Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

’Moleli-’moho le Rōna oa ’Muso ea Ratehang:

AK’U NAHANE u le setho sa Bethele ea Brooklyn hoseng ha Labohlano la 2 October, 1914. U lutse setulong seo u hlolang u lula ho sona ka lijo tsa hoseng, u emetse Mora’bo rōna C. T. Russell a fihle. Ka tšohanyetso monyako oa kamore ea ho jella oa buleha, Mora’bo rōna Russell oa hlaha. O thōla hanyenyane, joalokaha a tloaetse ’me o lumelisa lelapa la Bethele a thabile, o re, “Lumelang kaofela.” Empa ho e-na le hore a lule fatše hang-hang, o opa matsoho ’me o etsa tsebiso ena e thabisang: “Linako Tsa Balichaba li felile; nako ea marena a bona e felile!” Ha u khone ho itšoara ke thabo—haesale u emetse nako ena ho tloha khale! Uena hammoho le lelapa la Bethele le amohela litaba tsena tse monate ka cheseho e khōlō.

Ho se ho fetile lilemo tse mashome ho tloha ha Mora’bo rōna Russell a bua taba ena e thabisang. ’Muso oa Molimo o finyelletse eng ho tloha ka nako eo? O finyelletse lintho tse khōlō! Ka ’Muso ona, Jehova o ’nile a tsoela pele a hloekisa le ho koetlisa batho ba hae, ho tloha ho ba likete tse ’maloa ka 1914 ho ea ho ba limilione tse supileng le halofo kajeno. U ruile molemo ka litsela life koetlisong eo?

Kajeno re ee re utloe barab’abo rōna ba re, “koloi ea Jehova ea leholimo e ntse e tsamaea!” ’me seo ke ’nete. Leha ho le joalo, ’nete ke hore ho tloha ka 1914, koloi ea leholimo, e tšoantšetsang karolo e sa bonahaleng ea mokhatlo oa Jehova, e ntse e tsamaea ka potlako, joalokaha u tla bona ha u ntse u bala buka ena. E le hore ba bolele litaba tse molemo lefatšeng lohle, baboleli ba ’Muso ba ’nile ba sebelisa mekhoa e fapaneng e akarelletsang, likoranta, mekoloko, lifilimi, likarete tsa boitsebiso, likeramafono, seea-le-moea esita le Inthanete.

Jehova o re hlohonolofalitse ’me ka lebaka la seo re se re khona ho hatisa lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele tse ntle ka lipuo tse fetang tse 670, ebile re li fa motho e mong le e mong ntle ho tefo. Baithaopi ba itetseng ba thusa kahong ea Liholo Tsa ’Muso, Liholo Tsa Kopano, le mehaho ea makala linaheng tse ruileng hammoho le linaheng tse futsanehileng. Hape, ha ho e-ba le likoluoa, bara le barali babo rōna ba bontša lerato ka ho potlakela libakeng tseo likoluoa li hlahileng ho tsona ’me seo se bontša hore ka sebele ke barab’abo motho ba “tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”—Liprov. 17:17.

Ka linako tse ling, baruti le bahanyetsi ba bang ba ’nile ba rera “khathatso ka molao-taelo” empa ho matlafatsa tumelo ho bona kamoo nako le nako ba ’nileng ba hlōleha kateng e le hore “litaba tse molemo li tsoele pele.”—Pes. 94:20; Bafil. 1:12.

Ke tlotla ho ba metsoalle ea lōna, lōna ‘bahlanka ba ntlo’ ’moho le rōna. Tsebang hore rea le rata, kaofela ha lōna. Re rapela hore buka ena e le thuse ho ananela lefa la lōna la moea ho feta leha e le neng pele.—Mat. 24:45.

Re le lakaletsa se molemo, rōna

Barab’abo lōna,

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova