Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 22

’Muso o Etsa Thato ea Molimo Lefatšeng

’Muso o Etsa Thato ea Molimo Lefatšeng

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

’Muso o phethahatsa litšepiso tsa Molimo tse mabapi le batho le lefatše

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ho ka ba thata ho bona Paradeise e le ntho ea sebele? (b) Ke’ng e ka re thusang ho matlafatsa tumelo ea rōna litšepisong tsa Molimo?

MOR’ABO rōna ea ratang Jehova o fihla libokeng a khathetse haholo ka mor’a letsatsi le lelelele mosebetsing. O ile a tšoaroa hampe ke mookameli oa hae mosebetsing, o khathatsehile ka ho hlokomela lelapa la hae ’me o tšoenyehile haholo ka ho kula ha mosali oa hae. Ha pina e qalang liboka e lla, o ikutloa a imolohile kaha o thabetse ho ba Holong ea ’Muso le bara le barali babo. Pina ena e bua ka bophelo lefatšeng la Paradeise ’me mantsoe a eona a mo khothalletsa ho nahanisisa ka tšepo eo le ho ipona a le moo. O rata pina ena haholo ’me ha a ntse a e bina le lelapa la hae, o ikutloa a tletse tšepo.

2 Na u kile ua ikutloa ka tsela eo? Ba bangata ba rōna ba kile ba ikutloa joalo. Ke ’nete hore tsamaiso ena eo re phelang ho eona e etsa hore ho be thata ho bona Paradeise e tlang e le ntho ea sebele. Re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona’ ’me ho hang lefatše lena hase paradeise. (2 Tim. 3:1) Ke’ng e ka re thusang hore tšepo ea rōna ka paradeise e be ea sebele? Re tseba joang hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla busa batho lefatšeng lohle? A re ke re hlahlobeng bo bong ba boprofeta boo batho ba Jehova ba ileng ba bo bona ha bo phethahala nakong e fetileng. Ka mor’a moo, re tla bona kamoo boprofeta boo le bo bong bo ntseng bo phethahala kateng ka tsela e hlollang hona joale. Qetellong, ha re se re matlafalitse tumelo ea rōna, re tla bona kamoo boprofeta boo bo tla ama bokamoso ba rōna kateng.

Kamoo Jehova a Ileng a Phethahatsa Litšepiso Tsa Hae Kateng Nakong e Fetileng

3. Ke tšepiso efe e ileng ea tšelisa Bajuda ba neng ba le kholehong Babylona?

3 Nahana ka bophelo boo Bajuda ba neng ba bo phela ha ba ne ba le kholehong Babylona lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. Ba bangata ba bona ba hōletse moo, feela joaloka batsoali ba bona ’me bophelo bo ne bo le boima. Ba Babylona ba ne ba ba soma ka lebaka la tumelo ea bona ho Jehova. (Pes. 137:1-3) Ka lilemo tse mashome, Bajuda ba tšepahalang ba ile ba khomarela tšepo ea bona e babatsehang ea hore Jehova o ne a tla khutlisetsa batho ba hae naheng ea habo bona. Jehova o ile a ba bolella hore bophelo bo ne bo tla ba monate moo. O ile a ba a tšoantša naha ea Juda le serapa sa Edene—paradeise! (Bala Esaia 51:3) Seo se ile sa tiisetsa batho ba Molimo hore litšepiso tsa hae li tla phethahala, e leng se ileng sa tlosa lipelaelo tseo e ka ’nang eaba ba ne ba e-na le tsona. Joang? Nahana ka boprofeta bo latelang.

