Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 20

Tshebeletso ya ho Thusa Nakong ya Dikoduwa

Tshebeletso ya ho Thusa Nakong ya Dikoduwa

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Ho bontsha lerato la Bokreste nakong ya dikoduwa

1, 2. (a) Bakreste ba Judea ba ile ba tobana le bothata bofe? (b) Bakreste ba Judea ba ile ba bontshwa lerato jwang?

HOO e ka bang ka selemo sa 46, Judea e ile ya hlaselwa ke tlala ya bojadikata. Barutuwa ba Kreste ba Bajuda ba neng ba dula moo ba ne ba hloka dijo kaha theko ya tsona e ne e phahame haholo hobane di ne di fokola. Ba ne ba lapile, ba tjametswe ke tlala ya bojadikata. Leha ho le jwalo, ba ne ba le mothating wa ho bona ha Jehova a ba sireletsa ka tsela eo a e so ka a ba sireletsa ka yona pele. Ho ile ha etsahalang?

2 Ka lebaka la ho utlwela barababo bona ba Bajuda ba Jerusalema le Judea bohloko, Bakreste ba Bajuda le ba Baditjhaba ba neng ba dula Antioke le Syria, ba ile ba bokella tjhelete bakeng sa ho ya thusa badumedimmoho le bona. Ba ile ba kgetha barababo rona ba babedi ba ikarabellang e leng, Barnabase le Saule ho isa diphallelo tseo ho baholo ba phutheho ya Jerusalema. (Bala Liketso 11:27-30; 12:25.) A ko nahane kamoo barababo rona ba Judea ba ileng ba ikutlwa kateng ka lerato leo barababo bona ba Antioke ba ileng ba ba bontsha lona!

3. (a) Kajeno batho ba Modimo ba latela mohlala wa Bakreste ba Antioke jwang? Fana ka mohlala. (Sheba le lebokose le reng, “ Letsholo la Pele le Leholo la Diphallelo la Mehleng Ena.”) (b)  Re tla hlahloba dipotso dife kgaolong ye?

3 Ketsahalo eo, e ileng ya etsahala mehleng ya baapostola, ke ketsahalo ya pele e tlalehilweng moo Bakreste ba dulang naheng e nngwe ba romelang diphallelo ho Bakreste ba bang ba dulang naheng e nngwe. Kajeno, re latela mohlala wa barababo rona ba Antioke. Ha re utlwa hore Bakrestemmoho le rona ba hlahetswe ke koduwa kapa bothata bo itseng, rea ba thusa. * E le hore re utlwisise hore na ho thusa ha rona nakong ya dikoduwa ho amana jwang le tshebeletso ya Bokreste, a re hlahlobeng dipotso tse tharo tse mabapi le tshebeletso ya ho thusa nakong ya dikoduwa: Ke hobaneng ha re nka mosebetsi wa rona wa ho thusa nakong ya dikoduwa e le tshebeletso? Ke hobaneng ha re thusa nakong ya dikoduwa? Re rua molemo jwang tshebeletsong ya rona ya ho thusa nakong ya dikoduwa?

Ke Hobaneng ha ho Thusa Nakong ya Dikoduwa e le “Tshebeletso e Halalelang”?

4. Pauluse o ile a reng ho Bakorinthe ha a bua ka tshebeletso ya Bokreste?

4 Lengolong la hae la bobedi le yang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a hlalosa hore tshebeletso ya Bakreste e habedi. Le hoja lengolo la Pauluse le ne le lebisitswe ho Bakreste ba tlotsitsweng, kajeno mantswe a hae a sebetsa le ho “dinku tse ding” tsa Kreste. (Joh. 10:16) Karolo e nngwe ya tshebeletso ya rona ke “bosebeletsi ba [tshebeletso ya] poelano,” e leng mosebetsi wa rona wa ho bolela le wa ho ruta. (2 Bakor. 5:18-20; 1 Tim. 2:3-6) Karolo e nngwe e akarelletsa tshebeletso eo re e etsetsang badumedimmoho le rona. Ka ho toba, Pauluse o ne a bua ka “tshebeletso ya ho thusa nakong ya dikoduwa.” (2 Bakor. 8:4) Dipolelo tse pedi tse reng, “bosebeletsi ba [tshebeletso ya] poelano” le “tshebeletso ya ho thusa nakong ya dikoduwa,” di fetoletswe lentsweng la Segerike, e leng di·a·ko·niʹa. Ke hobaneng ha seo e le sa bohlokwa?

