Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Tsela le ’Nete le Bophelo

Ke Tsela le ’Nete le Bophelo

E ka ’na eaba u thabela ho utloa litaba tse monate. Ho hlile ho na le litaba tse monate bakeng sa hao le batho bao u ba ratang.

Litaba tsena tse monate li fumaneha ka Bibeleng, e leng buka eo ’Mopi oa lintho tsohle, Jehova Molimo, a ileng a etsa hore e ngoloe lilemong tse ngata tse fetileng. Bukeng ena ea Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo, re tla tsepama libukeng tse ’nè tsa Bibele tse re tšoaretseng litaba tse monate. Libuka tsena li rehelletsoe ka batho bao Molimo a ileng a ba sebelisa ho li ngola, e leng, Matheu, Mareka, Luka le Johanne.

Batho ba bangata ba tloaetse hore ba re litlaleho tsena tse ’nè ke likosepele tse ’nè. Kaofela ha tsona li tšoere kosepele, kapa litaba tse molemo tse buang ka Jesu, ’me li tlaleha hore ke eena eo Molimo a mo khethileng hore a pholose batho, le hore nakong eo e leng Morena oa ’Muso oa Molimo o leholimong, o tla tlisetsa batho bohle ba lumelang ho eena litlhohonolofatso.​—Mareka 10:​17, 30; 13:13.

KE HOBANE’NG HA LIKOSEPELE LI LE ’NÈ?

U ka ’na oa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a susumetsa hore ho ngoloe litlaleho tse ’nè ka bophelo ba Jesu le lithuto tsa hae.

Ho na le melemo ea hore ebe ho na le litlaleho tse fapaneng tse buang ka lintho tseo Jesu a li buileng le ho li etsa. Ka mohlala, nka hore ho na le banna ba banè ba emeng pel’a mosuoe ea tummeng. Monna ea emeng ka pel’a mosuoe, o sebetsa ofising ea lekhetho. Monna ea emeng ka letsohong le letona ke ngaka. Monna ea emeng ka letsohong le letšehali ke motšoasi oa litlhapi ebile ke motsoalle ea haufi-ufi oa mosuoe enoa. Monna oa bonè o monyenyane lilemong papisong le bana ba bang, ’me o emelletse moraonyana o shebelletse. Banna bana kaofela baa tšepahala ’me e mong le e mong oa bona o na le ntho eo a hlileng a e thahasellang kapa eo a e nkang e le ea bohlokoa. Haeba e mong le e mong oa bona a pheta lintho tseo mosuoe a li buileng le ho li etsa, ba ka ’na ba bua ka lintlha tse fapaneng kapa ba bua ka lintho tse sa tšoaneng tseo ba li boneng. Haeba re hlahloba litlaleho tsa bona tse ’nè, re sheba maikutlo le lithahasello tsa bona tse fapa-fapaneng, re ka khona ho iketsetsa setšoantšo se hlakileng sa hore na mosuoe o ile a re’ng a ba a etsa’ng. Mohlala ona o re thusa hore re elelloe bohlokoa ba hore ho na le litlaleho tse ’nè tse fapaneng tse buang ka bophelo ba Mosuoe e Moholo e leng Jesu.

Ha re tsoela pele ka mohlala ona, monna eane ea sebetsang ofising ea lekhetho, o batla ho tlaleha litaba tseo Bajuda ba tla li thahasella, kahoo o pheta lithuto le lintho tseo mosuoe a li entseng a nahanne haholo-holo ka Bajuda. Monna eane oa ngaka eena o bua haholo ka ho phekoloa ha batho ba kulang le ba holofetseng, ’me ha a bue ka lintlha tse ling tseo monna eane ea sebetsang ofising ea lekhetho a buileng ka tsona, kapa o bua ka tsona ka mokhoa o fapaneng. Monna eane eo e leng motsoalle oa mosuoe, o hatisa maikutlo a mosuoe le makhabane a hae. Monna eane e monyenyane lilemong o tlaleha litaba ka bokhutšoanyane ebile o toba taba. Leha ho le joalo, litlaleho tsa bona kaofela li nepahetse. Mohlala ona o re thusa ho bona hore litlaleho tse ’nè tse fapaneng tsa bophelo ba Jesu li re thusa ho utloisisa hantle mesebetsi ea Jesu, lithuto tsa hae le botho ba hae.

