata bofe? (b) Bakreste ba Judea ba ile ba bontšoa lerato joang?

HOO e ka bang ka selemo sa 46, Judea e ile ea hlaseloa ke tlala ea boja-likata. Barutuoa ba Kreste ba Bajuda ba neng ba lula moo ba ne ba hloka lijo kaha theko ea tsona e ne e phahame haholo hobane li ne li fokola. Ba ne ba lapile, ba tjametsoe ke tlala ea boja-likata. Leha ho le joalo, ba ne ba le mothating oa ho bona ha Jehova a ba sireletsa ka tsela eo a e-s’o ka a ba sireletsa ka eona pele. Ho ile ha etsahala’ng?

2 Ka lebaka la ho utloela barab’abo bona ba Bajuda ba Jerusalema le Judea bohloko, Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba ba neng ba lula Antioke le Syria, ba ile ba bokella chelete bakeng sa ho ea thusa balumeli-’moho le bona. Ba ile ba khetha barab’abo rōna ba babeli ba ikarabellang e leng, Barnabase le Saule ho isa liphallelo tseo ho baholo ba phutheho ea Jerusalema. (Bala Liketso 11:27-30; 12:25.) Ak’u nahane kamoo barab’abo rōna ba Judea ba ileng ba ikutloa kateng ka lerato leo barab’abo bona ba Antioke ba ileng ba ba bontša lona!

3. (a) Kajeno batho ba Molimo ba latela mohlala oa Bakreste ba Antioke joang? Fana ka mohlala. (Sheba le lebokose le reng, “ Letšolo la Pele le Leholo la Liphallelo la Mehleng Ena.”) (b)  Re tla hlahloba lipotso life khaolong ee?

3 Ketsahalo eo, e ileng ea etsahala lekholong la pele la lilemo, ke ketsahalo ea pele e tlalehiloeng moo Bakreste ba lulang naheng e ’ngoe ba romelang liphallelo ho Bakreste ba bang ba lulang naheng e ’ngoe. Kajeno, re latela mohlala oa barab’abo rōna ba Antioke. Ha re utloa hore Bakreste-’moho le rōna ba hlahetsoe ke koluoa kapa bothata bo itseng, rea ba thusa. * E le hore re utloisise hore na ho thusa ha rōna nakong ea likoluoa ho amana joang le tšebeletso ea Bokreste, a re hlahlobeng lipotso tse tharo tse mabapi le tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa: Ke hobane’ng ha re nka mosebetsi oa rōna oa ho thusa nakong ea likoluoa e le tšebeletso? Ke hobane’ng ha re thusa nakong ea likoluoa? Re rua molemo joang tšebeletsong ea rōna ea ho thusa nakong ea likoluoa?

Ke Hobane’ng ha ho Thusa Nakong ea Likoluoa e le “Tšebeletso e Halalelang”?

4. Pauluse o ile a re’ng ho Bakorinthe ha a bua ka tšebeletso ea Bokreste?

4 Lengolong la hae la bobeli le eang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a hlalosa hore tšebeletso ea Bakreste e habeli. Le hoja lengolo la Pauluse le ne le lebisitsoe ho Bakreste ba tlotsitsoeng, kajeno mantsoe a hae a sebetsa le ho “linku tse ling” tsa Kreste. (Joh. 10:16) Karolo e ’ngoe ea tšebeletso ea rōna ke “bosebeletsi ba [tšebeletso ea] poelano,” e leng mosebetsi oa rōna oa ho bolela le oa ho ruta. (2 Bakor. 5:18-20; 1 Tim. 2:3-6) Karolo e ’ngoe e akarelletsa tšebeletso eo re e etsetsang balumeli-’moho le rōna. Ka ho toba, Pauluse o ne a bua ka “tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa.” (2 Bakor. 8:4) Lipolelo tse peli tse reng, “bosebeletsi ba [tšebeletso ea] poelano” le “tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa,” li fetoletsoe lentsoeng la Segerike, e leng di·a·ko·niʹa. Ke hobane’ng ha seo e le sa bohlokoa?

5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore ebe Pauluse o ile a re, ho thusa nakong ea likoluoa ke tšebeletso?