5. Ke hobaneng ha e le habohlokwa hore ebe Pauluse o ile a re, ho thusa nakong ya dikoduwa ke tshebeletso?

5 Ka ho sebedisa lentswe le tshwanang la Segerike ha a bua ka mesebetsi ena e mmedi, Pauluse o ne a bontsha hore tshebeletso ya ho thusa nakong ya dikoduwa e tshwana le mefuta e meng ya tshebeletso e neng e etswa diphuthehong tsa Bokreste. Pejana o ile a re: “Ho na le bosebeletsi bo sa tshwaneng, leha ho le jwalo ho na le Morena ya tshwanang; ho na le liketso tse sa tshwaneng, . . . Empa liketso tsena tsohle di etswa ke moya o tshwanang.” (1 Bakor. 12:4-6, 11) Ha e le hantle, Pauluse o ne a amahanya mefuta e fapaneng ya tshebeletso le “tshebeletso e halalelang.” * (Bar. 12:1, 6-8) Ha ho makatse hore e be o ne a sebedisa nako e nngwe ya hae molemong wa ho “sebeletsa bahalaledi”!—Bar. 15:25, 26.

6. (a) Ke hobaneng ha Pauluse a re ho thusa nakong ya dikoduwa ke karolo ya borapedi ba rona? (b) Hlalosa kamoo mosebetsi wa ho thusa nakong ya dikoduwa o etswang kateng lefatsheng lohle kajeno. (Sheba lebokose le reng “ Ha ho e ba le Koduwa!” leqepheng la 214.)

6 Pauluse o ile a thusa Bakorinthe hore ba utlwisise hore na ke hobaneng ha ho thusa nakong ya dikoduwa e le karolo ya tshebeletso ya bona le borapedi ba bona ho Jehova. Hlokomela lebaka la hae: Bakreste ba a thusana nakong ya dikoduwa hobane ba “ipeha tlasa ditaba tse molemo tse mabapi le Kreste.” (2 Bakor. 9:13) Kaha ba na le takatso e matla ya ho sebedisa seo ba ithutang sona dithutong tsa Kreste, Bakreste ba thusa badumedimmoho le bona. Pauluse o ile a re liketso tse mosa tseo ba di etsetsang barababo bona, ha e le hantle ke ho bontsha “mosa o sa tshwanelang o fetisisang wa Modimo.” (2 Bakor. 9:14; 1 Pet. 4:10) Kahoo, ha makasine ya The Watchtower ya December 1, 1975, e bua ka ho thusa barababo rona, ho akarelletsa ho ba thusa nakong ya dikoduwa, e ile ya re: “Ha rea lokela ho belaela hore Jehova Modimo le Mora wa hae Jesu Kreste ba nka tshebeletso ena e le ya bohlokwa haholo.” Ruri, ho thusa nakong ya dikoduwa ke mofuta wa bohlokwa wa tshebeletso e halalelang.—Bar. 12:1, 7; 2 Bakor. 8:7; Baheb. 13:16.

Ke Hobaneng ha re Thusa Nakong ya Dikoduwa?

7, 8. Ke hobaneng ha re thusa nakong ya dikoduwa? Hlalosa.

7 Ke hobaneng ha re thusa nakong ya dikoduwa? Pauluse o ile a araba potso eo lengolong la bobedi leo a ileng a le ngolla Bakorinthe. (Bala 2 Bakorinthe 9:11-15.) Ditemaneng tsena, Pauluse o hlalosa mabaka a mararo a ka sehloohong a ho kopanela ‘tshebeletsong ena ya phatlalatsa,’ e leng tshebeletso ya ho thusa nakong ya dikoduwa. A re hlahlobeng mabaka ao.

8 La pele, tshebeletso ya ho thusa nakong ya dikoduwa e tlotlisa Jehova. Hlokomela kamoo Pauluse a buang ka Jehova Modimo hangata kateng ho barababo ditemaneng tse hlano tse bontshitsweng ka hodimo. O ba hopotsa ka “polelo ya teboho ho Modimo” le ka “dipolelo tse ngata tsa teboho ho Modimo.” (Temana ya 11, 12) O hlalosa kamoo ho thusa nakong ya dikoduwa ho etsang hore Bakreste ba ‘tlotlise Modimo’ kateng le ho rorisa “mosa o sa tshwanelang o fetisisang wa Modimo.” (Temana ya 13, 14) Pauluse o ile a phethela puisano ya hae ka ho re: “Ho lebohuwe Modimo.”—Temana ya 15; 1 Pet. 4:11.

9. Ho thusa nakong ya dikoduwa ho ile ha fetola batho ba bang jwang? Fana ka mohlala.

9 Jwaloka Pauluse, bahlanka ba Modimo kajeno ba dumela hore ho thusa nakong ya dikoduwa ho tlotlisa Jehova mme ho kgabisa dithuto tsa hae. (1 Bakor. 10:31; Tite 2:10) Ha e le hantle, tshebeletso ena e etsa hore batho ba neng ba e na le maikutlo a fosahetseng ka Jehova le Dipaki tsa hae, ba fetohe. Ka mohlala: Mosadi e mong ya dulang sebakeng se ileng sa otlwa ke lehodiotswana o ne a behile saene monyakong wa hae e reng: “Dipaki Tsa Jehova—Le se ke la Kena.” Ka letsatsi le leng o ile a bona basebetsi ba lokisa ntlo ya moahisani wa hae e neng e senyehile. O ile a qeta matsatsi a ntse a shebile basebetsi bao ha ba ntse ba sebetsa mme o ile a ya botsa hore na ke bomang. Ha a fumana hore baithaopi bao ke Dipaki Tsa Jehova, o ile a kgahlwa ke seo mme a re: “Ke ne ke e na le maikutlo a fosahetseng ka lona.” O ile a etsang? O ile a tlosa saene monyakong wa hae.

10, 11. (a) Ke mehlala efe e bontshang hore ha re thusa nakong ya dikoduwa re “fana haholo ka ditlhoko” tsa badumedimmoho le rona? (b) Ke bukana efe e thusang basebetsi ba thusang nakong ya dikoduwa? (Sheba lebokose le reng “ Bukana ya Basebetsi ba Thusang Nakong ya Koduwa.”)

10 La bobedi, re “fana haholo ka ditlhoko” tsa badumedimmoho le rona. (2 Bakor. 9:12a) Re ikemiseditse ho fa bara le baradibabo rona ba anngweng ke dikoduwa seo ba se hlokang le ho ba thusa. Hobaneng? Hobane ditho tsa phutheho ya Bokreste ke “mmele o le mong” mme “haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona.” (1 Bakor. 12:20, 26) Ke ka hona lerato la Bokreste le kutlwelo bohloko di etsang hore bara le baradibabo rona ba bangata kajeno hore ka potlako ba hlophise maemo a bona a bophelo, ba bokelle disebediswa tsa bona mme ba ye dibakeng tse anngweng ke dikoduwa e le hore ba thuse badumedimmoho le bona. (Jak. 2:15, 16) Ka mohlala, ka mora hore tsunami e otle Japane ka 2011, ofisi ya lekala ya United States e ile ya romella Dikomiti Tsa Kaho Tsa Mabatowa tse United States lengolo le neng le kopa hore “barababo rona ba mmalwa ba nang le boiphihlelo” ba ilo thusa ho haha Diholo Tsa Mmuso tse senyehileng. Ba ile ba arabela jwang? Ho e so ye kae, hoo e ka bang baithaopi ba 600 ba ile ba kopa ho ya thusa mme ba dumela hore ba tla itefella ho ya Japane! Ofisi ya lekala ya United States e ile ya re: “Re ile ra hlollwa ke karabelo eo re e fumaneng.” Ha morabo rona wa Mojapane a botsa e mong wa baithaopi hore na ke hobaneng ha a tlilo thusa, moithaopi eo o ile a re: “Barababo rona ba Japane ke karolo ya ‘mmele wa rona.’ Re utlwa bohloko boo ba bo utlwang.” Ka dinako tse ding, baithaopi bao ba susumetswang ke lerato le hlokang boithati, ba ile ba nna ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba thuse badumedimmoho le bona. *1 Joh. 3:16.

