Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 21

’Muso oa Molimo o Felisa Lira Tsa Oona

’Muso oa Molimo o Felisa Lira Tsa Oona

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Liketsahalo tse lebisang ntoeng ea Armagedone

1, 2. (a) Ke bopaki bofe bo bontšang hore Morena oa rōna o ’nile a busa ho tloha ka 1914? (b) Re tla hlahloba eng khaolong ee?

E BILE ntho e matlafatsang tumelo ho hlahloba seo ’Muso oa Molimo o se finyelletseng har’a lira tsa oona. (Pes. 110:2) Morena oa rōna o hlahisitse lebotho la baboleli ba sebetsang ka ho rata. O hloekisitse balateli ba hae moeeng le boitšoarong. Hape, ho sa tsotellehe boiteko ba lira tsa ’Muso ba ho re arola, kajeno re na le bonngoe ba bara ba motho lefatšeng lohle. Lintho tsena le tse ling tse ngata tseo ’Muso o li finyelletseng, tseo re li tšohlileng li fana ka bopaki bo hlollang ba hore ho tloha ka 1914, Morena oa rōna o ntse a busa har’a lira tsa ’Muso.

2 Haufinyane ’Muso o tla etsa lintho tse ling tse ngata tse hlollang. O tla ‘tla’ ’me o tla “silakanya o felise” lira tsa oona kaofela. (Mat. 6:10; Dan. 2:44) Empa pele nako eo e fihla, ho na le lintho tsa bohlokoa tse lokelang ho etsahala. Ke life? Boprofeta bo bong ba Bibele bo araba potso eo. A re hlahlobeng bo bong ba boprofeta boo e le hore re bone hore na ke lintho life tse larileng kapele.

Selelekela sa “Timetso ea Tšohanyetso”

3. Ketsahalo ea pele eo re e letetseng ke efe?

3 Mohoo oa khotso. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bathesalonika ’me a hlalosa ketsahalo ea pele eo re e letetseng. (Bala 1 Bathesalonika 5:2, 3.) Lengolong leo, Pauluse o bua ka “letsatsi la Jehova” le tla qala ha ho hlaseloa “Babylona e Moholo.” (Tšen. 17:5) Leha ho le joalo, pele letsatsi la Jehova le qala, lichaba li tla re, “Khotso le tšireletseho!” Polelo ena e ka bolela phatlalatso e le ’ngoe kapa liphatlalatso tse ’maloa tse tla etsoa. Na baeta-pele ba bolumeli ba tla etsa mohoo oo? Kaha ke karolo ea lefatše, ho ka etsahala hore le bona ba tla kopanela le lichaba ha li re, “Khotso e teng!” (Jer. 6:14; 23:16, 17; Tšen. 17:1, 2) Phatlalatso ena ea khotso le tšireletseho, e tla ba pontšo ea hore letsatsi la Jehova le haufi le ho qala. Lira tsa ’Muso oa Molimo ‘li ke ke tsa phonyoha.’

4. Ho utloisisa boprofeta ba Pauluse bo mabapi le mohoo oa khotso le tšireletseho ho re thusa joang?

4 Ho utloisisa boprofeta boo, ho re thusa joang? Pauluse o re: “Ha le lefifing, hoo letsatsi leo le ka le fihlelang joalokaha le ne le tla fihlela masholu.” (1 Bathes. 5:3, 4) Ho fapana le batho ka kakaretso, rea tseba hore na liketsahalo tsa lefatše li bolela’ng. Ha e le hantle, boprofeta bo mabapi le khotso le tšireletseho bo tla phethahala joang? Re tla leta ’me re bone se tla etsahala. Kahoo, “a re luleng re falimehile ’me re lule re hlaphohetsoe likelellong.”—1 Bathes. 5:6; Sof. 3:8.

Matšoenyeho a Maholo aa Qala

5. “Matšoenyeho a maholo” a tla qala ka ketsahalo efe?