5 Ka ho sebelisa lentsoe le tšoanang la Segerike ha a bua ka mesebetsi ena e ’meli, Pauluse o ne a bontša hore tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa e tšoana le mefuta e meng ea tšebeletso e neng e etsoa liphuthehong tsa Bokreste. Pejana o ile a re: “Ho na le bosebeletsi bo [litšebeletso tse] sa tšoaneng, leha ho le joalo ho na le Morena ea tšoanang; ho na le liketso tse sa tšoaneng, . . . Empa liketso tsena tsohle li etsoa ke moea o tšoanang.” (1 Bakor. 12:4-6, 11) Ha e le hantle, Pauluse o ne a amahanya mefuta e fapaneng ea tšebeletso le “tšebeletso e halalelang.” * (Bar. 12:1, 6-8) Ha ho makatse hore e be o ne a sebelisa nako e ’ngoe ea hae molemong oa ho “sebeletsa bahalaleli”!—Bar. 15:25, 26.

6. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse a re ho thusa nakong ea likoluoa ke karolo ea borapeli ba rōna? (b) Hlalosa kamoo mosebetsi oa ho thusa nakong ea likoluoa o etsoang kateng lefatšeng lohle kajeno. (Sheba lebokose le reng “ Ha ho E-ba le Koluoa!” leqepheng la 214.)

6 Pauluse o ile a thusa Bakorinthe hore ba utloisise hore na ke hobane’ng ha ho thusa nakong ea likoluoa e le karolo ea tšebeletso ea bona le borapeli ba bona ho Jehova. Hlokomela lebaka la hae: Bakreste baa thusana nakong ea likoluoa hobane ba “ipeha tlas’a litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.” (2 Bakor. 9:13) Kaha ba na le takatso e matla ea ho sebelisa seo ba ithutang sona lithutong tsa Kreste, Bakreste ba thusa balumeli-’moho le bona. Pauluse o ile a re liketso tse mosa tseo ba li etsetsang barab’abo bona, ha e le hantle ke ho bontša “mosa o sa tšoanelang o fetisisang oa Molimo.” (2 Bakor. 9:14; 1 Pet. 4:10) Kahoo, ha makasine ea The Watchtower ea December 1, 1975, e bua ka ho thusa barab’abo rōna, ho akarelletsa ho ba thusa nakong ea likoluoa, e ile ea re: “Ha rea lokela ho belaela hore Jehova Molimo le Mora oa hae Jesu Kreste ba nka tšebeletso ena e le ea bohlokoa haholo.” Ruri, ho thusa nakong ea likoluoa ke mofuta oa bohlokoa oa tšebeletso e halalelang.—Bar. 12:1, 7; 2 Bakor. 8:7; Baheb. 13:16.

Ke Hobane’ng ha re Thusa Nakong ea Likoluoa?

7, 8. Ke hobane’ng ha re thusa nakong ea likoluoa? Hlalosa.

7 Ke hobane’ng ha re thusa nakong ea likoluoa? Pauluse o ile a araba potso eo lengolong la bobeli leo a ileng a le ngolla Bakorinthe. (Bala 2 Bakorinthe 9:11-15.) Litemaneng tsena, Pauluse o hlalosa mabaka a mararo a ka sehloohong a ho kopanela ‘tšebeletsong ena ea phatlalatsa,’ e leng tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa. A re hlahlobeng mabaka ao.

8 La pele, tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa e tlotlisa Jehova. Hlokomela kamoo Pauluse a buang ka Jehova Molimo hangata kateng ho barab’abo litemaneng tse hlano tse bontšitsoeng ka holimo. O ba hopotsa ka “polelo ea teboho ho Molimo” le ka “lipolelo tse ngata tsa teboho ho Molimo.” (Temana ea 11, 12) O hlalosa kamoo ho thusa nakong ea likoluoa ho etsang hore Bakreste ba ‘tlotlise Molimo’ kateng le ho rorisa “mosa o sa tšoanelang o fetisisang oa Molimo.” (Temana ea 13, 14) Pauluse o ile a phethela puisano ea hae ka ho re: “Ho lebohuoe Molimo.”—Temana ea 15;1 Pet. 4:11.

9. Ho thusa nakong ea likoluoa ho ile ha fetola batho ba bang joang? Fana ka mohlala.

9 Joaloka Pauluse, bahlanka ba Molimo kajeno ba lumela hore ho thusa nakong ea likoluoa ho tlotlisa Jehova ’me ho khabisa lithuto tsa hae. (1 Bakor. 10:31; Tite 2:10) Ha e le hantle, tšebeletso ena e etsa hore batho ba neng ba e-na le maikutlo a fosahetseng ka Jehova le Lipaki tsa hae, ba fetohe. Ka mohlala: Mosali e mong ea lulang sebakeng se ileng sa otloa ke leholiotsoana o ne a behile saene monyakong oa hae e reng: “Lipaki Tsa Jehova—Le se ke la Kena.” Ka letsatsi le leng o ile a bona basebetsi ba lokisa ntlo ea moahisani oa hae e neng e senyehile. O ile a qeta matsatsi a ntse a shebile basebetsi bao ha ba ntse ba sebetsa ’me o ile a ea botsa hore na ke bo-mang. Ha a fumana hore baithaopi bao ke Lipaki Tsa Jehova, o ile a khahloa ke seo ’me a re: “Ke ne ke e-na le maikutlo a fosahetseng ka lōna.” O ile a etsa’ng? O ile a tlosa saene monyakong oa hae.

10, 11. (a) Ke mehlala efe e bontšang hore ha re thusa nakong ea likoluoa re “fana haholo ka litlhoko” tsa balumeli-’moho le rōna? (b) Ke bukana efe e thusang basebetsi ba thusang nakong ea likoluoa? (Sheba lebokose le reng “ Bukana ea Basebetsi ba Thusang Nakong ea Koluoa.”)

10 La bobeli, re “fana haholo ka litlhoko” tsa balumeli-’moho le rōna. (2 Bakor. 9:12a) Re ikemiselitse ho fa bara le barali babo rōna ba anngoeng ke likoluoa seo ba se hlokang le ho ba thusa. Hobane’ng? Hobane litho tsa phutheho ea Bokreste ke “’mele o le mong” ’me “haeba setho se seng se utloa bohloko, litho tse ling tsohle li utloa bohloko le sona.” (1 Bakor. 12:20, 26) Ke ka hona lerato la Bokreste le kutloelo-bohloko li susumetsang bara le barali babo rōna ba bangata kajeno hore ka potlako ba hlophise maemo a bona a bophelo, ba bokelle lisebelisoa tsa bona ’me ba ee libakeng tse anngoeng ke likoluoa e le hore ba thuse balumeli-’moho le bona. (Jak. 2:15, 16) Ka mohlala, ka mor’a hore tsunami e otle Japane ka 2011, ofisi ea lekala ea United States e ile ea romella Likomiti Tsa Kaho Tsa Mabatooa tse United States lengolo le neng le kōpa hore “barab’abo rōna ba ’maloa ba nang le boiphihlelo” ba il’o thusa ho haha Liholo Tsa ’Muso tse senyehileng. Ba ile ba arabela joang? Ho e-s’o ee kae, hoo e ka bang baithaopi ba 600 ba ile ba kōpa ho ea thusa ’me ba lumela hore ba tla itefella ho ea Japane! Ofisi ea lekala ea United States e ile ea re: “Re ile ra hlolloa ke karabelo eo re e fumaneng.” Ha mor’abo rōna oa Mojapane a botsa e mong oa baithaopi hore na ke hobane’ng ha a tlil’o thusa, moithaopi eo o ile a re: “Barab’abo rōna ba Japane ke karolo ea ‘’mele oa rōna.’ Re utloa bohloko boo ba bo utloang.” Ka linako tse ling, baithaopi bao ba susumetsoang ke lerato le hlokang boithati, ba ’nile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba thuse balumeli-’moho le bona. *1 Joh. 3:16.

11 Batho bao eseng Lipaki le bona ba ananela mosebetsi oa rōna oa ho thusa nakong ea likoluoa. Ka mohlala, ka mor’a hore koluoa e hlahe profinseng ea Arkansas, U.S.A., ka 2013, koranta e ’ngoe e ile ea tlaleha ka tsela eo baithaopi ba Lipaki ba arabelang ka potlako ka eona ’me ea re: “Baithaopi ba Lipaki Tsa Jehova ba hlophisehile ebile ba etsa mosebetsi oa bona ka bokhabane.” Ka sebele, joalokaha moapostola Pauluse a ile a bontša, re “fana haholo” ho barab’abo rōna ba hlokang.

12-14. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore barab’abo rōna ba khutlele kemisong ea bona ea lintho tsa moea ka mor’a koluoa? (b) Ke’ng seo ba bang ba ileng ba se bua se bontšang bohlokoa ba ho etsa lintho tsa moea?

12 La boraro, re thusa ba anngoeng ke koluoa hore ba khutlele kemisong ea bona ea lintho tsa moea. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Pauluse o ile a hlalosa hore batho ba fumanang thuso nakong ea likoluoa ba tla susumelletseha ho etsa “lipolelo tse ngata tsa teboho ho Molimo.” (2 Bakor. 9:12b) Ha ho na tsela e ’ngoe e molemo eo ba anngoeng ke likoluoa ba ka lebohang Jehova ka eona ha e se ho khutlela kemisong ea bona ea lintho tsa moea kapele kamoo ho ka khonehang kateng. (Bafil. 1:10) Ka 1945 makasine ea The Watchtower e ile ea re: “Pauluse o ile a lumela . . . hore ho bokelloe menehelo hobane e ne e thusa . . . Bakreste ba hlokang hore ba be le lintho tseo ba li hlokang e le hore ba kopanele ka mafolofolo mosebetsing oa Jehova oa ho paka.” Morero oa rōna o ntse o tšoana le kajeno. Ha barab’abo rōna ba khutlela mosebetsing oa boboleli, ha ba matlafatse baahelani ba bona ba anngoeng ke likoluoa feela, empa le bona baa imatlafatsa.—Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.

