Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 3

Ho Tsoaloa Motho ea Tla Lokisa Tsela

Ho Tsoaloa Motho ea Tla Lokisa Tsela

LUKA 1:​57-79

  • NGOANA EA IKHETHANG OA TSOALOA ’ME O REHOA LEBITSO LA JOHANNE

  • ZAKARIA O PROFETA KA MOSEBETSI OA JOHANNE

Elizabetha o se a le haufi le ho pepa. Maria o qetile likhoeli tse tharo a lula le eena. Leha ho le joalo, e se e le nako ea hore Maria a fonanise ’me a nke leeto le lelelele ho ea ha habo Nazaretha. Le eena o tla pepa ka mor’a likhoeli tse tšeletseng.

Nakoana ka mor’a hore Maria a tlohe, Elizabetha o tsoala mora, ’me eena le mor’a hae ba phetse hantle. Zakaria le Elizabetha ba thabile haholo ebile ba bolella baahisane ba bona ’me ba thaba le bona.

Molao oa Molimo o laela Baiseraele hore matsatsi a robeli ka mor’a hore ngoana oa moshanyana a hlahe, o tlameha ho bolotsoa a be a rehoe lebitso. (Levitike 12:​2, 3) Baahisane le ba lelapa ba ka thabela ha Zakaria a ka rehella ngoan’a hae ka eena, empa Elizabetha o re ho bona: “Che, . . . o tla rehoa Johanne.” (Luka 1:​60) U se ke oa lebala hore lengeloi le ne le ile la re ngoana enoa o lokela ho rehoa Johanne.

Ba lelapa hammoho le baahisane baa hana ba re: “Ha ho ea rehiloeng lebitso lena har’a beng ka uena.” (Luka 1:​61) Ba botsa Zakaria hore na ngoana a rehoe mang ba sebelisa puo ea matsoho. Zakaria o re ba mo fe letlapa ’me oa ba ngolla o re: “Lebitso la hae ke Johanne.”​—Luka 1:63.

Ka mor’a moo, ka mohlolo Zakaria o se a khona ho bua hape. E ka ’na eaba u tla hopola hore esale e e-ba semumu ka mor’a hore a se ke a kholoa lengeloi ha le mo bolella hore eena le mohats’a hae ba tla ba le ngoana. Joale ha Zakaria a se a khona ho bua, baahisane ba hae baa makala baa ipotsa hore na “ha e le hantle ngoana enoa e monyenyane e tla ba eng.” (Luka 1:​66) Ba qala ho hlokomela hore Molimo o kentse letsoho hore ngoana enoa a rehoe lebitso la Johanne.

Joale, Zakaria a tletse moea o halalelang o re: “Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele, hobane o lebisitse tlhokomelo ea hae ho batho ba hae ’me o ba etselitse topollo. O re hlahiselitse lenaka la poloko ka tlung ea mohlanka oa hae Davida.” (Luka 1:​68, 69) Ha a re “lenaka la poloko” o bolela Morena Jesu eo e leng hona a tla hlaha. Ha a mo hlalosa o re: “Ka mor’a hore re pholosoe matsohong a lira, [Molimo] a re nehe tokelo ea hore ka ho se tšabe letho re mo etsetse tšebeletso e halalelang ka botšepehi le ho loka ka pel’a hae ka matsatsi ’ohle a rona.”​—Luka 1:​74, 75.

Joale Zakaria o profeta ka mora oa hae o re: “Ha e le uena, ngoana e monyenyane, u tla bitsoa moprofeta oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa, kaha u tla tsamaea ka pel’a Jehova ho lokisa litsela tsa hae, ho fana ka tsebo ea poloko ho batho ba hae ka hore ba tšoareloe libe, ka lebaka la qenehelo e bonolo ea Molimo oa rona. Ka qenehelo ena meso e tla re etela ho tsoa holimo, ho fana ka leseli ho ba lutseng lefifing le moriting oa lefu, ho tsamaisa maoto a rona ka katleho tseleng ea khotso.” (Luka 1:​76-79) E tlameha ebe batho ba ile ba thaba haholo ha ba utloa Zakaria a bua mantsoe ana!

Mohlomong ka nako ena, Maria o se a fihlile hae Nazaretha. Kamoo ho bonahalang kateng, o ntse a e-s’o nyaloe. Ebe o tla hlaheloa ke eng ha batho ba hlokomela hore o imme?