Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka ho le letshehadi: Morabo rona o tshwarelwa ho bolela motseng wa Eindhoven, Netherlands, ka 1945; ka ho le letona: Na mosebetsi wa boboledi o dumeletswe ka molao moo o dulang teng?

KAROLO YA BONE

Mmuso o a Hlola—Ho Theha ka Molao Ditaba Tse Molemo

Mmuso o a Hlola—Ho Theha ka Molao Ditaba Tse Molemo

HA O ntse o bolela ka ntlo le ntlo, o utlwa modumo wa siren. Modumo ona o ntse o utlwahala le ho feta. Ha o qala ho bua le monga ntlo, motho eo o tsamayang le yena o sitiswa ke koloi ya mapolesa ha e ema pela lona. Lepolesa le tswa ka koloing mme le a botsa: “Na ke lona batho ba ntseng ba tsamaya ka ntlo le ntlo ba bua ka Bibele? Batho ba ntse ba tletleba ka lona!” Le araba ka tlhompho mme le bolela hore le Dipaki Tsa Jehova. Ho tla etsahalang?

Se tla etsahala, se itshetlehile ka se ileng sa etsahala nakong e fetileng. Dilemong tse fetileng, mmuso wa naha ya heno o ile wa nna wa tshwara Dipaki Tsa Jehova jwang? Na le na le bolokolohi ba ho rapela Jehova? Haeba ho jwalo, e ka nna yaba bolokolohi boo bo bile teng ka lebaka la hore ka dilemo tse mashome, bara le baradibabo rona ba ile ba sebetsa ka thata ho “theheng ka molao ditaba tse molemo.” (Bafil. 1:7) Ho sa tsotellehe hore o dula naheng efe, ho nahana ka tsela eo Dipaki Tsa Jehova di ileng tsa hlola dinyewe ka yona ho ka o matlafatsa tumelo. Karolong ena re tla hlahloba tse ding tsa ditlaleho tseo tse hlollang. Ho hlola ha rona dinyewe tseo ke bopaki bo hlollang ba hore Mmuso ke wa sebele, hobane re ne re ke ke ra finyella sena ka matla a rona!

KAROLONG ENA

KGAOLO YA 13

Baboledi ba Mmuso ba Isa Dinyewe Tsa Bona Kgotla

Baahlodi ba mehleng ena ba na le boikutlo bo tshwanang le ba morupedi wa Molao Gamaliele.

KGAOLO YA 14

Re Tshehetsa Mmuso wa Modimo ka Botshepehi Eseng Mmuso Leha e le Ofe

“Noka” ya mahloriso e ileng ya tliswa ho Dipaki Tsa Jehova ka lebaka la hore di ne di sa nke lehlakore dipolotiking e ile ya fediswa ke mohlodi o sa lebellwang.

KGAOLO YA 15

Ho Lwanela Bolokolohi ba Borapedi

Batho ba Modimo ba ile ba nna ba lwanela hore ba be le tokelo ya ho mamela molao wa Modimo, molao wa Mmuso wa Modimo.