Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka ho le letšehali: Morali’abo rōna oa Alabama, U.S.A., o mametse puo e rekotiloeng ea Mor’abo Rōna Rutherford, bofelong ba 1930; ka ho le letona: Switzerland

KAROLO EA PELE

’Nete ea ’Muso—Ho Fanoa ka Lijo Tsa Moea

’Nete ea ’Muso—Ho Fanoa ka Lijo Tsa Moea

U BONA sefahleho sa motho eo u ithutang le eena Bibele se tlala thabo ha a utloisisa se boleloang ke lengolo leo le qetang ho le bala hammoho. A bua butle, o re, “Na u bolela hore Bibele e ruta hore re tla phela ka ho sa feleng Paradeiseng—hona moo lefatšeng?” Motho eo u tsamaeang le eena oa bososela ’me o botsa seithuti, o re, “Uena u utloa Bibele e re’ng?” A hloletsoe, motho eo u ithutang le eena o sisinya hlooho o re, “Ke qala ho utloa taba ena!” U hopola hore o ile a bua ntho e tšoanang libeke tse ’maloa tse fetileng, ha a ne a ithuta ka lekhetlo la pele hore lebitso la Molimo ke Jehova.

Na u kile ua kopana le ntho e joalo? Batho ba Molimo ba bangata ba kile ba kopana le ntho e joalo. Hase lintho tse ngata tse re hopotsang ka ho hlaka ka mpho ena ea bohlokoa, e leng ’nete! Empa ak’u nahane: U fumane mpho eo joang? Re tla tšohla potso eo karolong ena. Tsela eo batho ba Molimo ba ’nileng ba fumana leseli la moea butle-butle ka eona, ke bopaki ba hore ’Muso oa Molimo ke oa sebele. Ka lilemo tse lekholo, Morena oa oona, Jesu Kreste o ’nile a etsa bonnete ba hore batho ba Molimo ba rutoa ’nete.

KAROLONG ENA

KHAOLO EA 3

Jehova o Senola Morero oa Hae

Na ’Muso e ne e le karolo ea morero oa Molimo qalong? Jesu o ile a etsa hore lintlha tse mabapi le ’Muso li hlake joang?

KHAOLO EA  4

Jehova o Phahamisa Lebitso la Hae

’Muso o finyelletse eng mabapi le lebitso la Molimo? Ke eng seo u ka se etsang ho halaletsa lebitso la Jehova?

KHAOLO EA 5

Morena o Khantša Leseli la ’Muso

Fumana kutloisiso e hlakileng haholoanyane ka ’Muso oa Molimo, babusi ba oona le bafo ba oona le bohlokoa ba ho tšepahala.