Batho ba ka ’na ba re ho na le ‘Kosepele ea Matheu’ kapa ‘Kosepele ea Johanne.’ Ho bua joalo ha se phoso, kaha e ’ngoe le e ’ngoe ea litlaleho tsa bona e bua ka “litaba tse molemo mabapi le Jesu Kreste.” (Mareka 1:1) Leha ho le joalo, ha e le hantle ho na le kosepele e le ’ngoe feela, kapa litaba tse molemo ka Jesu tse fumanehang litlalehong tsena tse ’nè.

Liithuti tse ngata tsa Lentsoe la Molimo li ile tsa bapisa tsa ba tsa kopanya liketsahalo le lintlha tse hlahang libukeng tsa Matheu, Mareka, Luka le Johanne. Hoo e ka bang ka selemo sa 170, sengoli sa Mosyria se bitsoang Tatian, se ile sa leka ho etsa sona seo. Monna enoa o ne a nka libuka tsena ka bonè ba tsona li nepahetse ’me li bululetsoe, eaba o ngola buka e bitsoang Diatessaron, e leng tlaleho e le ’ngoe e kopantseng litaba tsa bophelo ba Jesu le mosebetsi oa hae.

Buka ena ea Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo, e etsa se tšoanang, leha ho le joalo, eona e nepahetse haholoanyane ebile e tlalehile litaba ka botlalo. Sena se khoneha hobane hona joale re utloisisa haholoanyane kamoo boprofeta ba Jesu le lipapiso tsa hae li phethahalang kateng. Sena se re thusa ho hlakeloa hore na Jesu o ile a re’ng hape a etsa’ng, le hore na lintho tseo a ileng a li etsa li etsahetse ka tatellano efe. Lintho tse sibolotsoeng ke baepolli ba lintho tsa khale, li re thusa ho elelloa kamoo bangoli ba neng ba bona lintho kateng. Ke ’nete hore ha ho motho ea ka tsitlellang hore lintho li ile tsa hla tsa etsahala ka tatellano e itseng. Leha ho le joalo, buka ena ea Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo e tlaleha litaba ka tsela e utloahalang le e nang le moelelo.

TSELA LE ’NETE LE BOPHELO

Ha u ntse u bala buka ena ’me e u natefela, lula u ntse u nahanne ka hore na molaetsa o ka sehloohong oo buka ena e u fang oona ke ofe. Hopola seo Jesu ka boeena a ileng a se bolella moapostola Thomase ha a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.”​—Johanne 14:6.

Buka ena ea Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo e tla u thusa hore u elelloe kamoo e leng habohlokoa kateng hore ebe Jesu ke “tsela.” Ke ka Jesu feela re khonang ho rapela Jehova Molimo. Ho feta moo, Jesu ke tsela ka hore o re thusa ho boelana le Molimo. (Johanne 16:​23; Baroma 5:8) Kahoo, ke ka Jesu feela re ka lumelloang ho ba metsoalle ea Molimo.

Jesu ke “ ’nete.” Tsela eo Jesu a neng a phela ka eona e ne e lumellana hantle le seo ’nete e leng sona. Ho ne ho le joalokaha eka ’nete e nkile sebopeho sa motho, ’me motho eo ke Jesu. O ile a phethahatsa boprofeta bo bongata ’me bo ile ba fetoha “E, ka eena.” (2 Bakorinthe 1:​20; Johanne 1:​14) Boprofeta boo bo re thusa hore re utloisise hantle hore na Jesu o phetha mosebetsi oa bohlokoa hakae e le hore morero oa Molimo o ka phethahala.​—Tšenolo 19:10.

Jesu Kreste ke “bophelo.” Jesu o ile a rekolla batho ka hore a fane ka bophelo le mali a hae a phethahetseng, ’me seo se entse hore bohle re khone ho fumana “bophelo ba sebele,” e leng “bophelo bo sa feleng.” (1 Timothea 6:​12, 19; Baefese 1:7; 1 Johanne 1:7) O tla boela a bontše hore ke “bophelo” ha batho ba limilione ba shoeleng ba tsosetsoa ho tla phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise.​—Johanne 5:​28, 29

Kaofela ha rona re lokela ho utloisisa re be re nke ka botebo mosebetsi oo Jesu a o etsang e le ho phethahatsa morero oa Molimo. E se eka u ka natefeloa ha u ntse u ithuta haholoanyane ka Jesu, eena eo e leng “tsela le ’nete le bophelo.”