4. Jehova o ile a tiisetsa Bajuda joang hore o tla ba sireletsa naheng ea habo bona?

4 Tšireletseho. Baholehuoa bao ba ne ba sa tlo khutlela paradeiseng ea sebele, empa naheng e neng e le lesupi ka lilemo tse 70, eo ba bangata ba bona ba neng ba sa e tsebe. Litau li ne li tloaelehile haholo mehleng eo, joaloka liphiri, mangau le libata tse ling. Monna ea nang le lelapa o ne a ka ipotsa, ‘Ke tla sireletsa mosali le bana ba ka joang? Ke tla hlokomela linku le likhomo tsa ka joang?’ E ne e le ha tlhaho hore motho a khathatsehe joalo. Joale, ak’u nahane ka tšepiso ea Molimo e tlalehiloeng ho Esaia 11:6-9 le kamoo e tlamehang e be e ile ea ba tšelisa kateng. (E bale.) Ka mantsoe ao a monate a thothokiso, Jehova o ile a kholisa baholehuoa bao hore mohlape oa bona o ne o tla sireletseha. Tau e ne e tla ja joang ka kutloisiso ea hore e ne e ke ke ea harola mohlape oa likhomo tsa Bajuda. Ho ne ho sa hlokahale hore batho bao ba tšepahalang ba tšabe libata tseo. Jehova o ile a tšepisa batho ba hae hore ba ne ba tla sireletseha naheng ea Juda e tsosolositsoeng, esita leha ba le lefeelleng leha ba le morung.—Ezek. 34:25.

5. Ke boprofeta bofe bo ileng ba tiisetsa Bajuda ba tsoang botlamuoeng hore Jehova o ne a tla ba hlokomela ka lintho tseo ba li hlokang?

5 Khora. E ka ’na eaba ba ile ba tšoenyeha ka lintho tse ling hape. ‘Na ke tla khona ho fepa lelapa la ka naheng eo e tsosolositsoeng? Lelapa la ka le tla lula hokae? Na ke tla fumana mosebetsi, hona na o tla ba molemo ho feta oa bokhoba oo ke neng ke o etsa ha ke le botlamuoeng?’ Jehova o ile a bululela boprofeta bo ileng ba felisa ho tšoenyeha hoo. O ile a tšepisa hore batho ba hae ba mo mamelang ba ne ba tla fumana lipula ka nako e tšoanetseng ’me seo se ne se tla etsa hore mobu o ntše bohobe “bo tlang ho nona bo be mafura”. (Esa. 30:23) Ha e le mabapi le bolulo le mosebetsi o molemo, Jehova o ile a ba tšepisa a re: “Ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je.” (Esa. 65:21, 22) Bophelo bo ne bo tla ba natefela haholo ha ba bo bapisa le ha ba le botlamuoeng Babylona ea bohetene. Empa ba ne ba tla etsa’ng ka mathata a ileng a etsa hore ba qetelle ba ile botlamuoeng?

6. Batho ba Molimo ba ile ba kula ka tsela efe, hona o ile a ba tiisetsa eng?

6 Kamano e ntle le Jehova. Nako e telele pele ba isoa botlamuoeng, batho ba Molimo ba ile ba kula moeeng. A sebelisa moprofeta Esaia, Jehova o ile a re ka batho ba hae: “Hlooho eohle ea kula, ’me pelo eohle e tepeletse.” (Esa. 1:5) E ne e le lifofu le litholo tsa moea hobane ba ile ba tsoela pele ho thiba litsebe tsa bona hore li se ke tsa mamela ha Jehova a ba eletsa ’me ba koala mahlo a bona hore a se ke a bona leseli leo a neng a ba khantšetsa lona. (Esa. 6:10; Jer. 5:21; Ezek. 12:2) Haeba Bajuda ba tsoang botlamuoeng ba ne ba ntse ba e-na le mathata ao, ba ne ba tla sireletseha ka tsela efe? Na kamano ea bona le Jehova e ne e ke ke ea senyeha hape? Jehova o ile a ba tiisetsa a re: “Letsatsing leo ba sa utloeng litsebeng ba tla utloa mantsoe a buka, ’me botšong le lefifing mahlo a lifofu a tla bona.” (Esa. 29:18) Ka sebele, Jehova o ne a tla etsa hore batho ba hae ba hloekileng le ba bakileng ba be le kamano e ntle le eena. O ne a tla fana ka tataiso e fanang ka bophelo, hafeela ba ne ba ka mo mamela.

7. Litšepiso tsa Molimo ho batho ba hae ba neng ba tsoa botlamuoeng li ile tsa phethahala joang, hona ke hobane’ng ha ho phethahala ha tsona ho re matlafatsa tumelong?