11 Batho bao eseng Dipaki le bona ba ananela mosebetsi wa rona wa ho thusa nakong ya dikoduwa. Ka mohlala, ka mora hore koduwa e hlahe profinseng ya Arkansas, U.S.A., ka 2013, koranta e nngwe e ile ya tlaleha ka tsela eo baithaopi ba Dipaki ba arabelang ka potlako ka yona mme ya re: “Baithaopi ba Dipaki Tsa Jehova ba hlophisehile ebile ba etsa mosebetsi wa bona ka bokgabane.” Ka sebele, jwalokaha moapostola Pauluse a ile a bontsha, re “fana haholo” ho barababo rona ba hlokang.

12-14. (a) Ke hobaneng ha e le habohlokwa hore barababo rona ba kgutlele kemisong ya bona ya dintho tsa moya ka mora koduwa? (b) Keng seo ba bang ba ileng ba se bua se bontshang bohlokwa ba ho etsa dintho tsa moya?

12 La boraro, re thusa ba anngweng ke koduwa hore ba kgutlele kemisong ya bona ya dintho tsa moya. Ke hobaneng ha see e le sa bohlokwa? Pauluse o ile a hlalosa hore batho ba fumanang thuso nakong ya dikoduwa ba tla ikutlwa ba tlameha ho etsa “dipolelo tse ngata tsa teboho ho Modimo.” (2 Bakor. 9:12b) Ha ho na tsela e nngwe e molemo eo ba anngweng ke dikoduwa ba ka lebohang Jehova ka yona ha e se ho kgutlela kemisong ya bona ya dintho tsa moya kapele kamoo ho ka kgonehang kateng. (Bafil. 1:10) Ka 1945 makasine ya The Watchtower e ile ya re: “Pauluse o ile a dumela . . . hore ho bokellwe menehelo hobane e ne e thusa . . . Bakreste ba hlokang hore ba be le dintho tseo ba di hlokang e le hore ba kopanele ka mafolofolo mosebetsing wa Jehova wa ho paka.” Morero wa rona o ntse o tshwana le kajeno. Ha barababo rona ba kgutlela mosebetsing wa boboledi, ha ba matlafatse baahelani ba bona ba anngweng ke dikoduwa feela, empa le bona ba a imatlafatsa.—Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.

13 Nahana ka seo batho ba ileng ba fumana thuso nakong ya dikoduwa le ho matlafatswa ke ho kopanela mosebetsing wa boboledi ba ileng ba se bua. Morabo rona o ile a re, “Lelapa la rona le ile la thaba haholo ha le kopanela mosebetsing wa boboledi. Ha re ntse re leka ho tshedisa batho ba bang, re ile ra kgaotsa ho tshwenyeha ka mathata a rona.” Moradi wabo rona o ile a re: “Ho tsepamisa kelello ya ka dinthong tsa moya ho ile ha etsa hore ke se ke ka tshwenyeha haholo ka mahlomola ao ke neng ke le ho ona. Ke ile ka ikutlwa ke sireletsehile.” Moradi wabo rona e mong o ile a re: “Le hoja ho ne ho se letho leo re ka le etsang ka boemo boo re neng re le ho bona, boboledi bo ile ba etsa hore bophelo ba lelapa la rona bo be le morero. Ho bua le batho ba bang ka tshepo ya ho phela lefatsheng le letjha ho ile ha matlafatsa tumelo ya rona tshepisong ya Modimo ya hore o tla ntjhafatsa dintho tsohle.”

14 Ho ba teng dibokeng ke e nngwe ya dintho tsa moya tseo barababo rona ba anngweng ke dikoduwa ba lokelang ho di etsa kapele kamoo ho ka kgonehang kateng. Nahana ka se ileng sa etsahalla Kiyoko, e leng moradi wabo rona ya neng a le dilemo tse ka hodimo ho 50 ka nako eo. Ka mora hore tsunami e otle, o ile a sala ka diaparo tseo a neng a di apere le dieta tseo a neng a di rwetse feela mme o ne a tsielehile a sa tsebe hore na o tla phela jwang. Morabo rona e mong o ile a mo bolella hore ba tla tshwarela seboka sa letsatsi leo ka koloing ya hae. Kiyoko o re: “Nna le moradi wabo rona e mong re ile ra dula ka koloing re e na le moholo eo le mosadi wa hae. Seboka seo se ne se se na dintlha tse ngata, empa jwalokaha eka ke ka mohlolo, se ile sa etsa hore ke lebale ka tsunami eo. Ke ile ka ikutlwa ke e na le kgotso ya kelello. Seboka seo se ile sa mpontsha bohlokwa ba ho bokana hammoho re le Bakreste.” Ha a bua ka diboka tseo a ileng a ya ho tsona ka mora koduwa e ileng ya hlaha, moradi wabo rona e mong o ile a re: “Di ile tsa nthusa ho re ke mamelle!”—Bar. 1:11, 12; 12:12.

Tshebeletso ya ho Thusa Nakong ya Dikoduwa e Tlisa Melemo

15, 16. (a) Ke melemo efe eo Bakreste ba Korinthe le ba dibakeng tse ding ba neng ba tla e fumana ha ba fana ka thuso nakong ya dikoduwa? (b) Re rua molemo jwang ha re thusa ka tsela e tshwanang kajeno?

15 Ha a bua ka tshebeletso ena ya ho thusa nakong ya dikoduwa, Pauluse o ile a hlalosetsa Bakorinthe ka melemo eo bona hammoho le Bakreste ba bang ba neng ba tla e fumana ha ba kopanela tshebeletsong ena. O ile a re: “Ka thapedi bakeng sa lona [Bakreste ba Bajuda ba Jerusalema ba ileng ba fumana thuso] ba a le hlolohelwa [ba a le rata] ka lebaka la mosa o sa tshwanelang o fetisisang wa Modimo ho lona.” (2 Bakor. 9:14) Ka sebele, moya wa ho fana oo Bakorinthe ba neng ba e na le wona o ne o tla etsa hore Bakreste ba Bajuda ba rapelle barababo bona ba Korinthe hammoho le ba Baditjhaba mme seo se ne se tla etsa hore ba ba rate le ho feta.

16 Ha makasine ya The Watchtower ya December 1, ya 1945 e bua ka mantswe a Pauluse a mabapi le melemo ya ho etsa tshebeletso ena, e ile ya re: “A ko nahane ka bonngwe bo bang teng ha batho ba Modimo ba thusana!” Ke sona seo basebetsi ba thusang nakong ya dikoduwa ba se bonang kajeno. Moholo e mong ya ileng a thusa moo ho bileng le morwallo o ile a re: “Ho thusa nakong ya dikoduwa ho entse hore ke ikutlwe ke atamelane haholo le barababo rona ho feta leha e le neng pele.” Moradi wabo rona e mong ya ileng a fumana thuso o ile a re: “Mokgatlo wa rona wa bara ba motho o etsa hore re ikutlwe eka re se re le Paradeiseng.”—Bala Liproverbia 17:17.

