Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka ho le letšehali: Seboka se tšoaretsoeng lepala-paleng, London, Engelane, ka 1945

Ka ho le letona: Kopano e khethehileng ea letsatsi ea Malawi, Afrika, ka 2012

KAROLO EA BOHLANO

Thuto ea ’Muso—Ho Koetlisa Bahlanka ba Morena

Thuto ea ’Muso—Ho Koetlisa Bahlanka ba Morena

U SHEBA sebui sethaleng ’me ua bososela. Sebui seo ke mor’abo rōna ea ntseng a le mocha oa phuthehong ea habo lōna ’me o fana ka puo ea hae ea pele kopanong. Ha u ntse u mametse puo ea hae, u ikutloa u hloletsoe ke tsela eo batho ba Molimo ba rupeloang ka eona. U hopola ha mocha enoa a sa qala ho hloella sethala a fana ka puo—’me hona joale u thabela ho bona khatelo-pele eo a seng a e entse! O ile a tsoela pele hantle ka mor’a hore a ee Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. Hase khale ha eena le mosali oa hae ba ne ba khutla Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso. Ha u ntse u opa liatla ka mor’a puo e monate ea mor’a eo oabo rōna, u ntse u qamaka ’me u nahana ka thupelo eo batho ba Molimo ba e fumanang.

Bibele e ile ea profeta ka nako eo ka eona batho bohle ba Molimo ba neng ba tla ‘rutoa ke Jehova.’ (Esa. 54:13) Re phela nakong eo. Ha re rupeloe ka lingoliloeng tsa rōna feela empa re boetse re rupeloa ka liboka, likopano tse khōlō le tse nyenyane le ka likolo tse fapa-fapaneng tse reretsoeng ho re koetlisetsa mesebetsi e itseng ka mokhatlong oa Jehova. Karolong ena, re tla tšohla hore na ke joang thupelo ena kaofela e re kholisang hore ’Muso oa Molimo oa busa kajeno.

KAROLONG ENA

KHAOLO EA 16

Ho Bokana Hammoho Bakeng sa Borapeli

Re ka rua molemo ofe ha re e-ba teng libokeng?

KHAOLO EA 17

Ho Koetlisa Basebetsi ba ’Muso

Likolo tsa puso ea Molimo li ile tsa koetlisa basebetsi ba ’Muso joang hore ba phethe likabelo tsa bona?