7 Na Jehova o ile a phethahatsa litšepiso tsa hae? Lintho tse ileng tsa etsahala nakong e fetileng li araba potso ena. Bajuda ba ileng ba khutla botlamuoeng ba ile ba hlohonolofatsoa ka tšireletseho, khora le ho ba le kamano e ntle le Jehova. Ka mohlala, Jehova o ile a ba sireletsa lichabeng tse neng li ba potolohile, tse neng li le matla li bile li le ngata ho ba feta. Libata ha lia ka tsa ja mohlape oa Bajuda. Ke ’nete hore Bajuda bao ba ile ba bona phethahatso e nyenyane ea litšepiso tse buang ka paradeise tseo banna ba kang Esaia, Jeremia le Ezekiele ba ileng ba li ngola—empa batho ba Molimo ba ile ba thaba ha litšepiso tsa Molimo li phethahala ’me ke sona seo ba neng ba se hloka ka nako eo. Ha re nahanisisa ka seo Jehova a ileng a se etsetsa batho ba hae nakong e fetileng, tumelo ea rōna e tla matlafala le ho feta. Haeba batho ba ile ba thabisoa ke phethahatso e nyenyane ea litšepiso tseo, ho tla ba joang ha li se li phethahala ka ho feletseng? Nahana ka seo Jehova a re etselitseng sona kajeno.

Kamoo Jehova a Seng a Qalile ho Phethahatsa Litšepiso Tsa Hae Kateng Mehleng ea Rōna

8. Kajeno batho ba Molimo ba phela ‘naheng’ ea mofuta ofe?

8 Kajeno batho ba Jehova hase sechaba se lulang naheng e itseng. Ho e-na le hoo, Bakreste ba tlotsitsoeng ke sechaba sa moea, e leng “Iseraele ea Molimo.” (Bagal. 6:16) Metsoalle ea bona ea “linku tse ling” e kopanela le bona ‘naheng’ ea moea, e leng mokhatlong oa Jehova Molimo moo ba mo rapelang ba le bonngoeng. Borapeli boo ke tsela ea bona ea bophelo. (Joh. 10:16; Esa. 66:8) Ke “naha” ea mofuta ofe eo Jehova a re fileng eona? Ke paradeise ea moea. Mona litšepiso tsa Molimo tse buang ka maemo a neng a le teng serapeng sa Edene, li phethahala ka tsela e hlollang. Nahana ka mehlala e latelang.

9, 10. (a) Boprofeta bo ho Esaia 11:6-9 bo phethahala joang kajeno? (b) Re na le bopaki bofe ba hore batho ba Molimo ba na le khotso?

9 Tšireletseho. Boprofeta bo tlalehiloeng ho Esaia 11:6-9 bo hlalosa maemo a thabisang a kutloano le khotso—pakeng tsa liphoofolo tse hlaha le pakeng tsa batho le liphoofolo tse ruuoang. Na boprofeta boo boa phethahala kajeno? E! Temana ea 9, ea re bontša hore na ke hobane’ng ha liphoofolo tsena li ke ke tsa baka kotsi kapa tšenyo, e re: “Hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” Na “tsebo ea Jehova” e fetola boitšoaro ba liphoofolo? Che, batho ke bona ba fetoloang ke ho tseba Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa le ho ithuta ho etsisa litsela tsa hae tsa khotso. Ke ka lebaka leo re khonang ho bona ho phethahala ha boprofeta boo paradeiseng ea rōna ea moea kajeno. Tlas’a puso ea Kreste, balateli ba hae ba ithuta ho lahla boitšoaro bo hlaha ba bophoofolo ’me ba phelisana ka khotso le ka kutloano le bara le barali babo bona.

10 Ka mohlala, bukeng ena re se re tšohlile taba ea ho se nke lehlakore ha Bakreste lipolotiking—kutloisiso ea rōna ea Mangolo ka taba ena hammoho le mahloriso ao batho ba Molimo ba ileng ba tobana le ona ka lebaka la ho se nke lehlakore. Na hase ntho e babatsehang hore e be lefatšeng lena le mabifi ho na le “sechaba” sa batho ba bangata ba hanang ho kenella lintoeng le hoja ba tšosoa ka hore ba tla bolaoa? Bona ke bopaki bo hlollang hakaakang ba hore bafo ba Morena oa Bomesia ba thabela khotso eo Esaia a ileng a bua ka eona! Jesu o ile a bolela hore balateli ba hae ba ne ba tla tsejoa ka ho ba le lerato har’a bona. (Joh. 13:34, 35) Ka phuthehong, Kreste o sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho ruta Bakreste bohle ba ’nete ho phelisana ka khotso, ho ratana le ho ba bonolo.—Mat. 24:45-47.

11, 12. Kajeno batho ba bolaoa ke tlala ea mofuta ofe, hona Jehova o hlokomela batho ba hae joang?

