Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 22

Mmuso o Etsa Thato ya Modimo Lefatsheng

Mmuso o Etsa Thato ya Modimo Lefatsheng

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Mmuso o phethahatsa ditshepiso tsa Modimo tse mabapi le batho le lefatshe

1, 2. (a) Ke hobaneng ha ka dinako tse ding ho ka ba thata ho bona Paradeise e le ntho ya sebele? (b) Keng e ka re thusang ho matlafatsa tumelo ya rona ditshepisong tsa Modimo?

MORABO RONA ya ratang Jehova o fihla dibokeng a kgathetse haholo ka mora letsatsi le lelelele mosebetsing. O ile a tshwarwa hampe ke mookamedi wa hae mosebetsing, o kgathatsehile ka ho hlokomela lelapa la hae mme o tshwenyehile haholo ka ho kula ha mosadi wa hae. Ha pina e qalang diboka e lla, o ikutlwa a imolohile kaha o thabetse ho ba Holong ya Mmuso le bara le baradibabo. Pina ena e bua ka bophelo lefatsheng la Paradeise mme mantswe a eona a mo kgothalletsa ho nahanisisa ka tshepo eo le ho ipona a le moo. O rata pina ena haholo mme ha a ntse a e bina le lelapa la hae, o ikutlwa a tletse tshepo.

2 Na o kile wa ikutlwa ka tsela eo? Ba bangata ba rona ba kile ba ikutlwa jwalo. Ke nnete hore tsamaiso ena eo re phelang ho yona e etsa hore ho be thata ho bona Paradeise e tlang e le ntho ya sebele. Re phela ‘dinakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona’ mme ho hang lefatshe lena hase paradeise. (2 Tim. 3:1) Keng e ka re thusang hore tshepo ya rona ka paradeise e be ya sebele? Re tseba jwang hore haufinyane Mmuso wa Modimo o tla busa batho lefatsheng lohle? A re ke re hlahlobeng bo bong ba boprofeta boo batho ba Jehova ba ileng ba bo bona ha bo phethahala nakong e fetileng. Ka mora moo, re tla bona kamoo boprofeta boo le bo bong bo ntseng bo phethahala kateng ka tsela e hlollang hona jwale. Qetellong, ha re se re matlafaditse tumelo ya rona, re tla bona kamoo boprofeta boo bo tla ama bokamoso ba rona kateng.

Kamoo Jehova a Ileng a Phethahatsa Ditshepiso Tsa Hae Kateng Nakong e Fetileng

3. Ke tshepiso efe e ileng ya tshedisa Bajuda ba neng ba le kgolehong Babylona?

3 Nahana ka bophelo boo Bajuda ba neng ba bo phela ha ba ne ba le kgolehong Babylona lekgolong la botshelela la dilemo pele ho Kreste. Ba bangata ba bona ba holetse moo, feela jwaloka batswadi ba bona mme bophelo bo ne bo le boima. Ba Babylona ba ne ba ba soma ka lebaka la tumelo ya bona ho Jehova. (Pes. 137:1-3) Ka dilemo tse mashome, Bajuda ba tshepahalang ba ile ba kgomarela tshepo ya bona e babatsehang ya hore Jehova o ne a tla kgutlisetsa batho ba hae naheng ya habo bona. Jehova o ile a ba bolella hore bophelo bo ne bo tla ba monate moo. O ile a ba a tshwantsha naha ya Juda le serapa sa Edene e leng paradeise! (Bala Esaia 51:3.) Seo se ile sa tiisetsa batho ba Modimo hore ditshepiso tsa hae di tla phethahala, e leng se ileng sa tlosa dipelaelo tseo e ka nnang yaba ba ne ba e na le tsona. Jwang? Nahana ka boprofeta bo latelang.

