Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka ho le letshehadi: Morekisi wa dibuka o etsa mosebetsi wa boboledi Korea ka 1931; ka ho le letona: Ho etsa mosebetsi wa boboledi ka puo ya matsoho Korea kajeno

KAROLO YA BOBEDI

Ho Bolela ka Mmuso—Ho Phatlalatsa Ditaba Tse Molemo Lefatsheng Lohle

Ho Bolela ka Mmuso—Ho Phatlalatsa Ditaba Tse Molemo Lefatsheng Lohle

O ITOKISETSA ho ya tshimong ka letsatsi leo o sa yeng mosebetsing ka lona. O a qeaqea ka motsotswana hobane o ikutlwa o kgathetse. Ekare o ka phomola hanyenyane hoseng hona! Empa o rapella taba ena mme o etsa qeto ya ho tsamaya. O sebetsa le moradi wabo rona ya hodileng mme o angwa ke mamello le mosa wa hae. Ha o ntse o e ya ka ntlo le ntlo, o bua ka molaetsa wa nnete, o a hlokomela hore bara le baradibabo rona lefatsheng ka bophara ba bolella batho molaetsa o tshwanang, ba sebedisa dibuka tse tshwanang, kaofela le kwetliswa ka tsela e tshwanang. Ha o fihla lapeng, o ikutlwa o le mafolofolo. O ikutlwa o thabile hore ebe ha o a lofa tshimo!

Hona jwale, tshebeletso ya Bokreste ke mosebetsi o ka sehloohong o amanang le Mmuso wa Modimo. Jesu o ile a bolela esale pele hore mosebetsi wa boboledi o ne o tla etswa lefatsheng lohle matsatsing a ho qetela. (Mat. 24:14) Boprofeta boo bo ile ba phethahala jwang? Karolong ena, re tla hlahloba batho, mekgwa, le dintho tsa bohlokwa tse ileng tsa nna tsa sebediswa tshebeletsong ya Bokreste, tse thusang batho ba dimilione lefatsheng lohle ho hlokomela hore Mmuso wa Modimo ke wa sebele.

KAROLONG ENA

KGAOLO YA 6

Baboledi—Basebetsi ba Itlhahisa ka ho Rata

Ke hobaneng ha Jesu a ne a kgodisehile hore o tla ba le lebotho la batho ba bolelang ka ho rata matsatsing a ho qetela? O ka bontsha jwang hore o batla Mmuso pele?

KGAOLO YA 7

Mekgwa ya ho Paka—Ho Sebedisa Mokgwa o Mong le o Mong ho Finyella Batho

Ithute ka mekgwa eo batho ba Modimo ba ileng ba e sebedisa e le hore ba finyelle batho ba bangata kamoo ho ka kgonehang ka ditaba tse molemo pele bofelo bo tla.

KGAOLO YA 8

Dintho Tse Sebediswang Boboleding—Ho Hatisa Dingolwa Bakeng sa Batho ba Lefatsheng Lohle

Mosebetsi wa phetolelo o bontsha jwang hore Jesu o re tsheheditse? Dingolwa tsa rona di bontsha jwang hore Mmuso ke wa sebele?

KGAOLO YA 9

Ditholwana Tsa Mosebetsi Boboledi—“Masimo a Sweufetse . . . Bakeng sa Kotulo”

Jesu o ile a ruta barutuwa ba hae dintho tse pedi ka mosebetsi o moholo wa ho kotula. Dintho tseo di re ama jwang kajeno?