11 Khora. Lefatše le bolaoa ke tlala ea moea. Bibele e ile ea lemosa ea re: “‘Bonang! Matsatsi aa tla,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘’me ke tla romela tlala naheng, tlala, eseng bakeng sa bohobe, le lenyora, eseng bakeng sa metsi, empa bakeng sa ho utloa mantsoe a Jehova.’” (Amose 8:11) Na baahi ba ’Muso oa Molimo le bona ba bolaoa ke tlala? Jehova o ile a bolela esale pele ka phapang e neng e tla ba teng pakeng tsa batho ba hae le lira tsa hae, o ile a re: “Bahlanka ba ka ba tla ja, empa lōna le tla lapa. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla noa, empa lōna le tla nyoroa. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lōna le tla hlajoa ke lihlong.” (Esa. 65:13) Na u bone ho phethahala ha mantsoe ao?

12 Lijo tsa moea tseo re li fumanang li joaloka nōka e phallang e ntseng e ja litlhokoa. Lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng hammoho le likhatiso tsa rōna tse rekotiloeng le livideo, liboka le li kopano le lintho tse fumanehang Websaeteng ea rōna—kaofela ha tsona li tšoana le nala ea lijo tsa moea lefatšeng lena le bolaoang ke tlala ea moea. (Ezek. 47:1-12; Joele 3:18) Na ha u thabe ha u bona ho phethahala ha litšepiso tsa Jehova bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi? Na u etsa bonnete ba hore u ja kamehla tafoleng ea Jehova?

Liphutheho tsa habo rōna li re thusa hore re fepehe hantle moeeng, re sireletsehe re be re thabe

13. Jehova o phethahalitse tšepiso ea hae ea hore mahlo a lifofu a tla tutuboloha le litsebe tsa litholo li tla buleha joang?

13 Kamano e ntle le Jehova. Kajeno lefatše le tletse lifofu le litholo tsa moea. (2 Bakor. 4:4) Leha ho le joalo, Kreste o ntse a folisa mefokolo le maloetse lefatšeng lohle. Na u kile ua bona ha mahlo a lifofu a tutuboloha le ha litsebe tsa litholo li buleha? Haeba u bone ha batho ba ithuta tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo ’me ba tlohela lithuto tsa bohata tse ileng tsa ba foufatsa le ho ba etsa litholo, u bone ha tšepiso ena e phethahala: “Letsatsing leo ba sa utloeng litsebeng ba tla utloa mantsoe a buka, ’me botšong le lefifing mahlo a lifofu a tla bona.” (Esa. 29:18) Lefatšeng lohle batho ba makholo a likete selemo le selemo ba folisoa ka tsela eo. Ha batho ba itokolla ho Babylona e Moholo ’me ba kopanela le rōna paradeiseng ea moea, boo ke bopaki ba hore Jehova o phethahatsa seo a se tšepisitseng!

14. Re tla matlafatsoa tumelong ha re thuisa ka eng?

14 Khaolo e ’ngoe le e ’ngoe ea buka ena e na le bopaki bo matla ba hore Kreste o tlisitse balateli ba hae paradeiseng ea sebele ea moea nakong ena ea bofelo. A re tsoeleng pele ho thuisa ka litsela tse ngata tseo re hlohonolofatsoang ka tsona paradeiseng eo. Ha re etsa joalo, tumelo ea rōna ho seo Jehova a re tšepisang sona ka bokamoso e tla ba matla.

“’Muso oa Hao o ke o Tle”

15. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore lefatše e tla ba paradeise?

15 Haesale morero oa Jehova o ka sehloohong e le ho etsa lefatše lohle paradeise. O ile a beha Adama le Eva serapeng sa paradeise ’me a ba fa litaelo tsa hore ba ngatafale, ba tlatse lefatše ka bana ba bona le hore ba hlokomele libōpuoa tsohle tsa lefatše. (Gen. 1:28) Ho e-na le hoo, joaloka Satane, Adama le Eva e ile ea e-ba marabele ’me ba ile ba tlisetsa bana ba bona ho se phethahale, sebe le lefu. Leha ho le joalo, morero oa Molimo ha oa ka oa fetoha. Kamehla seo a se buang sea phethahala. (Bala Esaia 55:10, 11.) Re ka kholiseha hore bana ba Adama le Eva ba tla tlala lefatše lena le ho le busa ’me ba hlokomele pōpo eohle ea Jehova lefatšeng la paradeise. Ka nako eo, boprofeta boo qalong Molimo a ileng a bo fa baholehuoa ba Bajuda, bo buang ka maemo a paradeise bo tla phethahala ka ho feletseng! Nahana ka mehlala e latelang.