13 Nahana ka seo batho ba ileng ba fumana thuso nakong ea likoluoa le ho matlafatsoa ke ho kopanela mosebetsing oa boboleli ba ileng ba se bua. Mor’abo rōna o ile a re, “Lelapa la rōna le ile la thaba haholo ha le kopanela mosebetsing oa boboleli. Ha re ntse re leka ho tšelisa batho ba bang, re ile ra khaotsa ho tšoenyeha ka mathata a rōna.” Morali’abo rōna o ile a re: “Ho tsepamisa kelello ea ka linthong tsa moea ho ile ha etsa hore ke se ke ka tšoenyeha haholo ka mahlomola ao ke neng ke le ho ’ona. Ke ile ka ikutloa ke sireletsehile.” Morali’abo rōna e mong o ile a re: “Le hoja ho ne ho se letho leo re ka le etsang ka boemo boo re neng re le ho bona, boboleli bo ile ba etsa hore bophelo ba lelapa la rōna bo be le morero. Ho bua le batho ba bang ka tšepo ea ho phela lefatšeng le lecha ho ile ha matlafatsa tumelo ea rōna tšepisong ea Molimo ea hore o tla nchafatsa lintho tsohle.”

14 Ho ba teng libokeng ke e ’ngoe ea lintho tsa moea tseo barab’abo rōna ba anngoeng ke likoluoa ba lokelang ho li etsa kapele kamoo ho ka khonehang kateng. Nahana ka se ileng sa etsahalla Kiyoko, e leng morali’abo rōna ea neng a le lilemo tse ka holimo ho 50 ka nako eo. Ka mor’a hore tsunami e otle, o ile a sala ka liaparo tseo a neng a li apere le lieta tseo a neng a li roetse feela ’me o ne a tsielehile a sa tsebe hore na o tla phela joang. Mor’abo rōna e mong o ile a mo bolella hore ba tla tšoarela seboka sa letsatsi leo ka koloing ea hae. Kiyoko o re: “’Na le morali’abo rōna e mong re ile ra lula ka koloing re e-na le moholo eo le mosali oa hae. Seboka seo se ne se se na lintlha tse ngata, empa joalokaha eka ke ka mohlolo, se ile sa etsa hore ke lebale ka tsunami eo. Ke ile ka ikutloa ke e-na le khotso ea kelello. Seboka seo se ile sa mpontša bohlokoa ba ho bokana hammoho re le Bakreste.” Ha a bua ka liboka tseo a ileng a ea ho tsona ka mor’a koluoa e ileng ea hlaha, morali’abo rōna e mong o ile a re: “Li ile tsa nthusa ho re ke mamelle!”—Bar. 1:11, 12; 12:12

Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa e Tlisa Melemo

15, 16. (a) Ke melemo efe eo Bakreste ba Korinthe le ba libakeng tse ling ba neng ba tla e fumana ha ba fana ka thuso nakong ea likoluoa? (b) Re rua molemo joang ha re thusa ka tsela e tšoanang kajeno?

15 Ha a bua ka tšebeletso ena ea ho thusa nakong ea likoluoa, Pauluse o ile a hlalosetsa Bakorinthe ka melemo eo bona hammoho le Bakreste ba bang ba neng ba tla e fumana ha ba kopanela tšebeletsong ena. O ile a re: “Ka thapeli bakeng sa lōna baa [Bakreste ba Bajuda ba Jerusalema ba ileng ba fumana thuso] le hloloheloa [rata] ka lebaka la mosa o sa tšoanelang o fetisisang oa Molimo ho lōna.” (2 Bakor. 9:14) Ka sebele, moea oa ho fana oo Bakorinthe ba neng ba e-na le oona o ne o tla susumelletsa Bakreste ba Bajuda hore ba rapelle barab’abo bona ba Korinthe hammoho le ba Balichaba ’me seo se ne se tla etsa hore ba ba rate le ho feta.