4. Jehova o ile a tiisetsa Bajuda jwang hore o tla ba sireletsa naheng ya habo bona?

4 Tshireletseho. Baholehuwa bao ba ne ba sa tlo kgutlela paradeiseng ya sebele, empa naheng e neng e le lesupi ka dilemo tse 70, eo ba bangata ba bona ba neng ba sa e tsebe. Ditau di ne di tlwaelehile haholo mehleng eo, jwaloka diphiri, mangau le dibata tse ding. Monna ya nang le lelapa o ne a ka ipotsa, ‘Ke tla sireletsa mosadi le bana ba ka jwang? Ke tla hlokomela dinku le dikgomo tsa ka jwang?’ E ne e le ha tlhaho hore motho a kgathatsehe jwalo. Jwale, a ko nahane ka tshepiso ya Modimo e tlalehilweng ho Esaia 11:6-9 le kamoo e tlamehang e be e ile ya ba tshedisa kateng. (E bale.) Ka mantswe ao a monate a thothokiso, Jehova o ile a kgodisa baholehuwa bao hore mohlape wa bona o ne o tla sireletseha. Tau e ne e tla ja jwang ka kutlwisiso ya hore e ne e ke ke ya harola mohlape wa dikgomo tsa Bajuda. Ho ne ho sa hlokahale hore batho bao ba tshepahalang ba tshabe dibata tseo. Jehova o ile a tshepisa batho ba hae hore ba ne ba tla sireletseha naheng ya Juda e tsosolositsweng, esita leha ba le lefelleng leha ba le morung.—Ezek. 34:25.

5. Ke boprofeta bofe bo ileng ba tiisetsa Bajuda ba tswang botlamuweng hore Jehova o ne a tla ba hlokomela ka dintho tseo ba di hlokang?

5 Kgora. E ka nna yaba ba ile ba tshwenyeha ka dintho tse ding hape. ‘Na ke tla kgona ho fepa lelapa la ka naheng eo e tsosolositsweng? Lelapa la ka le tla dula hokae? Na ke tla fumana mosebetsi, hona na o tla ba molemo ho feta wa bokgoba oo ke neng ke o etsa ha ke le botlamuweng?’ Jehova o ile a budulela boprofeta bo ileng ba fedisa ho tshwenyeha hoo. O ile a tshepisa hore batho ba hae ba mo mamelang ba ne ba tla fumana dipula ka nako e tshwanetseng mme seo se ne se tla etsa hore mobu o ntshe bohobe “bo tlang ho nona bo be mafura.” (Esa. 30:23) Ha e le mabapi le bodulo le mosebetsi o molemo, Jehova o ile a ba tshepisa a re: “Ba tla haha matlo mme ba dule ho ona; ka sebele ba tla lema dirapa tsa morara mme ba je ditholwana tsa tsona. Ba ke ke ba haha mme e mong a dule teng; ba ke ke ba lema mme e mong a je.” (Esa. 65:21, 22) Bophelo bo ne bo tla ba natefela haholo ha ba bo bapisa le ha ba le botlamuweng Babylona ya bohetene. Empa ba ne ba tla etsang ka mathata a ileng a etsa hore ba qetelle ba ile botlamuweng?

6. Batho ba Modimo ba ile ba kula ka tsela efe, hona o ile a ba tiisetsa eng?

6 Kamano e ntle le Jehova. Nako e telele pele ba iswa botlamuweng, batho ba Modimo ba ile ba kula moyeng. A sebedisa moprofeta Esaia, Jehova o ile a re ka batho ba hae: “Hlooho yohle ya kula, mme pelo yohle e tepeletse.” (Esa. 1:5) E ne e le difofu tsa moya ebile ba sa batle ho mamela hobane ba ile ba tswela pele ho thiba ditsebe tsa bona hore di se ke tsa mamela ha Jehova a ba eletsa mme ba kwala mahlo a bona hore a se ke a bona lesedi leo a neng a ba kgantshetsa lona. (Esa. 6:10; Jer. 5:21; Ezek. 12:2) Haeba Bajuda ba tswang botlamuweng ba ne ba ntse ba e na le mathata ao, ba ne ba tla sireletseha ka tsela efe? Na kamano ya bona le Jehova e ne e ke ke ya senyeha hape? Jehova o ile a ba tiisetsa a re: “Letsatsing leo ba sa utlweng ditsebeng ba tla utlwa mantswe a buka, mme botshong le lefifing mahlo a difofu a tla bona.” (Esa. 29:18) Ka sebele, Jehova o ne a tla etsa hore batho ba hae ba hlwekileng le ba bakileng ba be le kamano e ntle le yena. O ne a tla fana ka tataiso e fanang ka bophelo, hafeela ba ne ba ka mo mamela.