5 Bolumeli boa hlaseloa. Hopola hore Pauluse o ile a ngola a re: “Neng kapa neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang.” Joalokaha sealuma se thoathoaretsa hang ka mor’a hore lehalima le tsekeme, hang ha ba re, “Khotso le tšireletseho!” ho tla latela “timetso ea tšohanyetso.” Ho tla timetsoa eng? Pele, ho tla timetsoa “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, o tsejoang hape e le “seotsoa.” (Tšen. 17:5, 6, 15) Ho felisoa ha Bokreste ba bohata le mekhatlo eohle ea bolumeli ba bohata, ke qaleho ea “matšoenyeho a maholo.” (Mat. 24:21; 2 Bathes. 2:8) Batho ba bangata ba tla makatsoa ke ketsahalo ena. Hobane’ng? Hobane ho fihlela nakong eo, seotsoa se inka e le “mofumahali,” eo ‘le ka mohla a ke keng a bona ho siama.’ Empa ka tšohanyetso o tla fumana hore o ne a ithetsa. O tla tlosoa kapele, joalokaha eka ke “ka letsatsi le le leng.”—Tšen. 18:7, 8.

6. Ke mang kapa ke’ng e tla hlasela “Babylona e Moholo”?

6 Ke mang kapa ke’ng e tla hlasela “Babylona e Moholo”? Ke “sebata” se nang le “linaka tse leshome.” Buka ea Tšenolo e bontša hore sebata sena ke Machaba a Kopaneng (UN). Linaka tse leshome li emela mebuso eohle ea lipolotiki e tšehetsang “sebata se ’mala o sekareleta.” (Tšen. 17:3, 5, 11, 12) Tlhaselo eo e tla ba mpe hakae? Lichaba tsa UN li tla tlatlapa maruo a seotsoa sena, li se harole ’me “li tla se chesa ka ho feletseng.”—Bala Tšenolo 17:16. *

7. Mantsoe a Jesu a ho Matheu 24:21, 22 a ile a phethahala joang lekholong la pele la lilemo, hona a tla phethahala joang nakong e tlang?

7 Ho khutsufatsa matsatsi. Morena oa rōna o re boleletse se tla etsahala nakong ea matšoenyeho a maholo. Jesu o ile a re: “Ka lebaka la bakhethoa matsatsi ao a tla khutsufatsoa.” (Bala Matheu 24:21, 22.) Phethahatso ea pele ea mantsoe a Jesu e ile ea e-ba ka selemo sa 66, ha Jehova a ne a ‘khutsufatsa matsatsi,’ ha mabotho a Roma a hlasela Jerusalema. (Mar. 13:20) Seo se ile sa thusa Bakreste ba lulang Jerusalema le Judea hore ba pholohe. Joale, ho tla etsahala’ng lefatšeng lohle, nakong ea matšoenyeho a maholo? Jehova o tla sebelisa Morena oa rōna hore a ‘khutsufatse’ tlhaselo ea Machaba a Kopaneng ho bolumeli e le hore bolumeli ba ’nete bo se ke ba felisoa le ba bohata. Kahoo, ha mekhatlo eohle ea bolumeli ba bohata e felisoa, ho tla sala bolumeli bo le bong ba ’nete. (Pes. 96:5) A re hlahlobeng hore na ho tla etsahala’ng ka mor’a hore karolo ena ea matšoenyeho a maholo e fete.

Liketsahalo Tse Tla Etella Armagedone Pele

8, 9. E ka ’na eaba Jesu o ne a bua ka limakatso life, hona batho ba tla etsa’ng ha ba li bona?

8 Boprofeta ba Jesu bo mabapi le matsatsi a ho qetela bo bontša hore ho tla ba le liketsahalo tsa bohlokoa tse ’maloa, tse tla etella Armagedone pele. Liketsahalo tse peli tsa pele tseo re tla li hlahloba li tlalehiloe Kosepeleng ea Matheu, Mareka le Luka.—Bala Matheu 24:29-31; Mar. 13:23-27; Luka 21:25-28.

9 Limakatso Tsa Leholimo. Jesu o ile a re: “Letsatsi le tla fifala, ’me khoeli e ke ke ea fana ka leseli la eona, le linaleli li tla oa leholimong.” Ka sebele batho ba ke ke ba hlola ba batla tataiso ho baeta-pele ba bolumeli. Na Jesu o ne a boetse a bua ka liketsahalo tsa mohlolo tse tla etsahala leholimong? Mohlomong o ne a bua ka tsona. (Esa. 13:9-11; Joele 2:1, 30, 31) Lichaba li tla etsa’ng ha li li bona? Li tla ba “matšoenyehong” hobane “li sa tsebe tsela ea ho tsoa.” (Luka 21:25; Sof. 1:17) Ka sebele lira tsa ’Muso oa Molimo—ho tloha ho ‘marena’ ho ea ho ‘makhoba’—li tla “ilibana ke tšabo le tebello ea lintho tse tlang” ebe lia baleha. Li ke ke tsa fumana sebaka se sireletsehileng sa ho ipatela bohale ba Morena oa rōna.—Luka 21:26; 23:30; Tšen. 6:15-17.

10. Jesu o tla phatlalatsa kahlolo efe, hona batšehetsi le bahanyetsi ba ’Muso oa Molimo ba tla etsa’ng ka nako eo?

10 Ho phatlalatsa kahlolo. Lira tsa ’Muso oa Molimo li tla qobelleha ho bona ketsahalo e tla li hlokofatsa le ho feta. Jesu o re: “Ba tla bona Mor’a motho a tla ka maru ka matla a maholo le khanya.” (Mar. 13:26) Limakatso tsena tse matla li tla bontša hore Jesu o se a fihlile ho tla ahlola. Karolong e ’ngoe ea boprofeta boo e mabapi le matsatsi a ho qetela, Jesu o re fa lintlha tse eketsehileng ka kahlolo e tla phatlalatsoa ka nako eo. Re fumana lintlha tseo papisong ea linku le lipōli. (Bala Matheu 25:31-33, 46.) Batšehetsi ba tšepahalang ba ’Muso oa Molimo ba tla ahloloa joaloka “linku” ’me ba tla ‘phahamisa lihlooho tsa bona,’ ba hlokomela hore “topollo ea [bona] ea atamela.” (Luka 21:28) Leha ho le joalo, bahanyetsi ba ’Muso ba tla ahloloa joaloka “lipōli” ’me ba tla “ikotla ka ho sareloa” hobane ba elelloa hore ba letetsoe ke ‘pheliso e sa feleng.’—Mat. 24:30; Tšen. 1:7.

11. Re lokela ho hopola eng, ha re ntse re hlahloba liketsahalo tse larileng ka pele?

11 Ka mor’a hore Jesu a phatlalatse kahlolo ho “lichaba tsohle,” ho na le liketsahalo tsa bohlokoa tse lokelang ho etsahala pele ntoa ea Armagedone e qala. (Mat. 25:32) Re tla hlahloba liketsahalo tseo tse peli: tlhaselo ea Gogo le ho bokelloa ha batlotsuoa. Ha re ntse re hlahloba liketsahalo tseo tse peli, re lokela ho hopola hore Lentsoe la Molimo ha le bolele nako e tobileng eo liketsahalo tsena li tla etsahala ka eona. Ha e le hantle, ho bonahala eka karolo e ’ngoe ea liketsahalo tsena e tla etsahala ha e ’ngoe e ntse e tsoela pele.

12. Tlhaselo ea khohola-koqo eo Satane a tla e loana khahlanong le ’Muso e tla ba efe?

12 Tlhaselo ea khohola-koqo. Gogo oa Magogo o tla hlasela masala a batlotsuoa le metsoalle ea bona ea linku tse ling. (Bala Ezekiele 38:2, 11.) Tlhaselo ena e khahlanong le ’Muso o thehiloeng, e tla ba ntoa ea Satane ea ho qetela eo esale a e fehla khahlanong le masala a batlotsuoa ho tloha ha a ne a lelekoa leholimong. (Tšen. 12:7-9, 17) Ho tloha ha batlotsuoa ba qala ho bokelloa ka phuthehong ea Bokreste, Satane o ’nile a leka ho etsa hore batlotsuoa ba se ke ba tšepahala ho Molimo, empa o ’nile a hlōleha. (Mat. 13:30) Leha ho le joalo, ha mekhatlo ea bolumeli ba bohata e se e felisitsoe ’me batho ba Molimo ba bonahala ba lula moo “ho se [nang] lerako, ’me ba se na leha e le mokoallo le menyako,” Satane o tla bona seo e le monyetla oa ho ba hlasela. O tla susumetsa batho ba khopo hore ba hlasele batšehetsi ba ’Muso.