16 Ha makasine ea The Watchtower ea December 1, ea 1945 e bua ka mantsoe a Pauluse a mabapi le melemo ea ho etsa tšebeletso ena, e ile ea re: “Ak’u nahane ka bonngoe bo bang teng ha batho ba Molimo ba thusana!” Ke sona seo basebetsi ba thusang nakong ea likoluoa ba se bonang kajeno. Moholo e mong ea ileng a thusa moo ho bileng le moroallo o ile a re: “Ho thusa nakong ea likoluoa ho entse hore ke ikutloe ke atamelane haholo le barab’abo rōna ho feta leha e le neng pele.” Morali’abo rōna e mong ea ileng a fumana thuso o ile a re: “Mokhatlo oa rōna oa bara ba motho o etsa hore re ikutloe eka re se re le Paradeiseng.”—Bala Liproverbia 17:17.

17. (a) Mantsoe a ho Esaia 41:13 a phethahala joang mosebetsing oa ho thusa nakong ea likoluoa? (b) Bolela mehlala e meng e bontšang kamoo ho thusa nakong ea likoluoa ho tlotlisang Jehova le ho matlafatsa bonngoe ba rōna kateng. (Sheba lebokose le reng “ Baithaopi ba Lefatšeng Lohle ba Thusa Nakong ea Likoluoa.”)

17 Ha basebetsi ba fihla moo ho nang le koluoa, barab’abo rōna ba anngoeng ke koluoa eo ba bona ho phethahala ha mantsoe a Molimo ka tsela e ikhethang, a reng: “’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.’” (Esa 41:13) Ka mor’a ho phonyoha koluoa, morali’abo rōna e mong o ile a re: “Ke ile ka felloa ke tšepo ha ke bona tšenyo e bakiloeng ke koluoa eo, empa Jehova o ile a ntšoara ka letsoho. Ha ke khone ho hlalosa tsela eo ke ileng ka ikutloa ka eona ha barab’abo rōna ba ne ba nthusa.” Ka mor’a hore koluoa e hlahe sebakeng sa habo bona, baholo ba bang ba babeli ba ile ba ngola ba re: “Tšisinyeho ea lefatše e ile ea re utloisa bohloko haholo, empa Jehova o ile a re thusa a sebelisa barab’abo rōna. Re ne re ile ra utloela ka mosebetsi oa ho thusa nakong ea likoluoa, empa hona joale re inoesa ka nkho.”

Na U ka Kenya Letsoho?

18. U ka etsa’ng haeba u batla ho kenya letsoho mosebetsing oa ho thusa nakong ea likoluoa? (Sheba le lebokose le reng, “ O Ile oa Etsa Hore Bophelo ba ka bo be le Morero.”)

18 Na u ka rata ho ba le thabo e tlisoang ke ho thusa nakong ea likoluoa? Haeba ho joalo, hopola hore hangata basebetsi ba thusang nakong ea likoluoa ba khethoa har’a batho ba sebetsang kahong ea Liholo Tsa ’Muso. Kahoo, bolella baholo ba phutheho ea heno hore u batla ho tlatsa foromo. Moholo ea nang le boiphihlelo mosebetsing oa ho thusa nakong ea likoluoa o fana ka khopotso ena: “Pele u ka ea sebakeng seo ho nang le koluoa ho sona, emela hore u mengoe ke Komiti ea Liphallelo.” Haeba re etsa seo, mosebetsi oa rōna o tla tsoela pele ho etsoa ka tsela e hlophisehileng.

19. Basebetsi ba thusang nakong ea likoluoa ba bontša joang hore re balateli ba ’nete ba Kreste?

19 Ka sebele, ho thusa nakong ea likoluoa ke tsela e babatsehang ea ho bontša hore re mamela taelo ea Kreste ea hore re “ratane.” Ha re ratana, re bontša hore re balateli ba ’nete ba Kreste. (Joh 13:34, 35) Ke tlhohonolofatso e kaakang kajeno hore ebe re na le baithaopi ba bangata ba tlotlisang Jehova ha ba ntse ba fana ka thuso ho batho ba tšehetsang ’Muso oa Molimo ka botšepehi!

^ ser. 3 Khaolo ena e hlahloba litsela tseo balumeli-’moho le rōna ba thusoang ka tsona nakong ea likoluoa. Leha ho le joalo, libakeng tse ling, re thusa le batho bao eseng Lipaki.—Gal 6:10

^ ser. 5 Pauluse o ile a sebelisa lentsoe di·aʹko·nos (ho sebeletsa) ha a bua ka “bahlanka ba sebeletsang.”—1Ti 3:12.[6]

^ ser. 10 Sheba sehlooho se reng “Ho Thusa Lelapa Labo Rōna la Balumeli Bosnia,” khatisong ea Molula-Qhooa oa November 1, 1994, leqepheng la 23-27.