7. Ditshepiso tsa Modimo ho batho ba hae ba neng ba tswa botlamuweng di ile tsa phethahala jwang, hona ke hobaneng ha ho phethahala ha tsona ho re matlafatsa tumelong?

7 Na Jehova o ile a phethahatsa ditshepiso tsa hae? Dintho tse ileng tsa etsahala nakong e fetileng di araba potso ena. Bajuda ba ileng ba kgutla botlamuweng ba ile ba hlohonolofatswa ka tshireletseho, kgora le ho ba le kamano e ntle le Jehova. Ka mohlala, Jehova o ile a ba sireletsa ditjhabeng tse neng di ba potolohile, tse neng di le matla di bile di le ngata ho ba feta. Dibata ha dia ka tsa ja mohlape wa Bajuda. Ke nnete hore Bajuda bao ba ile ba bona phethahatso e nyenyane ya ditshepiso tse buang ka paradeise tseo banna ba kang Esaia, Jeremia le Ezekiele ba ileng ba di ngola, empa batho ba Modimo ba ile ba thaba ha ditshepiso tsa Modimo di phethahala mme ke sona seo ba neng ba se hloka ka nako eo. Ha re nahanisisa ka seo Jehova a ileng a se etsetsa batho ba hae nakong e fetileng, tumelo ya rona e tla matlafala le ho feta. Haeba batho ba ile ba thabiswa ke phethahatso e nyenyane ya ditshepiso tseo, ho tla ba jwang ha di se di phethahala ka ho feletseng? Nahana ka seo Jehova a re etseditseng sona kajeno.

Kamoo Jehova a Seng a Qadile ho Phethahatsa Ditshepiso Tsa Hae Kateng Mehleng ya Rona

8. Kajeno batho ba Modimo ba phela ‘naheng’ ya mofuta ofe?

8 Kajeno batho ba Jehova hase setjhaba se dulang naheng e itseng. Ho e na le hoo, Bakreste ba tlotsitsweng ke setjhaba sa moya, e leng “Iseraele ya Modimo.” (Bagal. 6:16) Metswalle ya bona ya “dinku tse ding” e kopanela le bona ‘naheng’ ya moya, e leng mokgatlong wa Jehova Modimo moo ba mo rapelang ba le bonngweng. Borapedi boo ke tsela ya bona ya bophelo. (Joh. 10:16; Esa. 66:8) Ke “naha” ya mofuta ofe eo Jehova a re fileng yona? Ke kamano e ntle eo re nang le yona le Yena. Mona ditshepiso tsa Modimo tse buang ka maemo a neng a le teng serapeng sa Edene, di phethahala ka tsela e hlollang. Nahana ka mehlala e latelang.

9, 10. (a) Boprofeta bo ho Esaia 11:6-9 bo phethahala jwang kajeno? (b) Re na le bopaki bofe ba hore batho ba Modimo ba na le kgotso?

9 Tshireletseho. Boprofeta bo tlalehilweng ho Esaia 11:6-9 bo hlalosa maemo a thabisang a kutlwano le kgotso, e leng pakeng tsa diphoofolo tse hlaha le pakeng tsa batho le diphoofolo tse ruuwang. Na boprofeta boo bo a phethahala kajeno? E! Temana ya 9, e ya re bontsha hore na ke hobaneng ha diphoofolo tsena di ke ke tsa baka kotsi kapa tshenyo, e re: “Hobane ka sebele lefatshe le tla tlala tsebo ya Jehova jwalokaha metsi a kwahetse lewatle.” Na “tsebo ya Jehova” e fetola boitshwaro ba diphoofolo? Tjhe, batho ke bona ba fetolwang ke ho tseba Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa le ho ithuta ho etsisa ditsela tsa hae tsa kgotso. Ke ka lebaka leo re kgonang ho bona ho phethahala ha boprofeta boo phuthehong ya Bokreste kajeno. Tlasa puso ya Kreste, balatedi ba hae ba ithuta ho lahla boitshwaro bo hlaha ba bophoofolo mme ba phedisana ka kgotso le ka kutlwano le bara le baradibabo bona.

10 Ka mohlala, bukeng ena re se re buile ka taba ya ho se nke lehlakore ha Bakreste dipolotiking le ka kutlwisiso ya rona ya Mangolo ka taba ena hammoho le mahloriso ao batho ba Modimo ba ileng ba tobana le ona ka lebaka la ho se nke lehlakore. Na hase ntho e babatsehang hore e be lefatsheng lee le mabifi ho na le “setjhaba” sa batho ba bangata ba hanang ho kenella dintweng le hoja ba tshoswa ka hore ba tla bolawa? Boo ke bopaki bo hlollang hakaakang ba hore batho ba tlasa puso ya Morena wa Mmuso wa Modimo ba thabela kgotso eo Esaia a ileng a bua ka yona! Jesu o ile a bolela hore balatedi ba hae ba ne ba tla tsejwa ka ho ba le lerato hara bona. (Joh. 13:34, 35) Ka phuthehong, Kreste o sebedisa “lekgoba le tshepahalang le le masene” ho ruta Bakreste bohle ba nnete ho phedisana ka kgotso, ho ratana le ho ba bonolo.—Mat. 24:45-47.

11, 12. Kajeno batho ba bolawa ke tlala ya mofuta ofe, hona Jehova o hlokomela batho ba hae jwang?

11 Kgora. Lefatshe le bolawa ke tlala ya moya. Bibele e ile ya lemosa ya re: “‘Bonang! Matsatsi aa tla,’ ho bolela Mmusi Morena Jehova, ‘mme ke tla romela tlala naheng, tlala, eseng bakeng sa bohobe, le lenyora, eseng bakeng sa metsi, empa bakeng sa ho utlwa mantswe a Jehova.’” (Amose 8:11) Na baahi ba Mmuso wa Modimo le bona ba bolawa ke tlala? Jehova o ile a bolela esale pele ka phapang e neng e tla ba teng pakeng tsa batho ba hae le dira tsa hae, o ile a re: “Bahlanka ba ka ba tla ja, empa lona le tla lapa. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla hlajwa ke dihlong.” (Esa. 65:13) Na o bone ho phethahala ha mantswe ao?

12 Dijo tsa moya tseo re di fumanang di jwaloka noka e phallang e tletse metsi a mangata haholo. Dingolwa tsa rona tse thehilweng Bibeleng hammoho le dikgatiso tsa rona tse rekotilweng le divideo, diboka le dikopano le dintho tse fumanehang Websaeteng ya rona, kaofela ha tsona di tshwana le nala ya dijo tsa moya lefatsheng lena le bolawang ke tlala ya moya. (Ezek. 47:1-12; Jwele 3:18) Na ha o thabe ha o bona ho phethahala ha ditshepiso tsa Jehova bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi? Na o etsa bonnete ba hore o ja kamehla tafoleng ya Jehova?

Diphutheho tsa habo rona di re thusa hore re fepehe hantle moyeng, re sireletsehe re be re thabe

13. Jehova o phethahaditse tshepiso ya hae ya hore mahlo a difofu a tla tutuboloha le ditsebe tsa ba sa utlweng di tla buleha jwang?

13 Kamano e ntle le Jehova. Kajeno lefatshe le tletse difofu tsa moya le batho ba sa batleng ho mamela Lentswe la Modimo. (2 Bakor. 4:4) Leha ho le jwalo, Kreste o ntse a fodisa mefokolo le malwetse lefatsheng lohle. Na o kile wa bona ha mahlo a difofu a tutuboloha le ha ditsebe tsa ba sa utlweng di buleha? Haeba o bone ha batho ba ithuta tsebo e nepahetseng ya Lentswe la Modimo mme ba tlohela dithuto tsa bohata tse ileng tsa ba foufatsa le ho ba etsa hore ba se ke ba utlwa, o bone ha tshepiso ena e phethahala: “Letsatsing leo ba sa utlweng ditsebeng ba tla utlwa mantswe a buka, mme botshong le lefifing mahlo a difofu a tla bona.” (Esa. 29:18) Lefatsheng lohle batho ba makgolo a dikete selemo le selemo ba fodiswa ka tsela eo. Ha batho ba itokolla ho Babylona e Moholo mme ba kopanela le rona phuthehong ya Bokreste, boo ke bopaki ba hore Jehova o phethahatsa seo a se tshepisitseng!

14. Re tla matlafatswa tumelong ha re thuisa ka eng?

14 Kgaolo e nngwe le e nngwe ya buka ena e na le bopaki bo matla ba hore Kreste o thusitse balatedi ba hae hore ba be le kamano e ntle le Modimo nakong ena ya bofelo. A re tsweleng pele ho thuisa ka ditsela tse ngata tseo re hlohonolofatswang ka tsona ha re e na le kamano eo. Ha re etsa jwalo, tumelo ya rona ho seo Jehova a re tshepisang sona ka bokamoso e tla ba matla.

“Mmuso wa Hao o ke o Tle”

15. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore lefatshe e tla ba paradeise?

15 Haesale morero wa Jehova o ka sehloohong e le ho etsa lefatshe lohle paradeise. O ile a beha Adama le Eva serapeng sa paradeise mme a ba fa ditaelo tsa hore ba ngatafale, ba tlatse lefatshe ka bana ba bona le hore ba hlokomele dibopuwa tsohle tsa lefatshe. (Gen. 1:28) Ho e na le hoo, jwaloka Satane, Adama le Eva e ile ya e ba marabele mme ba ile ba tlisetsa bana ba bona ho se phethahale, sebe le lefu. Leha ho le jwalo, morero wa Modimo ha o a ka wa fetoha. Kamehla seo a se buang sea phethahala. (Bala Esaia 55:10, 11.) Re ka kgodiseha hore bana ba Adama le Eva ba tla tlala lefatshe lena le ho le busa mme ba hlokomele popo yohle ya Jehova lefatsheng la paradeise. Ka nako eo, boprofeta boo qalong Modimo a ileng a bo fa baholehuwa ba Bajuda, bo buang ka maemo a paradeise bo tla phethahala ka ho feletseng! Nahana ka mehlala e latelang.

16. Bibele e hlalosa tshireletseho e tla ba teng Paradeiseng jwang?

16 Tshireletseho. Qetellong, ditshepiso tse thabisang tse tlalehilweng ho Esaia 11:6-9, di tla phethahala ka ho feletseng ka tsela ya sebele. Banna, basadi le bana ba tla sireletseha hohle moo ba yang teng lefatsheng. Ha ho motho ya tla ntsha e mong kotsi mme le diphoofolo di ke ke tsa ntshana kotsi. Nahana feela lefatshe lena lohle e se e le lehae la hao, o sesa dinokeng, matsheng le mawatleng, o haola le dithaba o bile o solla makgulong o sireletsehile kahohle. O ke ke wa tshwenyeha leha o phirimellwa o le moo. Mantswe a ho Ezekiele 34:25 a tla phethahala mme batho ba Modimo ba tla ‘dula lefelleng ba sireletsehile ba robale morung.’

17. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore Jehova o tla re hlokomela ka ho feletseng ha Mmuso wa hae o se o busa lefatshe lohle?

