Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka ho le letshehadi: Seboka se tshwaretsweng ka ntle, London, Engelane, ka 1945; ka ho le letona: Kopano e kgethehileng ya letsatsi ya Malawi, Afrika, ka 2012

KAROLO YA BOHLANO

Thuto ya Mmuso—Ho Kwetlisa Bahlanka ba Morena

Thuto ya Mmuso—Ho Kwetlisa Bahlanka ba Morena

O SHEBA sebui sethaleng mme o a bososela. Sebui seo ke morabo rona ya ntseng a le motjha wa phuthehong ya habo lona mme o fana ka puo ya hae ya pele kopanong. Ha o ntse o mametse puo ya hae, o ikutlwa o hloletswe ke tsela eo batho ba Modimo ba rupelwang ka yona. O hopola ha motjha enwa a sa qala ho hlwella sethala a fana ka puo, mme hona jwale o thabela ho bona kgatelopele eo a seng a e entse! O ile a tswela pele hantle kamora hore a ye Sekolong sa Tshebeletso sa Bopulamadiboho. Hase kgale ha yena le mosadi wa hae ba ne ba kgutla Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso. Ha o ntse o opa diatla ka mora puo e monate ya mora eo wabo rona, o ntse o qamaka mme o nahana ka thupelo eo batho ba Modimo ba e fumanang.

Bibele e ile ya profeta ka nako eo ka yona batho bohle ba Modimo ba neng ba tla ‘rutwa ke Jehova.’ (Esa. 54:13) Re phela nakong eo. Ha re rupelwe ka dingolwa tsa rona feela empa re boetse re rupelwa ka diboka, dikopano tse kgolo le tse nyenyane le ka dikolo tse fapafapaneng tse reretsweng ho re kwetlisetsa mesebetsi e itseng ka mokgatlong wa Jehova. Karolong ena, re tla tshohla hore na ke jwang thupelo ena kaofela e re kgodisang hore Mmuso wa Modimo o a busa kajeno.

KAROLONG ENA

KGAOLO YA 16

Ho Bokana Hammoho Bakeng sa Borapedi

Re ka rua molemo ofe ha re e ba teng dibokeng?

KGAOLO YA 17

Ho Kwetlisa Basebetsi ba Mmuso

Dikolo tsa puso ya Modimo di ile tsa kwetlisa basebetsi ba Mmuso jwang hore ba phethe dikabelo tsa bona?