Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 9

Jesu o Holela Nazaretha

Jesu o Holela Nazaretha

MATHEU 13:​55, 56 MAREKA 6:3

  • LELAPA LA JOSEFA LEA HOLA

  • JESU O ITHUTA MOSEBETSI OA MATSOHO

Jesu o holela Galilea motseng o monyane oa Nazaretha o bileng o khelloang fatše. Motse ona o ka bophirimela ho Leoatle la Galilea.

Ha Jesu a ka ba lilemo li peli, Maria le Josefa ba fallela mona ba tsoa Egepeta. Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu ke ngoana ea mong to! Leha ho le joalo, hamorao o hlahlangoa ke baena ba hae e leng Jakobo, Josefa, Simone le Judase. Jesu o boetse o na le likhaitseli. E ka ’na eaba bana ba bo Jesu ba tšeletse ka palo.

Ho hlakile hore Jesu o na le beng ka eena ba bang. Re se re ntse re tseba ka Elizabetha le mora oa hae Johanne. Ba lula hole koana Judea. Ho bonahala eka Jesu o na le ’mangoane ea bitsoang Salome ea lulang hona Galilea. Monna oa hae ke Zebedea. Ba na le bara ba babeli e leng Jakobo le Johanne. Ha re tsebe hore na Jesu o ne a tloaelane hakae le bona ha ba ntse ba hola, empa hamorao e ba metsoalle ea hae ea hlooho ea khomo ebile e ba baapostola ba hae.

Josefa ke ’metli oa mapolanka ea sebetsang ka thata ho phelisa lelapa la hae. O holisa Jesu ’me o mo nka e le mor’a hae, kahoo Jesu o tsejoa e le “mora oa ’metli oa mapolanka.” (Matheu 13:​55) Josefa o ruta Jesu ho betla mapolanka, ’me le eena o ipabola hoo a bitsoang “ ’metli oa mapolanka.”​—Mareka 6:3.

Ho sebeletsa Jehova ke ntho ea bohlokoa lelapeng la Josefa. Kahoo eena le Maria ba boloka Molao oa Molimo ka hore ba rute bana ba bona ka Eena ‘ha ba lutse ka tlung ea bona le ha ba tsamaea tseleng le ha ba robetse le ha ba tsoha.’ (Deuteronoma 6:​6-9) Ho na le synagoge Nazaretha. Re ka kholiseha hore Josefa o ea le lelapa la hae synagogeng kamehla e le hore ba il’o rapela. Hamorao Luka o ile a ngola hore Jesu o ne a ea synagogeng “ho ea ka tloaelo ea hae ka letsatsi la sabatha.” (Luka 4:​16) Lelapa lohle la Josefa le thabela ho ea tempeleng ea Jehova Jerusalema selemo le selemo.