13. Jehova o tla loanela batho ba hae joang?

13 Ezekiele o hlalosa se tla etsahala. Ha boprofeta boo bo bua ka Gogo, bo re: “U tla tla u tsoa sebakeng sa hao, u tsoa likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa leboea, uena hammoho le lichaba tse ngata, kaofela li kaletse lipere, e le phutheho e khōlō, e le lebotho le leholo la sesole. U tla tlameha ho futuhela sechaba sa ka . . . joaloka maru a koahelang naha.” (Ezek. 38:15, 16) Jehova o tla etsa’ng ha ho bonahala eka joang kapa joang batho ba hae ba tla hlaseloa? Jehova o re: “Khalefo ea ka e tla hlaha linkong tsa ka” hape o re, “ke tla mo bitsetsa sabole.” (Ezek. 38:18, 21; bala Zakaria 2:8.) Jehova o tla loanela batho ba hae ba lefatšeng. O tla ba loanela ka ntoa ea Armagedone.

14, 15. Ke’ng hape se tla etsahala ka mor’a hore Satane a qale ho hlasela batho ba Molimo?

14 Pele re fetela pele ka ho tšohla hore na Jehova o tla loanela batho ba hae joang ntoeng ea Armagedone, re lokela ho hlahloba ntho e ’ngoe ea bohlokoa e lokelang ho etsahala. E tla etsahala pakeng tsa ha Satane a qala ho hlasela batho ba Jehova leha Jehova a loanela batho ba hae ka Armagedone. Joalokaha re bone serapeng sa 11, ketsahalo ena ea bobeli ke ho bokelloa ha masala a batlotsuoa.

15 Ho bokelloa ha batlotsuoa. Ka bobeli, Matheu le Mareka ba ile ba tlaleha seo Jesu a ileng a se bua mabapi le “bakhethoa,” e leng Bakreste ba batlotsuoa, e le karolo ea liketsahalo tse tla hlaha pele ntoa ea Armagedone e qhoma. (Sheba serapa sa 7.) Ha Jesu a bua ka eena e le Morena, o ile a profeta a re: “O tla romela mangeloi ’me o tla bokella bakhethoa ba hae ho tsoa meeeng e mene, ho tloha pheletsong ea lefatše ho isa pheletsong ea leholimo.” (Mar. 13:27; Mat. 24:31) Jesu o bua ka ho bokella hofe mona? Ha a bue ka ho tiisoa ha ho qetela ha masala a Bakreste ba batlotsuoa, ho tla etsahala pele matšoenyeho a maholo a qala. (Tšen. 7:1-3) Ho e-na le hoo, Jesu o bua ka se tla etsahala nakong ea matšoenyeho a maholo. Kahoo, ho bonahala eka nako e itseng ka mor’a hore Satane a qale ho hlasela batho ba Molimo, batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng ba tla bokelloa ho ea leholimong.

16. Batlotsuoa ba tsositsoeng ba tla etsa’ng ka ntoa ea Armagedone?

16 Ho bokelloa hona ha masala a batlotsuoa ho amana joang le ketsahalo e latelang ea Armagedone? Nako ea ho bokelloa ha masala e bontša hore batlotsuoa bohle ba tla be ba le leholimong pele ntoa ea Molimo ea Armagedone e qala. Ha ba le leholimong, babusi-’moho le Kreste ba 144 000, ba tla amohela matla a ho sebelisa “molamu oa tšepe” e le hore ba timetse lira tsohle tsa ’Muso oa Molimo. (Tšen. 2:26, 27) Ka mor’a moo, batlotsuoa ba tsositsoeng hammoho le mangeloi a matla ba tla latela Kreste, Morena oa Mohlabani, ha a loantša “lebotho le leholo” la lira le mothating oa ho hlasela batho ba Jehova. (Ezek. 38:15) Ha tlhaselo eo e mabifi e etsahala, joale ntoa ea Armagedone e tla qala!—Tšen. 16:16.

Qetello ea Matšoenyeho a Maholo

Ntoa ea Armagedone ea qala!

17. Ka Armagedone, ho tla etsahala’ng ka “lipōli”?

17 Ho phethahatsa kahlolo. Ntoa ea Armagedone e tla phethela matšoenyeho a maholo. Ka nako eo, Jesu o tla etsa mosebetsi o mong. Ntle le hore e be Moahloli oa “lichaba tsohle,” e tla boela e be ’Molai oa lichaba—e leng oa batho bohle bao a ileng a ba ahlola joaloka “lipōli.” (Mat. 25:32, 33) Morena oa rōna o tla “hlatha lichaba” a sebelisa “sabole e telele e bohale.” Ka sebele, batho bohle ba joaloka lipōli—ho tloha ho “marena” ho ea ho “makhoba”—“ba tla ea phelisong e sa feleng.”—Tšen. 19:15, 18; Mat. 25:46.