17 Kgora. A ko nahane ka nako eo ka yona ho tla beng ho se na bofuma, tlala kapa mananeo a mmuso a ho thusa batho ba futsanehileng. Tsela eo Modimo a fepang batho ba hae ka yona ka dijo tsa moya kajeno e re tiisetsa hore Morena wa puso ya Modimo o tla fepa bafo ba hae ka ditsela tsohle. Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a bontsha hore a ka phethahatsa ditshepiso tseo ka ho feletseng, hobane o ile a fepa batho ba dikete ba lapileng, ka mahobe a mmalwa le ditlhapi. (Mat. 14:17, 18; 15:34-36; Mar. 8:19, 20) Ha Mmuso wa Modimo o se o busa lefatsheng lohle, boprofeta bo kang bona bo tla phethahala ka tsela ya sebele: “O tla fana ka pula bakeng sa peo ya lona eo le e jalang mobung, le bohobe e le dihlahiswa tsa naha, bo tlang ho nona bo be mafura. Letsatsing leo diphoofolo tsa lona tse ruilweng di tla fula makgulong a maholo.”—Esa. 30:23.

18, 19. (a) Boprofeta bo ho Esaia 65:20-22 bo o ama jwang? (b) Ho bolelang hore matsatsi a rona a tla ba “jwaloka matsatsi a sefate”?

18 Kajeno batho ba bangata ha ba lore le ho lora hore ba tla ke ba be le matlo a matle le ho ba le mesebetsi e kgotsofatsang. Tsamaisong ena e bodileng, batho ba bangata ba sebetsa ka thata mme ba rua molemo o monyenyane empa barui le ba meharo ba ja ka mofufutso wa diphatla tsa batho bao. Nahana kamoo maemo a tla ba kateng ha boprofeta bona bo phethahala: “Ba tla haha matlo mme ba dule ho ona; ka sebele ba tla lema dirapa tsa morara mme ba je ditholwana tsa tsona. Ba ke ke ba haha mme e mong a dule teng; ba ke ke ba lema mme e mong a je. Etswe matsatsi a setjhaba sa ka a tla ba jwaloka matsatsi a sefate; mme bakgethwa ba ka ba tla sebedisa mosebetsi wa matsoho a bona ka botlalo.”—Esa. 65:20-22.

19 Ho bolelang hore matsatsi a rona a tla ba “jwaloka matsatsi a sefate”? Ha o ema pela sefate se seholohadi, na ha o hlollwe ha o nahana kamoo se phetseng nako e telele kateng le pele batswadi ba batswadi ba hao ba e ba teng? O a hlokomela hore sefate sena se ka phela nako e telele ho o feta mme o ka ba wa hlokahala wa se siya se ntse se phela. Ruri Jehova o re bontsha mosa hakaakang ka ho re kgodisa hore lefatsheng la Paradeise le tlang, re tla phela ka nako e telele le ka kgotso! (Pes. 37:11, 29) Nako e ya tla eo ka yona re tla phela ka nako e telele hoo difate di tla tshwana le jwang bo bang teng ka nakwana e be bo a nyamela!

20. Batho ba tshepahalang ba tlasa Mmuso ba tla thabela ho phela ka ho phethahetseng jwang?

20 Ho phela ka ho phethahetseng. Kajeno, ho kula le lefu ho ama batho bohle. Ha e le hantle, kaofela ha rona rea kula, re tshwerwe ke lefu le sehloho le bitswang sebe. Ntho feela e ka le phekolang ke sehlabelo sa Kreste sa thekollo. (Bar. 3:23; 6:23) Nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete, Jesu le babusimmoho le yena ba tla thusa batho bohle ho rua molemo sehlabelong seo mme butlebutle ba tla tlosa sebe ho batho bohle ba tshepahalang. Boprofeta ba Esaia bo tla phethahala ka ho feletseng: “Ha ho moahi ya tla re: ‘Ke a kula.’ Batho ba dulang naheng eo e tla ba ba tshwaretsweng diphoso tsa bona.” (Esa. 33:24) Nahana feela ho se ho se na sefofu, ya nang le bokowa ba kutlo, kapa sehole. (Bala Esaia 35:5, 6.) Ha hona bolwetse boo Jesu a ke keng a kgona ho bo phekola, e bang ke mmeleng, kelellong kapa maikutlong. Batho ba tshepahalang ba tlasa Mmuso ba tla phela ka ho phethahetseng!

