Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Pina ea 136

’Muso o Hlonngoe—Ha o ke o Tle!

’Muso o Hlonngoe—Ha o ke o Tle!

(Tšenolo 11:15; 12:10)

  1. Jehova u teng kamehla,

    Le ka ho sa feleng.

    U file Mor’a hao puso;

    O oa u mamela.

    Joale ’Muso o s’o tsoetsoe;

    O tla busa fatšeng lohle.

    (K’HORASE)

    Joale ho hlahile

    Poloko, ’muso le matla.

    ’Muso o s’o hlonngoe.

    Rea rapela hore: ‘O tle!’

  2. Rea tseba hore Satane

    O sa tl’o timetsoa.

    Leha re le litlokotsing,

    Re bona tšepiso.

    Joale ’Muso o s’o tsoetsoe;

    O tla busa fatšeng lohle.

    (K’HORASE)

    Joale ho hlahile

    Poloko, ’muso le matla.

    ’Muso o s’o hlonngoe.

    Rea rapela hore: ‘O tle!’

  3. Lōna mangeloi le thabe

    Le be le nyakalle.

    Maholimo a hloekile

    Ha ho sa na sera.

    Joale ’Muso o s’o tsoetsoe;

    O tla busa fatšeng lohle.

    (K’HORASE)

    Joale ho hlahile

    Poloko, ’muso le matla.

    ’Muso o s’o hlonngoe.

    Rea rapela hore: ‘O tle!’