18. (a) Maemo a tla fetoha joang bakeng sa “linku”? (b) Jesu o tla phethahatsa kahlolo ea hae joang?

18 Maemo a tla fetoha hakaakang bakeng sa batho bao Jesu a ba ahlotseng joaloka “linku”! Ho e-na le hore ba felisoe ke lebotho le leholo la Satane la “lipōli,” “bongata bo boholo” bo tla beng bo bonahala e le “linku” tse sa khoneng ho itšireletsa bo tla phonyoha ha sera se bo hlasela ’me bo tla ‘tsoa matšoenyehong a maholo.’ (Tšen. 7:9, 14) Ka mor’a moo, Jesu o tla hlōla le ho felisa lira tsohle tsa ’Muso oa Molimo ’me a lahlele Satane le bademona ba hae ka mohohlong. Ha ba le moo, ho tla be ho tšoana le ha ba shoele kaha ba tla be ba sa khone ho etsa letho ka lilemo tse sekete.—Bala Tšenolo 6:2; 20:1-3.

Re ka Itokisa Joang?

19, 20. Re ka sebelisa seo re ithutang sona ho Esaia 26:20 le 30:21 joang?

19 Re ka itokisetsa lintho tsee tse tšosang tse tla etsahala joang? Lilemo tse ’maloa tse fetileng Molula-Qhooa o ile oa re: “Ho pholoha ha rōna ho itšetlehile ka ho mamela.” Hobane’ng? Re ka fumana karabo temosong eo Jehova a ileng a e fa baholehuoa ba Bajuda ba neng ba lula Babylona ea boholo-holo. Jehova o ile a bolela esale pele hore Babylona e tla hlōloa, empa batho ba Molimo ba ne ba ka itokisetsa ketsahalo eo joang? Jehova o ile a re: “E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare, ’me u koale mamati ka mor’a hao. Ipate ka motsotsoana ho fihlela nyatso e feta.” (Esa. 26:20) Hlokomela maetsi a temaneng ena: “e-ea,” “kena,” “u koale,” “ipate”—kaofela ha ’ona a bolela seo motho a lokelang ho se etsa; ke litaelo. Bajuda ba ileng ba mamela litaelo tseo ba ne ba lokela hore ba lule ka matlung a bona, ba ipatele masole a neng a le literateng, a hlasela motse. Kahoo, ho pholoha ha bona ho ne ho itšetlehile ka hore ba mamele litaelo tsa Jehova. *

20 Re ithuta’ng ho seo? Joalokaha ho ile ha etsahala ho bahlanka ba Molimo ba boholo-holo, ho pholoha ha rōna liketsahalo tse tlang ho itšetlehile ka ho mamela litaelo tsa Jehova. (Esa. 30:21) Re fumana litaelo tseo ka tataiso eo re e fumanang phuthehong. Kahoo, re batla ho mamela tataiso eo re e fumanang, ka lipelo tsa rōna tsohle. (1 Joh. 5:3) Seo se tla etsa hore le nakong e tlang re mamele ’me Ntate oa rōna Jehova le Morena oa rōna Jesu ba tla re sireletsa. (Sof. 2:3) Ho sireletsoa ke Molimo ka tsela eo, ho tla etsa hore re inoese ka nkho kamoo ’Muso oa Molimo o tla felisa lira tsa oona kateng. Ka sebele re ke ke ra lebala ketsahalo eo!

^ ser. 6 Ke ho utloahalang hore ha ho felisoa “Babylona e Moholo” ho ke ke ha bolaoa batho bohle ba bolumeli empa ho tla felisoa mekhatlo ea bolumeli. Ke kahoo ha Babylona e timetsoa, boholo ba batho bao e neng e le litho tsa eona, ba tla pholoha ’me e ka ’na eaba ba tla leka ho itokolla bolumeling, joalokaha ho boletsoe ho Zakaria 13:4-6.

^ ser. 19 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba buka ea Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho I, leqepheng la 282-283.