21. Ho tla etsahalang ka lefu, hona ke hobaneng ha o tshediswa ke seo?

21 Empa ho tla etsahalang ka phello e ke keng ya qojwa ya ho kula e leng lefu? Ke “sera sa [rona sa] ho qetela” mme ha re na matla a ho se hlola. (1 Bakor. 15:26) Empa na Jehova o tshoswa ke lefu? Hlokomela seo Esaia a ileng a se bolela esale pele: “O tla metsa lefu ka ho sa feleng, mme ka sebele Mmusi Morena Jehova o tla hlakola meokgo difahlehong tsohle.” (Esa. 25:8) A ko nahane o phela nakong eo! Ho se ho se na mapato, mabitla le meokgo! Ho e na le hoo, ho tla ba le meokgo ya thabo ha Jehova a phethahatsa tshepiso ya ho tsosa bafu! (Bala Esaia 26:19.) Qetellong maqeba ohle a bakilweng ke lefu a tla fola.

22. Ho tla etsahalang ha Mmuso o laolwang ke Kreste o se o phethile thato ya Modimo lefatsheng?

22 Qetellong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete, Mmuso o tla be o se o qetile ho phethahatsa thato ya Modimo lefatsheng mme Kreste o tla kgutlisetsa bobusi ho Ntate wa hae. (1 Bakor. 15:25-28) Kaha batho ba tla be ba phethahetse, ba tla be ba le malala a laotse ho tobana le teko ya ho qetela ha Satane a lokollwa ka mohohlong. Ka mora moo, Kreste o tla kgoba noha eo e nyonyehang le batshehetsi ba yona. (Gen. 3:15; Tšen. 20:3, 7-10) Empa bohle ba ratang Jehova ba tla be ba emetswe ke bokamoso bo botle. Mohlomong ha ho na mantswe a ka hlalosang sena hamolemo ho feta a hlahang ka Bibeleng, e leng a bolelang hore ba tshepahalang ba tla ba le “tokoloho e kganyang ya bana ba Modimo.”—Bar. 8:21.

Mmuso o tla phethahatsa ditshepiso tsohle tsa Jehova tse mabapi le batho le lefatshe

23, 24. (a) Ke hobaneng ha ho phethahala ha ditshepiso tsa Modimo e le ntho ya sebele? (b) O ikemiseditse ho etsang?

23 Ditshepiso tseo hase ditakatso kapa ditoro feela. Jwang kapa jwang Jehova o tla phethahatsa ditshepiso tsa hae! Hobaneng? Hopola mantswe a Jesu ao re buileng ka ona kgaolong e qalang ya buka ena. O ile a ruta balatedi ba hae hore ha ba rapela Jehova, ba re: “Mmuso wa hao o ke o tle. Thato ya hao e ke e etsahale lefatsheng, jwalokaha e etsahala lehodimong.” (Mat. 6:9, 10) Mmuso wa Modimo hase ntho e inahanelwang ke motho. Ke wa sebele! Hona jwale o busa lehodimong. Ka dilemo tse lekgolo, o phethahaditse ditshepiso tsa Jehova ka ditsela tse ngata tseo re di bonang ka ho hlaka ka phuthehong ya Bokreste. Kahoo, re ka kgodiseha hore ditshepiso tsa Jehova di tla phethahala ha Mmuso wa Modimo o tla ho tlo busa ka ho feletseng hodima lefatshe!

24 Rea tseba hore Mmuso wa Modimo o tla tla le hore mantswe ohle a Jehova a tla phethahala. Hobaneng? Hobane Mmuso wa Modimo o a busa! Kaofela re lokela ho ipotsa, ‘Na ke buswa ke Mmuso oo?’ A re etseng sohle se matleng a rona ho phela jwaloka batho ba tshepahalang ba buswang ke Mmuso oo hona jwale, e le hore re tle re rue molemo pusong ya ona e phethahetseng le e nang le toka ka ho sa feleng!