Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Mmoledimmoho le Rona wa Mmuso ya Ratehang:

AKO nahane o le setho sa Bethele ya Brooklyn hoseng ha Labohlano la 2 October, 1914. O dutse setulong seo o hlolang o dula ho sona ka dijo tsa hoseng, o emetse hore Morabo rona C. T. Russell a fihle. Ka tshohanyetso monyako wa kamore ya ho jella wa buleha, Morabo rona Russell o a hlaha. O thola hanyenyane, jwalokaha a tlwaetse, o dumedisa lelapa la Bethele a thabile, o re, “Dumelang kaofela.” Empa ho e na le hore a dule fatshe hanghang, o opa matsoho mme o etsa tsebiso ena e thabisang: “Dinako Tsa Baditjhaba di fedile; nako ya marena a bona e fedile!” Ha o kgone ho itshwara ke thabo, haesale o emetse nako ena ho tloha kgale! Wena hammoho le lelapa la Bethele le amohela ditaba tsena tse monate ka tjheseho e kgolo.

Ho se ho fetile dilemo tse mashome ho tloha ha Morabo rona Russell a bua taba ena e thabisang. Mmuso wa Modimo o finyeletse eng ho tloha ka nako eo? O finyeletse dintho tse kgolo! Ka Mmuso ona, Jehova o ile a nna a tswela pele a hlwekisa le ho kwetlisa batho ba hae, ho tloha ho ba dikete tse mmalwa ka 1914 ho ya ho ba dimilione tse supileng le halofo kajeno. O ruile molemo ka ditsela dife kwetlisong eo?

Kajeno re ye re utlwe barababo rona ba re, “koloi ya Jehova ya lehodimo e ntse e tsamaya!” mme seo ke nnete. Leha ho le jwalo, nnete ke hore ho tloha ka 1914, koloi ya lehodimo, e tshwantshetsang karolo e sa bonahaleng ya mokgatlo wa Jehova, e ntse e tsamaya ka potlako, jwalokaha o tla bona ha o ntse o bala buka ena. E le hore ba bolele ditaba tse molemo lefatsheng lohle, baboledi ba Mmuso ba ile ba nna ba sebedisa mekgwa e fapaneng e akarelletsang, dikoranta, mekoloko, difilimi, dikarete tsa boitsebiso, dikeramafono, seyalemoya esita le Inthanete.

Jehova o re hlohonolofaditse mme ka lebaka la seo re se re kgona ho hatisa dingolwa tsa rona tsa Bibele tse ntle ka dipuo tse fetang tse 670, ebile re di fa motho e mong le e mong re sa mo patadise. Baithaopi ba itetseng ba thusa kahong ya Diholo Tsa Mmuso, Diholo Tsa Kopano, le mehaho ya makala dinaheng tse ruileng hammoho le dinaheng tse futsanehileng. Hape, ha ho e ba le dikoduwa, bara le baradibabo rona ba bontsha lerato ka ho potlakela dibakeng tseo dikoduwa di hlahileng ho tsona mme seo se bontsha hore ka sebele ke barababo motho ba “tswaletsweng ha ho e na le mahlomola.”—Liprov. 17:17.

Ka dinako tse ding, baruti le bahanyetsi ba bang ba ile ba nna ba rera “kgathatso ka molaotaelo” empa ho matlafatsa tumelo ho bona kamoo nako le nako ba ileng ba nna ba hloleha kateng e le hore “ditaba tse molemo di tswele pele.”—Pes. 94:20; Bafil. 1:12.

Ke tlotla ho ba metswalle ya lona, lona ‘bahlanka ba ntlo’ mmoho le rona. Tsebang hore rea le rata, kaofela ha lona. Re rapela hore buka ena e le thuse ho ananela lefa la lona la moya ho feta leha e le neng pele.—Mat. 24:45.

Re le lakaletsa se molemo, rona

Barababo lona,

Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova