Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka ho le letshehadi: Moradiwabo rona wa Alabama, U.S.A., o mametse puo e rekotilweng ya Morabo rona Rutherford, bofelong ba 1930; ka ho le letona: Switzerland

KAROLO YA 1

Nnete ya Mmuso—Ho Fanwa ka Dijo Tsa Moya

Nnete ya Mmuso—Ho Fanwa ka Dijo Tsa Moya

O BONA sefahleho sa motho eo o ithutang le yena Bibele se tlala thabo ha a utlwisisa se bolelwang ke lengolo leo le qetang ho le bala hammoho. A bua butle, o re, “Na o bolela hore Bibele e ruta hore re tla phela ka ho sa feleng Paradeiseng hona moo lefatsheng?” Motho eo o tsamayang le yena o a bososela mme o botsa moithuti, o re, “Wena o utlwa Bibele e reng?” A maketse motho eo o ithutang le yena o sisinya hlooho o re, “Ke qala ho utlwa taba ena!” O hopola hore moithuti o ile a bua ntho e tshwanang dibekeng tse mmalwa tse fetileng, ha a ne a ithuta ka lekgetlo la pele hore lebitso la Modimo ke Jehova.

Na o kile wa kopana le ntho e jwalo? Batho ba Modimo ba bangata ba kile ba kopana le ntho e jwalo. Hase dintho tse ngata tse re hopotsang ka ho hlaka ka mpho ena ya bohlokwa, e leng nnete! Empa ako nahane: O fumane mpho eo jwang? Re tla hlahloba potso eo karolong ena. Tsela eo batho ba Modimo ba ileng ba nna ba fumana lesedi butlebutle ka yona, ke bopaki ba hore Mmuso wa Modimo ke wa sebele. Ka dilemo tse lekgolo, Morena wa ona, Jesu Kreste o ile a nna a etsa bonnete ba hore batho ba Modimo ba rutwa nnete.

KAROLONG ENA

KGAOLO YA 3

Jehova o Senola Morero wa Hae

Na Mmuso e ne e le karolo ya morero wa Modimo qalong? Jesu o ile a etsa hore dintlha tse mabapi le Mmuso di hlake jwang?

KGAOLO YA  4

Jehova o Phahamisa Lebitso la Hae

Mmuso o finyelletse eng mabapi le lebitso la Modimo? Ke eng seo o ka se etsang ho halaletsa lebitso la Jehova?

KGAOLO YA 5

Morena o Kgantsha Lesedi la Mmuso

Fumana kutlwisiso e hlakileng haholwanyane ka Mmuso wa Modimo, babusi ba wona le bafo ba wona le bohlokwa ba ho tshepahala.