Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 1

Melaetsa e ’Meli e Tsoang ho Molimo

Melaetsa e ’Meli e Tsoang ho Molimo

LUKA 1:​5-33

  • LENGELOI LE BITSOANG GABRIELE LE PROFETA TSOALO EA JOHANNE MOKOLOBETSI

  • GABRIELE O JOETSA MARIA KA TSOALO EA JESU

Re lokela ho nka Bibele e le molaetsa o tsoang ho Molimo. Ntate oa rona ea maholimong o re file eona e le hore a re rute. Nahana ka melaetsa e ’meli eo Molimo a ileng a fana ka eona lilemong tse 2 000 tse fetileng. “Gabriele, ea emang haufi ka pel’a Molimo” ke eena ea ileng a sebelisoa ho fana ka melaetsa ena ea bohlokoa. (Luka 1:​19) Ho ne ho etsahala’ng ha lengeloi lee le tla fana ka melaetsa ee ea bohlokoa?

Hoo e ka bang selemo pele Jesu a tsoaloa, Gabriele o fana ka molaetsa oa pele. Ebe o ea ho mang? Ho na le moprista oa Jehova ea bitsoang Zakaria ea lulang motseng o maralleng a Judea, mohlomong haufi le Jerusalema. Eena le mohats’ae Elizabetha e se e le maqheku ebile ha ba na bana. Ke nako ea hore Zakaria a sebeletse tempeleng. Ha a ntse a le moo, Gabriele o hlaha pel’a aletare ea libano.

Ke ntho e utloahalang hore ebe Zakaria o feroha libete. Leha ho le joalo Gabriele o mo khoba matšoafo ka ho re: “U se ke ua tšaba, Zakaria, hobane thapeli ea hao e utloiloe ka mokhoa o amohelehang, ’me mosali oa hao Elizabetha o tla u tsoalla mora, ’me u tla mo reha lebitso la Johanne.” Gabriele o boetse o re Johanne o tla ba “moholo ka pel’a Jehova” ebile o tla ‘lokisetsa Jehova sechaba.’​—Luka 1:​13-17.

Ho thata hore Zakaria a lumele taba ena hobane eena le mohats’ae ba se ba ile lilemong. Kahoo Gabriele o re ho eena: “U tla khutsa ’me u se ke ua khona ho bua ho fihlela letsatsing leo lintho tsena li etsahalang ka lona, hobane ha oa ka oa lumela mantsoe a ka.”​—Luka 1:20.

Nakong ena, batho ba ka ntle baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Zakaria a sa tsoe. Ka mor’a nako oa tsoa, empa joale ha a sa khona ho bua. Seo a khonang ho se etsa feela ke hore a bue ka matsoho. Ho hlakile hore ho na le ntho e sa tloaelehang eo a e boneng ka tempeleng.

Ha Zakaria a qeta mosebetsi oa hae tempeleng, o khutlela hae ’me nakoana ka mor’a moo Elizabetha e e-ba mokhachane. Ka likhoeli tse hlano ha Elizabetha a ntse a lebeletse ngoana, o lula hae moo a sa kopaneng le batho.

Gabriele o hlaha ka lekhetlo la bobeli. Ebe lekhetlong lee o tlile ho mang? Lekhetlong lena o tlile ho moroetsana Maria ea lulang seterekeng sa Galilea motseng oa Nazaretha. O tlisitse molaetsa ofe? O re ho eena: “U fumane kamohelo ho Molimo, bona! u tla emola ka popelong ea hao u tsoale mora, ’me u tla mo reha lebitso la Jesu. O tla ba moholo ’me o tla bitsoa Mora oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa, . . . ’me o tla busa e le morena oa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me ’muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.”​—Luka 1:​30-33.

U se u ka inahanela hore na Gabriele o ile a nka e le tlotla e kaakang ho fetisa melaetsa ena e ’meli. Ha re ntse re tsoela pele re bala haholoanyane ka Johanne le Jesu, ho tla hlaka hore na ke hobane’ng ha melaetsa ena e tsoang leholimong e le ea bohlokoa hakana.