16. Bibele e hlalosa tšireletseho e tla ba teng Paradeiseng joang?

16 Tšireletseho. Qetellong, litšepiso tse thabisang tse tlalehiloeng ho Esaia 11:6-9, li tla phethahala ka ho feletseng ka tsela ea sebele. Banna, basali le bana ba tla sireletseha hohle moo ba eang teng lefatšeng. Ha ho motho ea tla ntša e mong kotsi ’me le liphoofolo li ke ke tsa ntšana kotsi. Nahana feela lefatše lena lohle e se e le lehae la hao, u sesa linōkeng, matšeng le maoatleng, u haola le lithaba u bile u solla makhulong u sireletsehile kahohle. U ke ke ua tšoenyeha leha u phirimelloa u le moo. Mantsoe a ho Ezekiele 34:25 a tla phethahala ’me batho ba Molimo ba tla ‘lula lefeelleng ba sireletsehile ba robale morung.’

17. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlokomela ka ho feletseng ha ’Muso oa hae o se o busa lefatše lohle?

17 Khora. Ak’u nahane ka nako eo ka eona ho tla beng ho se na bofuma, tlala kapa mananeo a ’muso a ho thusa batho ba futsanehileng. Tsela eo Molimo a fepang batho ba hae ka eona ka lijo tsa moea kajeno e re tiisetsa hore Morena oa Bomesia o tla fepa bafo ba hae ka litsela tsohle. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bontša hore a ka phethahatsa litšepiso tseo ka ho feletseng, hobane o ile a fepa batho ba likete ba lapileng, ka mahobe a ’maloa le litlhapi. (Mat 14:17, 18; 15:34-36; Mar 8:19, 20) Ha ’Muso oa Molimo o se o busa lefatšeng lohle, boprofeta bo kang bona bo tla phethahala ka tsela ea sebele: “O tla fana ka pula bakeng sa peō ea lōna eo le e jalang mobung, le bohobe e le lihlahisoa tsa naha, bo tlang ho nona bo be mafura. Letsatsing leo liphoofolo tsa lōna tse ruiloeng li tla fula makhulong a maholo.”—Esa 30:23.

18, 19. (a) Boprofeta bo ho Esaia 65:20-22 bo u ama joang? (b) Ho bolela’ng hore matsatsi a rōna a tla ba “joaloka matsatsi a sefate”?

18 Kajeno batho ba bangata ha ba lore le ho lora hore ba tla ke ba be le matlo a matle le ho ba le mesebetsi e khotsofatsang. Tsamaisong ena e bolileng, batho ba bangata ba sebetsa ka thata ’me ba rua molemo o monyenyane empa barui le ba meharo ba ja ka mofufutso oa liphatla tsa batho bao. Nahana kamoo maemo a tla ba kateng ha boprofeta bona bo phethahala: “Ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je. Etsoe matsatsi a sechaba sa ka a tla ba joaloka matsatsi a sefate; ’me bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo.”—Esa 65:20-22.

19 Ho bolela’ng hore matsatsi a rōna a tla ba “joaloka matsatsi a sefate”? Ha u ema pel’a sefate se seholohali, na ha u hlolloe ha u nahana kamoo se phetseng nako e telele kateng le pele batsoali ba batsoali ba hao ba e-ba teng? Ua hlokomela hore sefate sena se ka phela nako e telele ho u feta ’me u ka ba ua hlokahala ua se siea se ntse se phela. Ruri Jehova o re bontša mosa hakaakang ka ho re kholisa hore lefatšeng la Paradeise le tlang, re tla phela ka nako e telele le ka khotso! (Pes 37:11, 29) Nako ea tla eo ka eona re tla phela ka nako e telele hoo lifate li tla tšoana le joang bo bang teng ka nakoana e be boa nyamela!