17. (a) Mantswe a ho Esaia 41:13 a phethahala jwang mosebetsing wa ho thusa nakong ya dikoduwa? (b) Bolela mehlala e meng e bontshang kamoo ho thusa nakong ya dikoduwa ho tlotlisang Jehova le ho matlafatsa bonngwe ba rona kateng. (Sheba lebokose le reng “ Baithaopi ba Lefatsheng Lohle ba Thusa Nakong ya Dikoduwa.”)

17 Ha basebetsi ba fihla moo ho nang le koduwa, barababo rona ba anngweng ke koduwa eo ba bona ho phethahala ha mantswe a Modimo ka tsela e ikgethang, a reng: “Nna, Jehova Modimo wa hao, ke o tshwara ka letsoho la hao le letona, ke nna Ya reng ho wena, ‘O se ke wa tshoha. Ke tla o thusa.’” (Esa 41:13) Ka mora ho phonyoha koduwa, moradi wabo rona e mong o ile a re: “Ke ile ka fellwa ke tshepo ha ke bona tshenyo e bakilweng ke koduwa eo, empa Jehova o ile a ntshwara ka letsoho. Ha ke kgone ho hlalosa tsela eo ke ileng ka ikutlwa ka yona ha barababo rona ba ne ba nthusa.” Ka mora hore koduwa e hlahe sebakeng sa habo bona, baholo ba bang ba babedi ba ile ba ngola ba re: “Tshisinyeho ya lefatshe e ile ya re utlwisa bohloko haholo, empa Jehova o ile a re thusa a sebedisa barababo rona. Re ne re ile ra utlwela ka mosebetsi wa ho thusa nakong ya dikoduwa, empa hona jwale re inwesa ka nkgo.”

Na o ka Kenya Letsoho?

18. O ka etsang haeba o batla ho kenya letsoho mosebetsing wa ho thusa nakong ya dikoduwa? (Sheba le lebokose le reng, “ O Ile wa Etsa Hore Bophelo ba ka bo be le Morero.”)

18 Na o ka rata ho ba le thabo e tliswang ke ho thusa nakong ya dikoduwa? Haeba ho jwalo, hopola hore hangata basebetsi ba thusang nakong ya dikoduwa ba kgethwa hara batho ba sebetsang kahong ya Diholo Tsa Mmuso. Kahoo, bolella baholo ba phutheho ya heno hore o batla ho tlatsa foromo. Moholo e mong ya nang le boiphihlelo mosebetsing wa ho thusa nakong ya dikoduwa o fana ka kgopotso ena: “Pele o ka ya sebakeng seo ho nang le koduwa ho sona, emela hore o mengwe ke Komiti ya Diphallelo.” Haeba re etsa seo, mosebetsi wa rona o tla tswela pele ho etswa ka tsela e hlophisehileng.

19. Basebetsi ba thusang nakong ya dikoduwa ba bontsha jwang hore re balatedi ba nnete ba Kreste?

19 Ka sebele, ho thusa nakong ya dikoduwa ke tsela e babatsehang ya ho bontsha hore re mamela taelo ya Kreste ya hore re “ratane.” Ha re ratana, re bontsha hore re balatedi ba nnete ba Kreste. (Joh 13:34, 35) Ke tlhohonolofatso e kaakang kajeno hore ebe re na le baithaopi ba bangata ba tlotlisang Jehova ha ba ntse ba fana ka thuso ho batho ba tshehetsang Mmuso wa Modimo ka botshepehi!

^ ser. 3 Kgaolo ena e hlahloba ditsela tseo badumedimmoho le rona ba thuswang ka tsona nakong ya dikoduwa. Leha ho le jwalo, dibakeng tse ding, re thusa le batho bao eseng Dipaki.—Bagal. 6:10

^ ser. 5 Pauluse o ile a sebedisa lentswe di·aʹko·nos (ho sebeletsa) ha a bua ka “bahlanka ba sebeletsang.”—1 Tim. 3:12.

^ ser. 10 Sheba sehlooho se reng “Ho Thusa Lelapa Labo Rona la Badumedi Bosnia,” kgatisong ya Molula-Qhooa wa November 1, 1994, leqepheng la 23-27.