20. Bafo ba tšepahalang ba ’Muso ba tla thabela ho phela ka ho phethahetseng joang?

20 Ho phela ka ho phethahetseng. Kajeno, ho kula le lefu ho ama batho bohle. Ha e le hantle, kaofela ha rōna rea kula—re tšoeroe ke lefu le sehlōhō le bitsoang sebe. Ntho feela e ka le phekolang ke sehlabelo sa Kreste sa thekollo. (Bar. 3:23; 6:23) Nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, Jesu le babusi-’moho le eena ba tla thusa batho bohle ho rua molemo sehlabelong seo ’me butle-butle ba tla tlosa sebe ho batho bohle ba tšepahalang. Boprofeta ba Esaia bo tla phethahala ka ho feletseng: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’ Batho ba lulang naheng eo e tla ba ba tšoaretsoeng liphoso tsa bona.” (Esa. 33:24) Nahana feela ho se ho se na sefofu, setholo, kapa sehole. (Bala Esaia 35:5, 6.) Ha hona boloetse boo Jesu a ke keng a khona ho bo phekola, e bang ke ’meleng, kelellong kapa maikutlong. Bafo ba tšepahalang ba ’Muso ba tla phela ka ho phethahetseng!

21. Ho tla etsahala’ng ka lefu, hona ke hobane’ng ha u tšelisoa ke seo?

21 Empa ho tla etsahala’ng ka phello e ke keng ea qojoa ea ho kula e leng lefu? Ke “sera sa [rōna sa] ho qetela” ’me ha re na matla a ho se hlōla. (1 Bakor. 15:26) Empa na Jehova o tšosoa ke lefu? Hlokomela seo Esaia a ileng a se bolela esale pele: “O tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.” (Esa. 25:8) Ak’u nahane u phela nakong eo! Ho se ho se na mapato, mabitla le meokho! Ho e-na le hoo—ho tla ba le meokho ea thabo ha Jehova a phethahatsa tšepiso ea ho tsosa bafu! (Bala Esaia 26:19.) Qetellong maqeba ’ohle a bakiloeng ke lefu a tla fola.

22. Ho tla etsahala’ng ha ’Muso oa Molimo o se o phethile thato ea Molimo lefatšeng?

22 Qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, ’Muso o tla be o se o qetile ho phethahatsa thato ea Molimo lefatšeng ’me Kreste o tla khutlisetsa bobusi ho Ntate oa hae. (1 Bakor. 15:25-28) Kaha batho ba tla be ba phethahetse, ba tla be ba le malala-a-laotse ho tobana le teko ea ho qetela ha Satane a lokolloa ka mohohlong. Ka mor’a moo, Kreste o tla khoba noha eo e nyonyehang le batšehetsi ba eona. (Gen. 3:15; Tšen. 20:3, 7-10) Empa bohle ba ratang Jehova ba tla be ba emetsoe ke bokamoso bo botle. Mohlomong ha ho na mantsoe a ka hlalosang sena hamolemo ho feta a hlahang ka Bibeleng, e leng a bolelang hore ba tšepahalang ba tla ba le “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Bar. 8:21.

’Muso o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa Jehova tse mabapi le batho le lefatše

23, 24. (a) Ke hobane’ng ha ho phethahala ha litšepiso tsa Molimo e le ntho ea sebele? (b) U ikemiselitse ho etsa’ng?

23 Litšepiso tseo hase litakatso kapa litoro feela. Joang kapa joang Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae! Hobane’ng? Hopola mantsoe a Jesu ao re buileng ka ’ona khaolong e qalang ea buka ena. O ile a ruta balateli ba hae hore ha ba rapela Jehova, ba re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Mat. 6:9, 10) ’Muso oa Molimo hase ntho e inahaneloang ke motho. Ke oa sebele! Hona joale o busa leholimong. Ka lilemo tse lekholo, o phethahalitse litšepiso tsa Jehova ka litsela tse ngata tseo re li bonang ka ho hlaka ka phuthehong ea Bokreste. Kahoo, re ka kholiseha hore litšepiso tsa Jehova li tla phethahala ha ’Muso oa Molimo o tla ho tlo busa ka ho feletseng holim’a lefatše!

24 Rea tseba hore ’Muso oa Molimo o tla tla le hore mantsoe ’ohle a Jehova a tla phethahala. Hobane’ng? Hobane ’MUSO OA MOLIMO OA BUSA! Kaofela re lokela ho ipotsa, ‘Na ke busoa ke ’Muso oo?’ A re etseng sohle se matleng a rōna ho phela joaloka bafo ba tšepahalang ba ’Muso hona joale, e le hore re tle re rue molemo pusong ea oona e phethahetseng le e nang le toka ka ho sa feleng!